Lipaki tsa Jehova Lefatšeng Lohle—Puerto Rico
LIPAKENG tsa Leoatle la Caribbean le Leoatle la Atlantic ke sehleke-hleke se nonneng sa linaha tse chesang tse mongobo sa Puerto Rico. Christopher Columbus o ile a se etsa koloni ea Spain ka 1493 ’me a se bitsa San Juan Bautista a se rehella ka Johanne Mokolobetsi. Motse oa sona oa litletle ke khale o bitsoa Puerto Rico, kapa “Kou e Ruileng.” Hamorao, lebitso lena le ile la sebelisetsoa sehleke-hleke seo sohle, ha motse oo o moholo oona o ile oa bitsoa San Juan.
Puerto Rico e ipakile ka lintlha tse ngata hore ke kou e ruileng. Khauta e ngata e ile ea romeloa kantle ho naha e tloha mona lilemong tsa pele tsa puso ea Spain. Hona joale sehleke-hleke sena se romela kantle ho naha ’moba, kofi, litholoana tsa mofuta oa banana, le tsa mofuta oa lamunu, le hoja boholo ba moruo kajeno bo hlahisoa ke thepa e etsoang le litšebeletso tse hloahloa. Leha ho le joalo, Puerto Rico e ipakile e le kou e ruileng ka kutloisiso ea bohlokoa haholo ho feta moo.
Litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li qalile ho boleloa mona ka bo-1930. Kajeno, ho na le bahoeletsi ba litaba tse molemo ba fetang 25 000 Puerto Rico. Ka 1993 basebetsi ba lekala la Mokhatlo oa Watch Tower ba ile ba eketseha ho tloha ho 23 ho ea ho ba ka holimo ho 100. Keketseho e ne e hlokahala e le hore lekala le ka laola ho fetoleloa ha lingoliloeng tsa Bibele ka Sepanishe, ho etsoa hore lingoliloeng tse joalo li fumanoe ke batho ba buang Sepanishe ba 350 000 000 lefatšeng lohle.
Tšimo e Ncha
Ofisi ea lekala le eona ea tlaleha: “Ho bulehile tšimo e ncha Puerto Rico hobane re ’nile ra etsa boiteko ba ho isetsa lithōlō molaetsa oa ’Muso. Khaitseli e mong o pheta phihlelo e latelang: ‘Ke ne ke sebetsa har’a lithōlō eaba ke etela mofumahali e mong ea nang le bana ba babeli ba banyenyane. Ha a hlokomela hore ke Paki, o ile a mphèphètha hona hoo hobane monna oa hae, eo le eena e neng e le sethōlō, o ne a sa rate Lipaki tsa Jehova.
“‘Likhoeli tse itseng hamorao mofumahali eena enoa o ile a etela motsoalle ea neng a ithuta Bibele le Lipaki. O ile a kopanela thutong eo ’me a e thabela haholo. Ke ile ka etela mofumahali eo hape, ’me o ile a boela a bolela hore monna oa hae ha a batle Lipaki. Leha ho le joalo, o ne a batla ho utloisisa Bibele ’me o ne a khathetse ke kereke ea hae hobane ho ne ho se letho leo ba le rutang. Re ile ra qala ho ithuta, re sebelisa pampitšana. Ka letsatsi le leng o ile a mpolella hore ke khutle ka Moqebelo hobane monna oa hae o ne a tla be a le teng. Ka botsa: “Empa ha a re rate, na ha ho joalo?” A arabela: “O batla ho tseba hore na hantle-ntle le ruta eng.”
“‘Ka letsatsi le hlahlamang ba ile ba kokota monyako oa ka ba le babeli! Kaha monna o ne a e-na le lipotso tse ngata, ke ile ka mo memela libokeng tsa rōna tsa lithōlō. O ile a fihla moo pele ho ’na ’me haesale ha a e-s’o fosoe ke seboka le se seng. O bolela har’a lithōlō tse ling, o bile teng kopanong, ’me ka cheseho o lebelletse ho kolobetsoa.’”
Tlaleho ea lekala e tsoela pele: “Kopanong ea rōna ea setereke monongoaha, lenaneo lohle le ile la nehelanoa ka puo ea lithōlō, kahoo lithōlō tse ngata li bile teng le malapa a tsona. Motsotso o amang maikutlo o ile oa tla nakong ea puo ea ho qetela ha sebui se bolela mosebetsi o etsoang har’a lithōlō ’me se bolela hore ho teng tse ka bang 70. Ho ile ha utloahala mahofi, empa, joalokaha sebui se ile sa hlokomela, lithōlō li ne li sa utloe. Kahoo, sebui ha se kōpa lithōlō hore li shebe bamameli, se ile sa pheta potso, ‘Na le thabetse ho ba le baena ba lōna ba lithōlō moo?’ eaba sebui se kōpa bamameli hore ba etse mahofi ka ho tsoka matsoho ka bobeli. E bile pono e tsotoang ho bona baena le bo-khaitseli ba 11 000 ba etsa mahofi ka ho tsoka matsoho. Baena ba rōna le bo-khaitseli ba lithōlō ba ne ba thabile haholo ’me ba ikutloa hore ke karolo ea boena bo akarelletsang batho ba bangata. Ba bangata ba ile ba ntša meokho ea thabo.”
Ha Lipaki tsa Jehova li kopanela mosebetsing oa ho kotula Puerto Rico, ha ho pelaelo hore e tla tsoela pele ho ba kou e ruileng. “Linku” tsa Molimo, tseo a li bitsang “tse lakatsehang tsa lichaba tsohle,” li tla ’ne li tle e le hore ntlo ea Jehova e tlale khanya.—Johanne 10:16; Haggai 2:7.
[Lebokose le leqepheng la 9]
TLALEHO EA NAHA
Selemo sa Tšebeletso sa 1994
TLHŌRŌ EA BA PAKANG: 25 428
RATIO: Paki e le 1 bakeng sa ba 139
BA BILENG TENG SEHOPOTSONG: 60 252
KAKARETSO EA BAHOELETSI BA BO-PULA-MALIBOHO: 2 329
KAKARETSO EA LITHUTO TSA BIBELE: 19 012
PALO EA BA KOLOBELITSOENG: 919
PALO EA LIPHUTHEHO: 312
OFISI EA LEKALA: GUAYNABO