Lintho tse ka Bonoang Naheng e Tšepisitsoeng
Tlo Hahlaule Leoatleng la Galilea!
LIBAKA tse ’maloa li hopoleha habonolo haholo ho babali ba Bibele ho feta Leoatle la Galilea. Empa na u ka tutubala ’me ua bona ka mahlo a kelello leoatle lee la metsi a hloekileng, ua supa libaka tsa bohlokoa, tse kang moo Nōka ea Jordane e kenang teng le moo e tsoang kapa libaka tsa Kapernauma le Tiberiase?
Nka nako ea ho ithuta setšoantšo sena se ka tlaase se nkiloeng motho a le sefofaneng le linomoro tse ’mapeng le tse sehloohong sena. Ke libaka tse kae tse nang le linomoro tseo u ka li tsebang? Ha u tseba tse ngata haholoanyane, u tla fumana Bibele ea hao e thahasellisa haholoanyane ebile e na le moelelo. Ho fihlela moo, tloo bakeng sa ho hahlaula ho hokhutšoanyane, ho laeang.
Setšoantšo sena se ka leboea-bochabela. A re qaleng ka #1. Eo ke karolo efe ea leoatle? E, ke qetellong e ka boroa, moo Jordane e tsoang teng, e-ea tlaase pakeng tsa Samaria le Gileade ho fella Leoatleng le Shoeleng. Ka ho le letšehali u bona pono e haufi ea qetello ena ea leoatle, e boetseng e bontšitsoeng ho Almanaka ea Lipaki tsa Jehova ea 1993.
Leoatle la Galilea le tlaase botebong ba Phula ea Khohlo ena, hoo e ka bang limithara tse 200 ka tlaase ho Leoatle la Mediterranean. Ha u ntse u hlahloba setšoantšo sena, hlokomela lithaba tse hlahang lebōpong le ka bochabela ho sona (ho potoloha #7). Maralla le lithaba le tsona li lebōpong le haufi kapa ka bophirima, ho hatisang hore leoatle lena le entse nkho, leoatle lena le ka ba lik’hilomithara tse 21 ka bolelele ’me le bophara ba lik’hilomithara tse 12. Ho ne ho e-na le sebaka mabōpong bakeng sa metsana esita le metse e meholo, joaloka Tiberiase (#2). Hopola hore letšoele le tsoang Tiberiase ka liketsoana le ile la tšela leoatle ho ea moo Jesu a neng a fepile batho ba 5 000 ka mohlolo.—Johanne 6:1, 10, 17, 23.
Ha u sika le lebōpo u lebile ka leboea ho Tiberiase, u feta sebaka se nonneng sa Genesarethe (#3).a Sebakeng sena Jesu o ile a fana ka Thuto ea Thabeng, ’me mohlomong lebōpong le haufi le mona, o ile a bitsa Petrose le ba bang ba bararo hore e be “ba tšoasang batho,” joalokaha ho bontšitsoe mona. (Mattheu 4:18-22) Ha u tsoela pele, u fihla Kapernauma (#4), moo e neng e le setsi sa mesebetsi ea Jesu, hape ebile e bitsoa hore ke “motseng oa habo.” (Mattheu 4:13-17; 9:1, 9-11; Luka 4:16, 23, 31, 38-41) Ha u tsoela pele u lebile bochabela ho potoloha leoatle, u tšela (#5) moo karolo e ka holimo ea Jordane e phallelang leoatleng (ka tlaase). Joale u fihla sebakeng sa Bethsaida (#6).
Re ka sebelisa le libaka tsena tse fokolang ho bontša kamoo tsebo ea hao ka Leoatle la Galilea e ka u thusang ka teng ho latela, le ho bona ka mahlo a kelello, litlaleho tsa Bibele. Ka mor’a hore Jesu a fepe batho ba 5 000 sebakeng sa Bethsaida ’me letšoele le leke ho mo etsa morena, o ile a romela baapostola ka sekepe ho leba Kapernauma. Ha ba ntse ba le leetong, meea ea lifefo ea theoha lithabeng ’me ea fehla maqhubu, e tšosa baapostola. Empa Jesu a tla ho bona a tsamaea holim’a leoatle, a khutsisa sefefo, a etsa hore ba fihle moo ho omileng ba sireletsehile pel’a Genesarethe. (Mattheu 14:13-34) Bao ba neng ba tsoa Tiberiase ba tšelela Kapernauma hape.—Johanne 6:15, 23, 24.
Ha u tsoela pele mathōkong a lehlakore le ka bochabela la leoatle, u feta ho seo e ka ’nang eaba se ne se bitsoa ‘naha ea Bagadarene [kapa, Bagerasene].’ Hopola hore mona ke moo Jesu a ileng a leleka bademona banneng ba babeli. Meea eo ka bokhopo bo tšabehang ea kena mohlapeng o moholo oa likolobe, tse ileng tsa itihela selomong ho ea oela leoatleng. Ka morao ho moo e mong oa banna bao o ile a fana ka bopaki metseng e haufi ea batho ba buang Segerike ba Dekapolise. Jesu o ile a fihla a ba a tsoa sebakeng sena ka seketsoana ho tšela Leoatle la Galilea.—Mattheu 8:28–9:1; Mareka 5:1-21.
Ha u qetella bohahlauli ba hao u lebile qetellong e ka tlaase ea leoatle, u feta haufi le moo nōka e khōlō (e bitsoang Yarmuk) e tlisang metsi a mangata karolong e ka tlaase ea Nōka ea Jordane.
Bibele ha e supe ka ho toba sebaka sa tse ling tsa liketsahalo ho potoloha Leoatle la Galilea, joaloka ponahalo ea Jesu ea ka mor’a tsoho ha Petrose le baapostola ba bang ba ne ba tšoasa litlhapi (tlaase). Na u nahana hore e ne e le haufi le Kapernauma? Leha ho le joalo, tsebo ea hao ka leoatle lena la bohlokoa e u thusa ho talima ka mahlo a kelello hore ho ka ’na ha e ba joalo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Genesarethe—‘E-ea Babatseha ’me e Ntle’” ho Molula-Qhooa oa January 1, 1992.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
1
2
3
4
5
6
7
N
S
E
W
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]
Garo Nalbandian
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.