Lahlela Matšoenyeho ’Ohle a Hao ho Jehova
“Le ikokobetse ka tlas’a letsoho le matla la Molimo, o tle o le phahamise nakong e tšoanelang. Lahlelang lipelaelo [matšoenyeho, NW] tsohle tsa lōna holim’a oona; hobane oa le hlokomela.”—1 PETROSE 5:6, 7.
1. Matšoenyeho a ka re ama joang, ’me see se ka tšoantšoa le eng?
MATŠOENYEHO a ka ama bophelo ba rōna ka tsela e susumetsang kelello le maikutlo ka ho teba. A ka tšoantšoa le lerata la ho khao-khaoha ha motlakase le atisang ho khathatsana le ’mino o monate o utloahalang seea-le-moeeng. Haeba ho se letho le khathatsanang le maqhubu a seea-le-moea, ho ka thabeloa ’mino o monate ’me o ka etsa hore momameli a ikutloe a e-na le khutso. Leha ho le joalo, lerata le hlabang le bakoang ke ho khao-khaoha ha motlakase le ka senya le pina e monate ka ho fetisisa, le re khopise le ho re ferekanya. Matšoenyeho a ka ba le phello e tšoanang khutsong ea rōna. A ka re tepeletsa maikutlo hoo re ka sitoang ho sebetsa litaba tsa bohlokoa. Ka sebele, “ho tšoenyeha ho feteletseng pelong ea motho ke hona ho tla e fokolisa.”—Liproverbia 12:25, NW.
2. Jesu Kreste o ile a re’ng ka ‘matšoenyeho a bophelo’?
2 Jesu Kreste o ile a bua ka kotsi ea ho ferekanngoa ka ho feteletseng ke matšoenyeho. Boprofeteng ba hae mabapi le mehla ea qetello, o ile a phehella: “Le iponele, hore lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja le ho noa hampe, le ke lipelaelo tsa [matšoenyeho a, NW] bophelo bona, ’me letsatsi leo la le tšoara sehlōhō; hobane le tla oela ba ahileng lefatšeng lohle joalo ka sefi. Falimehang ke hona, ’me le rapele ka mehla, le tle le neoe tokelo ea ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ea ho ema pel’a Mor’a motho.” (Luka 21:34-36) Feela joalokaha ho ja ho tlōla le ho noa haholo li ka etsa hore motho a be botsoa kelellong, ka hona ho imeloa ke ‘matšoenyeho a bophelo’ ho ka re etsa hore re lahleheloe ke pono ea hore na litaba tsa bohlokoa ke life, ka liphello tse kotsi.
Seo Matšoenyeho a Leng Sona
3. “Matšoenyeho” a hlalositsoe joang, ’me lintho tse ling tse a bakang ke life?
3 “Matšoenyeho” a hlalosoa e le “ho se tsitse ha kelello ho bohloko kapa ho etsang hore motho a lule a tšohile hoo hangata ho bakoang ke malimabe a sokelang kapa ao ho nahanoang hore a ka ’na a tla.” Ke “ho ameha u tšohile kapa u e-na le thahasello,” hammoho le “boikutlo bo sa tloaelehang le bo ferekanyang ba ho tšoha le ho tšaba boo hangata bo khetholloang ka lintho tse etsahalang ’meleng (tse kang ho fufuleloa, khatello ea kelello, le pelo e ubang ka potlako), bo bakoang ke pelaelo malebana le hore na ntho eo e sokelang e tla fela e tle le hore na ke ntho ea mofuta ofe, le ke ho ikhalala hore na u ka thulana le eona ka katleho.” (Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary) Ka hona matšoenyeho e ka ba bothata bo rarahaneng. Har’a lintho tse ngata tse a bakang ke ho kula, botsofali, ho tšaba tlōlo ea molao, ho senyeheloa ke mosebetsi, le ho ameha ka boiketlo ba lelapa la motho.
4. (a) Ho hotle ho hopola eng ka batho le matšoenyeho a bona? (b) Haeba re hlaseloa ke matšoenyeho, ke eng se ka etsoang?
4 Ho hlakile hore matšoenyeho ha a tšoane, feela joalokaha ho e-na le maemo a sa tšoaneng kapa liketsahalo tse ka a bakang. Ha ho etsahale hore batho kaofela ba itšoare ka tsela e tšoanang boemong bo tšoanang. Kahoo, ho hlokahala re lemohe hore le haeba ntho e itseng e sa re khathatse, e ka ’na ea e-ba sesosa sa matšoenyeho a tebileng ho ba bang ba rapelang Jehova hammoho le rōna. Ho ka etsoa’ng ha matšoenyeho a fihla ntlheng eo ho eona re sitoang ho tsepamisa mohopolo linneteng tse lumellanang le tse thabisang tsa Lentsoe la Molimo? Ho thoe’ng haeba re hlaseloa ke matšoenyeho hoo re sitoang ho tsepamisa mohopolo litabeng tseo ho tsekisanoang ka tsona tsa bobusi ba Jehova le botšepehi ba Bokreste? Ho ka etsahala hore re se ke ra khona ho fetola maemo a rōna. Ho e-na le hoo, ho hlokahala hore re batle lintlha tsa Mangolo tse tla re thusa ho thulana ka katleho le matšoenyeho a matla ka ho fetisisa a bakoang ke mathata a bophelo a hlokisang phomolo.
Thuso e Teng
5. Re ka sebetsa joang tumellanong le Pesaleme ea 55:22?
5 Nakong ea ha Bakreste ba hloka thuso ea moea ’me ba imetsoe ke matšoenyeho, ba ka fumana matšeliso Lentsoeng la Molimo. Le fana ka tataiso e tšepahalang ’me le re tiisetsa ka lintho tse ngata hore re le bahlanka ba tšepahalang ba Jehova, ha re bang. Ka mohlala, mopesaleme Davida o ile a bina: “Jarisa Jehova phahlo tsa hao, ’me o tla u tšehetsa; a ke ke a lumela hore ea lokileng a ’ne a sisinngoe.” (Pesaleme ea 55:22) Re ka sebetsa tumellanong le mantsoe aa joang? Ka hore re lahlele matšoenyeho, mathata, tšabo le masoabi kaofela ho Ntate oa rōna oa leholimo ea lerato. Sena se tla re etsa hore lipelong tsa rōna re ikutloe re sireletsehile, re e-na le khutso.
6. Ho ea ka Ba-Filippi 4:6, 7, thapelo e ka re etsetsa’ng?
6 Thapelo ea kamehla e tlohang botebong ba pelo ke ea bohlokoa haeba re tla lahlela phahlo ea rōna, ho akarelletsa le matšoenyeho ’ohle a rōna, ho Jehova. Sena se tla re tlisetsa khotso ea ka hare, hobane moapostola Pauluse o ile a ngola: “Le se ke la belaella [tšoenyeha ka, NW] letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kōpo e nang le teboho. ’Me khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lōna ho Jesu Kreste.” (Ba-Filippi 4:6, 7) “Khotso ea Molimo” e ikhethang, ke khutso e sa tloaelehang eo bahlanka ba inehetseng ba Jehova ba e thabelang esita le maemong a lekang ka ho fetisisa. E tlisoa ke kamano ea rōna e haufi ea botho le Molimo. Ha re rapella moea o halalelang ’me re o lumella hore o re susumetse, ha re lokolohe mathateng ’ohle a bophelo, empa ka sebele re thabela tholoana ea moea ea khotso. (Luka 11:13; Ba-Galata 5:22, 23) Ha re ferekanngoe ke matšoenyeho, hobane rea tseba hore Jehova o etsa hore batho bohle ba hae ba tšepahalang ‘ba ahe boiketlong’ ’me ha ho letho le ka re lematsang leo a tla lumella hore le etsahale le sa khaotse.—Pesaleme ea 4:8.
7. Baholo ba Bakreste ba ka phetha karolo efe ho re thusa hore re thulane le matšoenyeho ka katleho?
7 Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba matšoenyeho a rōna a phehella, esita leha re nahana ka Mangolo ’me re tiiselitse thapelong? (Ba-Roma 12:12) Baholo ba behiloeng ka phuthehong le bona ke tokisetso ea Jehova ea ho re thusa moeeng. Ba ka re tšelisa le ho re thusa ka ho sebelisa Lentsoe la Molimo le ka ho rapela le rōna le ho re rapella. (Jakobo 5:13-16) Moapostola Petrose o ile a khothaletsa baholo-’moho le eena ho alosa mohlape oa Molimo ka ho rata, ka cheseho, le ka tsela e behang mohlala. (1 Petrose 5:1-4) Banna bana ba thahasella boiketlo ba rōna ka tieo ’me ba batla hore e be ba nang le thuso. Ka ho hlakileng, ho rua molemo o feletseng thusong ea baholo le ho atleha moeeng ka phuthehong, ho hlokahala hore kaofela re sebelise keletso ea Petrose: “Le lōna ba bacha, ipeeng ka tlase ho ba baholo, ’me le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong ka tlase ho e mong; hobane Molimo o hanela ba ikhohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.”—1 Petrose 5:5.
8, 9. Ke matšeliso afe a ka fumanoang ho 1 Petrose 5:6-11?
8 Petrose o ile a phaella: “Ka baka leo, le ke le ikokobetse ka tlas’a letsoho le matla la Molimo, o tle o le phahamise nakong e tšoanelang. Lahlelang lipelaelo [matšoenyeho, NW] tsohle tsa lōna holim’a oona; hobane oa le hlokomela. Le tsohe masene, le falimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lōna, o ntse a lika-lika joalo ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang. Hanang ho eena ka ho tiea tumelong, le ntse le tseba hobane lihloreho li le ling le tsena li ntse li hlahela banab’abo lōna ba lefatšeng. Empa Molimo oa mehauhelo eohle, o re bilelitseng ka Jesu Kreste ho rua khanya ea oona e sa feleng, ha le se le utloile bohloko ka litšiuana, o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla, o le thee. Khanya le matla ke tsa oona ka mehla e sa feleng! Amen!”—1 Petrose 5:6-11.
9 Ke ho tšelisang hakaakang ho hlokomela hore re ka ‘lahlela matšoenyeho ’ohle a rōna ho Molimo hobane oa re hlokomela’! ’Me haeba a mang a matšoenyeho a rōna a bakoa ke boiteko ba Diabolose ba ho senya kamano ea rōna le Jehova ka ho re tlisetsa mahloriso le mahlomola a mang, na hase ho hlollang ho tseba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla fella hamolemo bakeng sa ba bolokang botšepehi? E, ka mor’a hore re utloe bohloko ka nakoana, Molimo oa mosa oohle o sa tšoanelang o tla re etsa ba phethehileng, hape o tla re etsa ba tiileng le ba matla.
10. Petrose oa Pele 5:6, 7 e bua ka mokhoa o sa tobang ka litšoaneleho life tse ka re thusang ho bebofatsa matšoenyeho?
10 Petrose oa Pele 5:6, 7 e bua ka mokhoa o sa tobang ka litšoaneleho tse tharo tse ka re thusang hore re thulane le matšoenyeho ka katleho. E ’ngoe ke boikokobetso, kapa “kelello e ikokobelitseng.” (NW) Temana ea 6 e qetella ka poleloana e reng “nakong e tšoanelang,” e fanang ka tlhahiso ea hore mamello ea hlokahala. Temana ea 7 e bontša hore re ka lahlela matšoenyeho ’ohle a rōna ho Molimo ka kholiseho “hobane oa re hlokomela,” ’me mantsoe ao a khothaletsa ho tšepa Jehova ka ho feletseng. Ka hona, a re boneng hore na boikokobetso, mamello le ho tšepa Molimo ka ho feletseng li ka thusa joang ho bebofatsa matšoenyeho.
Kamoo Boikokobetso bo ka Thusang
11. Boikokobetso bo ka re thusa joang ho thulana ka katleho le matšoenyeho?
11 Haeba re ikokobelitse, re tla lumela hore mehopolo ea Molimo e phahame haholo ho feta ea rōna. (Esaia 55:8, 9) Boikokobetso bo re thusa ho hlokomela hore matla a rōna a ho nahana a lekanyelitsoe ha a bapisoa le pono ea Jehova e akaretsang lintho tsohle. O bona lintho tseo re sa li lemoheng, joalokaha ho bontšitsoe tabeng ea monna ea lokileng Jobo. (Jobo 1:7-12; 2:1-6) Ka hore re ikokobetse “ka tlas’a letsoho le matla la Molimo,” re amohela boemo bo tlaase boo re leng ho bona kamanong le ’Musi ea Phahameng oa rōna. Ka lehlakoreng le leng, sena se re thusa hore re thulane ka katleho le liketsahalo tseo a li lumellang. Lipelo tsa rōna li ka ’na tsa laba-labela tokoloho ea kapele, empa kaha litšoaneleho tsa Jehova li leka-lekana ka ho phethahetseng, o tseba hantle hore na o nka bohato neng le joang molemong oa rōna. Ka hona, joaloka bana ba banyenyane, ka boikokobetso a re tšepeng Jehova, re kholisehile hore o tla re thusa ho thulana le matšoenyeho a rōna ka katleho.—Esaia 41:8-13.
12. Matšoenyeho mabapi le tšireletseho linthong tse bonahalang a ka ameha joang haeba ka boikokobetso re sebelisa mantsoe a Ba-Heberu 13:5?
12 Boikokobetso bo akarelletsa boikemisetso ba ho sebelisa keletso e tsoang Lentsoeng la Molimo, hoo hangata ho fokotsang matšoenyeho. Ka mohlala, haeba matšoenyeho a rōna a bakiloe ke ho kena ka botebo telekisong ea lintho tse bonahalang, ho ka ba hotle hore re nahane ka keletso ea Pauluse: “Ketso tsa lōna li hloke takatso ea ho rua; le kholoe ke tseo le nang le tsona; hobane Molimo ka sebele o itse: Nke ke ka u tlohela, nke ke ka u lahla.” (Ba-Heberu 13:5) Ba bangata ba ’nile ba itokolla matšoenyehong a maholo mabapi le tšireletseho linthong tse bonahalang ka hore ka boikokobetso ba sebelise keletso e joalo. Le hoja mohlomong boemo ba bona ba tsa lichelete bo sa ntlafala, ha bo laole menahano ea bona hoo ba ka tsoang kotsi moeeng.
Karolo ea Mamello
13, 14. (a) Tabeng ea ho mamella ka tiisetso, monna oa ’makhonthe Jobo o ile a beha mohlala ofe? (b) Ho letela Jehova ka mamello ho ka re etsetsa eng?
13 Poleloana e ho 1 Petrose 5:6 e reng, “nakong e tšoanelang,” e bolela hore ho mamella ka tiisetso hoa hlokahala. Ka linako tse ling bothata bo phehella ka nako e telele, ’me sena se ka eketsa matšoenyeho. Haholo-holo ha boemo bo le joalo ho hlokahala hore re tlohelle litaba matsohong a Jehova. Morutuoa Jakobo o ile a ngola: “Bonang, re rorisa lehlohonolo la ba mameletseng; le utloile mamello ea Jobo, ’me le bone tsa qetello ea Morena; hobane Morena o tletse mohau le lereko.” (Jakobo 5:11) Jobo o ile a thulana le ho senyeheloa ke lintho tse bonahalang, ho shoeloa ke bana ba leshome, ho tšoaroa ke lefu le nyontšang, ’me o ile a ahloloa ka phoso ke batšelisi ba bohata. Bonyane ho tšoenyeha ho itseng e ne e ka ba ha tlhaho tlas’a liketsahalo tse joalo.
14 Leha ho le joalo, Jobo o ile a beha mohlala tabeng ea ho mamella ka tiisetso. Haeba re le tlas’a teko e matla ea tumelo, mohlomong re ka tlameha ho letela tokoloho, feela joalokaha a ile a etsa. Empa Molimo o ile a nka bohato molemong oa hae, a qetella a lokolotse Jobo mahlomoleng a hae ’me a mo putsa haholo. (Jobo 42:10-17) Ho letela Jehova ka mamello ho hōlisa mamello ea rōna ’me ho senola botebo ba boinehelo ba rōna ho eena.—Jakobo 1:2-4.
Tšepa Jehova
15. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa Jehova ka ho feletseng?
15 Petrose o ile a phehella balumeli-’moho le eena hore ba ‘lahlele matšoenyeho ’ohle a bona ho Molimo hobane oa ba hlokomela.’ (1 Petrose 5:7, NW) Ka hona re ka tšepa Jehova ka ho feletseng ’me re lokela ho etsa joalo. Liproverbia 3:5, 6 e re: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao. U mo kenye mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.” Ka lebaka la liphihlelo tsa nakong e fetileng, ba bang ba nang le matšoenyeho a mangata ba thatafalloa ke ho tšepa batho ba bang. Empa re na le mabaka ’ohle a hore re tšepe ’Mōpi oa rōna, eena eo e leng Mohloli le ’Moloki oa bophelo. Esita le haeba re sa tšepe boitšoaro ba rōna tabeng e itseng, re ka itšetleha ka Jehova kamehla hore a re lopolle litlokotsing tsa rōna.—Pesaleme ea 34:18, 19; 36:9; 56:3, 4.
16. Jesu Kreste o ile a re’ng ka ho tšoenyeha ka lintho tse bonahalang?
16 Ho tšepa Molimo ho akarelletsa ho mamela Mora oa hae, Jesu Kreste, ea neng a ruta seo a ileng a ithuta sona ho Ntate oa hae. (Johanne 7:16) Jesu o ile a phehella barutuoa ba hae hore ba ‘bokelle matlotlo leholimong’ ka ho sebeletsa Jehova. Empa ho thoe’ng ka litlhoko tsa lintho tse bonahalang tse amanang le lijo, liaparo, le matlo? Jesu o ile a eletsa: “Khaotsang ho tšoenyeha.” O ile a bontša hore Molimo o fepa linonyana. O apesa lipalesa ka mokhoa o motle. Na bahlanka ba Molimo ba batho hase ba bohlokoa ho feta lintho tsee? Ho hlakile hore ke ba bohlokoa. Kahoo, Jesu o ile a phehella: “Le ’ne le batle ’muso pele le ho loka [ha Molimo], ’me lintho tsena tsohle tse ling le tla li ekeletsoa.” Jesu o ile a tsoela pele: “Ka baka leo, le ka mohla le se tšoenyehe ka letsatsi le latelang, hobane letsatsi le latelang le tla ba le matšoenyeho a lona.” (Mattheu 6:20, 25-34, NW) E, re hloka lijo, ntho e nooang, liaparo, le matlo, empa haeba re tšepa Jehova, re ke ke ra tšoenyeha ka ho sa lokelang mabapi le lintho tsena.
17. Re ka tšoantšetsa bohlokoa ba ho batla ’Muso pele joang?
17 Ho batla ’Muso pele, re tlameha ho tšepa Molimo le ho boloka lintho tse tlang pele sebakeng se li loketseng. Motho ea qoelang nako e telele a se na thepa ea thuso ea ho phefumoloha a ka ’na a itahlela ka tlas’a metsi a batla oyster e nang le perela ka hare ho eona. Ona ke mokhoa oo a fumanang chelete ka oona bakeng sa lelapa la hae. Ka sebele ke ntho e khōlō e tlang pele! Empa ntho ea bohlokoa haholoanyane ke eng? Moea! O tlameha ho hlahella ka holim’a metsi khafetsa hore a tlatse matšoafo a hae moea. Ntho e khōlō e tlang pele ke moea. Ka ho tšoanang, mohlomong re lokela ho ameha ka mokhoa o itseng tsamaisong ena ea lintho e le hore re fumane litlhokahalo tsa bophelo. Leha ho le joalo, litaba tsa moea li tlameha ho tla pele hobane bophelo ba malapa a rōna ka bobona bo itšetlehile ka lintho tsena. E le ho qoba ho tšoenyeha ka ho sa lokelang ka lintho tse bonahalang, re tlameha ho ba le tšepo e feletseng ho Molimo. Ho feta moo, ‘ho ba le ho hongata hoo re ho etsang mosebetsing oa Morena’ ho ka thusa ho bebofatsa matšoenyeho hobane “thabo ea Jehova” e ipaka hore ke qhobosheane ea rōna.—1 Ba-Korinthe 15:58, NW; Nehemia 8:10.
Tsoela Pele ho Lahlela Matšoenyeho a Hao ho Jehova
18. Ho na le bopaki bofe ba hore ho lahlela matšoenyeho ’ohle a rōna ho Jehova ho ka re thusa kannete?
18 E le hore kamehla re amehe haholo ka lintho tsa moea, re tlameha ho tsoela pele ho lahlela matšoenyeho ’ohle a rōna ho Jehova. Kamehla u hopole hore o tsotella bahlanka ba hae e le ruri. E le ho tšoantšetsa: Mosali e mong oa Mokreste, ka lebaka la ho se tšepahale ha monna oa hae, matšoenyeho a hae a ile a eketseha ho fihlela moo a neng a sa khone ho robala. (Bapisa le Pesaleme ea 119:28.) Leha ho le joalo, ha a le liphateng o ne a lahlela matšoenyeho ’ohle a hae ho Jehova. O ne a phetlela Molimo pelo ea hae, a mo phetela bohloko boo eena le barali ba hae ba babeli ba banyenyane ba neng ba bo utloa. Ka mor’a hore a hooe ka tieo a rapelle hore a imolohe, kamehla o ne a khona ho khaleha, kaha o ne a tšepa hore Jehova o ne a tla mo hlokomela le bana ba hae. Mosali enoa ea hlalileng ho latela Mangolo hona joale o lenyalong le thabileng a nyetsoe ke moholo.
19, 20. (a) Tse ling tsa litsela tseo ka tsona re ka thulanang le matšoenyeho ka katleho ke life? (b) Ke eng eo re lokelang ho tsoela pele re e etsa ka matšoenyeho ’ohle a rōna?
19 Re le batho ba Jehova, re na le litsela tse sa tšoaneng tsa ho thulana le matšoenyeho ka katleho. Ho sebelisa Lentsoe la Molimo ho thusa ka ho khethehileng. Re na le lijo tse enneng tsa moea tseo Molimo a fanang ka tsona ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” ho kopanyeletsa lihlooho tse thusang le tse khathollang tse hatisoang ho Molula-Qhooa le Tsoha! (Mattheu 24:45-47) Re na le thuso ea moea o halalelang oa Molimo. Lithapelo tsa kamehla le tse tiileng li re ruisa molemo haholo. Baholo ba behiloeng ba Bakreste ba loketse ba bile ba ithaopela ho fana ka thuso ea moea le matšeliso.
20 Boikokobetso ba rōna le mamello li molemo haholo ha re sebetsana le matšoenyeho a ka ’nang a re oela. Habohlokoa ka ho khethehileng ke ho tšepa Jehova ka ho feletseng, hobane tumelo ea rōna ea hōla ha re latsoa thuso ea hae le tsamaiso. Ka lehlakoreng le leng, tumelo ho Molimo e ka re thibela ho ba ba khathatsehileng ka ho sa lokelang. (Johanne 14:1) Tumelo e re susumeletsa hore re batle ’Muso pele le hore re tšoarehe mosebetsing o thabisang oa Morena, e leng ho ka re thusang hore re thulane ka katleho le matšoenyeho. Mosebetsi o joalo o re etsa hore re ikutloe re sireletsehile har’a ba tla binela Molimo lithoriso kamehla le mehla. (Pesaleme ea 104:33) Ka hona a re tsoeleng pele ho lahlela matšoenyeho ’ohle a rōna ho Jehova.
U ka Arabela Joang?
◻ Matšoenyeho a ka hlalosoa joang?
◻ Litsela tse ling tseo ka tsona re ka thulanang le matšoenyeho ka katleho ke life?
◻ Boikokobetso le mamello li ka thusa joang ho bebofatsa matšoenyeho?
◻ Ha re thulana ka katleho le matšoenyeho, ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho ba le tšepo e feletseng ho Jehova?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele re lahlela matšoenyeho a rōna ho Jehova?
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Na u tseba hore ke hobane’ng ha Jesu a ile a re, “Khaotsang ho tšoenyeha”?