Baboleli ba ’Muso ba Mafolo-folo Lefatšeng Lohle
“Le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa pheletsong ea lefatše.”—LIKETSO 1:8.
1. Jesu o ile a re balateli ba hae ba ne ba tla bolela molaetsa ofe mehleng ea rōna?
HA A hlalosa mosebetsi oo Jehova a neng a rometse Mor’a hae ho tla o etsa lefatšeng, Jesu o itse: “Ke tlameha ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo.” (Luka 4:43, NW) Ka ho tšoanang, ha a bolela ka mosebetsi oo barutuoa ba hae ba neng ba tla o etsa lefatšeng ha a khutla ka matla a borena, Jesu o ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona bakeng sa bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo tlang.”—Mattheu 24:14, NW.
2. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakaale hore molaetsa oa ’Muso o phatlalatsoe hohle? (b) Ke potso efe eo kaofela ha rōna re lokelang ho ipotsa eona?
2 Ke hobane’ng ha litaba tsa ’Muso oa Molimo e le tsa bohlokoa hakaale? Ke hobane’ng ha ’Muso o hloka ho phatlalatsoa ka tsela e pharaletseng joalo? Hobane ke ’Muso oa Bomessia o tla tlosa qoso bobusing ba Jehova ba bokahohleng. (1 Ba-Korinthe 15:24-28) Ka oona, Jehova o tla liha kahlolo khahlanong le tsamaiso ea lintho ea hona joale ea bosatane ’me a phethahatse tšepiso ea hae ea ho hlohonolofatsa malapa ’ohle a lefatše. (Genese 22:17, 18; Daniele 2:44) Ka ho etsa hore bopaki bo mabapi le ’Muso bo fanoe, Jehova o fumane bao ka morao ho moo a ileng a ba tlotsetsa ho ba majalefa hammoho le Mora oa hae. Ka ho boleloa ha ’Muso, mosebetsi oa ho arola le oona oa phethoa kajeno. (Mattheu 25:31-33) Jehova o batla hore batho ba lichaba tsohle ba tsebisoe ka morero ona. O batla hore ba be le monyetla oa ho khetha bophelo e le bafo ba ’Muso oa hae. (Johanne 3:16; Liketso 13:47) Na u kopanela ka botlalo ho boleleng ’Muso oo?
Ka Tebello ea ho Fela ha Linako tsa Balichaba
3. (a) Ka ho loketseng, ke sehlooho sefe seo C. T. Russell a ileng a se buella qalong ea leeto la hae la ho hlophisa lihlopha tsa thuto ea Bibele? (b) Ke eng eo Liithuti tseo tsa pele tsa Bibele li ileng tsa e hlokomela mabapi le sebaka seo ’Muso oa Molimo o lokelang ho ba le sona bophelong ba bona?
3 Morao koo ka 1880, Charles Taze Russell, mohlophisi oa pele oa makasine oa Watch Tower, o ile a nka leeto ho pholletsa le karolo e ka leboea-bochabela ho United States ho ea khothaletsa ho thehoa ha lihlopha tsa thuto ea Bibele. Ka ho loketseng, sehlooho seo a neng a bua ka sona e ne e le “Lintho tse Amanang le ’Muso oa Molimo.” Joalokaha ho bontšitsoe litokollong tsa pejana tsa Watch Tower, Liithuti tsa Bibele (kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo) li ile tsa hlokomela hore haeba li ne li tla ipaka li tšoaneleha ho kopanela ’Musong oa Molimo, li tlameha ho etsa hore ’Muso e be ntho ea pele eo li e thahasellang, ka thabo li sebelisa bophelo ba tsona, matla a tsona, le maruo a tsona tšebeletsong ea oona. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe bophelong e ne e lokela ho ba sebakeng sa bobeli. (Mattheu 13:44-46) Boikarabelo ba tsona bo ne bo akarelletsa ho bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Esaia 61:1, 2) Li ile tsa etsa joalo ho isa bohōleng bofe pele Linako tsa Balichaba li fela ka 1914?
4. Sehlopha se senyenyane sa Liithuti tsa Bibele se ile sa aba lingoliloeng tsa Bibele ho isa bohōleng bofe pele ho 1914?
4 Ho tloha ka bo-1870 ho tla fihlela ka 1914, Liithuti tsa Bibele li ne li batla li fokola ka palo. Ka 1914, e ne e le tse ka bang 5 100 feela tse neng li kopanela ka mafolo-folo ho faneng ka bopaki ba phatlalatsa. Empa e ile ea e-ba bopaki bo bokaakang! Ka 1881, lilemo tse peli feela ka mor’a hore Watch Tower o hatisoe ka lekhetlo la pele, li ile tsa aba buka e maqephe a 162 Food for Thinking Christians. Ka likhoeli tse seng kae, li ile tsa aba likopi tse 1 200 000. Ka lilemo tse seng kae, ho ne ho abjoa lipampitšana tse mashome a limilione ka selemo ka lipuo tse ngata.
5. Barekisi ba libuka tsa bolumeli e ne e le bo-mang, hona ba ile ba bontša moea oa mofuta ofe?
5 Hape ho qala ka 1881, ba bang ba ile ba sebeletsa e le baevangeli ba rekisang libuka tsa bolumeli. Bana e ne e le lilelekela tsa bo-pula-maliboho ba kajeno (baevangeli ba nako e tletseng). Ba bang ba barekisi bana ba libuka tsa bolumeli, ba tsamaea ka maoto kapa ka baesekele, ba ile ba paka hoo e ka bang karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea naha eo ba neng ba phela ho eona. Ba bang ba ile ba ea masimong a sele ’me e ne e le ba pele ba ho isa litaba tse molemo libakeng tse kang Finland, Barbados, le Burma (eo hona joale e leng Myanmar). Ba ile ba bonahatsa cheseho ea boromuoa e kang ea Jesu Kreste le baapostola ba hae.—Luka 4:43; Ba-Roma 15:23-25.
6. (a) Moena Russell o ile a tsamaea haholo hakae ha a hasa ’nete ea Bibele? (b) Ho ile ha boela ha etsoa eng ho ntšetsa pele boboleli ba litaba tse molemo masimong a linaha lisele pele ho qetello ea Linako tsa Balichaba?
6 Moena Russell ka boeena o ile a tsamaea haholo a hasa ’nete. O ile a ea Canada khafetsa; a bua Panama, Jamaica, le Cuba; a nka maeto a mangata ho ea Europe; ’me o ile a potoloha lefatše a le leetong la boevangeli. O ile a boela a romela banna ba bang ho ea qala le ho etella pele boboleli ba litaba tse molemo masimong a sele. Adolf Weber o ile a romeloa Europe bohareng ba bo-1890, ’me tšebeletso ea hae e ile ea qala Switzerland ho ea kena Fora, Italy, Jeremane, le Belgium. E. J. Coward o ile a romeloa sebakeng sa Caribbean. Robert Hollister o ile a abeloa ho ea Bochabela ka 1912. Mono, ho ile ha lokisetsoa lipampitšana ka lipuo tse leshome, ’me likopi tse limilione tsa tsona li ile tsa tsamaisoa ho pholletsa le India, Chaena, Japane, le Korea ke matsoalloa a moo. Haeba u ne u phela ka nako eo, na pelo ea hao e ka be e ile ea u susumelletsa ho etsa boiteko bo tiileng ba ho finyella ba bang sebakeng sa heno le ka thōko ho sona ka litaba tse molemo?
7. (a) Likoranta li ile tsa sebelisoa joang ho matlafatsa bopaki? (b) “Photo-Drama of Creation” e ne e le eng, hona ke batho ba bakae ba ileng ba e bona ka selemo se le seng?
7 Ha Linako tsa Balichaba li atamela ho fela ha tsona, ho ile ha sebelisoa likoranta ho phatlalatsa linehelano tsa Bibele tse fanoeng ke Moena Russell. Khatiso ea tsona e ka sehloohong e ne e se holim’a selemo sa 1914 empa, ho e-na le hoo, morerong oa Molimo le bonnete ba ho phethahala ha oona. Likoranta tse ka bang 2 000 lekhetlo ka leng, li fihla ho babali ba 15 000 000, ka mehla li ne li hlahisa linehelano tsena. Joale, ha selemo sa 1914 se thoasa, Mokhatlo o ile oa qala ho bontša “Photo-Drama of Creation” phatlalatsa. Ka linehelano tse ’nè tsa lihora tse peli, e ile ea bontša linnete tsa Bibele ho tloha pōpong ho fihlela Pusong ea Lilemo tse Sekete. Ka nako ea selemo feela, bamameli ba etsang kakaretso ea ba fetang limilione tse robong Amerika Leboea, Europe, Australia le New Zealand ba ne ba e bone.
8. Ka 1914, Liithuti tsa Bibele li ne li finyeletse linaha tse kae ka litaba tse molemo?
8 Ho latela litlaleho tse teng, ho ea qetellong ea 1914, sehlopha sena se chesehang sa baevangeli se ne se hasantse boboleli ba bona ba ’Muso oa Molimo linaheng tse 68.a Empa hoo e ne e le qalo feela!
Ho Bolela ’Muso o Hlomiloeng ka Cheseho
9. Likopanong tsa Cedar Point, mosebetsi oa ho paka ka ’Muso o ile oa fuoa matla a khethehileng joang?
9 Ha Liithuti tsa Bibele li kopane Cedar Point, Ohio, ka 1919, J. F. Rutherford, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ka nako eo, o ile a re: “Mosebetsi oa rōna e ne e le ho tsebahatsa ’muso o khanyang o tlang oa Messia ’me esale oona le hona joale.” Ka 1922, kopanong ea bobeli e neng e tšoaretsoe Cedar Point, Moena Rutherford o ile a totobatsa taba ea hore qetellong ea Linako tsa Balichaba, ka 1914, ‘Morena oa khanya o ne a nkile matla a hae a maholo ’me a qalile ho busa.’ Joale, a beha taba ka ho toba ho bamameli ba hae, a re: “Na lea lumela hore Morena oa khanya o qalile puso ea hae? Joale khutlelang tšimong, lōna bara ba Molimo o holimo-limo! . . . Phatlalatsang molaetsa hohle. Lefatše le tlameha ho tseba hore Jehova ke Molimo le hore Jesu Kreste ke Morena oa marena le ’Musi oa babusi. Lena ke letsatsi har’a matsatsi ’ohle. Bonang, Morena oa busa! Le babuelli ba hae.”
10, 11. Seea-le-moea, likoloi tse nang le libuela-hōle, le mamatjana kaofela li ile tsa sebelisoa ka katleho joang ho finyella batho ka ’nete ea ’Muso?
10 Ho se ho fetile lilemo tse ka holimo ho 70 hoba likopano tseo tsa Cedar Point li tšoaroe—lilemo tse ka bang 80 hoba Jehova a qale ho bontša bobusi ba hae ka puso ea Bomessia ea Mora oa hae. Ha e le hantle Lipaki tsa Jehova li phethile mosebetsi o boletsoeng bakeng sa tsona ka Lentsoeng la Molimo ho isa bohōleng bofe? Uena ka bouena u na le karolo efe ho oona?
11 Mathoasong a bo-1920, seea-le-moea se ile sa e-ba teng e le kofuto e neng e ka sebelisoa ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso ka bophara. Ka bo-1930, lipuo tsa kopano tse bontšang ’Muso e le eona tšepo ea lefatše li ile tsa fetisoa ka litsamaiso tsa seea-le-moea kapa liphatlalatso tse hokeletsoeng ’moho le mehala ea thelefono ho pota lefatše. Likoloi tse hlomeletsoeng ka libuela-hōle le tsona li ile tsa sebelisoa ho letsa lipuo tse rekotiloeng tsa Bibele libakeng tsa sechaba. Joale, ka 1936, Glasgow, Scotland, baena ba rōna ba ile ba qala ho macha ba jere mamatjana a phatlalatso libakeng tsa khoebo e le ho phatlalatsa lipuo tsa phatlalatsa. Ena kaofela e ne e le mekhoa e sebetsang ea ho fana ka bopaki ho batho ba bangata nakong eo palo ea rōna e neng e fokola.
12. Joalokaha Mangolo a bontša, e ’ngoe ea litsela tse atlehang ka ho fetisisa ke efe bakeng sa hore re fane ka bopaki ka bomong?
12 Koana, Mangolo a bontša ka ho hlaka hore joaloka Bakreste, rōna ka bomong re na le boikarabelo ba ho paka. Re ke ke ra tlohela lihlooho tsa likoranta kapa likhaso tsa seea-le-moea hore li etse mosebetsi oo. Bakreste ba tšepahalang ba likete—banna, basali, le bacha—ba amohetse boikarabelo boo. Ka lebaka leo, boboleli ba ntlo le ntlo bo fetohile letšoao le khethollang Lipaki tsa Jehova.—Liketso 5:42; 20:20.
Ho Finyella Lefatše Lohle Leo ho Ahiloeng ho Lona
13, 14. (a) Ke hobane’ng ha Lipaki tse ling li fallela metseng e meng, esita le linaheng tse ling, ho ea phetha tšebeletso ea tsona? (b) Kameho e lerato bakeng sa batho ba naha eo motho a tsoaletsoeng ho eona e thusitse ho hasa litaba tse molemo joang?
13 Ka ho tseba hore molaetsa oa ’Muso o lokela ho boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona, tse ling tsa Lipaki tsa Jehova li nahanisitse ka seo ka bomong li ka se etsang ho finyella libakeng tse ka thōko ho metse ea habo tsona.
14 Batho ba bangata ba ithutile ’nete ka mor’a hore ba tlohe sebakeng seo ba tsoaletsoeng ho sona. Le hoja e ka ’na eaba ba ne ba falla ka lebaka la molemo oa lintho tse bonahalang, ba ile ba fumana se seng se bohlokoa haholoanyane, ’me ba bang ba ile ba ikutloa ba tlamehile ho khutlela linaheng kapa metseng eo ba tsoaletsoeng ho eona ho ea arolelana ’nete le ba bang. Kahoo, qalong ea lekholo lena la lilemo, ho boleloa ha litaba tse molemo ho ile ha atolohela Scandinavia, Greece, Italy, linaheng tsa Europe Bochabela, le libakeng tse ling tse ngata. Le hona joale, ka bo-1990, molaetsa oa ’Muso o hasana ka mokhoa o tšoanang.
15. Ka bo-1920 le bo-1930, ke eng se ileng sa finyelloa ke ba bang bao boikutlo ba bona bo neng bo tšoana le bo boletsoeng ho Esaia 6:8?
15 Ha ba ntse ba sebelisa keletso ea Lentsoe la Molimo bophelong ba bona, ba bang ba ’nile ba itlhahisa bakeng sa ho sebeletsa libakeng tseo ba e-song ho ka ba phela ho tsona pele. W. R. Brown (eo hangata a neng a bitsoa “Bible Brown”) e ne e le e mong oa bana. Ka 1923, e le hore a ka ntšetsa pele mosebetsi oa boevangeli, o ile a fallela Afrika Bophirimela a tsoa Trinidad. Ka bo-1930, Frank le Gray Smith, Robert Nisbet, le David Norman ba bile har’a ba ileng ba jara molaetsa oa ’Muso ho ea fihla lebōpong le ka bochabela la Afrika. Ba bang ba ile ba thusa ho hlaolela tšimo ea Amerika Boroa. Mathoasong a bo-1920, George Young, oa Canada, o ile a kopanela mosebetsing Argentina, Brazil, Bolivia, Chile, le Peru. Juan Muñiz, ea neng a kile a sebeletsa Spain, o ile a tsoela pele Argentina, Chile, Paraguay, le Uruguay. Sena sohle se ile sa bontša moea o tšoanang le o boletsoeng ho Esaia 6:8: “Ke ’na enoa, roma ’na!”
16. Ke hokae ntle le moo ho nang le baahi ba bangata moo ho ileng ha fanoa ka bopaki lilemong tsa pele ho ntoa?
16 Ho boleloa ha litaba tse molemo ho ne ho fihla esita le libakeng tse hōle. Liketsoana tseo bakhanni ba tsona e leng Lipaki li ne li etela likoung tsohle tse nyenyane tsa Newfoundland, lebōpong la Norway ho ea Arctic, lihleke-hlekeng tsa Pacific, le likoung tse ka Boroa-bochabela ho Asia.
17. (a) Ka 1935, Lipaki li ne li se li finyeletse linaha tse kae? (b) Ke hobane’ng ha mosebetsi oo o sa ka oa phethoa ka nako eo?
17 Ka ho makatsang, ka selemo sa 1935, Lipaki tsa Jehova li ne li tšoarehile ka ho bolela linaheng tse 115, ’me li ne li se li finyeletse linaha tse ling tse 34 ka maeto a ho ea paka kapa ka lingoliloeng tse rometsoeng ka poso. Empa mosebetsi o ne o e-s’o fele. Ka selemo seo Jehova o ile a tutubollela mahlo a bona morero oa hae oa hore ba bokelle “bongata bo boholo” bo neng bo tla pholohela lefatšeng la hae le lecha. (Tšenolo 7:9, 10, 14) Ho ne ho ntse ho e-na le ho paka ho hoholo ho lokelang ho etsoa!
18. Mosebetsing oa boboleli ba ’Muso, ke likarolo life tse phethiloeng ke Sekolo sa Gileade le Sekolo sa Koetliso ea Bosebeletsi?
18 Esita leha Ntoa ea II ea Lefatše e aparetse lefatše ’me ho e-na le lithibelo holim’a libuka kapa mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova linaheng tse ngata, Sekolo sa Watchtower sa Bibele sa Gileade se ile sa bula menyako ea sona bakeng sa ho koetlisa bao e tla ba baromuoa hore ba finyelle mosebetsi o moholoanyane oa boboleli ba machaba ba ’Muso. Ho tla fihlela kajeno, liithuti tsa Gileade li sebelelitse linaheng tse ka holimo ho 200. Li ne li sa tsamaise lingoliloeng feela ebe li fetela sebakeng se seng. Li khannile lithuto tsa Bibele, tsa hlophisa liphutheho, le ho koetlisetsa batho ho jara boikarabelo ba puso ea Molimo. Haufinyane tjena, baholo le bahlanka ba sebeletsang ba fetileng Sekolo sa Koetliso ea Bosebeletsi le bona ba thusitse ho khahlametsa litlhoko tsa bohlokoa kamanong le mosebetsi ona lik’honthinenteng tse tšeletseng. Ho raliloe motheo o tiileng bakeng sa khōlo e tsoelang pele.—Bapisa le 2 Timothea 2:2.
19. Bahlanka ba Jehova ba ile ba arabela memo ea ho ea sebeletsa libakeng tseo ho nang le tlhoko e kholoanyane ho isa bohōleng bofe?
19 Na ba bang ba ka thusa ho hlokomela masimo a mang a e-song ho sebetsoe? Ka 1957, likopanong tse neng li tšoeroe lefatšeng ka bophara, batho ka bomong le malapa—Lipaki tsa Jehova tse hōlileng tsebong—ba ile ba khothaletsoa ho nahanisisa ka ho fallela libakeng tseo ho nang le tlhoko e khōloanyane e le hore ba ka lula teng le ho ntšetsa tšebeletso ea bona pele moo. Memo e ne e tšoana haholo le eo Molimo a ileng a e fa moapostola Pauluse, ea ileng a bona pono ea monna ea neng a mo kōpa ka tieo: “Tšelela Masedonia, u re thuse.” (Liketso 16:9, 10) Ba bang ba ile ba falla ka bo-1950, ba bang hamorao. Lipaki tse ka bang sekete li ile tsa fallela Ireland le Colombia; tse makholo tsa ea libakeng tse ling tse ngata. Tse mashome a likete li ile tsa fallela libakeng tseo ho tsona ho nang le tlhoko e khōloanyane naheng ea habo tsona.—Pesaleme ea 110:3.
20. (a) Ho tloha ka 1935, ho finyeletsoe eng phethahatsong ea boprofeta ba Jesu ho Mattheu 24:14? (b) Nakong ea lilemo tse seng kae tse fetileng, ho bile le ho potlakisoa ha mosebetsi joang?
20 Ka tlhohonolofatso ea Jehova ho batho ba hae, mosebetsi oa boboleli ba ’Muso o tsoela pele ka lebelo le tšosang. Ho tloha ka 1935 palo ea bahoeletsi e eketsehile ka ho batlang ho ba makhetlo a imenneng harobeli ’me tekanyo ea keketseho ea sehlopha sa bo-pula-maliboho e ’nile ea feta tekanyo ea keketseho ea palo ea bahoeletsi ka karolo ea 60 lekholong. Tokisetso ea thuto ea lehae ea Bibele e ile ea qalisoa ka bo-1930. Hona joale ka karolelano ho na le tse fetang limilione tse ’nè le halofo tse khannoang khoeli ka ’ngoe. Ho tloha ka 1935 ho nehetsoe lihora tse ka holimo ho limilione tse likete li 15 mosebetsing oa boboleli ba ’Muso. Boboleli bo tloaelehileng ba litaba tse molemo hona joale bo etsoa linaheng tse 231. Ha masimo a Europe Bochabela le Afrika a ntse a buleha bakeng sa ho bolela litaba tse molemo ka bolokolohi bo boholoanyane, likopano tsa machaba li sebelisitsoe ka katleho bakeng sa ho hlokomelisa batho molaetsa oa ’Muso phatlalatsa. Joalokaha Jehova a tšepisitse khale, ho Esaia 60:22, ka sebele o ‘potlakisa mosebetsi ka nako ea teng.’ Ke tokelo e kaakang ho rōna ho kopanela ho oona!
Ho Finyella e Mong le e Mong ka Litaba tse Molemo ha ho Khoneha
21, 22. Rōna ka borōna re ka etsa eng hore re be Lipaki tse atlehileng haholoanyane kae le kae moo re sebeletsang?
21 Morena ha a e-s’o ka a re mosebetsi o phethiloe. Ba likete tse ngata ba ntse ba amohela borapeli ba ’nete. Ka hona potso ea phahama, Na re etsa sohle seo re ka se khonang ho sebelisa hamolemo nako eo Jehova ka mamello ea hae a e lumeletseng bakeng sa mosebetsi oo?—2 Petrose 3:15.
22 Hase e mong le e mong ea ka fallelang tšimong e tšohang e sebelitsoe. Empa na u sebelisa menyetla e u bulehetseng ka botlalo? Na u pakela basebetsi-’moho le uena? matichere le bao u kenang sekolo le bona? Na u tloaelane le ho fetola maemo tšimong ea heno? Haeba, ka lebaka la ho fetoha ha linako tsa mosebetsi, ke batho ba fokolang haholo ba leng teng hae motšehare, na u fetotse kemiso ea hao e le hore u ka ba etela mantsiboea? Haeba ho le thata hore baeti ba sa mengoang ba kene mehahong e meng, na u paka ka thelefono kapa u paka ka lengolo? Na u latella thahasello e bontšitsoeng le ho ithaopela ho khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele? Na u phetha tšebeletso ea hao ka botlalo?—Bapisa le Liketso 20:21; 2 Timothea 4:5.
23. Ha Jehova a shebeletse seo re se etsang tšebeletsong ea hae, ke eng e lokelang ho hlaka ho rōna?
23 E se eka kaofela ha rōna re ka phetha tšebeletso ea rōna ka mokhoa o tla bontša Jehova ka ho hlaka hore re hlile re ananela tokelo e khōlō ea ho ba Lipaki tsa hae linakong tsena tsa bohlokoa. E se eka re ka ba le tokelo ea ho ba lipaki tse boneng ka mahlo ha Jehova a liha kahlolo holim’a tsamaiso ena e silafetseng ea khale ’me a tlisa Puso e khanyang ea Lilemo tse Sekete ea Jesu Kreste!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho baliloe ho latela tsela eo lefatše le neng le arotsoe ka eona qalong ea bo-1990.
Tlhahlobo
◻ Ke hobane’ng ha ho boleloa ha molaetsa oa ’Muso ho le bohlokoa hakaale?
◻ Litaba tse molemo li ile tsa boleloa ho isa bohōleng bofe ho fihlela ka 1914?
◻ Bopaki bo fanoeng bo matla hakae esale ’Muso o hlongoa?
◻ Ke eng e ka etsang hore ho kopanela ha rōna tšebeletsong ho behe litholoana tse eketsehileng?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]
LIPAKI TSA JEHOVA—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Likopanong tse makholo ho pota lefatše ka 1993-94, ho ile ha etsoa tsebiso ea ho lokolloa ha buka e ncha e nang le sehlooho Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo. Ena ke histori e hlahang motho leseling ka ho fetisisa le e batsi ea Lipaki tsa Jehova. Ke buka e maqephe a 752, e nang le litšoantšo tse ntle, e nang le litšoantšo tse fetang sekete tse bokeletsoeng linaheng tse sa tšoaneng tse 96. Qetellong ea 1993 e ne e se e hatisitsoe ka lipuo tse 25 ’me e ntse e fetoleloa ho tse eketsehileng.
Ke eng e etsang hore buka e joalo e be nakong? Lilemong tsa morao tjena batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba fetohile Lipaki tsa Jehova. Kaofela ha bona ba lokela ho tseba hantle ka histori ea mokhatlo o hlophisitsoeng oo ba kopanelang le oona. Ho feta moo, ho bolela ha bona le tsela ea bona ea borapeli li phunyelelitse lihlopha tsa bochaba le morabe lefatšeng ka bophara ’me li ’nile tsa amoheloa ke batho ba bacha le ba hōlileng, ba le boemong leha e le bofe ba moruo le ba thuto. Ka hona, ba bangata ba shebeletseng se etsahalang ba na le lipotso ka Lipaki—eseng feela ka litumelo tsa tsona empa hape le ka tšimoloho ea tsona, histori ea tsona, mokhatlo oa tsona o hlophisitsoeng, sepheo sa tsona. Ba bang ba ngotse ka tsona, le hoja e se ka mehla e leng ka leeme. Leha ho le joalo, ha ho ea tsebang histori ea kajeno ea Lipaki tsa Jehova ho feta tsona Lipaki ka botsona. Bahatisi ba buka ena ba ikemiselitse ho hlahisa histori eo ka mokhoa o nang le sepheo se setle le ka mokhoa o hlakileng. Ka ho etsa joalo, li boetse li fane ka bopaki ba ho phethahala ha lintlha tse ling tsa bohlokoa ho fihlela kajeno tsa pontšo ea ho ba teng ha Kreste e tlalehiloeng ho Mattheu 24:14, ’me li ho entse li e-na le boitsebiso bo qaqileng bo neng bo ka fanoa feela ke ba neng ba ameha ka ho teba mosebetsing oo o boletsoeng esale pele.
Buka ena e arotsoe ka likarolo tse khōlō tse supileng:
Karolo 1: Karolo ena e batlisisa metso ea histori ea Lipaki tsa Jehova. E akarelletsa kakaretso e khutšoanyane, e hlahang motho leseling ea histori ea kajeno ho tloha ka 1870 ho ea ho 1992.
Karolo 2: Mona ke tlhahlobo e senolang phetoho e tsoelang pele ea litumelo tse khethollang Lipaki tsa Jehova ho lihlopha tse ling tsa bolumeli.
Karolo 3: Karolo ena ea buka e hlahloba phetoho ea sebōpeho sa mokhatlo oa tsona o hlophisitsoeng. E pheta lintlha tse thahasellisang ka liboka tsa tsona tsa phutheho le likopano, hammoho le tsela eo li hahang Liholo tsa ’Muso, Liholo tse khōlōanyane tsa Kopano le mehaho bakeng sa ho hatisa libuka tsa Bibele. E senola cheseho eo Lipaki tsa Jehova li bolelang ’Muso oa Molimo ka eona le lerato le bonahatsoang ha li hlokomelana linakong tsa tlokotsi.
Karolo 4: Mona u tla fumana boitsebiso bo hlollang ba kamoo boboleli ba ’Muso oa Molimo bo ileng ba fihla linaheng tse khōlō le lihleke-hlekeng tse hōle ho pota lefatše. Ak’u nahane feela—ho bolela linaheng tse 43 ka selemo sa 1914, empa linaheng tse 229 ka 1992! Liphihlelo tsa ba kopanetseng katolosong ena ea lefatše lohle ka sebele li futhumatsa pelo.
Karolo 5: Ho phetha mosebetsi ona oohle oa boboleli ba ’Muso ho ile ha hloka ntlafatso ea mehaho ea machaba bakeng sa ho hatisa Libibele hammoho le libuka tsa Bibele ka lipuo tse fetang makholo a mabeli. Mona u tla ithuta ka karolo eo ea mosebetsi oa tsona.
Karolo 6: Lipaki li boetse tsa tobana le liteko—tse ling ka lebaka la ho se phethahale ha botho, tse ling ka lebaka la baena ba bohata, le ho feta moo ka lebaka la mahloriso a tobileng. Lentsoe la Molimo le ile la lemosa hore ho ne ho tla ba joalo. (Luka 17:1; 2 Timothea 3:12; 1 Petrose 4:12; 2 Petrose 2:1, 2) Karolo ena ea buka ena e pheta ka ho hlakileng se hlileng sa etsahala le kamoo tumelo ea Lipaki tsa Jehova e li nolofalelitseng ho hlōla.
Karolo 7: Ha e qetella, buka ena e tšohla lebaka leo Lipaki tsa Jehova li kholisehileng ka tieo hore mokhatlo ona o hlophisitsoeng oo li leng karolo ea oona kannete ke o tataisoang ke Molimo. E boetse e tšohla lebaka leo li ikutloang ho hlokahala, e le mokhatlo o hlophisitsoeng le batho ka bomong, ho ipoloka li falimehile.
Ho phaella ho se ka holimo, buka ena e entsoeng ka tsela e khahlang e akarelletsa karolo ea litšoantšo ea maqephe a 50 e ntle le e hlahang motho leseling ka mebala, e bontša ntlo-khōlō ea lefatše hammoho le mehaho ea makala e sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara.
Haeba ha u e-s’o etse joalo, ka sebele u tla rua molemo ka ho fumana le ho bala kopi ea buka ena e hlollang.
Litlhaloso tse Tsoang ho ba Bang ba e Balileng
Maikutlo a ba seng ba balile buka ee ke afe? A seng makae ke ana:
“Ke sa tsoa qeta ho bala tlhaloso e hlollang le e phelang Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo. Ke mokhatlo o hlophisitsoeng feela oo ka botšepehi le ka boikokobetso o inehetseng ’neteng o ka ngolang sefahla-mahlo, ka sebete, le ka tsela e amang maikutlo hakana.”
“E baleha joaloka buka ea Liketso, ka botšepehi ba eona le ho hloka leeme ha eona.”
“Ke buka e ncha e hlollang hakaakang! . . . Ke mosebetsi o tsoileng matsoho oa histori.”
Ka mor’a ho bala hoo e ka bang halofo ea buka ena, monna e mong o ile a ngola: “Ke ne ke hloletsoe, ke hloka puo, ’me ke le haufi le ho lla. . . . Bophelong bohle ba ka, ha ho buka e kileng ea susumetsa maikutlo joaloka ena.”
“Pelo ea ka ea bina-bina nako le nako ha ke nahana kamoo buka ena e tlang ho matlafatsa tumelo ea bacha hammoho le ba bacha ’neteng ba kenang mokhatlong o hlophisitsoeng kajeno.”
“Ke ’nile ka ananela ’nete ka mehla, empa ho bala buka ena ho mputse mahlo ’me ho nthusitse ho hlokomela ka ho feletseng hore moea o halalelang oa Jehova o susumelitse sena sohle.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Batho ba bangata ba ile ba finyelloa ka molaetsa oa ’Muso esita leha Lipaki li ne li fokola ka palo