Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 1/15 leq. 31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ntate oa Bashanyana ba se Nang Bo-ntate
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Bontša Thahasello e Lerato ho “Bashanyana ba se Nang Bo-ntate”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Malapa a se Nang Bo-ntate—Ho Emisa Ketsahalo Ena e Ipheta-phetang
    Tsoha!—2000
  • Malapa a se Nang Bo-ntate—Pontšo ea Linako
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 1/15 leq. 31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

Kaha hangata Bibele e bua ka “moshanyana ea se nang ntata’e,” na sena se bontša kameho e fokolang ka banana?

Ho hang ha ho joalo.

New World Translation of the Holy Scriptures e sebelisa polelo “moshanyana ea se nang ntata’e” litemaneng tse ngata tse bontšang kameho ea Molimo ka bana ba se nang motsoali. Molimo o ile a etsa hore kameho ena e hlake melaong eo a ileng a e fa Iseraele.

Ka mohlala, Molimo o ile a re: “Le se ke la hlokofatsa mohlolohali leha e le ofe kapa moshanyana ea se nang ntata’e. Haeba le ka mo hlokofatsa leha e le ka mokhoa ofe, ’me haeba a lebisa sello sa hae ho ’na, ke tla se utloa ka ntle le ho hlōleha, ’me ka ntle ho qea-qeo bohale ba ka bo tla tuka, ’me ka sebele ke tla le bolaea ka sabole, basali ba lōna ba tla fetoha bahlolohali ’me bara ba lōna bashanyana ba se nang bo ntat’a bona.” (Exoda 22:22-24, NW) “Jehova Molimo oa hao ke Molimo oa melimo le Morena oa marena, ke Molimo ea moholo, ea matla le ea susumetsang tšabo, ea sa eeng ka tšobotsi leha e le ho mang leha e le hore o amohela tjotjo, ea lihang kahlolo bakeng sa moshanyana ea se nang ntata’e le mohlolohali.”—Deuteronoma 10:17, 18; 14:29; 24:17; 27:19, NW.

Liphetolelong tse ngata tsa Bibele e baleha e le “ngoana ea se nang ntata’e” kapa “khutsana” litemaneng tsena, kahoo ho akaretsoa bashanyana le banana. Leha ho le joalo, liphetolelo tse joalo li hlokomolohile tšobotsi e fumanoang motheong oa lentsoe la Seheberu (ya·thohmʹ), le leng ka botoneng. Ho e-na le hoo, New World Translation of the Holy Scriptures e sebelisa phetolelo e nepahetseng “moshanyana (bashanyana) ea se nang ntata’e,” joaloka ho Pesaleme ea 68:5 (NW), e balehang tjena: “Ntate oa bashanyana ba se nang bo-ntat’a bona le moahloli oa bahlolohali ke Molimo a le tulong ea hae e halalelang.” Ho itšetlehiloe ka kutloisiso e tšoanang motheong oa Seheberu, ketso e ka botšehaling ho Pesaleme ea 68:11 (NW) e etsa hore e balehe tjena: “Basali ba bolelang litaba tse molemo ke lebotho le leholo.”a

Le hoja “moshanyana ea se nang ntata’e” e le phetolelo e ka sehloohong ea ya·thohmʹ, sena ha sea lokela ho nkoa se buella ho se be teng ha kameho bakeng sa banana ba se nang motsoali. Lirapa tse qotsitsoeng le tse ling li bontša hore batho ba Molimo ba ne ba khothaletsoa ho hlokomela ba batšehali, bahlolohali. (Pesaleme ea 146:9; Esaia 1:17; Jeremia 22:3; Zakaria 7:9, 10; Malakia 3:5) Molaong, Molimo o ile a boela a akareletsa tlaleho ea qeto ea boahloli bakeng sa barali ba Tselofkade ba neng ba se na ntat’a bona e neng e ba tiisetsa lefa la bona. Qeto eo e ile ea e-ba molao oo ho sebetsanoang le maemo a tšoanang ka oona, kahoo oa tšehetsa litokelo tsa banana ba se nang bo-ntat’a bona.—Numere 27:1-8.

Jesu ha a ka a khetholla ka bong ha a bontša mosa ho bana. Ho e-na le hoo, rea bala: “Eaba o tlisetsoa bana, hore a ba ame; barutuoa ba hae ba ne ba khalemela ba ba tlisang. Jesu, ha a bona hoo, a ba bohale, a re ho bona: Lesang bana ba tle ho ’na, ’me le se ke la ba thibela; hobane ’muso oa Molimo ke oa ba joalo ka bona. Ka ’nete ke re ho lōna: E mong le e mong ea sa amoheleng ’muso oa Molimo joalo ka ngoana, a ke ke a kena teng. ’Me ha a ba sikile, a ba bea matsoho holimo, a ba hlohonolofatsa.”—Mareka 10:13-16.

Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng mona e le bana (“bana ba banyenyane,” NW) ha le ka botoneng kapa botšehaling. Buka e tsebahalang haholo e hlalosang mantsoe a Segerike e re lentsoe lena le “sebelisitsoe bakeng sa bashanyana le banana.” Jesu o ne a bontša thahasello e tšoanang le e bontšitsoeng ke Jehova ho bana bohle, bashanyana le banana. (Ba-Heberu 1:3; bapisa le Deuteronoma 16:14; Mareka 5:35, 38-42.) Kahoo ho lokela ho hlokomeloe hore keletso e Mangolong a Seheberu mabapi le ho hlokomela “bashanyana ba se nang bo-ntat’a bona” e fana ka keletso e tšoanang le ea kamoo re lokelang ho ba le kameho ka bana bohle ba se nang motsoali kapa batsoali.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tanakh ea Bajode e-ea baleha: “MORENA o fana ka taelo; basali ba tlisang litaba ke lekhotla le leholo.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela