Mohloli oa Sebete se sa Hlōleheng
“MOLUMO o sheshang o ile oa re etsa hore re eme khekhenene! ha re atamela. Joale, linonyana tse peli tsa fofela ho rōna li otlolotse mapheo, li tloha sekhoeng se ka ho le letšehali ho rōna. Ka pele ho rōna, mahe a mabeli a ne a behetsoe ka sekotjaneng se neng se le fatše. Linonyana tseo li ile tsa re thibela hore ka tsietsi re se hatikele sehlaha sa tsona. Lekhetlo ka leng ha re ne re leka ho atamela haufi le ho nka lifoto tsa mahe a matle a maroboko a masootho, linonyana li ile tsa pheta-pheta tšokelo ea tsona. Re ile ra nahana, ‘li sebete hakaakang.’”
Eo e bile phihlelo ea batho ba bane ba baholo ha ba ne ba atamela sehlaheng sa khoho-ea-lira e maroboko. Nonyana e nyenyane ke mo-otla-tšepe. Bukeng Everyone’s Guide to South African Birds, litsebi tsa linonyana Sinclair le Mendelsohn lia hlalosa: “Tse behelang li sireletsa sehlaha sa tsona le malinyane ka matla a maholo ’me li ba mabifi haholo ho ntho leha e le efe e atamelang e sa mengoa. Ha li tšosoe ke boholo ba ntho e hatang ka phoso meeling ea tsona ’me li fofela holimo ka lerata le bohale, li tsubella ka sefutho li sa tšabe esita le ho batho ka boiteko ba ho ba tšosa hore ba se ke ba atamela.”
Ba bang ba ’nile ba shebella litlou tse khōlō ha ka phoso li ne li leba ’nģa ea moo sehlaha sa mo-otla-tšepe se leng teng, e ba ke ho qaleha ha pontšo ea boitšoaro ba linonyana tsena. Hangata litlou li qobelleha ho kheloha.
Linonyana li fumana sebete se totobetseng hakaalo hokae? Se simoloha ho Ea li entseng. Jehova Molimo o kentse ka ho libōpuoa tsena tse nyenyane maqheka a tlhaho bakeng sa ho thibela liphoofolo tse khōloanyane hore li se bake kotsi lihlaheng le litsuonyaneng tsa tsona.
Thuto Bakeng sa Bakreste
Bakreste ba ka ithuta thuto ho sena, le hoja ba batla ho etsisa ho fetang sebete feela tjee sa tlhaho. Ho hlokoa hore ba etsise Mong’a bona, Jesu Kreste, ea ileng a mamela litaelo tsa Molimo a sa tšabe letho. (Ba-Heberu 12:1-3) Bibele e nyatsa makoala a ikhulang tšebeletsong ea Molimo. (Ba-Heberu 10:39; Tšenolo 21:8) Ka nako e tšoanang, Jehova o utloisisa sebōpeho sa rōna sa ho se phethahale ’me oa tseba hore ka linako tse ling re ka ’na ra etsa sebe kapa ra haelloa ke sebete se hlokahalang bakeng sa ho etsa thato ea hae ka botlalo. (Pesaleme ea 103:12-14) Ke’ng seo motho a ka se etsang haeba tšabo e mo thibela ho etsa se nepahetseng?
Mokreste o tlameha hore a retelehele ho Molimo ka thapelo bakeng sa matla a ho tobana ka katleho le liteko le ho tsoela pele a etsa thato ea Molimo. Bibele e na le tšepiso ena e kholisang ea thuso ea Jehova: “O fa ea khathetseng matla, o atisa matla ho ea fokotseng. Ba bacha ba khathala, ba fokola, likoankoetla lia oa. Empa ba itšepelang Jehova ba bona matla a macha, ba fofa joalo ka ntsu, ba matha, ’me ha ba khathale; ba tsamaea, ’me ha ba fokole.” (Esaia 40:29-31) Batho ba bangata ba sa phethahalang ba latsoitse bonnete ba mantsoe ana ’me ‘ho tloha boemong ba ho ba ba fokolang ba entsoe ba matla.’ (Ba-Heberu 11:34, NW) Mohlala o motle e bile moapostola oa Mokreste Pauluse, ea ileng a ngola: “Morena a nkemela, ’me a nkenya matla, hore polelo ea Evangeli ea hae e phethehe ka ’na, ’me lichaba tsohle li e utloe.”—2 Timothea 4:17.
Esita le batho ba sa tsoa thahasella ba batlang ho ba balateli ba Jesu Kreste ba ka fumana molemo thusong e joalo e matlafatsang. Nahana ka monna oa Afrika Boroa ea bitsoang Henry, eo e neng e le ramatlotlo kerekeng ea habo ’me a lula ntlong e haufi le ea moruti oa hae. Henry o ne a batla ’nete. Ho sa tsotellehe ho tšepahala ha hae kerekeng, ka letsatsi le leng o ile a amohela thuto e sa lefelloeng ea lehae ea Bibele ho Lipaki tsa Jehova. Ka mor’a nako o ile a hlalosa takatso ea hae ea ho ba Paki ’me a botsa hore na ke mehato efe eo a neng a lokela ho e nka bakeng sa ho finyella pakane eo. Ho ile ha hlalosoa hore pele o ne a lokela ho tsoa kerekeng ea hae. (Tšenolo 18:4) Kaha moruti e ne e le moahisani ebile e le motsoalle oa hae, Henry o ile a ikutloa hore o ne a ke ke a ngola lengolo la ho itokolla kerekeng feela empa o ne a tla batla ho hlalosa taba eo sefahla-mahlo. O ile a etsa sena ka sebete.
Moruti o ile a nyaroha ’me hamorao a nka molula-setulo oa sinoto le litho tse ling tsa kereke hore ba etele Henry. Ba ne ba batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha a tlohetse kereke ea bona ho ba setho sa bolumeli, boo ho ea ka bona, bo se nang moea o halalelang oa Molimo. Henry oa hlalosa: “Qalong ke ne ke tšaba ho ba araba, hobane kamehla ba ne ba ile ba e-ba le tšusumetso e khōlō ho ’na. Empa ke ile ka rapella thuso ho Jehova, ’me a ’nolofaletsa hore ke itšireletse ka ho re: ‘Ho malumeli ’ohle a machaba, ke bolumeli bofe bo le bong bo sebelisang lebitso la Molimo, Jehova? Na hase Lipaki tsa Jehova? Na le nahana hore Molimo o ne a tla ba lumella ho jara lebitso la hae ’me hape a se ke a ba fa moea oa hae o halalelang?’” Liofisiri tsa kereke li ile tsa sitoa ho latola monahano o joalo. Ka ho leboha tsebo le matla tseo Molimo a fanang ka tsona, hona joale Henry o nka karolo ka sebete le Lipaki tsa Jehova tšebeletsong ea ntlo le ntlo.
E, ho ba Mokreste oa ’nete ho hloka sebete. Ha bofelo ba lefatše lena bo ntse bo atamela, liteko tsa tumelo li tla eketseha. Satane o batla ho tlatlapa bahlanka ba Molimo tšepo ea bona e tsotehang ea bophelo bo sa feleng ka ho leka ho senya botšepehi ba bona ho Jehova. (Bapisa le Tšenolo 2:10.) Empa re tlameha hore le ka mohla re se ke ra tela. Esita le haeba ka nakoana re utloa bohloko ka baka la tšabo, Jehova a ka re thusa ho hlaphoheloa. Lula u talimile ho eena bakeng sa matla a ho tsoela pele u etsa thato ea hae. Hopola, ea bōpileng linonyana tse se nang tšabo ke Mohloli oa sebete se sa hlōleheng. Ka sebele, Bakreste ba ’nete ba lokela ho ba le ‘sebete ka ho feletseng ’me ba re: “Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšoha. Motho a ka nketsa’ng?”’—Ba-Heberu 13:6, NW.