Khotso ea Kelello Sechabeng se Nang le Moea oa Tlhōlisano
JESU KRESTE o ile a eletsa baapostola ba hae: “Ha e mong a rata ho ba oa pele, e tla ba ea ka morao ho bohle le mohlanka oa bohle.” Baapostola ba ne ba phehisana ka hore na e moholo ke mang har’a bona. Ba ne ba tseba hore Jesu o hloile moea oa mofuta oo. Le ka mohla haa ka a bapisa morutuoa e mong le e mong e le tsela ea ho khothaletsa tsoelo-pele moeeng.—Mareka 9:33-37.
Pele a e-tla lefatšeng, Jesu Kreste o ile a kopanela pōpong ea banyalani ba babeli ba pele ’me o ne a tseba hore na ba entsoe joang. (Ba-Kolosse 1:15, 16) Batho ba pele ba ne ba bōpiloe ba na le matla a ho tsoela pele ka ntle le ho hlōlisana le ba bang ka tsela e sehlōhō. Ho ne ho sa hlokahale hore batho ba loantšane e le hore ba ka lekanyetsa hore na ke mang eo e leng hlooho ea bona, leha e le hore ba kile ba hlōlisana le liphoofolo ntoeng ea ho pholoha.—Genese 1:26; 2:20-24; 1 Ba-Korinthe 11:3.
Qaleho ea Moea oa Tlhōlisano
Joale, ke joang moea o sehlōhō oa tlhōlisano o ileng oa fetoha matla a hatellang hakaale mokhatlong oa batho? Polao ea pele historing ea motho e fana ka leseli. Moea oa tlhōlisano ka lehlakoreng la Kaine, mora oa letsibolo oa banyalani ba pele, o ile oa fella ka tlokotsi. Kaine o ile a bolaea ngoan’abo Abele hobane sehlabelo sa Abele se ile sa thabisa Molimo, ha sa Kaine se sa ka sa mo thabisa. ’Me Bibele e re Kaine ‘e ne e le oa e mobe, ’me o bolaile ngoan’abo.’—1 Johanne 3:12; Genese 4:4-8.
E, e mobe, Satane Diabolose, o qalile moea oa tlhōlisano a ba a o khothaletsa. Le hoja e ne e le mor’a Molimo oa lengeloi ea nang le litokelo tse phahameng, o ne a batla se eketsehileng. (Bapisa le Ezekiele 28:14, 15.) Ha a eka Eva, o ile a senola takatso ea hae. O ile a bolela hore ka ho ja tholoana e hanetsoeng, o tla “ba joalo ka melimo [“Molimo,” NW].” (Genese 3:4, 5) Ruri, ke Satane ea neng a batla ho tšoana le Molimo, a hlōlisana le Jehova. Moea oa ho hlōlisana le Molimo o ile oa mo susumeletsa ho ba lerabele.—Jakobo 1:14, 15.
Moea ona oa tšoaetsanoa. Ka tlas’a tšusumetso ea Satane, khotso ea Bomolimo ea tokisetsong ea pele ea lelapa e ile ea fela. (Genese 3:6, 16) Ho tloha nakong ea borabele ba hae khahlanong le Molimo, Satane Diabolose o ’nile a busa moloko oa batho, a khothaletsa moea oa tlhōlisano, a ba a thetsa banna le basali hore ba lumele hore tlhōlisano e sehlōhō ke senotlolo sa katleho. Leha ho le joalo, Bibele ea hlalosa: “Moo mōna le khang li leng teng, ke moo ho leng mofere-fere le mesebetsi eohle e mebe.” (Jakobo 3:14-16) Satane o amohile motho thabo le khotso ea kelello ka tsela eo.
Katleho ka Ntle ho Tlhōlisano
Khahlanong le tšusumetso ea Satane, Bibele e fana ka mehlala ea batho ba ileng ba atleha ka ntle ho tlhōlisano. O ka sehloohong ke oa Jesu Kreste. Le hoja a le sebōpehong sa Molimo, le ka mohla haa ka a nahana ho lekana le Molimo empa o ile a nka sebōpeho sa lekhoba ’me a tla lefatšeng. Ho feta moo, o ile a ikokobetsa ’me a ba le kutlo ho fihlela lefung thupeng ea tlhokofatso. Boikutlo bona ba ho ba le kutlo, bo lokolohileng moeeng ofe kapa ofe oa tlhōlisano, bo ile ba etsa hore a amoheloe ke Molimo. “Ke ka baka leo Molimo o mo phahamisitseng ka ho fetisa, ’me o mo neile lebitso le holim’a mabitso ’ohle.” (Ba-Filippi 2:5-9) Ke katleho efe e khōloanyane eo sebōpuoa leha e le sefe se neng se ka e finyella? O ile a thabisa Ntate oa hae ho isa bohōleng boo ho bona ho seng sebōpuoa se neng se ka ho etsa, ’me sena o ile a se etsa ka ntle ho moea ofe kapa ofe oa tlhōlisano.—Liproverbia 27:11.
Mangeloi a mangata a tšepahalang leholimong a bonahatsa boikutlo bona boo. Le hoja Jesu, eo e neng e le hlooho ea mangeloi, a ile a ba ka tlaasana ho ’ona ha a tla lefatšeng, a ile a mo sebeletsa ka ho rata. Ho hlakile hore likelellong tsa ’ona haa ka a ba le monahano oa ho nka monyetla ka boemo bona le ho leka ho mo nkela sebaka joaloka Arekangeloi.—Mattheu 4:11; 1 Ba-Thessalonika 4:16; Ba-Heberu 2:7.
Ho qoba ha ’ona ho ba le maikutlo a tlhōlisano ho bile ho totobala haholoanyane ha re nahana ka tsela eo a ileng a arabela ka eona morerong oa Molimo oa ho phahamisetsa batho ba bang ba sa phethahalang bophelong ba moea ba ho se shoe, boemong boo ho bona ba tla “ahlola mangeloi.” (1 Ba-Korinthe 6:3) Mangeloi a na le phihlelo e ngata haholo tšebeletsong ea Jehova ’me a na le matla a mangata haholo a ho finyella se molemo ho feta batho ba sa phethahalang. Ho ntse ho le joalo, ka thabo mangeloi a sebeletsa batlotsuoa ba leng lefatšeng, le ka mohla ha a mōna ka seo bana ba tla se fumana. (Ba-Heberu 1:14) Maikutlo a bona a matle le ao eseng a tlhōlisano a a nolofaletsa ho tsoela pele a sebeletsa ka pel’a terone ea ’Musi Morena Jehova.
Joale, nahana ka bahlanka ba Molimo ba boholo-holo ba tšepahalang ba tla tsosetsoa lefatšeng. Abrahama e ne e le mohlala o hlaheletseng oa tumelo ’me o ne a bitsoa “ntate oa bohle ba nang le tumelo.” (Ba-Roma 4:9, 11, NW) Jobo o ile a beha mohlala o bonahatsang tekanyetso e phahameng ea mamello. (Jakobo 5:11) Moshe, “monna ea inyenyefalitseng ka ho fetisisa har’a banna bohle ba neng ba le lefatšeng,” o ile a etella sechaba sa Iseraele pele ho ea tokolohong. (Numere 12:3, NW) Ke mang har’a batho ba sa phethahalang ea behileng mohlala o molemonyana oa tumelo, mamello le boinyenyefatso ho feta banna baa? Leha ho le joalo, ba mocheng oa ho rua lefa la ’Muso oa Molimo lefatšeng. (Mattheu 25:34; Ba-Heberu 11:13-16) Bona, joaloka Johanne Mokolobetsi, ba tla ba boemong bo ka tlas’a ba “e monyenyane ’musong oa maholimo.” (Mattheu 11:11) Na ba tla nahana ho belaela, ba phehella hore ba lekana le ba filoeng bophelo leholimong ka tumelo, mamello, kapa boinyenyefatso kapa maemong a mang baa ba feta? Ruri ha ho joalo! E tla ba bafo ba lefatšeng ba thabileng ba ’Muso oa Molimo.
Le kajeno, hoa thabisa ho ba har’a batho ba se nang moea oa tlhōlisano. Yasuo, eo ho builoeng ka eena sehloohong se qalang, o ile a qoela likolotong ka baka la ho qala khoebo ka tšepo ea ho fumana phaello ’me a lahleheloa ke thepa ea hae kaofela. “Metsoalle” ea hae ea mo lahla. Kaha mosali oa hae o ne a qalile ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, o ile a ea libokeng tsa tsona ka lebaka la ho ikutloa a le molato oa ho bakela lelapa la hae mahlomola. Qetellong, o ile a tlohela moea oa tlhōlisano ’me ea e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. Hona joale o thabetse ho ba har’a metsoalle ea Bakreste, ea mofuta o ikemiselitseng ho mo thusa linakong tsa mahlomola.
Kamoo Khotso ea Kelello e ka Bolokoang
Hase ka mehla ho leng bonolo ho boloka khotso ea kelello sechabeng se se nang mohau, se nang le moea oa tlhōlisano. Re etsa hantle ha re hlokomela hore Bibele e nyatsa “bora, ntoa, mōna, ho tlala bohale, tlhōlisano, likarohano, lihlotšoana tsa bokhelohi, mohono” e le “mesebetsi ea nama” e sitisang batho ho rua ’Muso oa Molimo. Mesebetsi ena kaofela e amana haufi-ufi le moea oa tlhōlisano. Ha ho makatse ha moapostola Pauluse a ile a khothatsa Bagalata: “A re se keng ra iketeletsa pele ka ho ipolelisa, ho tsosa moea oa ho hlōlisana, ho honohelana.”—Ba-Galata 5:19-21, 26, NW.
Ho latela litemana tse potolohileng tsena, lengolo la Pauluse le bontšitse senotlolo sa ho sebetsana ka katleho le tlhōlisano e nang le moea oa ho iketeletsa pele ka ho ipolelisa. O itse: “Tholoana ea Moea ke lerato, le thabo, le khotso, le sebete, le khauho, le molemo, le botšepehi, le bonolo, le boitšoaro. Ha ho molao o hanang tse joalo.” (Ba-Galata 5:22, 23) Tholoana ea moea e re thusa hore re tlose tlhōlisano likelellong tsa rōna. Ka mohlala, nahana ka tšoaneleho ea lerato. Pauluse oa hlalosa: “Lerato ha le na mōna; lerato ha le na boikhantšo; ha le ikhohomose. Ha le etse ho soabisang, ha le ipatlele tsa lona, ha le halefe.” (1 Ba-Korinthe 13:4-7) Ka ho hlaolela lerato, re ka felisa mōna, e leng tšusumetso e matla moeeng oa tlhōlisano. Litholoana tse ling tsa moea le tsona li re thusa ho tlosa matšoao leha ele afe a saletseng a bonahatsang moea oa tlhōlisano e sehlōhō lipelong le likelellong tsa rōna. Ruri, ka boitšoaro tšusumetso leha e le efe e hlahang ea ho hlōlisana le ba bang e le hore re hlōle ho sa tsotellehe liphello e ka felisoa kapele!—Liproverbia 17:27.
Leha ho le joalo, e le hore re ka hlaolela litšoaneleho tsena re tlameha ho lumella moea oa Molimo hore o sebetse ho rōna. Re ka khothaletsa tšebetso ena e molemo ea moea o halalelang ka ho tiisetsa thapelong le ka ho kōpa moea oa Molimo e le hore o ka re thusa. (Luka 11:13) Karabelong ea thapelo ea rōna, Molimo o tla re neha eng? Bibele ea araba: “Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kōpo e nang le teboho. ’Me khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lōna ho Jesu Kreste.”—Ba-Filippi 4:6, 7.
Sena se ile sa totobala tabeng ea baapostola ba Jesu. Esita le ka mor’a hore Jesu a qale Sejo sa Morena sa Mantsiboea bosiung ba hae ba ho qetela a e-na le baapostola, ba ne ba ntse ba tsekisana ka hore na e moholo ke mang har’a bona. (Luka 22:24-27) Jesu o ne a ile a leka ho lokisa mohopolo oa bona ka makhetlo a ’maloa, empa maikutlo ana a tlhōlisano a ne a metse ka ho teba ka ho bona. (Mareka 9:34-37; 10:35-45; Johanne 13:12-17) Leha ho le joalo, hang ha ba fumana moea o halalelang matsatsi a ka bang 50 ka mor’a phehisano eo, boikutlo ba bona bo ile ba fetoha. Ha hoa ka ha e-ba le phehisano mabapi le hore na ke mang ea tla ba emela tabeng ea ho bua le letšoele le nang le thahasello le neng le bokane ka letsatsi la Pentekonta.—Liketso 2:14-21.
Ho ne ho se mokhoa oa hore batho ba hatelle phutheho ea Bokreste. Ha ba ne ba lokela ho rarolla bothata mabapi le lebollo, Jakobo, eo e neng e se morutuoa nakong ea lefu la Jesu, o ile a okamela seboka seo sa bohlokoa. Ha ho na pontšo ea phehisano mabapi le hore na ke mang ea neng a tla etella pele sebokeng seo sa sehlopha se busang sa phutheho ea Bokreste. Ho fapane hakaakang le nakong eo ka eona baapostola ba neng ba silafalitsoe ke moea oa tlhōlisano! Ka thuso ea moea o halalelang, ba ile ba hopola lithuto tsa Jesu ’me ba qala ho utloisisa moelelo oa lithuto tsa hae.—Johanne 14:26.
Se tšoanang se ka re etsahalla. Ka thuso ea moea o halalelang, re ka hlōla tšusumetso leha e le efe e hanang ho fela ea ho hlōlisana le ba bang e le hore re ka tsoela pele ha ba hlōleha. Ho e-na le hoo, re ka fumana khotso ea kelello e fetisang kutloisiso eohle. Bibele e re tiisetsa hore mohloli oa tlhōlisano e sehlōhō, Satane Diabolose, haufinyane o tla koalloa sekoting, tšusumetso ea hae e felisoe. (Tšenolo 20:1-3) Ha ho sa tla hlola ho e-ba le tlhōlisano pakeng tsa baahisani. Na phello e tla ba hore sechaba se se tsoele pele? Le hanyenyane! Batho ba tla phethahala, eseng ka ho hlōlisana leha e le hofe, empa ka hore ho sebelisoe thekollo ea sehlabelo sa Jesu ho bona.—1 Johanne 2:1, 2.
Keinosuke, eo ho builoeng ka eena pejana, ea kileng a phahamisoa ka baka la ho atleha lefatšeng ka lebaka la ho rekisa likoloi tse ngata ka ho fetisisa, o ile a iqeta matla kelellong le ’meleng, empa qetellong o ile a tlohela mosebetsi oa hae. O re: “Hona joale, bophelo ba ka bo tletse thabo ea ’nete.” O ile a hlokomela hore na ke hobane’ng ha bophelo ba Jesu bo bile le katleho ea sebele. Hona joale o fumana khatholoho ho sohle seo a se etsang phuthehong ea Molimo ea lefatše lohle. Ka tsela eo o lokisetsoa lefatše le lecha, moo tlhōlisano e tla ba sieo. Le uena u ka ba le ponelo-pele ea sechaba sena sa lefatše le lecha ka ho etela e ’ngoe ea Liholo tsa ’Muso sebakeng sa heno le ho tloaelana le Lipaki tsa Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Khotso le tšebelisano-’moho li tla thabeloa ke mokhatlo oa batho lefatšeng le lecha la Molimo