Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 9/1 maq. 8-13
  • Le Hoja U Entsoe ka Lerōle, Ikemisetse ho Tsoela Pele!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Le Hoja U Entsoe ka Lerōle, Ikemisetse ho Tsoela Pele!
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Fetoha ha Maemo
  • Le Bona ba ne ba Entsoe ka Lerōle
  • Ho Etsoa ka Lerōle ho Bolela’ng ho Rōna ka Bomong?
  • Ho Etsahala’ng ha U Shoa?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Meea ha ea ka ea Phela Lefatšeng le ho Shoella Teng
    Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntsa Kotsi? Na e Hlile e Teng?
  • Le ’ne le Khothatsane ha Letsatsi le Ntse le Atamela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ho Etsahala Eng ha Motho a E-shoa?
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 9/1 maq. 8-13

Le Hoja U Entsoe ka Lerōle, Ikemisetse ho Tsoela Pele!

“O tsebisisa ho bōpjoa ha rōna, o elelloa hoba re lerōle feela.”—PESALEME EA 103:14.

1. Na ho latela saense Bibele e nepile ha e re batho ba entsoe ka lerōle? Hlalosa.

KA KUTLOISISO ea sebele, re lerōle. “Jehova Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše, ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela, ’me motho ea e-ba moea o phelang.” (Genese 2:7) Tlhaloso ena e bonolo ea pōpo ea motho e tumellanong le ’nete ea saense. Metsoako eohle eo ’mele oa motho o entsoeng ka eona e fumaneha ‘lerōleng la lefatše.’ Setsebi se seng sa metsoako se kile sa bolela hore ’meleng oa motho e moholo karolo ea 65 lekholong ke oxygen, ea 18 lekholong ke carbon, ea 10 lekholong ke hydrogen, ea 3 lekholong ke nitrogen, ea 1,5 lekholong ke k’halsiamo, ’me ea 1 lekholong ke phosphorus, ’me karolo e setseng e entsoe ka metsoako e meng. Taba ea hore na likhakanyo tsena li nepahetse ka ho feletseng hase ea bohlokoa. ’Nete ea sala: “Re lerōle”!

2. Ke karabelo efe eo tsela eo Molimo a bōpileng batho ka eona e e hlahisang ka ho uena, hona hobane’ng?

2 Ke mang, ka ntle ho Jehova ea neng a ka bōpa libōpuoa tse rarahaneng hakaale ka lerōle feela? Mesebetsi ea Molimo e phethahetse ’me ha e na sekoli, kahoo ho khetha ha hae ho bōpa motho ka tsela ena ka sebele ha ho bake pelaelo. Ka sebele, hore ebe ’Mōpi e Moholo o ile a khona ho bōpa motho ka lerōle la lefatše ka tsela e susumetsang tšabo le e hlollang ho eketsa kananelo ea rōna ea matla, tsebo, le bohlale bo sebetsang tsa Hae tse sa seheloang meeli.—Deuteronoma 32:4, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe; Pesaleme ea 139:14.

Ho Fetoha ha Maemo

3, 4. (a) Molimo ha oa ka oa rera eng ha o bōpa motho ka lerōle? (b) Davida o ne a bua ka’ng ho Pesaleme ea 103:14, ’me taba e e potolohileng e re thusa joang ho fihlela qeto ee?

3 Libōpuoa tse entsoeng ka lerōle li na le likhaello. Leha ho le joalo, le ka mohla Molimo ha a ka a rera hore likhaello tsena e be meroalo kapa li sitise ka ho feteletseng. Li ne li sa rereloa ho baka ho nyahama kapa hona hore li felle ka ho hloka thabo. Ho ntse ho le joalo, joalokaha taba e potolohileng mantsoe a Davida ho Pesaleme ea 103:14 e bontša, likhaello tseo batho ba nang le tsona li ka baka ho nyahama ’me li fella ka ho hloka thabo. Hobane’ng? Ha Adama le Eva ba hana ho mamela Molimo, ba ile ba tlisetsa lelapa la bona la nakong e tlang boemo bo fetohileng. Ho etsoa ka lerōle joale ho ile ha e-ba le moelelo o mocha.a

4 Davida o ne a sa bue ka likhaello tsa tlhaho tseo esita le batho ba phethahetseng ba entsoeng ka lerōle ba ka beng ba bile le tsona, empa o ne a bua ka bofokoli ba botho bo bakoang ke ho se phethahale ho futsitsoeng. Ho seng joalo a ka be a sa ka a re ka Jehova: ‘Ke eena ea tšoarelang makhopo a hao ’ohle, ea folisang maloetse a hao kaofela. O lopolla bophelo ba hao lebitleng, ea sa re etsang kamoo libe tsa rōna li leng kateng, ea sa re putsang ka moputso oa makhopo a rōna.’ (Pesaleme ea 103:2-4, 10) Le hoja ba entsoe ka lerōle, hoja batho ba phethahetseng ba ile ba lula ba tšepahala, le ka mohla ba ne ba ke ke ba sitoa, ba etsa sebe, e le hore ba ka hloka tšoarelo; leha e le hore ba ka be ba bile le maloetse a hlokang ho folisoa. Ka holim’a tsohle, le ka mohla ba ka be ba sa ka ba tlameha ho theohela mokoting oa lefu moo ba neng ba ka khutlisoa feela ka tsoho.

5. Ke hobane’ng ha ho se thata hore re utloisise mantsoe a Davida?

5 Ka lebaka la ho se phethahale, kaofela ha rōna re anngoe ke lintho tseo Davida a buileng ka tsona. Re lula re lemoha likhaello tsa rōna tse bakoang ke ho se phethahale. Rea soaba ha ka linako tse ling ho bonahala hore li senya kamano ea rōna le Jehova kapa le baena ba rōna ba Bakreste. Rea ikoahlaea hore ebe ho se phethahale ha rōna le likhatello tsa lefatše la Satane ka linako tse ling li re susumeletsa hore re hloke tšepo. Kaha puso ea Satane e tla tloha e fela, lefatše la hae le tlisa khatello e khōloanyane holim’a batho ka kakaretso ’me haholo holim’a Bakreste.—Tšenolo 12:12.

6. Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba ka ikutloa ba nyahame, ’me Satane a ka nka monyetla joang ka maikutlo a mofuta oo?

6 Na u ikutloa hore ho phela bophelo ba Bokreste ho ntse ho thatafala haholoanyane? Ho ile ha utluoa Bakreste ba bang ba re ha nako ea bona ea ho ba ’neteng e ntse e lelefala ho bonahala hore ho se phethahale ha bona ho ntse ho eketseha. Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ke feela hore ba lemoha ka ho eketsehileng ho se phethahale ha bona le ho hlōleha ho phela tumellanong le litekanyetso tsa Jehova tse phethahetseng ka tsela eo ba neng ba ka rata. Le hoja, ha e le hantle, ho ka etsahala hore ebe sena ke phello ea ho tsoela pele ho hōla tsebong le kananelong ea litlhokahalo tsa Jehova tse lokileng. Hoa hlokahala hore le ka mohla re se lumelle temoho leha e le efe e joalo ho re nyahamisa ho isa bohōleng ba ho etsa seo Diabolose a batlang hore re se etse. Ho theosa le makholo a lilemo o ’nile a leka khafetsa ho sebelisa ho nyahama e le hore a ka etsa hore bahlanka ba Jehova ba furalle borapeli ba ’nete. Leha ho le joalo, lerato la sebele bakeng sa Molimo, esita le “lehloeo le feletseng” bakeng sa Diabolose, li thibetse bongata ba bona ho etsa joalo.—Pesaleme ea 139:21, 22, NW; Liproverbia 27:11.

7. Ke mabapi le eng re ka tšoanang le Jobo ka linako tse ling?

7 Ho ntse ho le joalo, bahlanka ba Jehova ka linako tse ling ba ka ’na ba ikutloa ba nyahame. Ho se khotsofalle seo re se finyellang le hona e ka ’na ea e-ba sesosa. Maemo a sebele kapa likamano tse senyehileng pakeng tsa litho tsa lelapa, metsoalle, kapa basebetsi-’moho li ka ’na tsa ameha. Jobo ea tšepahalang o ile a nyahama hoo a ileng a kōpa Molimo ka tieo: “Jo! hola u ka mpata nģalong ea bafu! Hola u ka nkoahela teng, khalefo ea hao ea ba ea feta, ua mpeela letsatsi leo u tla nkhopola ka lona!” Joale, haeba maemo a thata a ne a ka hatella Jobo, motho “ea tsamaeang ka ho loka le ka bokhabane, ea tšabang Molimo, ea sesefang bobe,” hore a hlaseloe ke ho nyahama, ha ho makatse hore se tšoanang se ka re etsahalla.—Jobo 1:8, 13-19; 2:7-9, 11-13; 14:13.

8. Ke hobane’ng ha ho nyahama ho bang teng ka linako tse ling e ka ba pontšo e molemo?

8 Ho tšelisa hakaakang ho tseba hore Jehova o talima ka hare ho lipelo ’me ha a hlokomolohe merero e molemo! Le ka mohla a ke ke a lahla bao ka tieo eohle ba lekang ka matla ho mo thabisa. Ha e le hantle, ho nyahama ho tlang ka linako tse ling, e ka ’na ea e-ba pontšo e molemo, e bontšang hore ha re nke tšebeletso ea rōna ho Jehova habobebe. Ha a talingoa ka tsela ena, motho eo le ka mohla a sa loantšeng ho nyahama ka matla e ka ’na eaba ha a na temoho ea moea mabapi le mefokolo ea hae eo e ka ’nang eaba ba bang ba na le eona mabapi le ea bona. Hopola: “Ea lekanyang hore o sa eme, a ke a iponele hore a se ke a oa.”—1 Ba-Korinthe 10:12; 1 Samuele 16:7; 1 Marena 8:39; 1 Likronike 28:9.

Le Bona ba ne ba Entsoe ka Lerōle

9, 10. (a) Bakreste ba lokela ho etsisa tumelo ea mang? (b) Moshe o ile a itšoara joang mabapi le kabelo ea hae?

9 Ba-Heberu khaolo ea 11 e thathamisa lipaki tsa Jehova tsa pele ho Bokreste tse ileng tsa bonahatsa tumelo e matla. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo le ba kajeno ba entse se tšoanang. Lithuto tseo re ka ithutang tsona ho bona ke tsa bohlokoa bo ke keng ba lekanngoa. (Bapisa le Ba-Heberu 13:7.) Ka mohlala, ke tumelo ea mang eo ho neng ho ka ba molemo haholoanyane hore Bakreste ba e etsise ho feta ea Moshe? O ile a biletsoa ho bolela melaetsa ea kahlolo ho ’musi oa lefatše ea matla ka ho fetisisa oa mehleng ea hae, Faro oa Egepeta. Kajeno, Lipaki tsa Jehova li tlameha ho bolela melaetsa ea kahlolo e tšoanang khahlanong le bolumeli ba bohata le mekhatlo e meng e khahlanong le ’Muso oa Kreste o hlonngoeng.—Tšenolo 16:1-15.

10 Ho phetha thōmo ena hase kabelo e bonolo, joalokaha Moshe a ile a bontša. O ile a botsa: “’Na ke mang, nka eang ho Faro, ka ntša bana ba Iseraele Egepeta?” Re ka utloisisa boikutlo ba hae ba ho se tšoanelehe. Hape o ne a tšoenyehile ka hore na Baiseraele ba habo ba ne ba tla itšoara joang: “Empa bona, ha ba ka ke ba ntumela, ’me ha ba ka ke ba mamela lentsoe la ka?” Eaba Jehova o mo hlalosetsa kamoo a ka pakang kateng hore o filoe matla, empa Moshe o ne a e-na le bothata bo bong. O ile a re: “Oho Morena, ha ke monna ea buang habonolo, leha e le maobane, leha e le maoba, esita le joale, ha e sa le u bua le mohlanka oa hao; ke motho ea molomo o boima, le ea leleme le boima.”—Exoda 3:11; 4:1, 10.

11. Joaloka Moshe, re ka itšoara joang mabapi le litlamo tsa rōna tsa puso ea bomolimo, empa ka ho bontša tumelo, re ka kholiseha ka eng?

11 Ka linako tse ling, re ka ’na ra ikutloa joaloka Moshe. Le hoja re lemoha litlamo tsa rōna tsa puso ea bomolimo, re ka ’na ra ipotsa hore na re ka li phetha joang. ‘’Na ke mang nka atamelang batho, ba bang e le ba phahameng sechabeng, moruong, kapa boemong ba thuto, ’me ka lebella hore ke ba rute litsela tsa Molimo? Baena ba ka ba moea ba tla itšoara joang ha ke etsa litlhaloso libokeng tsa Bokreste kapa ha ke nehelana ka lipuo sethaleng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo? Na ba ke ke ba bona likhaello tsa ka?’ Empa hopola, Jehova o ne a e-na le Moshe ’me a mo hlomella bakeng sa kabelo ea hae hobane Moshe o ile a bontša tumelo. (Exoda 3:12; 4:2-5, 11, 12) Haeba re etsisa tumelo ea Moshe, Jehova o tla ba le rōna a be a re hlomelle bakeng sa mosebetsi oa rōna.

12. Tumelo ea Davida e ka re khothatsa joang ha re tobane le ho nyahama ka lebaka la libe kapa mefokolo?

12 Mang kapa mang ea ikutloang a tsielehile kapa a nyahame ka lebaka la libe kapa bofokoli a ka itšoantša le Davida ha a ne a re: “Ke tseba litlōlo tsa ka, sebe sa ka se pel’a ka ka mehla.” Ha a kōpa Jehova ka tieo, Davida o ile a boela a re: “U furalle libe tsa ka, u hlakole makhopo a ka kaofela.” Leha ho le joalo, le ka mohla ha a ka a lumella ho nyahama ho mo amoha takatso ea hae ea ho sebeletsa Jehova. “U se ke ua ntelekisa pel’a sefahleho sa hao, u se ke ua nkamoha moea oa hao o halalelang.” Ka ho hlakileng Davida e ne e le “lerōle,” empa Jehova ha a ka a mo furalla, hobane Davida o ile a bontša tumelo tšepisong ea Jehova ea ho se khese “pelo e robehileng, e hlomohileng.”—Pesaleme ea 38:1-9; 51:3, 9, 11, 17.

13, 14. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ba balateli ba batho? (b) Mehlala ea Pauluse le Petrose e bontša joang hore le bona ba ne ba entsoe ka lerōle?

13 Leha ho le joalo, hlokomela hore le hoja re lokela ho talima “leru le leholo hakaalo la lipaki” e le khothatso bakeng sa hore re “mathe ka tiisetso peisong e behiloeng ka pele ho rōna,” ha re bolelloe hore re be balateli ba lona. Re bolelloa hore re latele mohlala oa “Moemeli e Moholo le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna, Jesu,” eseng batho ba sa phethahalang—esita le baapostola ba tšepahalang ba lekholong la pele la lilemo.—Ba-Heberu 12:1, 2, NW; 1 Petrose 2:21.

14 Baapostola Pauluse le Petrose, litšiea ka phuthehong ea Bokreste, ba ne ba khoptjoa ka linako tse ling. Pauluse o ile a ngola: “Molemo oo ke o ratang, ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo rateng, bona kea bo etsa. Ke motho ea soto hakakang!” (Ba-Roma 7:19, 24) ’Me Petrose nakong eo a neng a itšepile ho tlōlisa o ile a bolella Jesu: “Leha bohle ba ka khopjoa ho uena, ’na nke ke ka khopjoa le hanyenyane!” Ha Jesu a lemosa Petrose hore o ne a tla Mo latola ka makhetlo a mararo, Petrose ka ho itšepa ho tlōlisa o ile a hanyetsa Mong’a hae, a ithorisa: “Leha ho ka thoe, ke shoe le uena, nke ke ka ba ka u latola.” Empa o ile a fela a latola Jesu, e leng phoso e ileng ea mo llisa habohloko. E, Pauluse le Petrose ba ne ba entsoe ka lerōle.—Mattheu 26:33-35.

15. Le hoja e le ’nete hore re entsoe ka lerōle, re khothatsoa ke’ng hore re ikemisetse ho tsoela pele?

15 Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe bofokoli ba bona, Moshe, Davida, Pauluse, Petrose, le ba bang ba tšoanang le bona ba ile ba hlōla. Hobane’ng? Hobane ba ile ba bontša tumelo e matla ho Jehova, ba mo tšepa ka ho feletseng, ’me ba mo khomarela haufi ho sa tsotellehe ho hlōleha ha bona. Ba ile ba tšepela ho eena bakeng sa ho fana ka “matla a fetang a tloaelehileng.” ’Me o ile a etsa joalo, a sa ba lumelle hore ba oe ho ea bohōleng boo ba ke keng ba hlaphoheloa. Haeba re tsoela pele ho bontša tumelo, re ka kholiseha hore ha ho lihuoa kahlolo tabeng ea rōna, e tla ba tumellanong le mantsoe ana: “Molimo ha o khopo; o ke ke oa lebala mesebetsi ea lōna, le kamoo lerato la lōna le sebelitseng kateng ka baka la lebitso la oona.” Sena se re neha khothatso e kaakang ea ho ikemisetsa ho tsoela pele ho sa tsotellehe ’nete ea hore re entsoe ka lerōle!—2 Ba-Korinthe 4:7, NW; Ba-Heberu 6:10.

Ho Etsoa ka Lerōle ho Bolela’ng ho Rōna ka Bomong?

16, 17. Tabeng ea ho ahlola, Jehova o sebelisa molao-motheo o hlalositsoeng ho Ba-Galata 6:4 joang?

16 Phihlelo e rutile batsoali ba bangata le matichere bohlale ba ho ahlola bana kapa liithuti ho latela matla a bona ka bomong, eseng motheong oa ho ba bapisa le bana ba bang ka lapeng kapa liithuti tse ling. Sena se tumellanong le molao-motheo oa Bibele oo Bakreste ba boleletsoeng hore ba o latele: “E mong le e mong a ke a pake hore na mesebetsi ea hae ke efe, ’me joale o tla ba le lebaka la ho thaba mabapi le eena ka boeena feela, ’me a sa ipapise le motho e mong.”—Ba-Galata 6:4, NW.

17 Tumellanong le molao-motheo ona, le hoja Jehova a sebetsana le batho ba hae e le sehlopha se hlophisitsoeng, o ba ahlola ka bomong. Ba-Roma 14:12 e re: “Motho ka mong ho rōna o tla ikarabela ho Molimo.” Jehova o tseba hantle kaheho ea liphatsa tsa lefutso tsa mohlanka e mong le e mong oa hae. O tseba kaheho ea ’mele le ea likelello tsa bona, matla a bona, tšoaneleho tsa bona tse hlaheletseng le mefokolo ea bona tseo ba li futsitseng, menyetla eo ba nang le eona, esita le hore na ba sebelisa menyetla ena hamolemo ho isa bohōleng bofe bakeng sa ho hlahisa litholoana tsa Bokreste. Lipolelo tsa Jesu mabapi le mosali oa mohlolohali ea ileng a akhela lichelete tsa tšepe tse nyenyane tse peli polokelong ea matlotlo a tempele le setšoantšo sa hae sa peō e jetsoeng mobung o motle ke mehlala e khothatsang bakeng sa Bakreste ba ka ikutloang ba tepeletse maikutlo hobane ka booatla ba ipapisa le ba bang.—Mareka 4:20; 12:42-44.

18. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho lekanyetsa hore na ho ba lerōle ho bolela’ng bakeng sa rōna ka bomong? (b) Ke hobane’ng ha boitlhahlobo ba botho bo seng leeme bo sa lokela ho etsa hore re felloe ke tšepo?

18 Ke habohlokoa hore re lekanyetse hore na ho ba lerōle ho bolela eng boemong ba rōna ka bomong e le hore re ka sebeletsa ka matla ’ohle a rōna. (Liproverbia 10:4; 12:24; 18:9; Ba-Roma 12:1) Ke feela ka ho lemoha ka thahasello bofokoli ba rōna le mefokolo re ka lulang re falimehetse tlhoko le menyetla ea ho ntlafatsa. Ha re etsa boitlhahlobo ba botho, le ka mohla re se hlokomolohe matla a moea o halalelang mabapi le ho re thusa ho ntlafatsa. Ka oona, bokahohle bo ile ba bōptjoa, Bibele e ile ea ngoloa, ’me, ka hare ho lefatše le shoang, mokhatlo oa lefatše le lecha o nang le khotso o hlahisitsoe. Kahoo ka sebele moea o halalelang oa Molimo o matla ka ho lekaneng ho fa ba o kōpang bohlale le matla a hlokahalang bakeng sa ho boloka botšepehi.—Mikea 3:8; Ba-Roma 15:13; Ba-Efese 3:16.

19. Ho etsoa ha rōna ka lerōle hase phephi bakeng sa eng?

19 Ho tšelisa hakaakang ho tseba hore Jehova o hopola hore re lerōle! Leha ho le joalo, le ka mohla re se nahane hore ena ke phephi e loketseng bakeng sa ho khoehlisa kapa mohlomong le ho etsa se fosahetseng. Le hanyenyane! Taba ea hore Jehova oa hopola hore re lerōle ke pontšo ea mosa oa hae o sa tšoanelang. Empa ha re batle hore re be “batho ba hlokang borapeli, ba fetolang mohau oa Molimo oa rōna bohlola, ba latolang Jesu Kreste eo e leng eena ’Musi a ’notši, le Morena oa rōna.” (Juda 4) Ho etsoa ka lerōle hase phephi bakeng sa ho ba ea hlokang borapeli. Mokreste o leka ka matla ho loantša litšekamelo tse fosahetseng, o teteka ’mele oa hae ’me o o busa joaloka lekhoba, e le hore a qobe ho “soabisa Moea o Halalelang oa Molimo.”—Ba-Efese 4:30; 1 Ba-Korinthe 9:27, NW.

20. (a) Ke likarolong life tse peli moo re nang le ‘ho hongata hoo re ka ho etsang mosebetsing oa Morena’? (b) Ke hobane’ng ha re e-na le lebaka la tšepo?

20 Joale, nakong ena e qetellang ea tsamaiso ea lefatše ea Satane, hase nako ea ho khoehlisa—eseng tabeng ea boboleli ba ’Muso le tabeng ea ho hlaolela ka ho feletseng litholoana tsa moea oa Molimo. Likarolong tsena ka bobeli re na le ‘ho hongata hoo re ka ho etsang.’ Hona joale ke nako ea ho ikemisetsa ho tsoela pele hobane rea tseba hore ‘mosebetsi oa rōna hase oa lefeela.’ (1 Ba-Korinthe 15:58) Jehova o tla re boloka, hobane Davida o itse ka eena: “A ke ke a lumela hore ea lokileng a ’ne a sisinngoe.” (Pesaleme ea 55:22) Ke thabo e kaakang ho tseba hore Jehova o re lumella ka bomong hore re kopanele mosebetsing oo oa bohlokoahali oo libōpuoa tsa batho ba sa phethahalang li kileng tsa o abeloa hore li o etse—’me sena o se entse le hoja re entsoe ka lerōle!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tlhaloso ea Bibele Herders Bibelkommentar, ha e hlalosa Pesaleme ea 103:14, e re: “O tseba hantle hore o bōpile batho ka lerōle la lefatše, ’me o tseba mefokolo le sebōpeho sa bophelo ba bona ba nakoana, tse ba tšoenyang haholo ho tloha sebeng sa pele.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.

Na U ka Hlalosa?

◻ Genese 2:7 le Pesaleme ea 103:14 li fapana joang ha li bua ka batho e le ba entsoeng ka lerōle?

◻ Ke hobane’ng ha Ba-Heberu khaolo ea 11 e le mohloli oa khothatso bakeng sa Bakreste kajeno?

◻ Ke hobane’ng ha e le bohlale hore re sebelise molao-motheo o ho Ba-Galata 6:4?

◻ Ba-Heberu 6:10 le 1 Ba-Korinthe 15:58 li ka re thusa joang hore re thibele ho nyahama?

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Bakreste ba etsisa tumelo ea barapeli-’moho le bona, empa ba latela Mophethahatsi oa tumelo ea bona, Jesu

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela