Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
’Nete ea Bibele e Kopanya Lelapa
KAJENO, likarolong tse ngata tsa lefatše, bonngoe ba lelapa e se e batla e le ntho ea nako e fetileng. Leha ho le joalo, Bibele e senola lekunutu la ho finyella bonngoe ba lelapa. Nahana ka mantsoe a Jesu: “E mong le e mong ea mamelang lipolelo tseo tsa ka, ’me a etsa ka tsona, nka mo tšoantša ka monna ea bohlale, ea hahileng ntlo ea hae letlapeng.” (Mattheu 7:24) Malapa a likete har’a Lipaki tsa Jehova a finyeletse bonngoe ka ho sebelisa mantsoe ana le ka ho sebelisa Bibele e le motheo bakeng sa ho haha lelapa le momahaneng. Ba bang le bona ba fumana bonngoe bo joalo, joalokaha phihlelo e latelang e bontša.
Ha Daniel a ntse a sebeletsa sesoleng Fora, moruti e mong oa sesole o ile a etsa tlhahiso ea hore Daniel a reke Bibele, e leng seo a ileng a se etsa, ’me o ile a qala ho e bala ka mehla. Hamorao o ile a isoa Tahiti. Ba bang bao e neng e le masole hammoho le Daniel e ne e le Masabbatha, ’me ba bang e ne e le Bamormon. Moqoqo oa bona hangata o ne o fetohela thutong ea bolumeli. Ka letsatsi le leng sajene e ka sehloohong e ile ea tsebisa Daniel mosali oa eona, eo e neng e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. O ile a qeta motšehare oohle oa mantsiboea a arabela lipotso tse ngata tsa Daniel ’me o ile a etsa hore a kopane le e ’ngoe ea liphutheho tsa moo tsa Lipaki tsa Jehova Tahiti. Kapele-pele o ile a qala thuto ea ka mehla ea Bibele.
Batsoali ba Daniel koana Fora e ne e le Mak’hatholike a tšepahalang haholo. Ntate oa hae e ne e le moeletsi oa sekolo ’me o ne a ikarabella thutong ea bolumeli sekolong sa K’hatholike. Ka ho rata ho arolelana le batsoali ba hae a mang a mashoetla a moea ao a neng a ithuta oona, hanyane ka hanyane Daniel o ile a qala ho kenyelletsa mehopolo ea Bibele mangolong a hae a eang ho bona.
Pele ’mè oa Daniel o ne a thabile, empa joale o ile a tšosoa ke ho fumana lebitso Jehova ho le leng la mangolo a mora oa hae. Matsatsi a seng makae hamorao, o ile a utloa lenaneo la seea-le-moea le hlahisang Lipaki tsa Jehova e le “mokha oa bokhelohi o kotsi.” O ile a ngolla Daniel, a mo kōpa hore a khaotse kapele-pele ho kopana le Lipaki. Leha ho le joalo, Daniel o ile a ’na a tsoela pele thutong ea hae ea Bibele ’me kapele o ile a etsa litokisetso tsa ho tloha sesoleng le ho khutlela Fora.
Hang ha a le hae hape, Daniel o ne a qeta mantsiboea a mang le a mang—ka linako tse ling ho fihlela e e-ba bosiu—a keneletse lipuisanong tse telele tsa Bibele le ’mè oa hae. Qetellong o ile a lumela ho tsamaea le Daniel ho ea Holong ea ’Muso. Sebokeng sa hae sa pele, o ile a khahloa hoo a ileng a qala ho ba le thuto ea hae ea ka mehla ea Bibele ea botho. O ile a tsoela pele ka potlako ’me a kolobetsoa kapele.
Ntate oa Daniel e ne e le motho ea sa hanyetseng litumelo tse ling empa e le ea inehetseng haholo mesebetsing ea hae ea boipheliso le ea bolumeli. Ho ntse ho le joalo, ka lekhetlo le leng o ile a isa mosali oa hae le Daniel kopanong ea setereke ka koloi. E ne e le ka July 14, ’me o ne a hopotse ho ea shebella mokete oa Letsatsi la Bastille ka motseng. Ha a ntse a eme, ka lebaka la bohele-hele, a etsa qeto ea ho ea sheba ka hare ho holo ea kopano. O ile a khahloa ke tlhophiso le khotso eo a ileng a e bona har’a batho ba Jehova, ’me ha a ntse a tsamaea le mafapha a sa tšoaneng a kopano e mong le e mong o ne a ’mitsa “moena.” O ile a lebala tu! ka mokete oa Letsatsi la Bastille ’me a lula ho fihlela kopano e fela. O ile a kōpa thuto ea Bibele ’me a tsoela pele ka potlako ho ithuteng ’nete. Leha ho le joalo, ha a ntse a ithuta ho ea pele, o ne a qala ho ikutloa a sa phuthuloha ka mosebetsi oa hae, kahoo ha a le lilemo li 58, o ile a tlohela mosebetsi oa hae. Hona joale boraro ba bona kaofela ka lapeng ba inehetse ’me ba kolobelitsoe ’me ba sebeletsa Jehova hammoho ka bonngoe.
E ne e le ’nete ea Bibele e ileng ea kopanya lelapa labo Daniel. E ka boetse ea kopanya malapa a mang haeba a ithuta le ho e sebelisa ka pelo eohle.