Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 5/15 maq. 28-30
  • Ho Sebetsana le ho Hloloheloa Hae Tšebeletsong ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebetsana le ho Hloloheloa Hae Tšebeletsong ea Molimo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sareloa ho Bakoa ke Eng?
  • Ho Sebetsana le Maikutlo a Hao
  • Lula U Ntse U Lebeletse se Tlang
  • Na U ka Sebetsa Naheng e ’Ngoe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Micronesia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • “Tloha Naheng ea Heno le ho Bang ka Uena”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Na U ka Tšelela Macedonia?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 5/15 maq. 28-30

Ho Sebetsana le ho Hloloheloa Hae Tšebeletsong ea Molimo

JESU KRESTE o laetse balateli ba hae: “E-eang . . . le rute lichaba tsohle.” (Mattheu 28:19) Ho Bakreste ba bangata, ho phethahatsa thōmo eo ho boletse ho amohela maemo a thata ba le hōle le hae. Balebeli ba tsamaeang, basali ba bona, le ba bang ba tlohela lintho tse ngata ka lebaka la tšebeletso ea Molimo. Ho hloloheloa hae e ka ba phephetso ea sebele ho Lipaki tsena tsohle tsa Jehova.

Ho hloloheloa hae ho ba teng ha u hopola tšireletseho le lerato la nako e fetileng le thabisang. Sena se ka baka boikutlo bo matla hoo u ikutloang u tepeletse maikutlo ’me u sa khone ho tsoela pele. Ha e le hantle, ba bang ka mor’a ho rekisa thepa ea bona le ho nka leeto le bitsang chelete e ngata ho ea naheng esele, ba ile ba nyahlatsa merero ea bona ’me ba khutlela hae. Ho hloloheloa hae ho ile ha ba hlōla.

Litlhaselo tse joalo maikutlong hangata li tloaelehile ka mor’a ho falla ka lekhetlo la pele, empa ho ba bang li tsoela pele nakong eohle ea bophelo. Ka mor’a ho ba sieo ka lilemo tse fetang 20, Jakobo o ne a ‘hlolohetsoe ntlo ea ntat’ae ka ho fetisisa.’ (Genese 31:30) Ke bo-mang ba ka lebellang hore ba hloloheloe hae? Ho bakoa ke eng? Motho a ka sebetsana le maikutlo a joalo joang?

Ho Sareloa ho Bakoa ke Eng?

Ho hloloheloa hae ho ka ama motho leha e le ofe. Amytis, morali oa morena Astyages oa Media, kamoo ho bonahalang kateng o ne a e-na le mabaka ’ohle a ho thaba: maruo, botumo, lehae le letle. Leha ho le joalo, o ne a hlolohetsoe lithaba tsa Media hoo monna oa hae, Morena Nebukadnezare, a ileng a lema lirapa lithabeng tsa maiketsetso tsa Babylona a leka ho mo tšelisa.

Ho hloloheloa hae e ka ba ho lekang haholo-holo ha ho bonahala bophelo bo le boima ho feta pele motho a falla. Ha batho ba Juda e e-ba batlamuoa, ba ile ba lla: “Mabopong a linōka tsa Babilona re ne re lutse, re lla, ha re hopola Sione. Re ka bina lifela tsa Jehova joang lefatšeng la balichaba?”—Pesaleme ea 137:1, 4.

Lintho tse ngata li ka baka khatello ea maikutlo e tlisoang ke ho hloloheloa hae. Terri, ea neng a tlohile Canada, o re: “Ka letsatsi le leng setšoantšo sa lelapa se ile sa oa se tsoa ka bukeng. Ha ke se nka, hang-hang tlholohelo e matla e ile ea nkaparela, ’me ka lla.” Chris, ea ileng a falla England ho ea naheng e futsanehileng haholoanyane, oa lumela: “Ho utloa molumo oa pina ea khale feela kapa monko o monate oa lijo tseo ke li tloaetseng ho ne ho nketsa hore ke hloloheloe lintho tseo ke li siileng morao.”—Bapisa le Numere 11:5.

Hangata litlamo tsa lelapa tse haufi-ufi lia tlatsetsa. Roseli, oa Brazil eo hona joale a lulang naheng ea boahelani, oa hlalosa: “Ke ikutloa ke nyahame ha ke fumana litaba tse bohloko tse tsoang hae ’me ke sitoa ho ba teng hore ke thuse. Ka linako tse ling ho hobe le ho feta ha ke sa fumane litaba ’me ke qala ho nahana lintho tse ngata.” Janice o ile a falla Amerika Leboea ho ea toropong e nyenyane libakeng tse chesang tse mongobo tsa Amazon. O re: “Ke hloloheloa hae ha ke utloa litaba tse monate tse tsoang hae. Ke utloa kamoo ba thabelang botsoalle kateng, ’me ke lakatsa eka nkabe ke e-na le bona.”

Hase feela ho siea batho ho bakang ho hloloheloa hae. Linda oa hlalosa: “Ke ne ke ferekana ha ke sa tsebe moo nka rekang lintho tseo ke li hlokang. Ke ne ke sa tsebe litheko kapa ho fapanyetsana lintho thekisong. Ho ba le koloi ho ne ho hloka chelete e ngata haholo, ’me ka mehla ke ne ke sutumetsoa ha ke loanela ho palama lipalangoang tsa sechaba tse tletseng tsoete. Sena se ne se nketsa hore ke hloloheloe hae.” Ha a hlalosa ka lekhalo la mekhoa ea bophelo le moruo, Janet oa hlalosa: “Ke ne ke khopisoa ke bofutsana. Le ka mohla ke ne ke e-s’o bone batho ba kōpa bohobe, kapa malapa a maholo a phela ka phaposing e le ’ngoe ho se na lipompo tsa metsi ka tlung. . . . Lintho tse joalo li ne li nkhopisa haholo hoo ke ileng ka ikutloa hore nke ke ka hlola ke lula moo.”

Ho Sebetsana le Maikutlo a Hao

Ha rea lokela ho ikutloa re tsielitsoe ke ho ba le maikutlo a matla ka batho bao re ba ratang kapa ka tikoloho eo re e tloaetseng ea ha re hōla. Jehova Molimo o re file maikutlo e le hore re ka thabela likamano tse mofuthu tsa botho. Balebeli ba Bakreste ba phutheho ea Efese e ne e le banna ba hōlileng maikutlong. Empa ho ile ha etsahala’ng ha ketelo ea moapostola Pauluse ho bona e atamela ho fela? “Eaba ba tšoaroa bohle ke ho lla haholo-holo; ba itihela molaleng oa Pauluse, ba mo aka”! (Liketso 20:37) Ho hlakile hore ketsahalo eo e ne e sa amane le ho hloloheloa hae. Leha ho le joalo, e re neha lebaka la ho nahana. Ho tloaelehile ho ba le maikutlo, empa ha rea lokela ho a lumella hore a re laole. Joale, re ka khona ho sebetsana ka katleho joang le ho hloloheloa hae?

Ho ithuta puo ea sebakeng seo ke senotlolo sa ho ikutloa u tsitsitse. Maikutlo a ho hloloheloa hae a ka ’na a phahama ha puisano e sitisoa hobane u tlameha ho sebetsana le puo esele. Ka hona, haeba ho khoneha, ithute ho bala le ho bua puo ea sebakeng seo pele u fallela teng. Ho seng joalo, lebisa tlhokomelo ho ithuteng puo nakong ea libeke tse ’maloa ka mor’a hore u fihle moo. Ke nakong eo u nang le tšusumetso e matla ’me ka hona u ba le tebello e molemohali ea ho ithuta. Haeba u nehela libeke tsena haholo-holo bakeng sa ho ithuta puo, kapele-pele u tla be u thabela ho qoqa, ’me seo se ka u thusa ho fokotsa boikutlo ba ho hloloheloa hae.

Etsa metsoalle e mecha kapele kamoo ho ka khonehang, hobane sena se tla u thusa hore u ikutloe u amohelehile. Phuthehong ea Lipaki tsa Jehova ke sebaka se molemohali seo u ka etsang metsoalle ea sebele ho sona. Nka bohato ba pele ’me u thahaselle ba bang. Etsa boiteko ba ho tseba semelo sa bona, lelapa la bona, mathata a bona, le lithahasello tsa bona. Memela balumeli-’moho le uena lelapeng la hao. Ka ho tšoanang, u tla fumana hore ba bang le bona ba u thahasella.

Har’a batho ba Molimo, setsoalle se ka ba haufi-ufi joaloka litlamo tsa lelapa. Jesu o itse: “Ea etsang thato ea Molimo, ke eena e leng ngoan’eso le khaitseli ea ka le ’mè.” (Mareka 3:35) Hape Kreste o tiiselitse balateli ba hae: “Ha ho motho ea ka tlohelang ntlo, kapa banab’abo, leha e le bo-khaitselie, kapa ntat’ae, leha e le ’m’ae, kapa bana, leha e le masimo, ka baka la ka le la Evangeli ea ke keng a neoa halekholo, joale, mehleng ena, matlo, le banab’abo, le likhaitseli, le bo-’m’ae, le bana, le masimo, hammoho le lihloriso; ’me mehleng e tla tla, a neoe bophelo bo sa feleng.” (Mareka 10:29, 30) Ka boena bo joalo ba moea bo babatsehang, ha re bang, esita le naheng e ncha.

Ho boloka setsoalle le ba hae le hona ho ka u thusa hore u sebetsane le ho hloloheloa hae. U ka ’na ua makala ho hlokomela hore joale kaha u se u faletse, puisano ka lengolo e na le moelelo o khethehileng, kaha mohlomong u tla nahanisisa mantsoe a hao haholoanyane. Ho tla ba le lintho tse ngata tse thabisang tseo u ka li buang. Janet, ea boletsoeng pejana, o fana ka tlhahiso: “Ho letsa thelefono u le sebakeng se hōle ho bitsa chelete e ngata, empa ho romela k’hasete e hatisitsoeng ka poso ho bitsa chelete e fokolang ha ho bapisoa. Qalong ho buela mochining ho utloahala ho sa tloaeleha. Empa, haeba u qoqa le motho e mong ka microphone, ho bonolo ebile hoa thahasellisa.” Le uena ka ho tšoanang u ka ’na ua kōpa ho romelloa k’hasete e hatisitsoeng.

Shirley, ea faletseng United States ho ea Latin America lilemong tse 25 tse fetileng, o re: “Ka mehla ke ngola ka liphihlelo tse hahang ho e-na le mathata. Sena se khothaletsa ba bang hore ba ’ne ba ’ngolle.” Leha ho le joalo, hlokomela. Ho ngola mangolo ka ho tlōlisa ho ka u khina hore u etse metsoalle e mecha. Del, ea ileng a falla Canada ho ea naheng e ’ngoe, o re: “Qoba ho lula hae u ntse u touta ka lintho tseo u li hlolohetsoeng. Ho e-na le hoo, intše ’me u thabele sebaka se secha seo u lulang ho sona.”

Tseba ka meetlo, histori, metlae, le libaka tse thahasellisang le tse ntle tsa naha e ncha. Sena se tla u thusa hore u se ke ua lebisa tlhokomelo ea hao litšobotsing tse seng molemo. ’Me haeba u rera ho lula moo u falletseng teng, ho molemo hore u se ke ua etela haeno kapele haholo kapa hangata haholo. Ho nka nako ho etsa metsoalle e mecha le ho tloaela tikoloho e ncha. Ho etela hae hangata ho kena-kenana le tšebetso eo. Hang feela ha u tsitsitse lehaeng la hao le lecha, u ka thabela ho ea hae u chaka—’me u be u khutle. Ho sa le joalo, lula u tšoarehile ka ho etsa setsoalle lehaeng la hao le lecha.

Lula U Ntse U Lebeletse se Tlang

Jehova o re file lefatše lohle e le lehae la rōna. (Pesaleme ea 115:16) Ka moea oa thabo oa Bokreste, bophelo e ka ba bo thabisang naheng leha e le efe. Haeba u falla ka sepheo sa ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso le ho bolela litaba tse molemo naheng e ’ngoe kapa kae-kae hona naheng ea heno, etsa joalo ka tebello e thabisang. Lebella ho etsa metsoalle e mecha, ho ithuta ka meetlo e fapaneng, ho etsa barutuoa, kapa ho etsa lintho tse putsang tšebeletsong ea Molimo.

Jehova Molimo ke Motsoalle a le mong ea tla be sale a e-na le uena, ho sa tsotellehe hore na u hokae. (Pesaleme ea 94:14; 145:14, 18) Kahoo lula u le haufi le eena ka thapelo. (Ba-Roma 12:12) Sena se tla u thusa ho hopola morero oa hao bophelong joaloka mohlanka oa Molimo. Abrahama le Sara ba ile ba lula ba hopotse morero oa bona ha ba ne ba tloha lehaeng la bona le mabotho-botho motseng oa Ure. Ka lebaka la ho utloa taelo ea Jehova, ba ile ba siea metsoalle le beng ka bona. (Liketso 7:2-4) Haeba ba ne ba ka lula ba hopotse le ho hloloheloa sebaka seo ba tlohileng ho sona, ba ka be ba bile le monyetla oa ho khutla. Empa ba ne ba hahamaletse sebaka se molemonyana—qetellong bophelo lefatšeng la paradeise tlas’a ’Muso oa Molimo oa leholimo.—Ba-Heberu 11:15, 16.

Ho sebetsa tšimo linaheng lisele kapa moo tlhokahalo ea bahoeletsi ba ’Muso e leng khōloanyane naheng ea heno e ka hla ea e-ba phephetso. Empa e boetse ke mosebetsi o behang litholoana le o putsang. (Johanne 15:8) ’Me haeba ka nakoana mehopolo e fosahetseng e u pupetsa, e ka hlōloa ka ho hopola pakane ea hao ka linako tsohle le ho talima pele. Moromuoa e mong oa khaitseli ea sa nyaloang o itse: “Ha ke utloa masoabi a nkaparela, ke leka ho nahana ka lefatše le lecha le kamoo moloko oohle oa batho e tlang ho ba lelapa le le leng kateng.” Menahano e thabisang joaloka ona e ka u thusa ho boloka thabo ea hao le ho se inehele ho hloloheloeng hae.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ha ho hlokahale hore ho hloloheloa hae ho kena-kenane le tšebeletso ea Bokreste

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela