Sejo sa Morena sa Mantsiboea—Se Lokela ho Ketekoa Hangata Hakae?
MATSATSI a Keresemese, a Easter, “a bahalaleli.” Matsatsi a mangata a phomolo le mekete a ketekoa ke likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Empa na ua tseba hore ke mekete e mekae eo Jesu Kreste a ileng a laela balateli ba hae hore ba e keteke? Karabo ke, O le mong feela! Ha ho le o mong oa mekete e meng o ileng oa tšehetsoa ke Mothehi oa Bokreste.
Ka ho hlakileng, haeba Jesu o ile a theha mokete o le mong feela, ke oa bohlokoa haholo. Bakreste ba lokela ho o keteka ka tsela e tšoanang hantle le kamoo Jesu a laetseng kateng. Mokete oo o khethehileng ke ofe?
Mokete o le Mong
Jesu o ile a theha mokete ona letsatsing leo a shoeleng ka lona. O ile a keteka mokete oa Bajode oa Paseka le barutuoa ba hae. Eaba o ba fetisetsa bohobe bo bong bo sa lomosoang ba Paseka, a re: “Hona ke ’mele oa ka, o neeloang lōna.” Eaba Jesu o fetisa senoelo sa veine, a re: “Senoelo sena ke selekane se secha maling a ka, a tšolleloang lōna.” A boela a re: “Le etse hoo, le tle le nkhopole ka hona.” (Luka 22:19, 20; 1 Ba-Korinthe 11:24-26) Mokete ona o bitsoa Sejo sa Morena sa Mantsiboea, kapa Sehopotso. Ke oona feela mokete oo Jesu a laetseng hore balateli ba hae ba o keteke.
Likereke tse ngata li bolela hore li keteka mokete ona hammoho le mekete e meng ea tsona, empa tse ngata li o keteka ka tsela e fapaneng le e laetsoeng ke Jesu. Mohlomong phapang e hlokomelehang haholo ke makhetlo ao mokete o etsoang ka ’ona. Likereke tse ling li o keteka hang ka khoeli, ka beke, kapa letsatsi le leng le le leng. Na ke sona seo Jesu a neng a se rerile ha a bolella balateli ba hae: “Le etse hoo, le tle le nkhopole ka hona”? The New English Bible e re: “Etsang sena e le sehopotso sa ka.” (1 Ba-Korinthe 11:24, 25) Sehopotso kapa mokete o etsoang ho hopola ketsahalo e itseng o ketekoa hangata hakae? Ka tloaelo e ba hanngoe feela ka selemo.
Hape hopola hore Jesu o thehile mokete ona a ba a shoa letsatsing la Nisane 14a ho latela almanaka ea Sejode. Lena e ne e le letsatsi la Paseka, e leng mokete o neng o hopotsa Bajode ka topollo e khōlō eo ba e etselitsoeng Egepeta lekholong la bo16 la lilemo B.C.E. Ka nako eo, sehlabelo sa konyana se ile sa fella ka hore matsibolo a Bajode a bolokoe, ha lengeloi la Jehova le bolaea matsibolo ’ohle a Egepeta.—Exoda 12:21, 24-27.
Sena se thusa joang kutloisisong ea rōna? Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngola: “Paseka ea rōna, e leng Kreste, e hlabetsoe rōna.” (1 Ba-Korinthe 5:7) Lefu la Jesu e bile sehlabelo se seholoanyane sa Paseka, la neha batho monyetla oa hore ba fumane poloko e khōloanyane. Ka lebaka leo, ho Bakreste, Sehopotso sa lefu la Kreste se nketse Paseka ea Bajode sebaka.—Johanne 3:16.
Paseka e ne e le mokete oa selemo le selemo. Kahoo, ka ho utloahalang, hoa tšoana le ka Sehopotso. Paseka—letsatsi leo Jesu a shoeleng ka lona—ka mehla e ne e e-ba letsatsing la bo14 khoeling ea Sejode ea Nisane. Kahoo, lefu la Kreste le lokela ho hopoloa hang ka selemo letsatsing la almanaka le tsamaelanang le Nisane 14. Ka 1994 letsatsi lena le ka Moqebelo, March 26, ka shoalane. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha likereke tsa Bokreste-’mōtoana li sa etsa hore letsatsi lena e be la mokete o khethehileng? Ho hlahloba histori ka bokhutšoaane ho tla araba potso ena.
Tloaelo ea Boapostola e ba Kotsing
Ha ho pelaelo hore lekholong la pele la lilemo C.E., ba neng ba tataisoa ke baapostola ba Jesu ba ile ba keteka Sejo sa Morena sa Mantsiboea hantle joalokaha a ne a laetse. Leha ho le joalo, lekholong la bobeli la lilemo, ba bang ba ile ba qala ho fetola nako ea ho ketekoa ha sona. Ba ne ba tšoara Sehopotso ka letsatsi le qalang beke (leo hona joale le bitsoang Sontaha), eseng ka letsatsi le tsamaelanang le Nisane 14. Ke hobane’ng ha ho ile ha etsoa joalo?
Ho Bajode, letsatsi le ne le qala hoo e ka bang ka hora ea botšelela mantsiboea ’me le tsoela pele ho fihlela ka nako e tšoanang letsatsing le hlahlamang. Jesu o shoele ka Nisane 14, 33 C.E., e neng e le ka Labone mantsiboea ho fihlela Labohlano mantsiboea. O ile a tsosoa ka letsatsi la boraro, mesong ea Sontaha. Ba bang ba ne ba batla hore ho ketekoa ha lefu la Jesu ho be ka letsatsi le tobileng la beke selemo le selemo, ho e-na le ho ba letsatsing leo Nisane 14 e neng e le ka lona. Ba ne ba boetse ba nka letsatsi leo Jesu a tsohileng ka lona e le la bohlokoa haholo ho feta la lefu la hae. Kahoo, ba ile ba khetha Sontaha.
Jesu o ile a laela hore ho hopoloe lefu la hae, eseng tsoho ea hae. ’Me kaha Paseka ea Bajode e le ka letsatsi le sa tšoaneng selemo le selemo, ho latela almanaka ea Gregory eo re e sebelisang hona joale, hoa utloahala hore ho ne ho tla ba joalo le ka Sehopotso. Ka lebaka lena ba bangata ba ile ba tšoarella tokisetsong ea pele ’me ba keteka Sejo sa Morena sa Mantsiboea ka Nisane 14 selemo le selemo. Ha nako e ntse e feta ba ile ba bitsoa ma-Quartodeciman, e leng “Ba Tšehetsang la Leshome le Metso e Mene.”
Litsebi tse ling li ile tsa hlokomela hore bana “Ba Tšehetsang la Leshome le Metso e Mene” ba ne ba latela mohlala oa pele oa boapostola. Rahistori e mong o itse: “Ha e le mabapi le letsatsi la ho keteka Pascha [Sejo sa Morena sa Mantsiboea], se etsoang ke likereke tsa ma-Quartodeciman tsa Asia e ne e le ho ntšetsa pele se neng se etsoa ke kereke ea Jerusalema. Lekholong la bo2 la lilemo likereke tsena nakong ea Pascha ea tsona ka la bo14 la Nisane li ne li keteka poloko e tlisitsoeng ke lefu la Kreste.”—Studia Patristica, Moqolo V, 1962, leqephe 8.
Ho Tsoha Phehisano
Le hoja ba bangata Asia Minor ba ne ba latela tloaelo ea boapostola, Roma ho ne ho beheletsoe Sontaha ka thōko bakeng sa ho keteka. Hoo e ka bang ka selemo sa 155 C.E., Polycarp oa Smyrna, e leng moemeli oa liphutheho tsa Asia, o ile a etela Roma ho ea bua ka sena le mathata a mang. Ka masoabi, ha hoa ka ha fihleloa tumellano tabeng ena.
Irenaeus oa Lyons o ile a ngola sena lengolong: “Anicetus [oa Roma] o ile a hlōleha ho susumeletsa Polycarp hore a se ke a keteka seo a ’nileng a se keteka le Johanne morutuoa oa Morena oa rōna le baapostola ba bang bao a neng a kopanela le bona; ebile Polycarp ha a ka a susumeletsa Anicetus hore a se keteke, hobane o ne a bolela hore o lokela ho boloka tloaelo ea baholo ba bileng teng pele ho eena.” (Eusebius, Buka 5, khaolo 24) Hlokomela hore ho tlalehoa hore Polycarp o ne a thehile boemo ba hae matleng a baapostola, ha Anicetus eena a ne a ipiletsa ho tloaelo ea baholo ba nakong e fetileng ba Roma.
Phehisano ena e ile ea ipha matla ho isa bofelong ba lekholo la bobeli la lilemo C.E. Hoo e ka bang ka 190 C.E., motho e mong ea bitsoang Victor o ile a khethoa hore e be mobishopo oa Roma. O ne a lumela hore Sejo sa Morena sa Mantsiboea se lokela ho ketekoa ka Sontaha, ’me o ile a batla tšehetso ea baeta-pele ba bang ba bangata kamoo ho ka khonehang. Victor o ile a hatella liphutheho tse Asia hore li fetohele tokisetsong ea Sontaha.
E le ha a araba lebitsong la ba leng Asia Minor, Polycrates oa Efese o ile a hana ho ikobela khatello ena. O ile a re: “Re keteka letsatsi lena ntle le ho sitisana le lona, re sa eketse, ebile re sa fokotse.” Eaba o thathamisa batho ba bangata ba nang le taolo, ho kopanyeletsa le moapostola Johanne. O ile a tiisa hore: “Bana kaofela, ba ne ba keteka letsatsi la leshome le metso e mene la Pascha ho latela Kosepele, ho se mohla ba khelohang ho eona ka tsela leha e le efe.” Polycrates o ile a phaella: “Ha e le ’na, baena, . . . ha ke tšosoe ke litšokelo. Hobane ba molemo ho mpheta ba itse, Re tlameha ho utloa Molimo ho e-na le batho.”—Eusebius, Buka 5, khaolo 24.
Victor haa ka a thabisoa ke karabo ena. Buka e ’ngoe ea histori e bolela hore o ile “a khaola Likereke tsohle tsa Asia, ’me a romela lengolo Likerekeng tsohle tse neng li tšehetsa maikutlo a hae, hore li se ke tsa tšoara ’misa le tsona.” Leha ho le joalo, “ketso ena ea hae e potlakileng le khato e sebete ha ea ka ea ratoa ke batho bohle ba bohlale le ba hlaphohetsoeng ba sehlopha sa habo, bao ba bangata ba bona ba ileng ba mo ngolla mantsoe a boima, ba mo eletsa . . . hore a boloke lerato, bonngoe, le khotso.”—Antiquities of the Christian Church ea Bingham, Buka 20, khaolo 5.
Ho Kenngoa Bokoenehi
Ho sa tsotellehe ho hana ho joalo, Bakreste ba leng Asia Minor ba ile ba aroha ka ho eketsehileng tabeng ea hore na Sejo sa Morena sa Mantsiboea se ketekoe neng. Ho ne ho keneletse liphetoho kae-kae. Ba bang ba ne ba keteka nako eohle ho tloha Nisane 14 ho ea Sontaheng se latelang. Ba bang ba ne ba keteka ketsahalo ena hangata haholo—beke le beke ka Sontaha.
Ka 314 C.E., Lekhotla la Arles (Fora) le ile la leka ho qobella tokisetso ea Roma le ho hatella phetoho leha e ka ba efe. Batho ba setseng ba ma-Quartodeciman ba ile ba hana ho tela. E le ho rarolla sena le litaba tse ling tse neng li arola batho ba ipolelang hore ke Bakreste ’musong oa hae, ka 325 C.E., moemphera oa mohetene Constantine o ile a bitsa phutheho ea baromuoa ba likereke, e leng Lekhotla la Nicaea. Le ile la ntša taelo e laelang bohle Asia Minor ho lumellana le se etsoang Roma.
Hoa thahasellisa ho hlokomela e ’ngoe ea lintho tse ka sehloohong tseo ho phehoang khang ka tsona bakeng sa ho lahla ho keteka Sehopotso sa lefu la Kreste ho latela letsatsi le leng almanakeng ea Sejode. A History of the Christian Councils, ea K. J. Hefele, e re: “Ho ile ha phatlalatsoa hore ka ho khetheha ha hoa lokela hore, mokete o halalelang ka ho fetisisa ho mekete eohle, o etsoe ho latela tloaelo (ea ho bala) ea Bajode, ba ileng ba kopanela ka tsela e lihlong litlōlong tse tšabehang tsa molao, le bao likelello tsa bona li foufalitsoeng.” (Moqolo 1, leqephe 322) Ho ba boemong bo joalo ho ne ho nkoa e le “‘ho ikokobetsa ka tsela e hōbosang’ ho Synagoge e neng e koatisitse Kereke,” ho bolela J. Juster, ea qotsitsoeng ho Studia Patristica, Moqolo IV, 1961, leqephe 412.
Hoo e ne e le ho ba khahlanong le Tsamaiso ea Sejode! Ba ileng ba keteka Sehopotso sa lefu la Jesu ka letsatsi le tšoanang le leo a shoeleng ka lona ba ne ba nkoa e le ba tšehetsang tsamaiso ea Sejode. Ba ne ba lebala hore Jesu e ne e le Mojode ’me o ne a bontšitse bohlokoa ba letsatsi lena ka ho nehelana ka bophelo ba hae molemong oa batho. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, ma-Quartodeciman a ile a nyatsuoa ka hore ke bakhelohi le ba bakang likhaohano ’me a hlorisoa. Lekhotla la Antioke ka 341 C.E. le ile la ntša taelo ea hore ba tlameha ho khaoloa. Leha ho le joalo, ba ne ba ntse ba le bangata ka 400 C.E., ’me ba ile ba tsoela pele ka palo e fokolang nako e telele ka mor’a moo.
Ho tloha mehleng eo, Bokreste-’mōtoana bo hlolehile ho khutlela tokisetsong ea Jesu ea qalong. Moprofesa William Bright o ile a lumela: “Ha letsatsi le khethehileng, Labohlano le Molemo, le sebelisetsoa ho keteka nako ea Mahlomola, nako e ne e se e ile haholo ho etsa hore ho etsoe lintho tse neng li etsoa ka ‘paschal’ tseo St. Paul a li amahantseng le lefu la sehlabelo: lintho tsena li ne li sebelisitsoe ka bolokolohi ho mokete oa Tsoho, ’me ho ile ha hlaha pherekano meketeng ea Segerike le Selatine ea Bokreste-’mōtoana.”—The Age of the Fathers, Moqolo 1, leqephe 102.
Ho Thoe’ng Kajeno?
U ka ’na ua botsa, ‘Ka mor’a lilemo-lemo tsee, na ho hlile hoa tsoteleha hore na Sehopotso se ketekoa neng?’ E, hoa tsoteleha. Liphetoho li ile tsa etsoa ke banna ba hlalefileng ba neng ba hahamalla matla. Batho ba ile ba latela likhopolo tsa bona ho e-na le ho utloa Jesu Kreste. Temoso ea moapostola Pauluse e ile ea phethahala ka ho hlakileng: “Kea tseba hobane, ha ke se ke tlohile, ho tla kena ho lōna [Bakreste] liphiri tse bohale, tse sa tlong ho qenehela mohlape; le hobane ho tla tsoa har’a lōna batho ba tla bolela litaba tse khopo, ho ikhulela barutuoa.”—Liketso 20:29, 30.
Hoo re amehileng ka hona ke taba ea kutlo. Jesu o ile a theha mokete o le mong feela bakeng sa hore Bakreste ba o keteke. Ka ho hlakileng Bibele e hlalosa hore na o lokela ho ketekoa neng hona joang. Joale, ke mang ea nang le tokelo ea ho fetola seo? Ma-Quartodeciman a ile a hlorisoa habohloko ’me a khaoloa ho e-na le ho sekisetsa tabeng ena.
Ho ka etsahala hore u thahaselle ho tseba hore ho sa ntse ho e-na le Bakreste lefatšeng ba ntseng ba hlompha se ratoang ke Jesu ’me ba keteka Sehopotso sa lefu la hae ka letsatsi leo a le thehileng. Selemong sena, Lipaki tsa Jehova li tla kopana hammoho Liholong tsa tsona tsa ’Muso lefatšeng lohle ka mor’a 6:00 thapama ka Moqebelo, March 26—ha ho qaleha letsatsi la bo14 la Nisane. Joale li tla etsa hantle seo Jesu a boletseng hore se lokela ho etsoa ka nako ena ea bohlokoa ka ho fetisisa. Ke hobane’ng ha u sa keteke Sejo sa Morena sa Mantsiboea le tsona? Ka ho ba teng, le uena u ka bontša hore u hlompha se ratoang ke Jesu Kreste.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Nisane, khoeli ea pele selemong sa Bajode, e ne e qala ha khoeli e qala ho thoasa. Kahoo Nisane 14 ka linako tsohle e ne e e-ba ha khoeli e tōlōkile.
[Lebokose le leqepheng la 6]
“THEKOLLO EO EA BOHLOKOA”
Sehlabelo sa Jesu Kreste sa thekollo hase feela ho ba thuto e lokelang ho rutoa. Jesu o itse ka eena: “Mora oa motho o tlile, eseng ho tla sebeletsoa, empa ho sebeletsa le ho fana ka sephefumolohi sa hae e le thekollo e fapanyetsoang ba bangata.” (Mareka 10:45, NW) O boetse a hlalosa: “Molimo o ratile lefatše [la moloko oa batho] hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Bakeng sa bafu, thekollo e bula tsela bakeng sa tsoho le tebello ea bophelo bo sa feleng.—Johanne 5:28, 29.
Ke lefu la bohlokoa haholo la Jesu Kreste le hopoloang meketeng ea Sejo sa Morena sa Mantsiboea. Sehlabelo sa hae se phetha ho hoholo! Mosali e mong ea ileng a koetlisoa ke batsoali ba tšabang Molimo le ea tsamaileng ’neteng ea Molimo lilemo tse mashome o boletse teboho ea hae ka mantsoe ana:
“Re lebeletse Sehopotso. E ba se khethehileng selemo le selemo. Ke hopola ke eme ka ’moshareng lilemo tse fetileng tse 20, ke shebile ntate oa ka ea ratehang ’me ke ba le kananelo ea ’nete e tsoang botebong ba pelo bakeng sa thekollo. Pele ho mona e ne e le tsebo feela e teng ka hloohong. Ke ne ke tseba mangolo ’ohle le mokhoa oa ho a hlalosa! Empa ke ha ke latsoa ka sebele bohloko ba lefu pelo ea ka ruri e ileng ea tlōla ke thabo ka se tla finyelloa molemong oa rōna ka lebaka la thekollo eo ea bohlokoa.”