O Ile a Amohela Tataiso ea Bomolimo
NKA hore ngoana ea phethahetseng o ne a behiloe tlhokomelong ea hao ’me u lebeletsoe hore u mo hōlise hantle. Ke phephetso e kaakang! Motho leha e le ofe ea sa phethahalang o ne a ka etsa joalo joang? Ka hore feela a amohele tataiso ea bomolimo le ho e sebelisa bophelong ba letsatsi le letsatsi.
Ntho e joalo hantle e ile ea etsoa ke Josefa, ntat’a Jesu oa mohōlisi. Ka ho fapaneng le mangolo a neano ao eseng karolo ea Bibele a buang ho hongata ka Josefa, Bibele e bua hanyenyane mabapi le karolo ea hae e fokolang malebana le bophelo ba Jesu ba bongoaneng. Re tseba hore Josefa le mosali oa hae, Maria, ba ile ba hōlisa Jesu, bara ba bang ba bane, le barali.—Mareka 6:3.
Josefa e ne e le setloholo sa Davida morena oa Iseraele ka leloko la Salomone. E ne e le mor’a Jakobo ebile e le mokhoenyana oa Heli. (Mattheu 1:16; Luka 3:23) E le ’metli oa mapolanka motseng oa Nazaretha Galilea, Josefa o ne a futsanehile. (Mattheu 13:55; Luka 2:4, 24; bapisa le Levitike 12:8.) Empa o ne a ruile moeeng. (Liproverbia 10:22) Ka sebele sena e ne e le hobane a amohetse tataiso ea bomolimo.
Ntle ho pelaelo, Josefa e ne e le Mojode ea bonolo ea ikokobelitseng ea neng a e-na le tumelo ho Molimo ’me a lakatsa ho etsa se neng se nepahetse. Liketsahalo tse seng kae tsa bophelo ba hae tse tlalehiloeng Mangolong li bontša hore kamehla o ne a utloa litaelo tsa Jehova. Ho ne ho le joalo ho sa tsotellehe hore na litaelo tseo li Molaong kapa Josefa o li amohela ka ho toba ka lengeloi.
Monna ea Lokileng ea Nang le Mathata
Motho ea tšabang Molimo o lokela ho etsa joang ha a tobane le bothata bo boholo? O lokela ho ‘akhela moroalo oa hae ho Jehova’ ’me a latele tataiso ea bomolimo! (Pesaleme ea 55:22, NW) Ke sona seo Josefa a ileng a se etsa. Ha a ntse a mo lebelelitse, Maria o ile “a tšoha a emolisitsoe ke matla a Moea o Halalelang, ba e-so ho kopane.” Kahobane Josefa o ne a ‘lokile, ’me a sa rate ho mo hobosa, a hopola ho mo lahla ka sephiring.’ Ka mor’a hore Josefa a nahanisise litaba, lengeloi la Jehova le ile la hlaha ho eena torong ’me la re: “Josefa, mor’a Davida, u se ke ua tšaba ho inkela Maria, mosali oa hao, hobane se emotsoeng ke eena, ke sa Moea o Halalelang. O tla tsoala mora, ’me u tla mo rea lebitso la Jesu; hobane ke eena ea tla pholosa sechaba sa hae libeng tsa sona.” Ha a tsoha, Josefa “a etsa kamoo lengeloi la Morena le mo laetseng kateng; a inkela mosali oa hae; ’me ha a ka a mo tseba, a e-so ho belehe mor’a hae oa letsibolo; ’me a mo rea lebitso la Jesu.” (Mattheu 1:18-25) Josefa o ile a amohela tataiso ea bomolimo.
Sesare Augusto o ile a laela hore batho ba ngolise metseng ea habo bona. Ka kutlo, Josefa le Maria ba ile ba ea Bethlehema ea Judea. Ha ba le moo Maria a beleha Jesu ’me a tlameha ho mo robatsa sejelong hobane ho ne ho se na sebaka se seng sa ho robala. Bosiung boo, balisa ba neng ba utloile tsebiso ea lengeloi mabapi le tsoalo ena e khethehileng, ba ile ba tla ho tla bona lesea. Matsatsing a ka bang 40 hamorao, Josefa le Maria ba ile ba utloa Molao ka ho hlahisa Jesu tempeleng Jerusalema hammoho le nyehelo. Ka bobeli ba bona ba ile ba makala ha ba utloa mantsoe a boprofeta a Simeone ea tsofetseng mabapi le lintho tse khōlō tseo Jesu a neng a tla li etsa.—Luka 2:1-33; bapisa le Levitike 12:2-4, 6-8.
Le hoja ho bonahala eka Luka 2:39 e bontša hore Josefa le Maria ba ile ba ea Nazaretha hang feela ka mor’a ho hlahisa Jesu tempeleng, temana ena ke karolo ea tlaleho e khutsufalitsoeng. Ho bonahala hore nako e itseng ka mor’a ho hlahisa ngoana tempeleng, balepi ba linaleli ba Bochabela (Linohe) ba ile ba etela Maria le Jesu ntlong e Bethlehema. Ho kenella ha Molimo ho ile ha thibela ketelo ena hore e tlisetse Jesu lefu. Ka mor’a hore Linohe li khutle, lengeloi la Jehova le ile la hlaha ho Josefa torong ’me la ’molella: “Heroda o tla batla ngoana ho ’molaea.” Joalokaha a tloaetse, Josefa o ile a mamela tataiso ea bomolimo ’me a isa lelapa la hae Egepeta.—Mattheu 2:1-14.
Ha Heroda a e-shoa, lengeloi le ile la hlaha torong ho Josefa, Egepeta, le re: “Tsoha, u nke ngoana le ’m’ae, ’me u khutlele lefatšeng la Iseraele.” Ha a utloa hore Arkelause mor’a Heroda o busa tulong sa ntat’ae, Josefa a tšaba ho khutlela Judea. A utloa temoso ea bomolimo e fanoeng torong, o ile a ea naheng ea Galilea ’me a lula motseng oa Nazaretha.—Mattheu 2:15-23.
Motho oa Moea
Josefa o ile a hlokomela hore lelapa la hae le mamela molao oa bomolimo le hore le matlafatsoa moeeng. Selemo le selemo o ne a nka lelapa lohle la hae ho ea moketeng oa Paseka, Jerusalema. Ketsahalong e ’ngoe ea tsena, Josefa le Maria ba ne ba khutlela Nazaretha ’me ba ne ba tsamaile sebaka se lekanang leeto la letsatsi ho tloha Jerusalema ha ba hlokomela hore Jesu ea lilemo li 12 o ne a le sieo. Ba khutlela Jerusalema, ba batla ka khothalo, ’me qetellong ba mo fumana tempeleng, a mametse ebile a botsa baruti moo.—Luka 2:41-50.
Ho bonahala eka Josefa o ne a lumella mosali oa hae ho nka bohato ba pele linthong tse itseng. Ka mohlala, ha ba khutlela Jerusalema ’me ba fumana Jesu tempeleng, ke Maria ea ileng a bua le mor’a hae e monyenyane ka taba eo. (Luka 2:48, 49) Ha a ntse a hōla e le “mor’a ’metli,” Jesu o ile a fumana thupelo ea bomolimo. Josefa o ile a boela a mo ruta bobetli ba mapolanka, hobane Jesu o ne a bitsoa ‘’metli, mor’a Maria.’ (Mattheu 13:55; Mareka 6:3) Kajeno batsoali ba tšabang Molimo ba lokela ho sebelisa ka botlalo menyetla e tšoanang bakeng sa ho rupela bana ba bona, haholo-holo ba ba fe koetliso ea moea.—Ba-Efese 6:4; 2 Timothea 1:5; 3:14-16.
Litebello tsa Josefa
Mangolo ha a re letho ka lefu la Josefa. Empa ke ho thahasellisang hore ebe Mareka 6:3 e bitsa Jesu “mor’a Maria,” eseng Josefa. Sena se bontša hore ka nako eo Josefa o ne a se a shoele. Ho phaella moo, haeba Josefa a ne a phetse ho fihlela qetellong ea 33 C.E., ho ne ho ke ke ha etsahala hore e be Jesu ea khokhothetsoeng thupeng o ne a ka neha moapostola Johanne boikarabelo ba ho hlokomela Maria.—Johanne 19:26, 27.
Kahoo, Josefa o tla ba har’a bafu ba tla utloa lentsoe la Mor’a motho ’me ba tsohe. (Johanne 5:28, 29) Ha a ithuta ka tokisetso ea Jehova ea bophelo bo sa feleng, ha ho pelaelo hore ka thabo Josefa o tla sebelisa tokisetso eo le hore e tla ba mofo ea utloang oa Morena e moholo oa leholimo, Jesu Kreste, feela joalokaha a ile a mamela tataiso ea bomolimo lilemong tse fetileng tse ka holimo ho 1 900.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Josefa o ile a rupela Jesu moeeng a ba a mo ruta le bobetli ba mapolanka