Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 2/1 maq. 25-29
  • Na U Siela ba Bang Seriti ha U Fana ka Keletso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Siela ba Bang Seriti ha U Fana ka Keletso?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tokelo ea Motho ea Tlhaho ea ho Sieloa Seriti
  • Jehova o Bōpeletse Motho le Seriti se sa Feleng
  • Melao-motheo e Sireletsang Seriti
  • Siela ba Bang Seriti—Hanela Diabolose
  • Tlotla Jehova ka ho Bontša ho Hlompheha
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na U Hlompha Seriti sa Bona?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Ho ka Khoneha Hore Batho Bohle ba be le Seriti
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ho ba le Seriti—Tokelo e Hatakeloang Hangata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 2/1 maq. 25-29

Na U Siela ba Bang Seriti ha U Fana ka Keletso?

HO HOTLE ’me ho ruisa molemo hakaakang ho fuoa keletso ka tsela e u sielang seriti! Edward o re: “Keletso e mosa, e nahanelang, e bontšang ho tsotella e hlahisa likamano tse molemo.” Warren o re: “Ha u ikutloa hore moeletsi ha a u nkele fatše ’me oa u hlompha ka ho bonahatsa boikemisetso ba ho mamela lehlakore la hao la taba, ho ba bonolo haholoanyane ho amohela keletso.” Norman o re: “Ha moeletsi a ntlhompha, ke ikutloa ke lokolohile ho mo atamela, ho kōpa keletso ea hae.”

Tokelo ea Motho ea Tlhaho ea ho Sieloa Seriti

Ka sebele keletso e mofuthu, ea botsoalle, le e lerato ea amoheleha. Ho molemo ho eletsa ba bang ka tsela eo u batlang hore u eletsoe ka eona. (Mattheu 7:12) Moeletsi ea molemo o ipha nako ea ho mamela ’me o batla ho utloisisa motho ea fuoang keletso—monahano oa hae, boemo ba hae, le maikutlo a hae—ho e-na le ho nyatsa-nyatsa le ho tšoaea liphoso.—Liproverbia 18:13.

Baeletsi ba kajeno, ho kopanyeletsa le baholo ba Bakreste, ho hlokahala hore ba falimehele ho siela ba bang seriti ha ba fana ka keletso. Hobane’ng? Lebaka ke hore ke ntho e tloaelehileng haholo har’a batho ho sebelisana le ba bang ka tsela e sa ba sieleng seriti. Sena sea tšoaetsanoa. Hangata batho bao u ka lebellang hore ba siele ba bang seriti ke bona ba hlōlehang ho fana ka sona, ebang ke barutehi, baeta-pele ba bolumeli, kapa ba bang. Ka mohlala, ho lelekoa mosebetsing ho bohloko ’me ho baka khatello ho mohiri le ho mohiruoa. Ho kotsi ho senya seriti seo motho a nang le sona ka eena, haholo-holo haeba motho a lelekoa mosebetsing hampe feela. Maemong ana baokameli ha ba leleka ba bang mosebetsing ba tlameha ho ithuta mokhoa oa ho fana ka “molaetsa ona o thata ka tsela e hlakileng, e sa khokolotseng lintho tse ngata le e bontšang tsebo, ’me ba boloke boikutlo ba motho ba seriti,” ho tlaleha The Vancouver Sun. E, batho bohle ba lokela ho tšoaroa ka tsela e ba sielang seriti.

Seboka-Kakaretso sa Machaba a Kopaneng se re: “Batho bohle ba tsoetsoe ba lokolohile ’me ba na le seriti ba bile ba e-na le litokelo tse lekanang. Ba fuoe matla a ho beha mabaka le letsoalo ’me ba lokela ho sebelisana ka moea oa boena.” Kaha ho ba le seriti ha motho ho hlasetsoe, ke ka lebaka le letle Molao oa Machaba a Kopaneng le selelekela sa Phatlalatso ea Machaba ea Litokelo tsa Batho li amohelang tšoaneleho ena. Li thoholetsa “tumelo litokelong tsa sehlooho tsa batho, tabeng ea seriti le ho ba le bohlokoa ha motho.”

Jehova o Bōpeletse Motho le Seriti se sa Feleng

Jehova ke Molimo ea seriti. Ka nepo Lentsoe la hae le bululetsoeng le re, “Seriti le khanya li ho eena,” le, “Seriti [sa hae] se boleloa ka holimo ho maholimo.”—1 Likronike 16:27, NW; Pesaleme ea 8:1, NW.

Kaha e le Molimo ea seriti le ’Musi oa Bokahohle, o siela pōpo eohle ea hae e leholimong le e lefatšeng seriti. Ea hlaheletseng har’a bao ba sieloang seriti ke Mora oa hae ea tlōtlehang le ea busang, Morena, Kreste Jesu. Davida o ile a ngola ka boprofeta: “Seriti le khanya u li behile ho eena.”—Pesaleme ea 21:5, NW; Daniele 7:14, NW.

Ke ho soabisang hore tokelo ena ea batho ea motheo e sebelisitsoe hampe ho pholletsa le histori. Lengeloi le matla, leo ka liketso tsa lona le ileng la fetoha Satane Diabolose, le ile la phephetsa ho lokela ha puso ea Molimo, tokelo ea eona, le ho tšoaneleha ha eona, le ho hlompheha ha eona. Ka ho etsa joalo le ile la bontša ho se hlomphe Jehova ’me la tlotlolla lebitso la Hae le seriti ha ka nako e tšoanang le phephetsa tokelo ea Hae ea ho busa. Le ile la ipatlela seriti se feteletseng. Joaloka Diabolose, marena a matla a batho, a kang Nebukadnezare oa linakong tsa Bibele, a ’nile a ithorisa ka ‘matla le bophahamo ba ’ona.’ A hlasetse seriti sa Jehova, a inkela seriti se sa hlokahaleng ho ’ona ka booona. (Daniele 4:30) Puso ea Satane ea bohatelli, e tlisitsoeng holim’a lefatše la batho, e hlasetse ’me e tsoela pele ho hlasela seriti sa motho.

Na seriti sa hao se kile sa nyenyefatsoa? Ha u fuoa keletso, na u entsoe hore u ikutloe u le molato ka ho feteletseng, u le lihlong, u tlotlolohile, kapa u theotsoe? André o re: “Ke ne ke sa utloe boikutlo ba kameho, kutloelo-bohloko, le seriti. Ke ile ka etsoa hore ke ikutloe ke se na thuso,” oa phaella: “Sena se entse hore ke be le maikutlo a ho tšoenyeha le ho khathatseha, esita le ho tepella maikutlo.” Laura o re: “Ho thata ho amohela keletso ho motho eo u nahanang hore haa ameha ka katleho ea hao.”

Ka lebaka lena, balebeli ba Bakreste ba laeloa hore ba tšoare mohlape oa Molimo ka seriti le ka tlōtlo. (1 Petrose 5:2, 3) Haeba ho hlaha maemo ao ho ’ona ho hlokahalang hore u eletse ba bang, u ka itšireletsa joang monahanong le boitšoarong ba batho ba lefatše bao, ntle ho tika-tiko, ba hlaselang seriti sa batho ba bang? U ka thusoa ke eng ho sireletsa seriti sa Bakreste-’moho, esita le ba hao?—Liproverbia 27:6; Ba-Galata 6:1.

Melao-motheo e Sireletsang Seriti

Lentsoe la Molimo ha lea thola feela tabeng ena. Moeletsi ea nang le tsebo o tla beha tšepo e feletseng Lentsoeng la Molimo, ho e-na le ho batla bohlale ba lefatše. Mangolo a Halalelang a na le keletso ea bohlokoa. Ha e lateloa, e tlisa seriti ho moeletsi le ho ea lauoang. Ka hona, tataiso ea Pauluse ho molebeli oa Mokreste Timothea e ne e re: “U se ke ua khalema ea hōlileng ka thata, empa u mo khothatse joalo ka hoja ke ntat’ao, ba bacha joalo ka hoja ke banab’eno; basali ba hōlileng joalo ka hoja ke bo-’m’ao, ba bacha joalo ka hoja ke bo-khaitselie, ka hloeko eohle.” (1 Timothea 5:1, 2) Ho khomarela litekanyetso tsena ho ka re qobisa mahlomola, maikutlo a bohloko, le lihlong tse kaakang!

Hlokomela hore senotlolo se lebisang ho faneng ka keletso ka katleho ke ho bontša seriti se loketseng ho motho e mong le tokelo ea hae ea ho tšoaroa ka tsela e seriti, le e bontšang ho tsotella. Baholo ba Bakreste, ho kopanyeletsa le balebeli ba tsamaeang, ba lokela ho leka ho latela keletso ena, ba leke ho fumana hore na ke hobane’ng ha ea hlokang ho lokisoa a nahana ’me a nka khato ka tsela eo a etsang ka eona. Ba lokela ho batla ho utloa maikutlo a hae, ’me ba etse boiteko bohle ho qoba ho hlabisa lihlong, ho nyenyefatsa, kapa ho hōbosa ea fuoang thuso.

Joaloka moholo, etsa hore moena oa hao a tsebe hore ua mo tsotella ’me u batla ho mo thusa mathateng a hae. Ke sona se etsoang ke ngaka e molemo ha u ile ngakeng bakeng sa tlhahlobo. Khopolo ea ho hlobola ka har’a ntlo e se nang mofuthu, eo ho sa bontšoeng boikutlo ka ho eona e ka u siea u hlabiloe ke lihlong ’me u hōbositsoe. U ananela hakaakang ngaka e bontšang ho nahanela seriti sa hao ’me e u siele seriti ka ho u fa seaparo seo u tla ikoahela ka sona nakong ea ha e ntse e leka ho batla sesosa sa lefu la hao! Ka mokhoa o tšoanang, moeletsi oa Mokreste ea bontšang seriti se loketseng ho motho e mong o lokile ’me o tiile, leha ho le joalo o apesa motho ea eletsoang ka seriti. (Tšenolo 2:13, 14, 19, 20) Ka lehlakoreng le leng, keletso e bohale, e batang, le e sa bontšeng boikutlo ka tšoantšetso e tšoana le ho hlobolisoa ho etsang hore u ikutloe u hlabiloe ke lihlong, u hōbositsoe, ’me u nketsoe seriti.

Ka ho khetheha balebeli ba Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ba hlokolosi hore ba fane ka keletso ka tsela e bontšang seriti. Ha ba eletsa ba seng ba hōlile, ba bonahatsa lerato le tšoanang le leo ba neng ba tla le bontša batsoali ba bona ba nama. Baa nahanela, ba na le botsoalle, ’me ba mofuthu. Kameho e joalo ea hlokahala. E hōlisa moea o nolofatsang hore ho fanoe ’me ho amoheloe keletso e loketseng.

Baholo, hopolang hore keletso e sebetsang ea phahamisa, ea khothatsa, ea haha, ’me e bontša boikutlo bo botle. Ba-Efese 4:29 e re: “Polelo e lihlong, leha e le ’ngoe, e se ke ea tsoa melomong ea lōna; empa ho tsoe e ntle, e lokelang khahiso, e tle e hlahisetse ba e utloang molemo.”

Ha ho hlokahale hore ho sebelisoe mantsoe a hlabang, ho buuoe, kapa ho behoe mabaka ka tsela e hlabang. Ho e-na le hoo, ho hlompha motho e mong le takatso ea ho boloka maikutlo a hae a seriti le ho inka e le oa bohlokoa ho u susumeletsa hore u behe litaba ka tsela e bontšang boikutlo bo botle, le e hahang. Koahela lipolelo leha e le life ka ho mo babatsa ka tsela e tiileng bakeng sa lintlha tse ntle le litšoaneleho tse ntle tseo a nang le tsona, ho e-na le ho hatella pono e tla mo etsa hore a ferekane ’me a ikutloe a se na thuso. Haeba u sebeletsa joaloka moholo, sebelisa ‘matla a hao ho haha eseng ho heletsa.’—2 Ba-Korinthe 10:8.

E, phello ea keletso e tsoang ho balebeli ba Bakreste e lokela ho ba ho fana ka khothatso e hlokahalang, ho fana ka se molemo. Ha ea lokela ho nyahamisa kapa ho “tšosa.” (2 Ba-Korinthe 10:9) Esita le motho ea entseng phoso e tebileng ho hlokahala hore a fuoe tekanyo e itseng ea boitlhompho le seriti. Keletso e tlameha ho leka-lekana le mantsoe a taeo a mosa, empa a tiile e le hore a ka mo susumeletsa hore a bake.—Pesaleme ea 44:15; 1 Ba-Korinthe 15:34.

Taba ea bohlokoa ke hore Molao oa Molimo ho Iseraele o ne o akarelitse melao-motheo ena. O ne o lumella keletso esita le taeo ea ho otla ’meleng, ha ka nako e tšoanang o ne o boloka tokelo ea motho bakeng sa seriti se itseng sa botho. “Lichapo tse tšoanelang molato” li ne li lumeletsoe, empa li ne li sa tlameha ho feta tekanyo. Ho ne ho lekanyelitsoe palo ea lichapo tse etsoang e le hore mofosi a se ke a “nyeliseha.”—Deuteronoma 25:2, 3.

Jesu o ne a boetse a tsebahala ka ho ameha ka maikutlo a bafosi ba bontšitseng pako. Ka eena, Esaia o ile a profeta: “Ha a khaole lehlaka le robehileng, ’me a ke ke a tima lebonenyana le sa kubellang; o tla hlahisa ho loka ’neteng.”—Esaia 42:3; Mattheu 12:17, 20; Luka 7:37, 38, 44-50.

Mantsoe a Jesu Thutong ea Thabeng a boetse a hatisa tlhokahalo ea ho bontša kutloelo-bohloko: “’Me joale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.” (Mattheu 7:12) Molao-motheo ona ke oa bohlokoa bakeng sa ho etsa hore ho be teng likamano tse ntle hoo ka tloaelo o bitsoang Molao oa Gauda. Joaloka moholo oa Mokreste, o ka u thusa joang hore u tšoare ba bang ka mosa le ka seriti ha u ba fa keletso?

Hopola hore le uena u etsa liphoso. Joalokaha Jakobo a bolela, “bohle re khopjoa nthong tse ngata.” (Jakobo 3:2) Ho hopola sena ho tla thusa ho nahanela mantsoe a hao ’me ho laole maikutlo a hao ha ho hlokahala hore u buisane le ba bang ka mefokolo ea bona. Hlokomela ho ameha ha bona. Sena se tla u thusa ho qoba ho nyatsa-nyatsa ho tlōlisa, ho lebisa tlhokomelo liphosong tse fokolang kapa mefokolong. Jesu o ile a hatella sena ha a re: “Se ahloleng, le tle le se ke la ahloloa; hobane le tla ahloloa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka eona; ’me tekanyo eo le lekanyang ba bang ka eona, le tla lekanyetsoa ka eona le lōna.”—Mattheu 7:1, 2.

Siela ba Bang Seriti—Hanela Diabolose

Maqheka a Satane a etselitsoe ho u hlobolisa seriti, ho hlahisa maikutlo a lihlong, ho hloka thuso, le ho nyahama. Hlokomela kamoo a ileng a sebelisa moemeli oa motho ho susumetsa maikutlo a seng matle ho Jobo ea tšepahalang. Elifaze oa moikaketsi o itse: “Bona, esita le bahlanka ba oona ha o [Jehova] ba tšepe; o bona koli le ho mangeloi a oona; ho joalo hakakang ho ba ahileng matlung a letsopa [batho ba baetsalibe], ba hlahileng lerōleng, ba ka rinngoang joalo ka litšoèlè!” (Jobo 4:18, 19) Kahoo ho ea ka eena, Jobo e ne e se oa bohlokoa ho Molimo joaloka tšoèlè. Ruri, keletso ea Elifaze le metsoalle ea hae, ho e-na le ho ba e hahang, e ka be e siile Jobo a lahlehetsoe le ke mohopolo oa linako tse monate. Ponong ea bona botšepehi ba hae nakong e fetileng, koetliso e tsoang ka lapeng, kamano le Molimo, le limpho tsa mohau li ne li se na thuso.

Ka ho tšoanang kajeno, bafosi ba bontšitseng pako ka ho khetheha ba sekametse ho ba le maikutlo a joalo, ’me ho na le kotsi ea hore ba ‘qetoe ke masoabi.’ Baholo, ha le eletsa batho ba joalo, ‘ba bontšeng lerato la lōna’ ka ho ba fa tekanyo e itseng ea seriti. (2 Ba-Korinthe 2:7, 8) William oa lumela hore: “Ho se tšoaroe ka seriti ho u thatafaletsa ho amohela keletso.” Ke habohlokoa ho matlafatsa tumelo ea bona ea hore ba bohlokoa mahlong a Molimo. Ba hopotseng hore Jehova ‘ha a khopo; a ke ke a lebala mesebetsi ea bona, le kamoo lerato la bona le sebelitseng ka teng ka baka la lebitso la hae’ nakong ea lilemo tse fetileng tsa tšebeletso e tšepahalang.—Ba-Heberu 6:10.

Ke lintlha life tse eketsehileng tse ka u thusang hore u siele ba bang seriti ha u fana ka keletso? Hlokomela hore batho bohle ba na le tokelo ea tlhaho ea seriti, kaha ba entsoe ka setšoantšo sa Molimo. Ba nkoa e le ba bohlokoa ke Jehova Molimo le Jesu Kreste; litokisetso tse habeli tsa thekollo le tsoho li tiisa ntlha ena. Jehova o phaella seriti ho Bakreste ka ho “[ba] abela tšebeletso,” ka ho ba sebelisa ho phehella moloko o khopo hore o etse khotso le Molimo.—1 Timothea 1:12.

Baholo, hopolang hore baena ba rōna ba bangata ba Bakreste ke motheo oa nakong e tlang oa mokhatlo o mocha oa batho lefatšeng le hloekisitsoeng. Joalokaha e le batho ba joalo ba nkoang e le ba bohlokoa, ba lokeloa ke seriti. Ha u fana ka keletso, hopola kamoo Jehova le Jesu ba bontšitseng ho ba nahanela, ’me le tsoele pele ho phetha karolo ea lōna ha le thusa baena ba lōna hore ba boloke boikutlo ba seriti le ho inka ba hlompheha har’a liphephetso tsa Satane.—2 Petrose 3:13; bapisa le 1 Petrose 3:7.

[Lebokose le leqepheng la 29]

Keletso e Bontšang Seriti

(1) Fana ka pabatso ea sebele le e tiileng. (Tšenolo 2:2, 3)

(2) E-ba momameli ea molemo. Ka ho hlakileng le ka mosa bona bothata le lebaka la ho fana ka keletso. (2 Samuele 12:1-14; Liproverbia 18:13; Tšenolo 2:4)

(3) Theha keletso ea hao Mangolong. Bontša boikutlo bo botle, ho nahanela, le ho khothatsa, ’me u bontše kutloelo-bohloko. Boloka seriti sa motho ea fuoang keletso le ho inka e le oa bohlokoa li tiile. (2 Timothea 3:16; Tite 3:2; Tšenolo 2:5, 6)

(4) Tiisetsa motho ea fuoang keletso hore litlhohonolofatso li hlahisoa ke ho amohela le ho sebelisa keletso. (Ba-Heberu 12:7, 11; Tšenolo 2:7)

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ho hlokahala hore baholo ba Bakreste ba fe ba bang seriti ha ba fana ka keletso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela