Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 10/15 leq. 31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Mpho ea ho Bua Lipuo Lisele ke Karolo ea Bokreste ba ’Nete?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ho Tataisoa ke Moea oa Molimo Lekholong la Pele la Lilemo le Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Na Lipholiso Tsohle Tsa Mohlolo li Etsoa ka Matla a Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 10/15 leq. 31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

Na polelo “o fuoe moea,” e fumanoang ho 1 Ba-Korinthe 14:37 (NW), e bolela hore motho o fuoe moea o halalelang ka kutloisiso ea hore o tlotsitsoe, kapa e bolela hore o na le mpho ea ho etsa mehlolo e hlahisoang ke moea?

Ho New World Translation of the Holy Scriptures, temana ena ea baleha: “Haeba mang kapa mang a nahana hore ke moprofeta kapa o fuoe moea, ha a ke a lumele lintho tseo ke le ngollang tsona hobane ke molao oa Morena.”—1 Ba-Korinthe 14:37.

’Mali a ka nahana hore poleloana “o fuoe moea” e bua ka taba ea hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tsoetsoe ka moea ’me ba fetoha bara ba moea ba Molimo. Kapa poleloana eo e ka utloisisoa hore e sebetsa ho ea neng a amohetse mpho e khethehileng ea moea o halalelang. Moelelo ona oa ho qetela e ka ’na ea ba oona o nepahetseng, joalokaha taba e potolohileng e bontša.

Moapostola Pauluse mona o sebelisitse pneu·ma·ti·kosʹ ea Segerike, e nang le moelelo oa motheo oa “ho amana le moea, bomoea.” Mefuta ea eona e sebelisoa litlhalosong “’mele oa moea,” ‘tlhohonolofatso ea moea,’ “kutloisiso ea moea,” le “ntlo ea moea.”—1 Ba-Korinthe 15:44; Ba-Efese 1:3; Ba-Kolosse 1:9, NW; 1 Petrose 2:5.

Maemong ao, Bibele e hlakisa ntho eo ho buuoang ka eona (’mele, tlhohonolofatso, kutloisiso, ntlo) eo “bomoea” bo e hlalosang. Empa maemong a mang, kutloisiso le phetolelo e nepahetseng ea “bomoea” e lokela ho lekanyetsoa ho tsoa ho se potolohileng taba. Ka mohlala, 1 Ba-Korinthe 2:14, 15 e bontša phapang ea boikutlo ba motho oa nama le ba ho pneu·ma·ti·kosʹ, eo ka ho hlakileng e bolelang “motho oa moea.”

Ba-Korinthe ba Pele likhaolo 12 ho ea ho 14 li lebisa tlhokomelo limphong tsa ho etsa mehlolo tsa moea o halalelang. Molimo o ile a fana ka tsona ho Bakreste ba bang ba pele ho bontša hore joale o ne a se a sa sebelise Iseraele oa nama empa joale o ne a se a hlohonolofatsa “Iseraele oa Molimo” oa Bokreste. (Ba-Galata 6:16) Mabapi le limpho tsena, Pauluse o ile a ngola: “Lineo tsona li arohane, empa Moea o mong feela.” (1 Ba-Korinthe 12:4) Bohlale bo khethehileng, tsebo, le tumelo li ne li le har’a limpho tsa moea, joaloka ho profeta, ho bua maleme, le ho toloka maleme.—1 Ba-Korinthe 12:8-11.

Bakreste ba Korinthe bao Pauluse a neng a ba ngolla ba ne ba tlotsitsoe ka moea o halalelang oa Molimo. Pauluse o ile a re: “Empa le hlatsoitsoe, empa le halalelitsoe, empa le beiloe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu, le ka Moea oa Molimo oa rōna.” (1 Ba-Korinthe 6:11; 12:13) E, bohle ba ne ba amohetse “litebeletso tsa Moea.” (2 Ba-Korinthe 5:5) Leha ho le joalo, hase bohle ba ileng ba amohela mpho e khethehileng ka moea o halalelang. ’Me ho bonahala hore ba bangata ba ne ba hlolloa ke ho bua ka maleme, ba fa mpho ena bohlokoa bo sa tšoanelang. Pauluse o ile a ngola ho lokisa monahano oa bona ’me a supa hore maleme a ne a ke ke a ruisa ba bangata molemo joalokaha mpho ea ho profeta e ne e ka etsa. Qetellong ea khaolo ea 12, Pauluse o ile a eletsa Bakorinthe: “A le keng le chesehelleng tse fetisang ka molemo.”—1 Ba-Korinthe 12:28-31.

Joale, qalong ea khaolo ea 14, o ile a phehella: “Phehellang lerato, leha ho le joalo le ’ne le chesehele ho batla [ta pneu·ma·ti·kaʹ], haholo ea ho re le profete.” Ho batla eng? Ho ne ho sa hlokahale hore ba batle ho tlotsoa ka moea, hobane ba ne ba se ba ntse ba tlotsitsoe. Ka ho hlakileng Pauluse o ne a bolela “limpho” tsa moea, tseo, qetellong ea khaolo ea 12, a ileng a ba phehella hore ba li batle. Kahoo, New World Translation of the Holy Scriptures e fetolela 1 Ba-Korinthe 14:1: “Le ’ne le chesehele ho batla limpho tsa moea.” Liphetolelo tse ling tsa Bibele li fetolela ta pneu·ma·ti·kaʹ mona e le “limpho tsa moea” kapa “limpho tsa Moea.”

Motheong oa taba eo e potolohileng, re hlokomela hore haufi le qetello ea khaolo ea 14, Pauluse o amahanya ho profeta le pneu·ma·ti·kosʹ. Joaloka temaneng ea 1, se potolohileng taba se bontša hore o ne a bolela ho fuoa moea. The New Testament in Modern Speech, e ngotsoeng ke R. F. Weymouth, e amohela phetolelo ena: “Haeba e mong a lekanya hoba ke moprofeta kapa motho ea nang le limpho tsa moea, ha a ke a hlokomele seo ke se ngolang joale e le molao oa Morena.”

E, Bakreste bohle, ho sa tsotellehe hore na ba ne ba na le mpho ea ho profeta kapa mpho leha e le efe ea moea, ba ne ba lokela ho amohela le ho latela keletso eo Pauluse a e ngotseng mabapi le kamoo lintho li neng li lokela ho etsahala phuthehong.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela