Boloka Botšepehi ’me U Phele!
“ROHAKA Molimo, ’me u shoe!” Sekoahelo sa rōna sa makasine se tšoantšetsa mosali oa Jobo, ea ileng a mo hlasela ka mantsoe ao. E ne e le lilemong tse ka bang 3 600 tse fetileng. Empa tlhaselo eo ea mantsoe ho mohlanka ea tšepahalang oa Molimo e totobatsa khang e tobaneng le moloko oa batho ho tla fihlela mehleng ena. Jobo ea tšepahalang o ne a utloile bohloko ba ho lahleheloa ka ho tšabehang—mohlape oa hae, lehae la hae, bana ba hae ba leshome. Joale ’mele oa hae o ne o hlokofatsoa ke lefu le sa foleng, le leka mamello ea hae ho fihlela qetellong. Lebaka? Sera se seholo sa Molimo le motho, Satane Diabolose, se ne se tsoela pele ho belaella hore motho a ke ke a boloka botšepehi ho Molimo ha a le tlas’a teko e matla.—Jobo 1:11, 12; 2:4, 5, 9, 10.
Kajeno, joaloka mehleng ea Jobo, “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe,” Satane Diabolose. (1 Johanne 5:19) Ka sebele, hoo ke ’nete le ho feta kajeno, hobane hona joale ‘ea bitsoang Diabolose le Satane, ea thetsang lefatše kaofela,’ o lahletsoe lefatšeng lena a tsoa maholimong. (Tšenolo 12:9) Sena ke sona sesosa sa bomalimabe bo boholo hakana bo tšoentseng moloko oa batho nakong ea rōna. Ntoa ea pele ea lefatše, ha e qhoma ka 1914, e ile ea tšoaea “qalo fela ea tlokotsi” e ’nileng ea tsoela pele ho kenella hare lekholong lena la bo20 la lilemo.—Mattheu 24:7, 8.
Lefatšeng lena le sehlōhō, le hlephileng, na u kile ua ikutloa eka u fihlile moo mamello ea motho e fellang teng? Na u kile ua ipotsa, ‘Na ho na le morero leha e le ofe bophelong?’ E ka ’na eaba Jobo o ile a ikutloa joalo, empa ha ho mohla a ileng a lahleheloa ke tumelo ho Molimo, le hoja a ile a etsa liphoso. O ile a bolela boikemisetso ba hae ka mantsoe ana: “Nke ke ka latola botšepehi ba ka ho fihlela ke shoa!” O ne a kholisehile hore Molimo o ne a tla ‘tseba botšepehi ba hae.’—Jobo 27:5, NW; 31:6.
Jesu Kreste, Mora oa Molimo, le eena o ile a tlameha ho mamella liteko ha a le mona lefatšeng. Satane o ile a hlasela Jesu ka litsela tse sa tšoaneng. O ile a sebelisa monyetla ka seo Jesu a se hlokang nameng le ho leka ho itšetleha ha Hae ka Lentsoe la Molimo, joaloka thabeng ea teko. (Mattheu 4:1-11) O ile a hlekefetsa Jesu ka hore bangoli le Bafarisi ba bakoenehi le bao ba ba thetsitseng ba mo hlorise, ba mo qose ka bonyefoli, le ho etsa ’mommori oa ho mo bolaea. (Luka 5:21; Johanne 5:16-18; 10:36-39; 11:57) Ba entse ho hobe ho Jesu ho feta se entsoeng ke batšelisi ba bohata ba bararo ho Jobo.—Jobo 16:2; 19:1, 2.
Serapeng sa Gethsemane, ha Jesu a atamela tlhōrō ea teko ena, o ile a bolella barutuoa ba hae: “Moea oa ka o tšoeroe ka nģa tsohle ke masoabi a isang lefung.” Joale, “a oela fatše ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ekare ha ho ka etsoa, ak’u fetisetse senoelo sena hole le ’na! Empa ho se ke ha etsoa thato ea ka, ho mpe ho etsoe ea hao!” Qetellong ha a le thupeng ea tlhokofatso, phethahatsong ea mantsoe a boprofeta a Pesaleme ea 22:1, Jesu o ile a hoeletsa: “Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntloheletse’ng?” Empa qetellong Molimo ha a ka a tlohela Jesu hobane Jesu o ile a boloka botšepehi bo phethahetseng ho Eena, a fana ka mohlala bakeng sa Bakreste bohle ba ’nete hore ba o latele. Jehova o ile a putsa ho boloka botšepehi ha Jesu ka ho mo tsosa bafung le ho mo phahamisetsa maholimong a holimo-limo. (Mattheu 26:38, 39; 27:46; Liketso 2:32-36; 5:30; 1 Petrose 2:21) Molimo o tla putsa ba bang bohle bao ka ho tšoanang ba bolokang botšepehi ho eena.
Botšepehi ba Jesu ha boa fana feela ka karabelo e feletseng phephetsong ea Satane empa sehlabelo sa bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho se fane ka thekollo, eo motheong oa eona batho ba bolokang botšepehi ba ka fumanang bophelo bo sa feleng. (Mattheu 20:28) Pele, Jesu o bokella “mohlatsoana” o tlotsitsoeng o fetohang majalefa hammoho le eena ’Musong oa maholimo. (Luka 12:32) Ka mor’a sena, “bongata bo boholo” boa bokelloa hore bo pholohe “mahlomoleng a maholo,” bo tsoe ho ’ona ho ea rua bophelo bo sa feleng sebakeng sa ’Muso oa Molimo lefatšeng.—Tšenolo 7:9, 14-17.
Jobo ea bolokileng botšepehi o tla ba har’a ba shoeleng ba likete tse limilione bao ka nako eo ba tlang ho tsosetsoa ho ba karolo ea mokhatlo oa “lefatše le lecha” la khotso. (2 Petrose 3:13; Johanne 5:28, 29) Joalokaha ho tšoantšelitsoe sekoahelong se ka morao sa makasine oa rōna, botšepehi bo bile le moputso oa bona mehleng ea Jobo ha Jehova “a hlohonolofatsa qetello ea Jobo ho fetisa qalo ea hae.” O ne a fumane matla a moea e le ea sa kang a “etsa sebe ka molomo oa hae.” Molimo o ile a eketsa bophelo ba hae ka lilemo tse eketsehileng tse 140. Linthong tse bonahalang, o ile a fa Jobo habeli linthong tsohle tseo a neng a e-na le tsona pele, ’me Jobo “a ba le bara ba supileng le barali ba bararo,” barali ba neng ba nkoa ba le batle ka ho fetisisa naheng eo eohle. (Jobo 2:10; 42:12-17) Empa katleho ena eohle e ne e le feela tatso ea mahlohonolo ao baboloki ba botšepehi ba tlang ho a thabela Paradeiseng ea “lefatše le lecha.” Le uena u ka kopanela thabong eo, joalokaha maqephe a latelang a tla hlalosa!
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Jesu o behile mohlala o phethahetseng e le ’moloki oa botšepehi