Litaba Tsena tse Molemo li Lokela ho Boleloa Pele
“Lichabeng tsohle litaba tse molemo li lokela ho boleloa pele.”—MAREKA 13:10, NW.
1, 2. Tšobotsi e khethollang Lipaki ke efe, hona hobane’ng?
KE HOBANE’NG ha Lipaki tsa Jehova li bolela ka phehello hakaale? Ka sebele re tsebahala lefatšeng ka bophara ka boboleli ba phatlalatsa ba rōna, ebang ke ka ntlo le ntlo, literateng, kapa ha re teana le batho re sa rera. Ha ho hlaha monyetla o mong le o mong o loketseng, re itsebahatsa re le Lipaki ’me re leka ka masene ho tsebahatsa litaba tse molemo tseo re li nkang e le letlotlo. Ha e le hantle, re ka re tšebeletso ena ke tšobotsi e re khethollang!—Ba-Kolosse 4:6.
2 Nahana—neng le neng ha batho ba bona tikolohong ea bona sehlopha sa banna, basali, le bana ba apereng hantle, ba nkileng mekotlana ea libuka, ka tloaelo ntho ea pele eo ba nahanang ka eona ke efe? Na ke ho re, ‘Oho, Mak’hatholike (kapa Maorthodox) e se e le ao hape!’ kapa, ‘Mapentekonta (kapa Mabaptiste) ke ao hape!’ Che. Batho baa tseba hore malumeling a joalo hase litho tsa malapa kaofela tse etsang tšebeletso ea ntlo le ntlo. Mohlomong lihlopha tse ling tsa bolumeli li romela “baromuoa” ka nako ea lilemo tse peli feela libakeng tse itseng, empa litho feela tse tloaelehileng tsa tsona ha li kopanele tšebeletsong leha e le efe e joalo. Ke Lipaki tsa Jehova feela tse lemohuoang lefatšeng ka bophara ka cheseho ea tsona ea ho tsebahatsa molaetsa oa tsona ho ba bang ha ho hlaha monyetla o mong le o mong o loketseng. ’Me li tsebahala ka limakasine tsa tsona, Molula-Qhooa le Tsoha!—Esaia 43:10-12; Liketso 1:8.
Ho se Tšoane le Baruti ba Bokreste-’mōtoana
3, 4. Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba atisa ho hlalosoa joang mecheng ea litaba?
3 Ka mokhoa o sa tšoaneng ka ho feletseng, litlaleho tsa litaba nako le nako li ’nile tsa senola boholo ba baruti linaheng tse ling e le ba khethang ho ba le likamano tsa botona le botšehali le bana, baqhekelli ba itšoereng hampe, le balotsana. Mesebetsi ea bona ea nama le mekhoa ea bophelo ea bona e mabotho-botho e totobetse hoo e bonoang ke bohle. Moqapi e mong oa lipina ea tummeng o ile a hlalosa hantle pineng ea hae e reng, “Na Jesu o ne a ka Roala Rolex [oache ea khauta e theko e boima haholo] Lenaneong la Hae la Thelevishene?” O botsa potso: “Na Jesu o ne a tla sekamela lipolotiking haeba A ne a ka khutlela Lefatšeng? A be le ntlo ea Hae ea bobeli Palm Springs [sebaka sa California moo ho lulang batho ba ruileng] ’me a leke ho pata leruo la Hae?” Mantsoe a Jakobo a loketse hakaakang: “Le ipheletse lefatšeng ka menate, le bone menyaka, le nontšitse lipelo tsa lōna letsatsing la hlabo.”—Jakobo 5:5; Ba-Galata 5:19-21.
4 Setsoalle sa baruti le bo-ralipolotiki haesita le ho nka karolo likhethong e le bo-nkhetheng ba lipolotiki li ba hlahatsa hore ke bangoli le Bafarisi ba kajeno. Ka nako e tšoanang, linaheng tse kang United States le Canada, matlole a bolumeli a phophothoa ke litšenyehelo tse phahamang tsa linyeoe le likahlolo khahlanong le baruti, tse bakoang ke boitšoaro ba bona bo sa lokelang ba likamano tsa botona le botšehali boo ba bo etsang le bana le batho ba baholo.—Mattheu 23:1-3.
5. Ke hobane’ng ha baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ipakile e se “mohlanka ea khabane, ea bohlale”?
5 Ka nepo, Jesu o ne a ka re ho baruti ba mehleng ea hae: “Ho malimabe lōna, bangoli le bafarisi, baikaketsi! hobane le joalo ka mabitla a koetlisitsoeng, a nang le ponahalo e ntle kantle, kanthebo, kahare, a tletse masapo a bafu le ho bola hohle. Le lōna, ho batho ba le talimang kantle, ho joalo ka eka le lokile, athe ka hare ho lōna le tletse boikaketsi le bokhopo.” Kahoo, Molimo ha aa neha baruti ba Bokreste-’mōtoana, ebang ke ba K’hatholike, Prostanta, Orthodox, kapa bao e seng ba mokhatlo ofe kapa ofe oa bolumeli, thōmo ea ho bolela litaba tse molemo. Ha baa ipaka e le “mohlanka ea khabane, ea bohlale” ea ileng a boleloa esale pele.—Mattheu 23:27, 28; 24:45-47.
Litaba tse Molemo li Boleloe Pele Hobane’ng?
6. Ke liketsahalo life tse tla tloha li etsahala?
6 Tlhalosong ea hae e tobileng ea taelo ea Jesu ea ho boleloa ha litaba tse molemo lichabeng tsohle, ke Mareka feela ea sebelisang lentsoe “pele.” (Mareka 13:10; bapisa le Mattheu 24:14.) Phetolelo ea J. B. Phillips e baleha tjena: “Hobane kosepele e tlameha ho bolelloa lichaba tsohle pele bofelo bo e-tla.” Ho sebelisoa ha “pele” e le leeketsi ho fana ka maikutlo a hore liketsahalo tse ling li tla latela mosebetsi oa lefatše ka bophara oa ho bolela evangeli. Liketsahalo tseo li tla akarelletsa mahlomola a maholo a tšepisitsoeng le puso e lokileng ea Kreste holim’a lefatše le lecha.—Mattheu 24:21-31; Tšenolo 16:14-16; 21:1-4.
7. Ke hobane’ng ha Molimo a batla hore litaba tse molemo li boleloe pele?
7 Ka hona ke hobane’ng ha Molimo a batla hore litaba tse molemo li boleloe pele? Lebaka le leng ke hore ke Molimo oa lerato, toka, bohlale, le matla. Phethahatsong ea lipolelo tsa Jesu tse tlalehiloeng ho Mattheu 24:14 le Mareka 13:10, re ka fumana ponahatso e khahlehang ea litšoaneleho tsena tsa Jehova. A re li hlahlobeng ka bokhutšoanyane ka bonngoe ’me re bone hore na li amana joang le ho boleloa ha litaba tse molemo.
Litaba tse Molemo le Lerato la Jehova
8. Ho boleloa ha litaba tse molemo ke ponahatso ea lerato la Molimo joang? (1 Johanne 4:7-16)
8 Ho bolela litaba tse molemo ho bonahatsa lerato la Molimo joang? Pele ho tsohle, hobane hase molaetsa o reretsoeng feela morabe o le mong kapa sehlopha. Ke litaba tse molemo bakeng sa “lichaba tsohle.” Molimo o rata lelapa la motho hoo a ileng a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng hore e be sehlabelo sa thekollo bakeng sa libe tsa moloko oa batho kaofela, eseng morabe o le mong feela. Moapostola Johanne o ile a ngola: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši, hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng. Hobane Molimo o romile Mora oa oona lefatšeng, e seng hore a ahlole lefatše, empa e le hore lefatše le bolokoe ke eena.” (Johanne 3:16, 17) Ka sebele litaba tse molemo, molaetsa o tšepisang lefatše le lecha la khotso, kutloano, le toka, ke bopaki ba lerato la Molimo.—2 Petrose 3:13.
Litaba tse Molemo le Matla a Jehova
9. Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a sebelisa malumeli a matla a Bokreste-’mōtoana hore a bolele litaba tse molemo?
9 Matla a Jehova a bonahatsoa joang ka ho boleloa ha litaba tse molemo? Nahana, ke bo-mang bao a ’nileng a ba sebelisa ho phethahatsa thōmo ee? Na ke mekhatlo ea bolumeli ba Bokreste-’mōtoana e matla ka ho fetisisa, e kang Kereke ea Roma e K’hatholike kapa lihlopha tse ka sehloohong tsa Boprostanta? Che, ho kopanela ha eona lipolotiking ho entse hore e se ke ea tšoanelehela kabelo ena. (Johanne 15:19; 17:14; Jakobo 4:4) Leruo la eona le leholo ka papiso le litšebelisano tsa eona le sehlopha sa batho ba phahameng ba busang ha li khahle Jehova Molimo, kapa hona hore o khahloa ke thuto ea eona ea bolumeli e tlamahaneng le lineano. Ha hoa ka ha hlokahala matla a motho hore thato ea Molimo e etsoe.—Zakaria 4:6.
10. Molimo o khethile bo-mang hore ba etse boboleli?
10 Ho joalokaha moapostola Pauluse a ile a bolela lengolong la hae le neng le e-ea ho phutheho ea Korinthe: “Banab’eso, le lemoheng hle ho bitsoa ha lona, hobane ba bohlale ka mokhoa oa nama ha ba bakae, le ba matla ha ba bakae, le ba baholo ha ba bakae. Empa Molimo o ikhethetse tse hlanyang tsa lefatše, o tle o soabise tse bohlale; ’me tse fokolang tsa lefatše, Molimo o ikhethetse tsona, o tle o soabise tse matla. Hape, Molimo o ikhethetse mafeela a lefatše, le tse songoang, le tse leng sieo, o tle o tsietse tse leng teng, hore ho tle ho se ke ha e-ba nama, leha e le ’ngoe, e ithorisang pel’a oona.”—1 Ba-Korinthe 1:26-29.
11. Ke linnete life tse buang ka Lipaki tse entseng hore e be tse khethehileng?
11 Barui baa rothela har’a Lipaki tsa Jehova ’me ka sebele ha ho na ba matla lipolotiking. Boemo ba tsona bo sa fetoheng ba ho se jele pate litabeng tsa lipolotiki bo bolela hore ha ho tšusumetso ea lipolotiki eo li ka e sebelisang. Ho fapana le hoo, ka makhetlo a mangata e ’nile ea e-ba bahlaseluoa ba tlhoriso e nyonyehang e hlohlelletsoang ke baeta-pele ba bolumeli le ba lipolotiki lekholong lena la lilemo la bo20. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe khanyetso e bohale bo tšosang e ileng ea hlohlelletsoa khahlanong le tsona ke barutuoa ba Manazi, Mafascista, Makomonisi, ba nang le bochaba le balumeli ba bohata, Lipaki ha li felle feela ka ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle empa hape palo ea tsona e eketsehile ka mokhoa o tsotehang.—Esaia 60:22.
12. Ke hobane’ng ha Lipaki li atlehile?
12 Lipaki li re li atlehisoa ke eng? Jesu o ile a tšepisa barutuoa ba hae: “Le tla fuoa matla mohla Moea o Halalelang o tlang ho lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.” Kahoo, ebe hantle-ntle mohloli oa katleho ea tsona e ne e tla ba eng? Jesu o ile a re: “Le tla fuoa matla mohla Moea o Halalelang o tlang ho lōna.” Ka ho tšoanang kajeno, matla a tsoang ho Molimo, eseng matla a motho, e bile senotlolo sa katleho ea Lipaki tšebeletsong ea tsona ea lefatše ka bophara. Ka hore a sebelise batho ba bonahalang e le ba fokolang ka ho fetisisa, Molimo o phetha mosebetsi o moholo ka ho fetisisa oa thuto historing.—Liketso 1:8; Esaia 54:13.
Litaba tse Molemo le Bohlale ba Jehova
13. (a) Ke hobane’ng ha Lipaki li sebetsa ka boithaopo le ntle ho tefo? (b) Jehova o arabetse tšomo ea Satane joang?
13 Litaba tse molemo li boleloa ke baithaopi. Jesu o ile a re: “Le neiloe feela, neang feela.” (Mattheu 10:8) Ka hona, ha ho lea mong ho Lipaki tsa Jehova ea lefuoang ka lebaka la ho sebeletsa Molimo, leha e le hore baa ho batla. Ha e le hantle, libokeng tsa tsona le likoleke ha li eo. Ka tšebeletso ea tsona ea boinehelo e se nang boithati, li thabela ho neha Molimo karabo e arabang monģosi oa hae, Satane Diabolose. Ha e le hantle mohanyetsi enoa oa Molimo oa moea o ile a re batho ba ne ba ke ke ba sebeletsa Molimo ba se na lebaka la boithati. Bohlaleng ba hae Jehova o entse hore tšomo ea Satane e be le karabo e ke keng ea hanyetsoa—Lipaki tsa Bakreste tse tšepahalang tse baloang ka limilione tse bolelang litaba tse molemo ka ntlo le ntlo, literateng, le ka mokhoa o sa reroang.—Jobo 1:8-11; 2:3-5; Liproverbia 27:11.
14. “Bohlale bo patiloeng” boo Pauluse a buang ka bona ke eng?
14 Bopaki bo bong ba bohlale ba Molimo tabeng ea ho boleloa ha litaba tse molemo ke hore tšepiso ea ’Muso ka boeona ke ponahatso ea bohlale ba Molimo. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Re bolela bohlale har’a ba phethehileng, e seng bohlale ba lefatše lena, le ba marena a lefatše lena a felang; empa re bolela bohlale ba Molimo, e leng sephiri, bohlale bo patiloeng, boo Molimo o bo lokisitseng pele, lilemo li e-so ka li e-ba teng, e be tlotliso ea rona.” “Bohlale bo patiloeng” boo bo bolela mokhoa o hlalefileng oa Molimo oa ho felisa borabele bo qalileng Edene. Bohlale ba sephiri seo se halalelang bo ile ba senoloa ho Jesu Kreste, eo e leng sehlooho sa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.a—1 Ba-Korinthe 2:6, 7; Ba-Kolosse 1:26-28.
Litaba tse Molemo le Toka ea Molimo
15. Re tseba joang hore Jehova ke Molimo oa toka? (Deuteronoma 32:4; Pesaleme ea 33:5)
15 Ke mabapi le toka moo re bonang ka ho khethehileng bohlokoa ba lentsoe “pele” le leng ho Mareka 13:10. Jehova ke Molimo oa toka e kopantsoeng le mosa o lerato. O re ka moprofeta oa hae Jeremia: “Ea ithorisang a ke a ithorisetse hona: ha a etsa ka bohlale, a ntseba, hobane ke ’na Jehova ke etsang mohau, le kahlolo, le ho loka lefatšeng, hobane ke khahlisoa ke tseo, ho bolela Jehova.”—Jeremia 9:24.
16. Ho ka bontšoa joang hore toka e hloka hore ho fanoe ka temoso pele?
16 Toka ea Jehova e bontšoa joang mabapi le ho boleloa ha litaba tse molemo? Re tla etsa papiso ka ’mè ea entseng kuku e hlabosang ea chokolete e tla jeoa ha baeti ba e-tla hamorao letsatsing leo. Haeba a e siea tafoleng ea kichine a sa re letho ho bana ba hae ka hore na e tla jeoa neng, tšekamelo ea bana ea tlhaho e tla ba efe? Kaofela ha rōna re kile ra ba bana! Ho na le monoananyana o tla batla ho latsoa kuku eo! Joale haeba ’mè a ile a hlōleha ho fana ka temoso e tšoanelang, ha a na ho ba le motheo o lokileng oa taeo. Ka lehlakoreng le leng, haeba a bolela ka ho hlakileng hore kuku e tla jeoa hamorao letsatsing leo ha baeti ba e-tla ’me ka hona ha ea lokela ho thetsoa, joale o fane ka temoso ka ho hlakileng. Haeba ho se mamele ho le teng, o na le tokelo ea ho nka bohato bo tiileng le bo lokileng.—Liproverbia 29:15.
17. Jehova o bonahalitse toka ka tsela e khethehileng joang ho tloha ka 1919?
17 Jehova, tokeng ea hae, a ke ke a nka khato ea kahlolo khahlanong le tsamaiso ena ea lintho e khopo a sa fana pele ka temoso e loketseng. Ka hona, haholo-holo ho tloha ka 1919, ka mor’a ntoa ea pele ea lefatše e neng e tlisitse “tlokotsi,” Jehova o entse hore Lipaki tsa hae li pholletse le lefatše lohle li bolela litaba tse molemo ka cheseho. (Mattheu 24:7, 8, 14) Lichaba li ke ke tsa bolela ka nepo hore li hloka tsebo ka temoso ena e ikhethang.
Lefatše le Akarelitsoe ka Bophara Hakae?
18. (a) Ho na le bopaki bofe ba mosebetsi oa Lipaki libakeng tse thōko? (b) Ke mehlala efe e meng eo u e tsebang?
18 Pontšo ea ho atleha ha mosebetsi ona oa thuto oa lefatše ka bophara e ka bonoa bukeng Last Places—A Journey in the North. Sengoli sa eona se bolela hore ha se ne se hlahloba lichate tsa leoatle bakeng sa sehleke-hleke se thōko sa Foula, se seng sa Lihleke-hleke tsa Shetland tse ka leboea ho Scotland, lichate li ile tsa supa “WKS (wrecks [likarapa tsa likepe]), RKS (rocks [mafika]), LDGS (ledges [mepopotlo ea mahoholi a leoatle e haufi le lebōpo]), le OBS (obstructions [litšitiso]) ho pota sehleke-hleke.” Lintho tsena “li ne li hlokomelisa mosesisi oa sekepe ea neng a ka nahana ho ea moo hore a se atamele moo. Metsi a pota-potileng Foula e ne e le leraba la liqhomane le tšosang, le neng le etsa hore sehleke-hleke e be se se nang kamohelo e mofuthu ea basesisi ba liketsoana, batho ba nkang maeto motšehare, esita le basebetsi ba mesebetsi ea sechaba e khethehileng ea Motlotlehi Mofumahali oa Engelane, le hoja—kamoo ke ileng ka tseba kateng matsatsing a seng makae—a ne a sa thibele Lipaki tsa Jehova.” O ile a tsoela pele: “Feela joalokaha li ne li batla basokolohi ka hloko har’a libaka tsa baahi ba boemo bo tlaase le Linaheng tse Fokolang Moruong, ka tsela e joalo li ne li ba sokollela tumelong ea tsona Foula e hōle.” O ile a hlokomela hore moahi oa moo, Andrew, o ne a e-na le kopi ea Molula-Qhooa e neng e siiloe monyako ha hae likhoeling tse itseng tse fetileng. Joale a eketsa: “Beke hamorao ke ile ka bona kopi ea [Tsoha! ea Sedanishe] Faeroes [lihleke-hlekeng tsa Leoatle la Leboea] ’me likhoeli tse peli hamorao ka bona kopi ea [Molula-Qhooa oa Sedanishe] Nuuq, Greenland.” Ke bopaki bo hlakileng hakaakang ba mosebetsi o chesehang oa Lipaki tsa Jehova libakeng tseo tsa leboea!
Ke Eng se Etsang Hore Lipaki li se ke tsa Khaotsa?
19, 20. (a) Ke eng se tlamang Lipaki tsa Jehova hore li se ke tsa khaotsa ho bolela? (b) Ke lipotso life tse tla arabjoa hamorao?
19 Ntle ho pelaelo, ho bolela ka ntlo le ntlo ho batho basele hase ntho e bonolo, ho sa tsotellehe hore na motho e bile Paki ka lilemo tse kae. Ebe joale ke eng se etsang hore Bakreste baa ba se ke ba khaotsa? Boinehelo ba bona ba Bokreste le kananelo ea boikarabelo. Pauluse o ile a ngola: “Leha ke bolela Evangeli [litaba tse molemo, NW], teng ha ke na seo nka ithorisang ka sona, kahobane molao oa teng o ntlamile, ’me ho malimabe ’na ha ke sa bolele Evangeli!” Bakreste ba ’nete ba na le molaetsa o bolelang bophelo, ebe joale ba ka ipolokela oona joang? Molao-motheo oa molato oa mali ka booona bakeng sa ho hlōleha ho fana ka temoso nakong ea kotsi ke lebaka le tlamang la hore ho boleloe litaba tse molemo.—1 Ba-Korinthe 9:16; Ezekiele 3:17-21.
20 Ebe joale litaba tse molemo li boleloa joang? Senotlolo sa katleho ea Lipaki ke eng? Ke litšobotsi life tsa tšebeletso ea tsona le tlhophiso tse thusang ho li khetholla e le bolumeli ba ’nete? Sehlooho sa rōna se latelang se tla araba lipotso tseno.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlhaloso e eketsehileng ea bohlale ba Molimo le “sephiri se halalelang,” bona Insight on the Scriptures, Buka II, leqepheng la 1190, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
Na Ua Hopola?
◻ Ke eng se khethollang Lipaki tsa Jehova ho baruti?
◻ Boboleli bo bonahatsa lerato, matla, le bohlale tsa Molimo joang?
◻ Ho bolela litaba tse molemo ho bonahatsa toka ea Molimo joang?
◻ Ke eng e etsang hore Lipaki tsa Jehova li se ke tsa khaotsa tšebeletso ea tsona?
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Ho sa tsotellehe hore na batho ba thōko hakae, Lipaki tsa Jehova li batla ho fihla ho bona