Bibele—Buka e Lokelang ho Baloa
HO BONOLO ho felloa ke mantsoe a hlakisang ka ho fetisisa ha motho a bua ka Bibele. Ke buka e rekisoang haholo ka ho fetisisa historing eohle. Bibele ke buka ea khale ka ho fetisisa, e fetoletsoeng haholo, e qotsoang haholo, e nang le tšusumetso ka ho fetisisa, le e hlomphuoang haholo. Mohlomong hape ke e bakileng khang e khōlōhali. ’Me ka sebele ke buka e pholohileng lithibelo tse ngata, ho chesoa haholo, le khanyetso e mabifi. Leha ho le joalo, ka bomalimabe ho na le mantsoe a hlakisang ka ho fetisisa a ke keng a hlola a sebelisoa Bibeleng. Ho ka etsahala hore ebe ha e sa le buka e baloang ka ho fetisisa lefatšeng.
Le hoja batho ba ka ’na ba e-ba le Bibele kae kae ka tlung, ba bangata ba ikutloa hore ba tšoarehile haholo hore ba ka qeta nako ba e bala. Ho bala e kile ea e-ba ntho e ratoang e fetisang nako nakong e fetileng. Leha ho le joalo, hona joale, ba bangata ba rata ho qeta nako eo ba sa tšoarehang ka eona ba shebeletse thelevishene kapa ba etsa ntho e ’ngoe. Ba sa ntsaneng ba bala hangata ba rata ntho e bobebe le e bonolo. Ho bala Bibele ho hloka ho tsepamisa mohopolo tabeng, ’me batho ba bangata ha ba sa tsepamisa mohopolo ka ho teba ho seo ba se balang.
Empa, Bibele ha ea ka ea phonyoha feela hore e siuoe e lutse lirakeng tsa libuka tsa rōna. Ho na le mabaka a matle a hore na ke hobane’ng ha e lokela ho baloa. Nahana ka linnete tse ling ka eona.
Hase Feela e Ileng ea Tsoela Pele e le Teng!
Lentsoe “Bibele” le tsoa lentsoeng la Segerike bi·bliʹa, le bolelang “libukana.” Hona ho re hopotsa hore Bibele e entsoe ka libuka tse ngata—tse ling ha li nyenyane hakaalo! Li ile tsa ngoloa ka nako ea lilemo tse makholo a leshome le metso e tšeletseng. Le hoja bangoli e ne e le batho, ba ne ba bululetsoe ke Mohloli o mong o phahameng. Mongoli e mong oa Bibele o ile a re: “Boporofeta ha boa ka ba tlisoa ke ho rata ha motho, empa ke ka tšusumetso ea Moea o halalelang batho ba halalelang ba Molimo ba buileng.” (2 Petrose 1:21) Seo e leng ’nete ka boprofeta ba Mangolo e boetse ke ’nete le ka Bibele eohle. “Libukana” tsena tse bululetsoeng ke Molimo li tletse menahano e phahameng ea Jehova Molimo. (Esaia 55:9) Hase feela Bibele e tsoetseng pele e le teng halelele hakana!
Ho bahlanka ba Molimo, Bibele e ’nile ea e-ba buka e ka sehloohong. Ba lumellana le moapostola Pauluse, eena e le e mong oa bangoli ba Bibele. O itse: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta.” (2 Timothea 3:16, NW) Ka lebaka leo, Bibele ke motheo oa tumelo ea Lipaki tsa Jehova kajeno. E rera lithuto tsa tsona le ho laola boitšoaro ba tsona. Ka pelo eohle li khothaletsa hore e mong le e mong a bale karolo e itseng ea Lentsoe la Molimo letsatsi le leng le le leng ’me a thuise ka kananelo ka seo e se fupereng.—Pesaleme ea 1:1-3.
Tloaelo ea ho Bala Bibele
Tloaelo ea ho bala Mangolo e ’nile ea e-ba molemo linakong tse fetileng. Marena a Iseraele a ile a laeloa hore a iketsetse kopi ea oona ea Molao e ngotsoeng ka letsoho—hona joale e leng karolo ea bohlokoa ea Bibele—’me a e bale letsatsi le leng le le leng e le khopotso ea ka mehla ea thato ea Molimo ho ’ona. (Deuteronoma 17:18-20) Ho hlōleha ho etsa sena ho ile ha bakela hore marena a mangata a oe.
Molemo oa ho ithuta Mangolo o bontšitsoe tabeng ea moprofeta Daniele ea hōlileng. Ka lebaka la ho ithuta ha hae likarolo tsa Bibele tse neng li le teng mehleng ea hae, Daniele, ha a le kholehong Babylona, o ile a khona ‘ho lemoha ka libuka’ hore boprofeta ba bohlokoa bo tlalehiloeng ke Jeremia bo ne bo le haufi le ho phethahala.—Daniele 9:2, NW.
Nakong ea ho tsoaloa ha Jesu, Simeone monna ea ‘lokileng, ea hlonephang Molimo’ ka tšepo o ne a lebeletse ho bona eo e neng e tla ba Kreste, kapa Messia. Simeone o ne a ile a tšepisoa hore a ke ke a shoa pele a bona Kreste. Ho bua ha hae ka mokhoa o sa tobang ka boprofeta ba Esaia ha a ntse a tšoere lesea Jesu ka matsohong a hae ho bontša hore Simeone e ne e le ’mali ea hlokolosi oa libuka tsa Bibele tse neng li se li ngotsoe mehleng ea hae.—Luka 2:25-32; Esaia 42:6.
Ha Johanne Mokolobetsi a ntse a bolela, “sechaba se ne se lutse ka tebello” ea Messia. See se bontša eng? Se fana ka maikutlo a hore ba bangata har’a Bajuda ba ne ba tloaelane le boprofeta ba Messia bo tlalehiloeng ka Mangolong. (Luka 3:15) Sena sea thahasellisa, hobane mehleng eo libuka li ne li sa fumanehe habonolo. Likopi tsa libuka tsa Bibele li ile tsa tlameha ho etsoa ka letsoho e leng ho neng ho hloka tlhokomelo le boiteko, ’me kahoo li ne li le theko e boima ho bile ho le thata ho li fumana. Batho ba ile ba tloaelana joang le seo li se fupereng?
Mabakeng a mangata, ka ho baloa phatlalatsa. Ka mohlala, Moshe o ile a laela hore ka linako tse itseng tse beiloeng, Molao oohle o fanoeng ke Molimo o ne o lokela ho balloa Baiseraele ba bokaneng. (Deuteronoma 31:10-13) Lekholong la pele la lilemo C.E., ho baloa phatlalatsa ha libuka tsa Bibele ho ne ho pharaletse. Morutuoa Jakobo o ile a hlalosa: “Hobane ha e le Moshe, ha e sa le le mehleng ea khale, o na le ba ’molelang metseng eohle, ’me o baloa masinagogeng ka matsatsi ’ohle a Sabatha.”—Liketso 15:21.
Kajeno, ho bonolo ho ba le kopi ea botho ea Bibele. Bonyane tse ling tsa “libukana” tsena lia fumaneha ka lipuo tse etsang karolo ea 98 lekholong ea baahi ba lefatše. Kahoo ho utloisa bohloko hore e be ba bangata ha ba thahaselle ho fumana seo Bibele e ba bolellang sona. Ena e ka ’na eaba ke mehla ea saense, empa Lentsoe la Molimo, Bibele, le ntse le le “molemo bakeng sa ho ruta” ka tsela e ikhethang. Le fana ka keletso e ntle mabapi le boitšoaro, likamano tsa batho, le lintlha tse ling tse ngata. Ho feta moo, Bibele e fana ka tšepo feela e tiileng bakeng sa bokamoso bo nang le khotso.
E Bale ka Mehla
Ka hona Lipaki tsa Jehova li ho entse karolo e ka sehloohong ea mosebetsi oa tsona ho khothaletsa ho baloa ha Bibele ka mehla. Ka mongolo o hlakileng mohahong oa fektheri ntlo-khōlō ea tsona ea lefatše Brooklyn, New York, ho hlaha khothatso ena: “BALA LENTSOE LA MOLIMO BIBELE E HALALELANG LETSATSI LE LENG LE LE LENG.” Ba limilione ba fetang le moo ba bone mantsoe ana, ’me ho tšeptjoa hore ba bangata ba a etse hloko.
Liphuthehong tse fetang 73 000 tsa Lipaki tsa Jehova ho pholletsa le lefatše, ho tšoaroa mananeo a Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo beke e ’ngoe le e ’ngoe. Karolo ea thupelo ena ke ho baloa phatlalatsa ha karolo e khethiloeng ea Bibele. Bohle ba teng le bona ba na le kabelo ea ho bala likhaolo li se kae tsa Bibele beke le beke ba le malapeng a bona. Ba tsamaisanang le kemiso ena ba qetella ba balile Bibele eohle.
Tokisetso ena e tumellanong le e ’ngoe ea libuka tse ithutoang e sebelisoang sekolong sena. Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo e re: “Kemiso eo e leng ea hao ka bouena e lokela ho akarelletsa ho baloa ha Bibele ka boeona. Ho na le molemo o moholo o fumanehang ka ho e bala eohle leqephe ka leqephe. . . . Leha ho le joalo, sepheo sa hao ho baleng e se ke ea e-ba feela ho akaretsa taba e itseng, empa ho fumana kakaretso ea se boleloang ke taba ka boikemisetso ba ho se hopola. Nka nako ho nahanisisa ka seo e se bolelang.”
Lingoliloeng tse ling tse hlahisoang ke Lipaki tsa Jehova ka ho tšoanang li khothaletsa ho baloa ha Bibele. Ka mohlala, makasineng e tsamaisanang le ena, Tsoha!, ho ile ha hlaha khothaletso e latelang ho batho ba bacha: “Na u kile oa bala Bibele kaofela? E, Bibele ke buka e khōlō, empa ke hobane’ng ha u sa e arole likarolo tse nyenyane hore u tsebe ho e bala? . . . Baberea ‘ba khabane ba ile ba hlahlobisisa Mangolo ka hloko ka mehla.’ (Liketso 17:11, NW) Haeba u latela kemiso ea ka mehla ea ho bala metsotso e 15 feela ka letsatsi . . . , u ka qeta ho bala Bibele pele selemo se fela.” E, Lipaki tsa Jehova li ikutloa hore Bakreste ba kajeno ba lokela ho tloaelana hantle le Mangolo, feela joalokaha bahlanka ba Molimo ba ne ba le joalo linakong tsa boholo-holo.
Li hopotse sena, Lipaki li khothalelitse mokhoa o fetohileng oa lekholo la bo20 la lilemo bakeng sa ho bala Bibele phatlalatsa. Ka lipuo tse ’maloa, li entse lik’hasete tse rekotiloeng tsa ho baloa ho akaretsang Bibele eohle. Ho ba bangata sena se ipakile e le thuso e ntle bakeng sa ho hlōla a mang a mathata a ho bala Bibele. Ba bang ba mamela lik’hasete tsena ha ba ntse ba sebetsa ka tlung, ba khanna makoloi a bona, kapa ba etsa lintho tse ling tse ngata. Ho lula fatše le ho mamela ka khutso ’malo oa karolo e itseng ea Bibele ha u ntse u latela ka kopi ea hao ke phihlelo e thabisang.
Haeba u se u ntse u sa bale Bibele letsatsi le letsatsi, ke hobane’ng ha u sa itloaetse ho etsa joalo? Hona ha ho hlokahale hore ho nke nako e telele letsatsi le leng le le leng, empa melemo e tla ba meholo, hobane ho sebelisa Mangolo ho tla u nolofaletsa ho nka bohato ka bohlale le ho thabela bophelo bo putsang ba moea. U tla be u boetse u le tumellanong le taelo ena e ileng ea fuoa moeta-pele oa Moiseraele Joshua khale: “Buka ena ea molao e se ke ea tloha molomong oa hao; u o nahane motšehare le bosiu, u tle u hlokomele ho etsa ka tsohle tse ngoliloeng teng; ke moo u tla atleha metsamaong ea hao, u iketle.”—Joshua 1:8.
Tlaleho ea Bibele e senola morero o lerato oa Jehova bakeng sa moloko oa batho ba utloang. Tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la hae le bululetsoeng e fella ka thabo ea ’nete le tšepo ea bophelo bo sa feleng Paradeiseng lefatšeng le lecha le babatsehang la mahlohonolo a sa feleng. (Luka 23:43; 2 Petrose 3:13) E se eka u ka sebelisa monyetla oa hao ho bala le ho ithuta Bibele ’me u finyelle bophelo bona bo babatsehang.