Lipotso tse Tsoang ho Babali
Na e ka ba ho loketseng ho amohela kentelo e thibelang lefu kapa ente e nang le “albumin” e fumanoeng maling a motho?
Ka botšepehi, Mokreste ka mong o tlameha ho iketsetsa qeto tabeng ena.
Ka nepo bahlanka ba Molimo ba batla ho mamela tataiso e fumanehang ho Liketso 15:28, 29, ea ho tela mali. Ka lebaka leo, Bakreste ba ke ke ba ja nama kapa lihlahisoa tse sa ntšoang mali joaloka soseje e entsoeng ka mali. Empa molao oa Molimo o boetse o sebetsa lefapheng la meriana. Lipaki tsa Jehova li tšoara tokomane e bolelang hore li hana ‘tšelo ea mali, mali a feletseng, lisele tse khubelu, lisele tse tšoeu, li-platelet, kapa plasma ea mali.’ Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka ente ea serum e nang le karolo e nyenyane ea protheine ea mali?
Ke khale Lipaki li ile tsa hlokomela hore taba ena e hloka qeto ea botho tumellanong le letsoalo le koetlisitsoeng ka Bibele la motho ka mong. Sena se ile sa bontšoa ho “Lipotso tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa June 1, 1990, o neng o tšohla taba ea ente ea serum eo ngaka e ka ’nang ea e buella haeba motho a pepesehetse mafu a itseng. Metsoako e sebetsang ea liente tse joalo hase li-plasma tsa mali ka boeona empa ke li-antibody tse tsoang ho li-plasma tsa mali a batho kapa liphoofolo ha ba ba le lithibela-mafu. Bakreste ba bang ba ikutloang hore ka letsoalo le letle ba ka amohela ente e joalo ba hlokometse hore li-antibody tse tsoang maling a mosali ea immeng li fetela maling a lesea le ka pōpelong ea hae. Sehlooho sa “Lipotso tse Tsoang ho Babali” se ile sa bolela sena, hammoho le ntlha ea hore mosali oa moimana o fetisetsa albumin e itseng ho lesea la hae.
Ba bangata ba fumana sena e le se hapang tlhokomelo, kaha kentelo tse ling tse thibelang mafu tse sa etsoang ka mali li ka ’na tsa e-ba le tekanyo e nyenyane ea plasma albumin e ileng ea sebelisoa kapa ea tsoakelloa bakeng sa ho tiisa motsoako oo. Morao tjena tekanyo e nyenyane ea albumin e boetse e sebelisoa lienteng tsa li-hormone tse kopaneng tsa EPO (erythropoietin). Lipaki tse ling li ’nile tsa amohela EPO hobane e ka akofisa ho kolla ha lisele tse khubelu tsa mali ’me ka hona e ka ’na ea imolla ngaka boikutlong ba hore tšelo ea mali e ka ’na ea hlokahala.
Ka moso ho ka ’na ha sebelisoa metsoako e meng ea meriana eo ha ho bapisoa e ka ’nang ea ama tekanyo e nyenyane ea albumin, hobane lik’hamphani tse etsang meriana li etsa lihlahisoa tse ncha kapa li fetola mokhoa oa ho tsoaka tse ntseng li le teng. Kahoo Bakreste ba ka ’na ba hlahloba hore na kentelo e thibelang mafu kapa ente eo ngaka e e buellang e na le albumin. Haeba ba e-na le pelaelo kapa lebaka la ho lumela hore albumin e kopanyelelitsoe, ba ka botsa ngaka ea bona.
Joalokaha ho hlokomelehile, Lipaki tse ngata ha lia ka tsa hana ho amohela ente e nang le karolo e nyenyane ea albumin. Ho ntse ho le joalo, mang le mang ea batlang ho ithuta ka taba ena haholoanyane le ka botlalo pele a etsa qeto ea botho o lokela ho boela a hlahloba boitsebiso bo ileng ba fanoa ho “Lipotso tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa June 1, 1990.