Bo-pula-maliboho Ba Fana ka Mahlohonolo Ebile Baa Amohela
“BOPULA-MALIBOHO bo molemo haholo ho feta mosebetsi o atlehileng oa boipheliso. Ha ho letho le khotsofatsang ho feta ho thusa batho hore ba tsebe Jehova le ’nete ea hae.” Ke kamoo ho boletseng mosali e mong oa Mokreste ea ileng a khetha bopula-maliboho—boboleli ba nako e tletseng ba ’Muso—e le mosebetsi oa hae. Ke mesebetsi efe e meng e ka fanang ka thabo e joalo?
Bopula-maliboho ke pakane e phahameng le tokelo ea bohlokoahali. Motho a ka khetha bophelo bo joalo joang? Ke’ng se hlokahalang bakeng sa ho khomarela bopula-malibohong halelele ka ho lekaneng hore motho a ka kotula litlhohonolofatso tseo bo fanang ka tsona?
Ho na le lintho tse peli tsa bohlokoahali. Ea pele, ke maemo a nepahetseng. Ba bangata ba phela maemong ao ka ho hlakileng a etsang hore ho bula maliboho e be ntho eo motho a ke keng a e khona. ’Me ea bobeli, litšoaneleho tsa moea le pono e loketseng. Ka ho hlakileng, hore na maemo a hona joale a lumella motho ho ba pula-maliboho kapa che, bohle ba ka sebeletsa ho hōlisa litšoaneleho tsa khōlo ea Bokreste.
Lebaka Leo ka Lona ba Bang e Leng Bo-pula-maliboho
Litšoaneleho tsa bopula-maliboho bo atlehang ke life? Ha e le hantle, tsebo ea ho ruta ke ea bohlokoa haholo. Ho hlokahala hore bo-pula-maliboho ba tsebe kamoo ba ka fanang ka litaba tse molemo ho batho bao ba sa ba tsebeng, ba etse maeto a ho boela ho ba thahasellang, le ho khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele. Khaello ea tsebo ena e ka nyahamisa pula-maliboho. Leha ho le joalo, lintho tse ling le tsona ke tsa bohlokoa.
Ka mohlala, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le borapeli ba rōna e amana le kamano ea rōna le Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Tsena li akareletsa bopula-maliboho. Mocha oa pula-maliboho ea bitsoang Rado o ile a hlalosa: “Ho mocha, ha ho letho le molemo ho feta ho hopola Jehova le ho tsamaea tseleng ea ’nete.” E, bopula-maliboho ke tsela e molemo bakeng sa bacha hore ba bontše lerato la bona ho Jehova le katamelano e haufi-ufi le eena.—Moeklesia 12:1.
Tsebo le kutloisiso le tsona li hlokahala haholo. (Ba-Filippi 1:9-11) Kamoo ho leng ka teng, tsena ke petrole e etsang hore enjine ea rōna ea moea e ’ne e sebetse. Thuto ea botho e etsoang ka mehla e-ea hlokahala bakeng sa ho qoba ho khathala moeeng, eaba re lahleheloa ke cheseho le kholiseho ea rōna. Ho hlakile hore tsebo eo re e fumanang ha ea lokela ho ama kelello feela empa hape le pelo. (Liproverbia 2:2) Ka hona, ho phaella thutong ea botho, re hloka nako ea ho rapela le ho thuisa e le hore tsebo eo re e fumaneng e ka ama pelo. Joale, haeba maemo a rōna a re lumella, re tla rata ho bula maliboho.—Bapisa le Esdrase 7:10.
Ho nka tšebeletso ea bopula-maliboho ho boetse ho batla moea oa boitelo. Mohlankana ea bitsoang Ron o ne a entse litokisetso tsohle bakeng sa ho ba pula-maliboho. O ne a se a mpa a emetse feela maemo a loketseng e le hore a ka tsoela pele. Ka ho toba, o ne a batla mosebetsi o neng o tla mo lumella ho bula maliboho ’me ka nako e tšoanang a thabela bophelo bo mabotho-botho. Ha a bolella khaitseli e mong ea hōlileng moeeng sena, karabo ea khaitseli eo e ile ea mo nyarosa. O ile a re: “Jehova o hlohonolofatsa liketso, eseng litšepiso.” Mohlankana eo o ile a fumana mosebetsi o nang le moputso o fokolang o mo nehang nako bakeng sa bopula-maliboho. Ho sebelisa Mattheu 6:25-34 ho tla thusa motho ho tsoella ka chelete e fokolang.
Boikemisetso ba ho latela ka boikokobetso litlhahiso tse molemo bo ka ’na ba tlatsetsa hantle ho keneleng ha rōna tšebeletso ea bopula-maliboho. Qalehong ea bophelo ba hae e le Mokreste, Hanna o ile a hlaolela takatso ea ho bula maliboho. Empa ha e-ea ka ea e-ba pula-maliboho ha a ntse a hōlisa lelapa ’me hamorao a kenella mosebetsing oa khoebo. Ka ho ela hloko keletso ea baholo ba falimehileng, o ile a tlohela mosebetsi oa hae o thahasellisang oa boipheliso ’me a nka tšebeletso ea bopula-maliboho. Hona joale Hanna o latsoa thabo e khōlō ea ho lebisa ba bang boinehelong le ho thusa ba seng ba sa kopanele tšebeletsong.
Teboho bakeng sa seo ’nete e se entseng bophelong ba motho le eona e ka ba tšusumetso ea ho bula maliboho. Nahana ka boemo ba mosali e mong ea neng a tepelletse haholo maikutlong eo lenyalo la hae le neng le senyeha. Boemo bona bo ile ba fetoha ka ho hlollang ha a ithuta ’nete ea Lentsoe la Molimo ’me a e sebelisa. A hloletsoe ke seo ’nete e mo etselitseng sona, o ile a etsa qeto ea hore tsela e molemohali ea hore a bontše kananelo e ne e tla ba ka ho bula maliboho le ho thusa ba bang. O ile a etsa sena, ’me hona joale o latsoa litlhohonolofatso tsa ho ba le lithuto tsa Bibele tse ngata le bophelo bo thabileng ba lelapa.
Ba Bang ba ka Thusa
Hangata bo-pula-maliboho ba hlahisa bo-pula-maliboho ba bang. Rado, ea boletsoeng pelenyana, o ne a le lilemo li tšeletseng ha bo-pula-maliboho ba babeli ba ithuta Bibele le batsoali ba hae. Ha a sa ntse a le monyenyane haholo, ka mehla o ne a tsamaea le baboleli bana ba nako e tletseng tšebeletsong ea tšimo. Rado ka boeena e ile ea e-ba pula-maliboho ea ka mehla ha a le lilemo li 17. Mohlankana e mong, Arno, o ile a hōlisetsoa lelapeng la Bokreste empa a fokola moeeng. Hamorao, o ile a lokisetsa ho tsosolosa matla a hae a moea, ’me hona joale o re: “Ke ile ka fumana khothatso e khōlō ho bo-pula-maliboho. Ke ne ke tsamaea le bona haholo-holo nakong ea phomolo ea likolo ’me ka linako tse ling ke ne ke tlaleha lihora tse ka bang 60 ka khoeli tšebeletsong ea tšimo. Ka mor’a moo, mohato oa ho ea tšebeletsong ea bopula-maliboho ba ka mehla [e hlokang lihora tse 90 khoeli le khoeli] e ne e se ntho e khōlō hakaalo.” Ho thuisa ka keletso ea 1 Ba-Korinthe 7:29-31 ea ho se sebelise lefatše ka botlalo ka sebele e thusitse bacha ba joalo.
Moea oa bopula-maliboho o ka mela habonolo haholoanyane lelapeng leo lithahasello tsa moea li fuoang sebaka sa pele ’me batsoali ba khothaletsa bana ba bona ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Philo, ea hōletseng lelapeng le joalo, oa hlalosa: “Ba bangata ba ile ba nkeletsa hore ke ntšetse thuto ea ka pele, ho sebeletsa bokamoso ba lefatše. Empa batsoali ba ka ba ile ba nthusa ho etsa khetho e bohlale haholoanyane. Ba ile ba mpolella hore haeba ke hlile ke batla ho hahela bokamoso, se tlang pele bophelong ba ka e lokela ho ba ho haha kamano le Jehova.”
Mosali e mocha ea bitsoang Thamar le eena o amahanya tšebeletso ea hae ea bopula-maliboho le mohlala o motle le boiteko tsa batsoali ba hae. O re: “Ka sebele nke ke ka bolela hore na ke ile ka hōlisa pono ea moea bophelong neng, empa kea tseba hore ha kea tsoaloa ke e-na le eona. Tloaelo ea batsoali ba ka ea ho kopanela ka mehla tšebeletsong ea tšimo le ho ba teng libokeng, hammoho le lerato la bona le tebileng la ’nete, e ile ea nthusa haholo hore ke hōlise pono ea ka ea moea.”
Ho Khomarela Qetong ea Hao
Ka mor’a hore motho a kenele tšebeletso ea bopula-maliboho, ho tiisetsa ho eona ho mo nolofaletsa ho kotula molemo o tletseng oa qeto eo e bohlale. Ka lebaka lena ho na le boeletsi bo bongata bo ka fanoang. Ka mohlala, bo-pula-maliboho ba etsa hantle ka ho ithuta kamoo ba ka hlophisang nako ea bona e le hore ka eona ba ka hlahisa ho hongata kamoo ho ka khonehang. Leha ho le joalo, ntlha e salang e le ea bohlokoa ka ho fetisisa ke kamano ea motho ka mong le Jehova le mokhatlo oa Hae o hlophisitsoeng.
Se amanang le sena ke boikutlo ba thapelo. Cor o re: “Ke ne ke batla ho bula maliboho ka mokhoa o matla haholo ha ke kena ’neteng.” Leha ho le joalo, ntate oa hae o ne a batla hore a qete thupelo ea hae pele Univesithing ea Temo. Ka mor’a moo, Cor o ile a qala ho bula maliboho. Ka mor’a nako o ile a nyala, ’me mosali oa hae o ile a ikopanya le eena mosebetsing oa bopula-maliboho. Ha mosali oa hae e e-ba moimana, o ile a talimana le hore ho ka etsahala hore a tlohele mosebetsi oa bopula-maliboho. Cor o re: “Ke ile ka rapela Jehova hangata le ho beha ka pele ho eena takatso ea pelo ea ka ea ho tsoela pele ka bopula-maliboho.” Qetellong Cor o ile a fumana mosebetsi o ileng oa mo nolofaletsa ho bula maliboho a ntse a hōlisa lelapa.
Ho khotsofala ka litlhoko tsa lintho tse bonahalang ke lebaka le leng leo hangata le thusang motho ho lula tšebeletsong ea bopula-maliboho. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ketso tsa lōna li hloke takatso ea ho rua; le kholoe ke tseo le nang le tsona; hobane Molimo ka sebele o itse: Nke ke ka u tlohela, nke ke ka u lahla.” (Ba-Heberu 13:5) Ho khotsofala ka lintho tsa hona joale ho ile ha thusa Harry le Irene ho tsoela pele ka bopula-maliboho. Irene, eo e leng sefofu, e se e bile pula-maliboho ka lilemo tse robeli. O re: “Ha ho mohla re kileng ra talima boemo ba rōna ba lichelete e le bothata. Re ba hlokolosi hore le ka mohla re se itjarise moroalo oa lichelete o sa hlokahaleng. Ka mehla re ile ra bala litšenyehelo. Ka mehla bophelo ba rōna e ’nile ea e-ba bo itekanetseng, le hoja e le bo thabisang haholo, ’me e bile bo entšitsoeng haholo ke litlhohonolofatso.”
Thabo le Litlhohonolofatso tse Ngata
Ha a hetla morao lilemong tse robong tsa bopula-maliboho, Thamar o re: “U atamela haufi haholo le Jehova, joalokaha eka o ne a u tšoere ka letsoho.” (Pesaleme ea 73:23) Liteko tse ling le tsona lia hopoleha. Thamar oa phaella: “Ka mehla ho se phethahale ha ka ha ho kopana le ha ba bang ho ’nile ha nkhathatsa. Ho feta moo, ke ne ke ee ke talime baena le bo-khaitseli ba ileng ba khetha tsela ea bophelo e putsang haholoanyane ka lintho tse bonahalang, khetho ea bona e ne e bonahala e batla e le e ipiletsang ha ke ne ke ea ka ntlo le ntlo lipuleng le lirameng. Empa botebong ba pelo ea ka, ha ho mohla nkileng ka rata ho fetola lintho. Ke eng hape kantle ho bopula-maliboho e neng e ka tlisa thabo e joalo, khotsofalo e joalo ea moea, le litlhohonolofatso tse joalo?” Na u nka thabo e joalo le litlhohonolofatso e le tsa bohlokoa haholo?
Ka lebaka la hobane bo-pula-maliboho ba qeta nako e ngata tšebeletsong ea Bokreste, ba boemong ba ho thusa batho ba bangata ho fumana tsebo ea ’nete ea Bibele. Harry le Irene, ba boletsoeng pejana, ba re: “Ho na le litokelo tse ngata tse ka fumanoang ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova, empa ho thusa motho ea sa tsoa thahasella bocha ho tsoela pele ho isa ntlheng ea ho fetoha mohlanka oa Jehova ke e khōlō ho tsohle.”
Pula-maliboho e ’ngoe e ile ea beha litaba ha monate ha e re: “Mantsoe a Liproverbia 10:22 [NW], a ipakile e le ’nete tabeng ea ka: ‘Tlhohonolofatso ea Jehova—ke eona e entšang motho, ’me haa ekeletse bohloko ho eona.’ Nako le nako, lengolo lena le ’nile la phethahatsoa ho ’na lilemong tseo ke sebelelitseng Jehova ka tsona.”
Batsoali, na le kenya takatso ea bopula-maliboho ka ho bana ba lōna? Bo-pula-maliboho, na le etsa boiteko ba ho tsosa takatso ena ka ho ba bang? Baholo, na le tšehetsa bo-pula-maliboho phuthehong ea lōna le ho thusa ho haha moea oa bopula-maliboho ho ba bang? E se eka batho ba bangata ba Jehova ba ka susumeletseha ho finyella litlhohonolofatso tse joalo tse enneng ha ba tšoareha tšebeletsong ea bopula-maliboho.