Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Tlhompho Bakeng sa Khalalelo ea Bophelo
BIBELE e bontša hore mali a bohlokoa mahlong a Molimo le hore o nyatsa ha a sebelisoa hampe. (Levitike 17:14; Liketso 15:19, 20, 28, 29) Ka lebaka la litaelo tsena tsa Bibele, Lipaki tsa Jehova ha li amohele litšelo tsa mali.
Ka morero oa ho thusa lingaka le basebetsi ba sepetlele ho utloisisa boemo ba bolumeli ba Lipaki tsa Jehova tabeng ena le ho ananela hore Lipaki li tla amohela liphekolo tsa meriana tse etsoang sebakeng sa litšelo tsa mali, Mokhatlo oa Watch Tower o hlophisitse Likomiti tse Kopanyang Bakuli le Lipetlele (Hospital Liaison Committees [HLC]) linaheng tse fapaneng. Litho tsa likomiti tsena li etela lipetlele hore li buisane le basebetsi ba tsa meriana. Haufinyane, linaheng tse 12 Poland, ho ile ha tšoaroa liboka tse fetang 200, moo ho ileng ha ba teng lingaka tsa meriana tse fetang 500, haholo-holo tse okametseng litleleniki kapa liphaposi tsa kokelo tsa lipetlele. Ho ile ha etsahala se latelang ho e ’ngoe ea liketelo tseo:
“Seboka se ileng sa tšoareloa Tleleniking ea ho Buuoa ha Pelo Zabrze se ile sa atleha haholo. Ho tloha ka 1986 sehlopha sa lingaka tleleniking ena se ’nile sa buoa baena ba rōna ka ntle ho mali. Hona joale, ho se ho entsoe tšebetso ea ho buoa ho joalo ka makhetlo a 40. Tleleniki ena e ikemiselitse ho amohela bakuli likarolong tsohle tsa Poland haesita le ba tsoang linaheng lisele. Ka mor’a puisano ea metsotso e 50, motlatsi oa mookameli oa phaposi ea kokelo ea sepetlele o ile a tsebisa sehlopha sa bakuli litho tsa HLC ’me a re: ‘Batho bana ke Lipaki tsa Jehova. Ba sebelisana hantle le tleleniki ea rōna, ’me baa re thusa. Hase balumeli-’moho le bona feela ba ruang molemo thusong ea bona empa le bakuli ba bang bohle. Ka thuso ea Lipaki tsa Jehova, re kholisehile hore ho buuoa ha pelo ho hlokang tlhokomelo e tebileng ho ka etsoa ka ntle ho mali.
“‘Ka mohlala, re ile ra buoa mofumahali enoa [o supa e mong oa bakuli ba hae] ka ntle ho mali, ’me o tla tsoa sepetlele hore a ee hae ka ’Mantaha. Ke rata ho bolela hore ha re sa atisa ho sebelisa mali joalokaha re ne re etsa pele hobane a kotsi. A amana le HIV, lefu la sebete, le ho lieha ho fola.
“‘Ke Mok’hatholike, empa lapeng la ka haesale re mamella maikutlo a ba bang. Ka letsatsi le leng ke ne ke tsamaea pel’a Lebala la Lipapali la Slaski le bana ba ka. Nakong e fetileng lebala lena la lipapali le ne le hlokomolohiloe, empa re ile ra hlokomela hore hona joale le fetohile hoo ho neng ho le thata ho le hopola. Ke ile ka botsa e mong oa basebetsi hore na ho tlile joang hore le fetohe. O ile a bolela hore baokameli ba lona ba ne ba se ba se na tšepo ea hore lebala leo le ka lokisoa, empa le ile la hiroa ke Lipaki tsa Jehova, ’me tsa le nchafatsa.
“‘Kahoo ke bona batho bao kaofela ha rōna re ka ithutang ho hongata ho bona. Ke nahana hore phaposing ena ea kokelo re tlameha ho mamella maikutlo a ba bang.’ Joale, o ile a supa Paki e neng e lokela ho buuoa ka mor’a matsatsi a seng makae, ’me a re: ‘Mofumahali enoa ke e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me o tla buuoa ka ntle ho mali.’”
Le hoja Lipaki tsa Jehova li sa leke ho qobella litumelo tsa tsona ho ba bang, li latela mohlala oa baapostola ’me li “utloa Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Liketso 5:29, NW) Sena se akareletsa ho hlompha mali. Li ananela ha ba bang ba hlompha seo ba se lumelang tabeng ena.