Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 12/1 maq. 4-10
  • Likoluoa tsa Tlhaho—Na Molimo oa Ikarabella?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likoluoa tsa Tlhaho—Na Molimo oa Ikarabella?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Koluoa ea Tlhaho” ke Eng?
  • Ke Mang ea Ikarabellang?
  • Tharollo ke Efe?
  • Liketso tsa Molimo tse Larileng ka Pele
  • Bibele e Re’ng ka Likoluoa Tsa Tlhaho?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Likoluoa Tsa Tlhaho—Ke Hobane’ng ha li le Ngata Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Na Molimo o Sebelisa Likoluoa Tsa Tlhaho ho Otla Batho Kajeno?
    Tsoha!—2012
  • Ha Likoluoa Tsa Tlhaho li Hlasela
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 12/1 maq. 4-10

Likoluoa tsa Tlhaho—Na Molimo oa Ikarabella?

“MOLIMO, ke’ng seo u se entseng ho rōna?”

Eo e bile karabo e tlalehiloeng ea mophonyohi ea ileng a hlahloba tšenyo e neng e tlisitsoe ke ho phatloha ha thaba e lulang e koahetsoe ke lehloa ea Nevado del Ruiz, Colombia ka November 13, 1985. Seretse se sengata ka ho fetisisa se ile sa phasalla sa pupetsa motse oohle oa Armero ’me sa bolaea batho ba ka holimo ho 20 000 ka bosiu bo le bong.

Ke ho utloahalang hore ebe mophonyohi o ne a ka ’na a itšoara ka tsela eo. Ba selebaletsoe tšokelong ea matla a tšabehang a tlhaho, ho tloha khale-khale batho ba ile ba re ke Molimo ea ikarabellang liketsahalong tseo tsa likoluoa. Batho ba boholo-holo ba ne ba etsa linyehelo, esita le mahlabelo a batho, ho khutsisa melimo ea bona ea leoatle, sepaka-paka, lefatše, thaba, thaba e foqohang seretse se chesang, le mehloli e meng ea kotsi. Esita le kajeno, ba bang ba amohela liphello tsa liketsahalo tsa koluoa tsa tlhaho e le feela tse hlotsoeng esale pele kapa li bakiloe ke Molimo.

Na ruri Molimo oa ikarabella bakeng sa likoluoa tse tlisetsang batho mahlomola a mangata hakaale le tahlehelo ho potoloha le lefatše? Na o lokela ho behoa molato? Hore re fumane likarabo re lokela ho hlahlobisisa se amehang likoluoeng tse joalo. Ha e le hantle, re lokela ho hlahloba hape tse ling tsa linnete tse tsejoang.

“Koluoa ea Tlhaho” ke Eng?

Ha tšisinyeho ea lefatše e ne e etsahala Tangshan, Chaena, ’me ho ea ka litlaleho tsa ’muso oa Chaena e ile ea bolaea batho ba 242 000, le ha Leholiotsoana Andrew le ne le puputla South Florida le Louisiana United States ’me le baka tšenyo ea libilione tsa liranta, likoluoa tse joalo tsa tlhaho li ile tsa fuoa tlhokomelo e khōlō ke mecha ea machaba ea phatlalatso. Leha ho le joalo, ho thoe’ng hoja tšisinyeho eo ea lefatše e ne e ile ea etsahala Lehoatateng le se nang baahi la Gobi, likh’ilomithara tse 1 100 ka leboea-bophirimela ho Tangshan, kapa ho thoe’ng hoja Leholiotsoana Andrew le ne le ile la nka tsela e fapaneng ’me la nyamella leoatleng, le sa ka la fihla naheng e omileng ho hang? Hona joale li ka be li se li sa hopoloe.

Joale, ka ho hlakileng, ha re bua ka likoluoa tsa tlhaho, ha re bue feela ka liponahatso tse matla haholo tsa matla a tlhaho. Selemo se seng le se seng ho ba le litšisinyeho tsa lefatše tse likete, tse khōlō le tse nyenyane, le likhohola tse ngata, lifefo, maholiotsoana, ho phatloha ha thaba e foqohang seretse se chesang, le liketsahalo tse ling tse senyang tse sa etseng letho haese ho ba feela lipalo tse tlalehiloeng. Leha ho le joalo, ha liketsahalo tse joalo li baka tšenyo e khōlō ea bophelo le thepa ’me li kena-kenana le tsela e tloaelehileng ea bophelo, li fetoha likoluoa.

Ho lokela ho hlokomeloe hore hase ka mehla tšenyo le tahlehelo e e latelang li lekanang le matla a tlhaho a amehileng. Koluoa e khōlōhali hase hakaalo hore e bakoa ke ponahatso ea sekhahla se seholo ka ho fetisisa sa matla a tlhaho. Ka mohlala, ka 1971 tšisinyeho ea lefatše ea tekanyo ea 6,6 sekaleng sa Richter e ile ea etsahala San Fernando, California, United States, ’me ea bolaea batho ba 65. Selemo hamorao, tšisinyeho ea tekanyo ea 6,2 Managua, Nicaragua, e ile ea bolaea batho ba 5 000!

Kahoo, mabapi le ho phahama ha tšenyo ea likoluoa tsa tlhaho, re tlameha ho botsa, Na maemo a tlhaho a leholimo a ntse a befa haholoanyane? Kapa lisosa tse bakoang ke batho li tlatselitse bothateng boo?

Ke Mang ea Ikarabellang?

Bibele e tsebahatsa Jehova Molimo e le ’Mōpi e Moholo oa lintho tsohle, ho akareletsa matla a tlhaho a lefatše lena. (Genese 1:1; Nehemia 9:6; Ba-Heberu 3:4; Tšenolo 4:11) Sena hase bolele hore o tsamaisa ho foka ho hong le ho hong ha moea kapa mafafatsane a mang le a mang a pula. Ho e-na le hoo, o thehile tsamaiso ea melao e itseng e laolang lefatše le tikoloho ea lona. Ka mohlala, ho Moeklesia 1:5-7, re bala ka metheo e meraro ea tšebetso e etsang hore bophelo bo be teng lefatšeng—ho chaba le ho likela ha letsatsi ka mehla, potoloho e sa fetoheng ea moea, le potoloho ea metsi. Ebang moloko oa motho oa li hlokomela kapa che, ka lilemo tse likete litsamaiso tsena tsa tlhaho, le tse ling tse kang tsona, tse amanang le boemo ba leholimo, boemo ba mafika, le boemo ba tikoloho ea lefatše li ’nile tsa e-ba tšebetsong. Ha e le hantle, mongoli oa Moeklesia o ne a lebisitse tlhokomelo ho phapang e khōlō pakeng tsa litsela tse sa fetoheng le tse sa feleng tsa pōpo le mofuta oa bophelo ba motho bo fetang kapele le bo bang teng ka nakoana.

Hase feela hore Jehova ke ’Mōpi oa matla a tlhaho empa hape o na le matla a ho a laola. Ho pholletsa le Bibele re fumana litlaleho tsa ho laola ha Jehova kapa ho sebelisa ha hae matla a joalo ho phethahatsa morero oa hae. Tsena li akareletsa ho arola ka lehare metsi a Leoatle le Lefubelu mehleng ea Moshe le ho emisa letsatsi le khoeli tseleng ea lona ho pholletsa le maholimo mehleng ea Joshua. (Exoda 14:21-28; Joshua 10:12, 13) Jesu Kreste, Mora oa Molimo le Messia ea tšepisitsoeng, le eena o ile a bontša matla a hae holim’a matla a tlhaho, ha ka mohlala, a ne a khutsisa sefefo Leoatleng la Galilea. (Mareka 4:37-39) Litlaleho tse kang tsena ha li siee pelaelo ea hore Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste, ba ka laola ka ho feletseng sohle se amang bophelo mona lefatšeng.—2 Likronike 20:6; Jeremia 32:17; Mattheu 19:26.

Kaha seo ke ’nete, na re ka nka Molimo a ikarabella bakeng sa tšenyo e eketsehileng le thipitlo e bakiloeng ke likoluoa tsa tlhaho mehleng ea morao tjee? Ho araba potso ena, re tlameha hore pele re nahanisise ka hore na ho na le bopaki ba hore morao tjena matla a tlhaho a befile ka ho hlollang haholoanyane, mohlomong le hore na a tsoile taolong.

Tabeng ena, hlokomela seo buka Natural Disasters—Acts of God or Acts of Man? e se bolelang: “Ha ho bopaki ba hore liketsahalo tsa boemo ba leholimo tse amanang le komello, meroallo le lifefo lia fetoha. ’Me ha ho setsebi sa mafika se bolelang hore ho tsamaea ha lefatše ho amanang le tšisinyeho ea lona, lithaba tse foqohang seretse se chesang le tsunami (maqhubu a tšisinyeho ea lefatše) li ba mabifi haholoanyane.” Ka ho tšoanang, buka Earthshock ea hlokomela: “Mafika a lik’honthinente tsohle a na le tlaleho ea liketsahalo tse a amang tse ngata haholo tse khōlō le tse nyenyane, tseo e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e neng e ka ba koluoa ea tlokotsi molokong oa motho haeba e ne e ka etsahala kajeno—’me ho ea ka saense ho na le tiiso ea hore liketsahalo tse joalo li tla ’ne li hlahe khafetsa nakong e tlang.” Ka mantsoe a mang, lefatše le matla a lona a maholo le ’nile la lula le sa fetoha ho theosa le lilemo. Kahoo, ebang lipalo tse ling li bontša keketseho ea liphetoho tsa mofuta o itseng boemong ba mafika kapa tšebetsong e itseng kapa che, lefatše ha lea fetoha le mabifi ka ho sa laoleheng mehleng ea morao tjena.

Joale, ke eng se ikarabellang bakeng sa keketseho ea makhetlo le tšenyo ea likoluoa tsa tlhaho tseo re balang ka tsona? Haeba matla a tlhaho a sa lokela ho behoa molato, molato o lokela ho behoa holim’a batho. ’Me ka sebele, ba boholong ba hlokometse hore liketso tsa batho li entse hore tikoloho ea rōna e pepesehele likoluoeng tsa tlhaho le hore e hlaseloe habonolo haholoanyane ke tsona. Lichabeng tse tsoelang pele moruong, tlhokahalo e eketsehang ea lijo e qobella balemi ho lema sebaka seo ba nang le sona ka ho tlōlisang kapa ho fumana sebaka sa temo ka ho felisa meru ea bohlokoa e se koahetseng. Sena se lebisitse khoholehong ea mobu e tšabehang. Hape ho eketseha ha baahi ho akofisa keketseho ea ho ahoa ho sa hlophisehang ha litakana le mek’huk’hu libakeng tse sa sireletsehang. Esita le lichabeng tse tsoetseng pele moruong, batho, ho tšoana le ba limilione ba phelang San Andreas Fault, California, ba ipepeselitse kotsi ho sa tsotellehe litemoso tse hlakileng. Maemong a joalo, ha ho hlaha liketsahalo tse sa tloaelehang—sekhohola, moroallo, kapa tšisinyeho ea lefatše—na ka sebele phello ea koluoa eo e ka bitsoa ea “tlhaho”?

Mohlala o tloaelehileng ke komello Sahel ea Afrika. Ka tloaelo re nahana ka komello e le khaello ea pula le metsi, e lebisang tlaleng ea sekoboto, ho bolaoa ke tlala, le lefu. Empa na tlala ea sekoboto le ho bolaoa ke tlala ho teng sebakeng seo ho bakoa feela ke khaello ea metsi? Buka Nature on the Rampage e re: “Bopaki bo bokeletsoeng ke mekhatlo ea saense le ea lithuso bo bontša hore hase hakaalo hore tlala ea sekoboto kajeno e phehella ka lebaka la komello e tsoelang pele empa e le ka lebaka la tšebeliso e mpe e tsoelang pele ea mobu le mehloli ea metsi. . . . Ho fetoha lehoatata ho tsoelang pele ha Sahel ke ketsahalo eo haholo-holo e bakoang ke motho.” Koranta ea Afrika Boroa, The Natal Witness, ea hlokomela: “Tlala ea sekoboto ha e bakoe ke khaello ea lijo; e bakoa ke ho hloka tsela ea ho fumana lijo. Ka mantsoe a mang, e bakoa ke bofuma.”

Ho ka boleloa se tšoanang ka tšenyo e khōlō e bakoang ke likoluoa tse ling. Liphuputso li bontšitse hore lichaba tse futsanehileng li hlokofalitsoe ke karolelano e phahameng ea mafu likoluoeng tsa tlhaho ho feta lichaba tsa lefatše tse ruileng. Ka mohlala, ho ea ka phuputso e ’ngoe, ho tloha ka 1960 ho ea ho 1981, Japane e ile ea e-ba le litšisinyeho tsa lefatše tse 43 le likoluoa tse ling ’me ba 2 700 ba lahleheloa ke bophelo, karolelano ea e-ba mafu a 63 koluoeng ka ’ngoe. Ka nako e tšoanang, Peru e ile ea e-ba le likoluoa tse 31 ’me ba 91 000 ba shoa, kapa ba 2 900 koluoeng ka ’ngoe. Ke hobane’ng ha ho e-na le phapang? Matla a tlhaho e ka ’na eaba a ile a baka koluoa ea tlhaho, empa ke liketso tsa motho—tsa tulisano, tsa moruo, tsa lipolotiki—tse ikarabellang bakeng sa phapang e khōlō tahlehelong ea bophelo le tšenyo ea thepa eo li e bakileng.

Tharollo ke Efe?

Bo-rasaense le litsebi ka lilemo tse ngata ba lekile ho qapa litsela tsa ho sebetsana le likoluoa tsa tlhaho. Ba fupulitse ho kenella botebong ba lefatše e le ho batla kutloisiso ka tšebetso ea litšisinyeho tsa lefatše le ho phatloha ha lithaba tse foqohang seretse se chesang. Ka li-satellite tsa sepaka-pakeng ba lemoha boemo ba leholimo e le ho fumana litsela tseo lifefo le maholiotsoana li ka tlang ka tsona kapa ho lepa meroallo le komello. Phuputso ena eohle e ba file boitsebiso boo ba tšepang hore bo tla ba nolofaletsa ho fokotsa matla a likoluoa tsena tsa tlhaho.

Na boiteko bo joalo bo hlahisitse liphello tse molemo? Mabapi le mofuta ona oa tekanyetso e litšenyehelo li ngata, ea theknoloji e phahameng, mokhatlo o mong o hlokometseng tikoloho ea tlhaho oa hlokomela: “Litekanyetso tsena tsa theknoloji e phahameng li na le molemo o lekanyelitsoeng. Empa haeba li nka chelete le boiteko ka mokhoa o tlōlisang—haeba li sebeletsa e le mokhoa oa ho hlokomoloha likotsi tseo e leng karolo ea motheo ea lichaba tseo bahlaseluoa ba likoluoa ba phelang ho tsona li mpefatsa likoluoa le ho feta—joale li ka etsa tšenyo e khōlō ho feta molemo.” Ka mohlala, le hoja e le habohlokoa ho tseba hore kou e lebōpong la leoatle la Bangladesh ka mehla e sokeloa ke meroallo le maqhubu a leoatle a tlōlang mabōpo, tsebo eo ha e thibele batho ba limilione ba Bangladesh hore ba qobellehe ho phela moo. Phello ke likoluoa tse ipheta-phetang le manane a mafu a baloang ka makholo a likete.

Ka ho hlakileng, boitsebiso ba mahlale bo ka ba le molemo o lekanyelitsoeng feela. Ntho e ’ngoe e hlokahalang ke matla a ho fokotsa likhatello tse sieang batho ba se na boikhethelo ba letho haese hore ba phele libakeng tseo haholo-holo li pepesehetseng likotsi kapa hore ba phele ka litsela tse senyang tikoloho. Ka mantsoe a mang, ho fokotsa tšenyo e bakiloeng ke lintho tsa tlhaho ho tla hloka hore ho hlophisoe hape ka ho feletseng tulisano ea batho, ea moruo, le ea lipolotiki eo re phelang ho eona. Ke mang ea ka finyellang mosebetsi o joalo? Ke a le Mong feela ea ka laolang esita le matla a bakang likoluoa tsa tlhaho.

Liketso tsa Molimo tse Larileng ka Pele

Jehova Molimo a ke ke a sebetsana le lipontšo feela empa o tla fihla sesoseng sa motheo sa litlokotsi tsa batho. O tla felisa litsamaiso tse meharo le tse hatellang tsa lipolotiki, khoebo, le bolumeli tse ’nileng tsa ‘rena holim’a ba bang ho ba etsa hampe.’ (Moeklesia 8:9) Mang kapa mang ea tloaelaneng le Bibele a ke ke a hlōleha ho hlokomela hore ho pholletsa le maqephe a eona ho na le boprofeta bo bongata bo supang nakong ea ha Molimo a tla nka khato ea ho felisa bokhopo le mahlomola lefatšeng ’me a khutlisetse paradeise ea khotso le ho loka lefatšeng.—Pesaleme ea 37:9-11, 29; Esaia 13:9; 65:17, 20-25; Jeremia 25:31-33; 2 Petrose 3:7; Tšenolo 11:18.

Ha e le hantle, ke seo Jesu Kreste a rutileng balateli ba hae bohle ho se rapella, e leng, “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalo ka ha e etsoa leholimong.” (Mattheu 6:10) ’Muso oa Bomessia o tla tlosa le ho nka sebaka sa puso eohle ea motho ea sa phethahalang, joalokaha moprofeta Daniele a ile a bolela esale pele: “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.

Ke’ng seo ’Muso oa Molimo o tlang ho se finyella e leng seo lichaba kajeno li ke keng tsa se finyella? Bibele e fana ka ponelo-pele e hlollang ea se tlang ho tla. Ho e-na le hore ho be le maemo a bontšitsoeng maqepheng ana, a kang tlala ea sekoboto le bofuma, “nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba, liqoapi tsa ’ona li hoase,” ’me “sefate se naheng se tla beha litholoana tsa sona, lefatše le behe tsa lona; ba tla iketla naheng ea bona.” (Pesaleme ea 72:16; Ezekiele 34:27) Bibele ea re bolella mabapi le tikoloho ea tlhaho: “Naha e tšehla e tla thaba, le lona lefatše le omeletseng; mahalaopa a tla nyakalla, a mele lipalesa joalo ka leshoma. . . . Hobane metsi a tla kolla naheng e tšehla, melatsoana e phalle mahalaopeng. Mahoatata a mahlabathe a tla fetoha matša a metsi, naha e omeletseng e be le liliba tsa metsi.” (Esaia 35:1, 6, 7) ’Me lintoa ha li sa tla ba teng.—Pesaleme ea 46:9.

Bibele ha e bolele hore Jehova Molimo o tla finyella seo sohle joang, le hore o tla sebetsana joang le matla ’ohle a tlhaho e le hore a se hlole a baka kotsi. Leha ho le joalo, taba e tiileng ke hore bohle ba tlang ho phela ’musong oo o lokileng “ba ke ke ba sebeletsa lefeela, ba ke ke ba tsoala bana, ’me ba lahleheloa ke bona kapele; hobane e tla ba leloko le hlohonolofalitsoeng ke Jehova, ’me bana ba bona ba tla ’ne ba lule le bona.”—Esaia 65:23.

Maqepheng a makasine ona, hammoho le likhatisong tse ling tsa Mokhatlo oa Watch Tower, Lipaki tsa Jehova li bontšitse ka ho ipheta-phetileng hore ’Muso oa Molimo o hlomiloe leholimong ka selemo sa 1914. Tlas’a tataiso ea ’Muso oo, ho se ho fanoe ka bopaki lefatšeng lohle ka lilemo tse ka bang 80, ’me kajeno re lintšing tsa “maholimo a macha le lefatše le lecha” tse tšepisitsoeng. Moloko oa motho ha o na ho lokolloa tšenyong ea likoluoa tsa tlhaho feela empa hape le bohlokong bohle le mahlomola a ’nileng a tšoenya batho ka lilemo tse fetileng tse likete tse tšeletseng. Mabapi le nako eo e le kannete ho ka thoe, “tsa pele li fetile.”—2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:4.

Leha ho le joalo, ho ka thoe’ng hona joale? Na Molimo o ’nile a nka khato molemong oa ba matšoenyehong ka lebaka la maemo a tlhaho kapa ka tsela e ’ngoe? Ka sebele o ho entse empa e se hakaalo ka tsela eo batho ba bangata ba neng ba ka ’na ba e lebella.

[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]

Liketso tsa batho li entse hore tikoloho ea rōna e pepesehele likoluoeng tsa tlhaho haholoanyane

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Laif/Sipa Press

Chamussy/Sipa Press

Wesley Bocxe/Sipa Press

Jose Nicolas/Sipa Press

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela