Baboeli ba ’Muso Baa Tlaleha
“Molimo ha O Ee ka Tšobotsi”
LILEMONG tse 1 900 tse fetileng, moapostola Petrose ea bululetsoeng o itse: “Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.” (Liketso 10:34, 35) Har’a Lipaki tsa Jehova ho na le batho ba merabe eohle le ba tsoang malumeling ’ohle. Ba lakatsa ho loka, ’me ba tšaba Molimo. Jehova o ba amohela kaofela mokhatlong oa lefatše le lecha, joalokaha ka mohlala, a ile a amohela mosali e mong Chad.
Mosali enoa o ne a sa khotsofalla bolumeli ba hae. Lilemo tse ’maloa pejana o ile a amohela kopi ea buka Bocha ba Hao—Ho Fumana se Molemohali ho Bona, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova, ’me o ile a ananela keletso e molemo eo buka eo e nang le eona. Thuto ea Bibele e ile ea qalisoa, ’me ka mehla o ne a fumaneha bakeng sa thuto. Leha ho le joalo, ha a khothaletsoa ho kopanela libokeng Holong ea ’Muso, o ne a sa arabele. Hobane’ng? Le hoja monna oa hae a ne a sa mo hanyetse ha a ithuta, o ile a hana ho mo lumella ho kopanela libokeng Holong ea ’Muso.
Ha mosali a ne a batla ho ea kopanong ea potoloho, Paki e neng e mo khannela thuto e ile ea bontša monna lenaneo, ea totobatsa keletso e molemo e tla fanoa. O ile a lumella mosali oa hae hore a ee “ka lekhetlo lona leo feela.” O ile a ea ’me a thabela lenaneo haholo. Ka mor’a hore a hlalosetse monna oa hae seo a ithutileng sona, haa ka a mo hanela ho kopanela libokeng tse ling. O ne a khahliloe ke ’nete ea hore phuthehong ena ho na le batho ba merabe e sa tšoaneng ba tsotellanang ka ho teba. Hamorao o ile a ba teng kopanong ea setereke ’me o ile a hlolloa ha a bona bana ba hae ba nkiloe ke Lipaki tse tsoang linaheng tse ling. Lipaki tsena li ne li ja le bona ’me li ba tšoara joaloka litho tsa malapa a tsona. Ena e bile phetoho e khōlō bakeng sa hae.
Empa ho ile ha latela khanyetso. Le hoja a le lihlong ka tlhaho, o ile a qala ho fana ka litlhaloso ka libokeng ’me ka sebete a emelana le lipolelo tseo beng ka eena le baahisani ba neng ba li bua khahlanong le eena. Le hoja e le khale a lula le monna oa hae, ba ne ba nyalane lenyalo la ho lumellana ka molomo feela ho ea ka moetlo. O ne a tla qala taba ea ho ngolisa lenyalo la bona ka molao joang? Ka mor’a ho rapela Jehova ka tieo, o ile a buisana le monna oa hae, ea ileng a bolela hore o tla batlisisa hore na ho ka etsahala. Qetellong o ile a etsa seo, ’me banyalani bana ba ile ba ngolisa lenyalo la bona ka molao.
Molamo ea neng a lula le bona o ile a baka mathata a mangata, empa monna o ile a ema a tiile a tšehetsa mosali oa hae. Eaba ntate oa monna oa ba etela. O ile a laela mora oa hae hore a hlale mosali oa hae, hobane o fetotse bolumeli ba hae. Ntate o ile a bolella mora oa hae hore o tla ntša bohali bakeng sa “mosali ea molemo haholoanyane.” Karabo ea mora e bile: “Che, nke ke ka etsa seo. Ke mosali ea molemo. Haeba a batla ho tsamaea, ke taba e fapaneng, empa nke ke ka mo bolella hore a tsamaee.” Mosali o ile a ba mekhoa e metle haholo ha a sebelisana le ntate matsale oa hae, ’me o ile a soabela boitšoaro ba hae. Leha ho le joalo, ha a khutlela ha hae, o ile a ngolla mora oa hae, lekhetlong lena a fana ka taelo ea ho qetela. O ile a bolela hore haeba mora oa hae a hana ho leleka mosali oa hae, ha e sa le mora oa hae. Monna a ’na a ema le mosali oa hae. Ak’u inahanele hore na mosali o ile a thaba hakaakang ha a bona monna oa hae a nka khato e tiileng hakaalo.
Hona joale bara ba bona ba babeli ba rata ho ea le ’mè oa bona Holong ea ’Muso. Ba bile ba kōpa litae ho ntate oa bona, kaha ba bona baena bohle ba fanang ka lipuo ba li fasitse. Kajeno mosali enoa ke khaitseli e kolobelitsoeng.
Ke e mong oa Lipaki tsa Chad tse 345 tse bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova le tse utloisisang hore ruri, “Molimo ha o ee ka tšobotsi.”