Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 4/1 maq. 29-31
  • “U Hane Lipale tsa Bohata”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “U Hane Lipale tsa Bohata”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lekola Lipolelo tsa ’Nete
  • Litšōmo tsa Matla a Phahametseng Tlhaho
  • Ho Qhela Bopaki ba Bademona
  • Lintho Tse Ka U Thusang Ha U Ithuta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Le Tloaele ho Etsa Lintho Tseo le Ithutileng Tsona
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Na U Tla Mamela Litemoso Tse Hlakileng Tsa Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Hanyetsa Diabolose le Maqiti a Hae
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 4/1 maq. 29-31

“U Hane Lipale tsa Bohata”

BIBELE e tletse liphihlelo le lipale tsa batho. Hase feela hore re thabela ho li bala empa re rua molemo ho tsona. Moapostola Pauluse o ile a ngolla phutheho ea Bokreste Roma: “Taba tsohle tse ngoliloeng pele, li ngoliloe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tšelisoa ke Mangolo, re tle re be le tšepo.”—Ba-Roma 15:4.

Pauluse ka boeena o ile a pheta liphihlelo. Bibele e re ka Pauluse le Barnabase qetellong ea leeto la bona la pele la boromuoa: “Ha ba fihla [Antioke ea Syria], ba phutha kereke, ba bolela tse kholo tseo Molimo o li entseng ka bona.” (Liketso 14:27) Ha ho pelaelo hore baena ba ile ba khothatsoa haholo ke liphihlelo tsena.

Leha ho le joalo, hase liphihlelo tsohle tse hahang. Ka tlas’a pululelo, Pauluse o ile a hlokomelisa Timothea: “U hane lipale tsa bohata tse silafatsang se halalelang le tse boleloang ke basali ba tsofetseng.” (1 Timothea 4:7, NW) ’Me ha a ngolla Tite o ile a re Bakreste ba tšepahalang ba lokela ho ‘se ineele litšōmong tsa ba-Juda, le litaelong tsa batho ba furallang ’nete.’—Tite 1:14.

Lipale tsee tsa bohata, kapa litšōmo e ne e le eng? Mantsoe ao ka bobeli a tsoa lentsoeng la Segerike myʹthos (“pale e iqapeloang”). The International Standard Bible Encyclopaedia e bolela hore lentsoe lena le hlalosa “pale (ea bolumeli) eo ho seng moo e kopanang le ’nete.”

Lefatše la mehleng ea Pauluse le ne le tletse lipale tse joalo. Mohlala ke buka e se nang bonnete ea Tobit, eo mohlomong e ngotsoeng lilemo tse ka holimo ho makholo a mabeli pele ho nako ea Pauluse. Pale ena e bua ka Tobit, Mojuda ea chesehellang bolumeli, ea ileng a foufatsoa ke ha mantle a nonyana a oela ka har’a mahlo a hae. Hamorao, o ile a romela mora oa hae, Tobias, ho ea bokella molato. Ha a le tseleng, a ntse a tataisoa ke lengeloi, Tobias a fumana pelo, sebete, le nyooko tsa tlhapi. Joale o khahlana le mohlolohali eo, le hoja a nyetsoe ka makhetlo a supileng, e ntseng e le moroetsana hobane monna e mong le e mong oa hae o ne a bolailoe ke moea o mobe bosiung ba lechato. Ka tšusumetso ea lengeloi, Tobias oa mo nyala ’me o leleka ledemona ka ho chesa pelo le sebete tsa tlhapi. Ka nyooko ea tlhapi, hamorao Tobias o ile a etsa hore ntat’ae a boele a bone.

Ka ho hlakileng, pale ena hase ’nete. Kantle le sebōpeho sa eona sa ho iqapeloa le ho ipiletsa ha eona tumela-khoeleng, e na le phoso. Ka mohlala, tlaleho e re Tobit o ile a bona ka mahlo phetohelo ea meloko ea leboea le phallo ea Baiseraele ho ea Nineve, liketsahalo tsa histori ea Iseraele tse neng li arohane ka lilemo tse 257. Empa, pale e bontša hore Tobit o shoele a le lilemo li 112.—Tobit 1:4, 11; 14:1, The Jerusalem Bible.

Lipale tse joalo li hōle le ’nete e “mohlaleng oa litaba tsa pholoho” tse neng li boletsoe ke bahlanka ba tšepahalang ba Molimo. (2 Timothea 1:13) Ke litholoana tsa boinahanelo, tse hanyetsanang le ’nete ea histori, mofuta oa ntho e phetoang ke basali-baholo ba se nang bomolimo. Tsena e ne e le lipale tse neng li lokeloa ho hanoa ke Bakreste.

Ho Lekola Lipolelo tsa ’Nete

Lipale tse tšoanang li ntse li le ngata le kajeno. Pauluse o ile a ngola: “Nako e tla ba teng eo [batho] ba ke keng ba mamella thuto ea pholoho, empa . . . ba tla khelosa litsebe tsa bona ’neteng, ho li isa litšōmong.” (2 Timothea 4:3, 4) Likarolong tse ling tsa lefatše, lipale tsa matla a phahametseng tlhaho li atile ebile lia ratoa. Ka hona, Bakreste ka bohlale ba ka “lekola mantsoe” a lipale tsa bolumeli ho bona hore na li lumellana le Bibele.—Jobo 12:11, NW.

Ka ho hlakileng, tse ngata ha li joalo. Ka mohlala, likarolong tse ngata tsa lefatše, ho tloaelehile ho utloa lipale tse tšehetsang khopolo ea hore sephefumolohi sa motho ha se shoe. Lipale tsena li hlalosa kamoo motho a shoang, hore feela o hlaha hape a le ’meleng oa lesea le sa tsoa hlaha, e le moea, e le phoofolo, kapa e le motho sebakeng se fapaneng.

Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le bontša hore liphefumolohi tsa batho hase tse sa shoeng; liphefumolohi lia shoa. (Ezekiele 18:4) Ho feta moo, Bibele e re bafu ha ba phele ka mabitleng, ba ke ke ba nahana, ba bua, kapa leha e le ho etsa eng feela. (Moeklesia 9:5, 10; Ba-Roma 6:23) Kahoo, ba khelosoang ke lipale tsa bohata tse hōlisang khopolo ea hore sephefumolohi ha se shoe, ba ‘khelosoa thutong ea pholoho’ e tsoang Bibeleng joalokaha Pauluse a boletse.

Litšōmo tsa Matla a Phahametseng Tlhaho

Lipale tse ling li lebisa tlhokomelo liketsong tsa baloi le maselamose. Ka mohlala, likarolong tsa Afrika, mahlahana ana a bokhopo ho thoe a na le matla a tšabehang, a khonang hore ba iphetole kapa ho fetola ba bang linoha, litšoene, le linonyana; ba khona ho fofa moeeng e le ho phetha thōmo ea bona; ba khona ho hlaha le ho nyamela; ba khona ho phunyelletsa le maboteng; ’me ba khona ho bona lintho tse patiloeng ka tlas’a lefatše.

Bongata ba lipale tse joalo, hammoho le ho lumeloa ha tsona ho pharaletseng, ho ka susumeletsa ba bang phuthehong ea Bokreste hore le bona ba lumele hore ke ’nete. Ba ka beha mabaka ka hore le hoja batho ba tloaelehileng ba ke ke ba etsa lintho tse joalo, ba fumanang matla ho libōpuoa tsa moea tse phahametseng batho, bademona, ba ka li etsa. Ho bonahala motheo oa qeto ena e le 2 Ba-Thessalonika 2:9, 10, e reng: “Ke lekanya eo ho tla ha hae ho leng ka tšebetso ea Satane, ka matla ’ohle, le ka lipontšo, le ka mehlolo ea bohata, le ka thetso eohle ea bokhopo ho ba timelang; hobane ha ba ka ba amohela lerato la ho rata ’nete, ba tle ba bolokehe.”

Le hoja e le ’nete hore lengolo lena le bontša hore Satane o khona ho etsa mesebetsi e matla, le boetse le bolela hore Satane ke moqali oa ‘lipontšo le mehlolo ea bohata’ hammoho le ‘thetso ea bokhopo.’ Bibele ha e phetse ho bontša hore Satane ke mothetsi ea ka sehlohong ea “thetsang lefatše kaofela.” (Tšenolo 12:9) Ke setsebi se etsang hore batho ba lumele linthong tseo eseng ’nete.

Ka lebaka la sena, esita le bopaki le ho ipolela ha ba kileng ba ameha tšebelisanong le meea le boloi li ke ke tsa tšeptjoa. Batho ba joalo ba ka ’na ba lumela ka tieo hore ba bone, ba utloile, kapa ba bile le phihlelo ea lintho tse itseng; empa, ha e le hantle, ho se joalo. Ka mohlala, ho na le ba lumelang hore ba buisane le meea ea batho ba shoeleng. Empa ba fositse, ba thetsitsoe, ke bahlaseluoa ba qhekello ea bosatane. Bibele e re bafu ‘ba theohela nģalong e khutsitseng.’—Pesaleme ea 115:17.

Ho latela histori e thetsang ea Diabolose, bonnete ba litšōmo tsa matla a phahametseng tlhaho bo belaelloa haholo. Boholo ba tsona ke menahano ea litumela-khoela tse iqapetsoeng, ’me li feteletsoa ke ho ’na li pheta-phetoa.

Ho phetoa ha litšōmo tse joalo ho ntšetsa pele lithahasello tsa ntate oa ea leshano, Satane Diabolose. (Johanne 8:44) Li hōlisa thahasello tšebelisanong le meea e leng manyala ho Jehova. (Deuteronoma 18:10-12) Li tšoasa batho ka tepo ea tšabo le tumela-khoela. Hase ho makatsang hore ebe Pauluse o ile a eletsa Bakreste ho ‘se ele hloko lipale tsa bohata.’—1 Timothea 1:3, 4, NW.

Ho Qhela Bopaki ba Bademona

Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba lipale tseo li bonahala e le ’nete? Ka linako tse ling ho phetoa liphihlelo tsa meea kapa ba sebelisanang le meea e lumelang bophahamo ba Jehova le bonnete ba Lipaki tsa hae. Na Bakreste ba ka pheta lipale tse joalo?

Che, ha baa lokela. Bibele e re ha meea e litšila e ne e hooa hore Jesu ke Mora oa Molimo, ‘o ile a e laea haholo, hore e se ke ea ’molela.’ (Mareka 3:12) Ka ho tšoanang, ha ledemona le nohang le qobella montsana e mong ho tsebahatsa Pauluse le Barnabase e le “bahlanka ba Molimo o holimo-limo” le baboleli ba “tsela ea poloko,” Pauluse o ile a ntša moea oo ho eena. (Liketso 16:16-18) Jesu, Pauluse, kapa leha e le ofe oa bangoli ba Bibele ha baa ka ba lumella bademona ho paka ka morero oa Molimo kapa bahlanka ba hae ba khethiloeng.

Hape, ke ho thahasellisang hore ebe Jesu Kreste o ile a phela sebakeng sa moea pele a tla lefatšeng. O ne a tseba Satane ka seqo. Leha ho le joalo, Jesu ha a ka a qabola barutuoa ba hae ka lipale tsa liketso tsa Satane, leha e le hore o ile a ba fa boitsebiso ka seo Diabolose a neng a se etsa le seo a neng a ke ke a se etsa. Satane le bademona ba hae e ne e se metsoalle ea Jesu. Ba ne ba lahluoe, e le marabele, ba hloileng se halalelang, le lira tsa Molimo.

Bibele e re bolella seo re hlokang ho se tseba. E-ea hlalosa hore na bademona ke bo-mang, ba thetsa batho joang, le kamoo re ka ba qobang kateng. E bontša hore Jehova le Jesu ba matla haholo ho feta bademona. ’Me e re rupela hore haeba re sebeletsa Jehova ka botšepehi, meea e khopo e ke ke ea re ntša kotsi ka ho sa feleng.—Jakobo 4:7.

Ka hona, ka mabaka a utloahalang, Bakreste ba hana lipale tsa bohata, litšōmo tseo mosebetsi oa tsona e leng feela ho ntšetsa pele lithahasello tsa ba hanyetsang Molimo. Feela joalokaha Jesu a ‘pakile ’nete,’ ho joalo le ka balateli ba hae kajeno. (Johanne 18:37) Ka bohlale ba mamela keletso ea Bibele: “Tsohle tsee e leng tsa ’nete . . . le ke le hopole tsona.”—Ba-Filippi 4:8.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Ponahalo eohle ea tšebelisano le meea e lokela ho qojoa ka ho feletseng ke Bakreste ba ’nete

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela