Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 9/15 maq. 3-4
  • Na Ua Tšoarela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Ua Tšoarela?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tšoarela ke Phephetso
  • ‘Tsoelang Pele ho Tšoarelana ka Bolokolohi’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Tšoarela ho Tloha Pelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Tšoarelanang ka Bolokolohi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tšoarela?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 9/15 maq. 3-4

Na Ua Tšoarela?

BILL le morali oa hae ea lilemo li 16, Lisa, ba ne ba e-na le bothata ba ho phela hammoho ka kutloano. Ho se lumellane ho fokolang lipakeng tsa bona hangata ho ne ho baka likhohlano tse nang le lerata. Qetellong, tsitsipano ena e ile ea e-ja setsi ho isa boemong boo Lisa a ileng a kōptjoa hore a tlohe habo.a

Ka mor’a nako e itseng, Lisa o ile a hlokomela hore o ne a le molato ’me a kōpa tšoarelo ho ntate oa hae. Empa ho e-na le ho hlokomoloha liphoso tsa Lisa tsa nako e fetileng, ntate oa hae ea halefileng o ile a hana ho amohela boiteko ba hae ba ho bōpa khotso. Nahana! O ne a sa ikemisetsa ho hauhela morali oa hae!

Makholo a lilemo a fetileng motho ea se nang molato o ile a ahloleloa lefu ka lebaka la tlōlo ea molao eo a sa e etsang. Lipaki li ile tsa fana ka bopaki ba bohata, ’me balaoli ba lipolotiki ba ile ba hana ka boomo ho sebelisa toka. Motho eo ea se nang molato ke Jesu Kreste. Nakoana pele a e-shoa, o ile a kōpa Molimo ka tieo: “Ntate, u ba tšoarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang.”—Luka 23:34.

Jesu o ne a tšoarela ka bolokolohi, ho tsoa pelong, ’me balateli ba hae ba ile ba phehelloa ho mo etsisa tabeng ena. (Ba-Efese 4:32) Leha ho le joalo, joaloka Bill ba bangata ka bokhopo ha baa ikemisetsa ho tšoarela. Boemo ba hao ke bofe ntlheng ee? Na u ikemiselitse ho tšoarela ba bang ha ba u siteloa? ’Me ho thoe’ng ka libe tse tebileng? Na le tsona li lokela ho tšoareloa?

Ho Tšoarela ke Phephetso

Hase kamehla ho tšoarela ho leng bonolo. ’Me linakong tsena tse bohloko, likamano tsa batho li tletse mathata haholoanyane. Bophelo ba lelapa ka ho khethehileng bo atisa ho tlala maemo a sithabetsang le a hatellang. Khale koana moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a bolela hore maemo a joalo a ne a tla ata “mehleng ea qetello.” O itse: “Batho e tla ba baithati‚ ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, . . . ba sa rateng molemo, baeki, ba lihlooho li thata, ba tletseng boikakaso.”—2 Timothea 3:1-4, NW.

Kahoo, kaofela ha rōna re ke ke ra qoba ho tobana le likhatello tse lekang matla a rōna a ho tšoarela ba bang. Ho phaella moo, le rōna re ntse re loana le litšusumetso tse ka hare. Pauluse o ile a ameha: “Molemo oo ke o ratang, ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo rateng, bona kea bo etsa. ’Me ha ke etsa seo ke sa se rateng, ha e sa le ’na ke se etsang, empa e le sebe se ahileng ka ho ’na.” (Ba-Roma 7:19, 20) Phello ke hore, bongata ba rōna ha re tšoarele kamoo re neng re ka lakatsa. Etsoe, ho se phethahale ho futsitsoeng le sebe li na le tšusumetso e matla holim’a rōna kaofela, ka linako tse ling li re etsa hore re se ke ra hauhela batho ba bang.

Mosali e mong ha a khothaletsoa ho tšoarela e mong tšito e nyenyane, o ile a arabela: “Ha ho motho ea tšoaneloang ke boiteko bo hlokahalang bakeng sa ho tšoarela.” Ha e talingoa ka holimo feela polelo e joalo e ka ’na ea bonahala e le e bontšang ho hloka mohau, ho hloka kutloelo-bohloko, le ho se tšepe ba bang. Leha ho le joalo, ha re e talima ka ho teba re bona hore e senola tsieleho eo batho ba bangata ba e utloang ha ba tobana le lefatše leo ba le nkang le e-na le boithati, le sa tsotelle, le bile le le hlaha. Motho e mong o itse: “Batho ba nka monyetla ka uena ha u ba tšoarela. Ho tšoana le ho tšoaroa joaloka ea ikokobeletsang tšoaro e mpe a sa belaele.”

Kahoo, ha ho makatse ha ho hlaolela maikutlo a ho tšoarela ho le thata mehleng ena ea qetello. Ho ntse ho le joalo, Bibele e re khothaletsa ho tšoarela ka mosa. (Bapisa le 2 Ba-Korinthe 2:7.) Ke hobane’ng ha re lokela ho tšoarela?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a fetotsoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela