Bolumeli ba Hao—Na ke Sekepe Seo ho Seng Mohla se Lokelang ho Furalloa?
SEKEPE se ka har’a sefefo se matla. Basebetsi ba tsielehileng ba ikitlaetsang ka matla hore ba pholose sekepe sa bona, ba talimane le qeto e potlakileng: ho lula sekepeng kapa ba se furalle ’me ba pholose bophelo ba bona. Na u ne u tseba hore liketsahalo tsena tse latellanang tse tšosang li sebelisoa e le papiso tabeng ea bolumeli?
Baruti ba thuto ea bolumeli, haholo-holo litsebi tsa K’hatholike, hangata ba bapisa kereke ea bona le sekepe se pholohang sefefo. Ba bolela hore sekepe sena, se khannoang ke Jesu kapa Petrose, se emela tsela e le ’ngoe feela ea poloko. Pono ea baruti ke hore, ‘Le ka mohla u se ke ua furalla sekepe sena. Kereke e ’nile ea ba maqakabetsing a tebileng pele, empa ke sekepe se ’nileng sa pholoha lifefo tsohle tse matla historing.’ Ba bang ba re, ‘U e furallela’ng? Ke khetho efe e ’ngoe e leng teng? Ke hobane’ng ha u sa lule ’me ua thusa ho se khannela metsing a khutsitseng haholoanyane?’
Tumellanong le puo ena ea tšoantšetso, batho ba bangata ba leng malumeling a mefuta eohle ba beha mabaka, ‘Kea tseba hore bolumeli ba ka bo fosahetse linthong tse ngata, empa ke tšepa hore bo tla fetoha. Ha ke batle ho bo furalla. Nka rata ho nka karolo ho bo thuseng hore bo hlōle mathata a bona.’ Ho beha mabaka ka tsela ena ho ka ’na ha bakoa ke lerato le tiileng la bolumeli ba baholo-holo ba motho kapa esita le ke tšabo ea ho “ntša makunutu” a bona.
Mohlala o loketseng ke oa Hans Küng, moruti oa K’hatholike ea tummeng oa mofetoheli, ea ileng a imamela: “Na ke lokela ho furalla sekepe see nakong ea sefefo, ke siee bao ke ’nileng ka se palama le bona ho fihlela hona joale hore ba talimane le sefefo le sekepe se kenelang metsi, ’me mohlomong ba loanele ho pholoha?” O ile a araba: “Nke ke ka tela tšebetso ea ka ka kerekeng.” Khetho e ’ngoe e ne e ka ba “ho ikarola kerekeng ena, ka lebaka la ho se tšepahale ha eona, ho e nkela sebaka ka ho rata litekanyetso tse phahameng, ’me mohlomong, ho ba Bakreste ba ka tšeptjoang haholoanyane.”—Die Hoffnung bewahren.
Empa na motho a ka lula ka sekepeng sa kereke ea hae ka tšepo ea hore, ka lebaka la mosa oa hae, Molimo o tla lumella nako e sa lekanyetsoang ea hore malumeli ’ohle a fetohe? Eo ke potso e tebileng. Joalokaha ho bontšitsoe papisong ena, ho tsoa ka potlako sekepeng se maqakabetsing le ho kena seketsoaneng sa pholoho se sa sireletsehang e ne e tla ba ho kotsi joaloka ho lula ka sekepeng se tebang. Na ke bohlale ho lula ka kerekeng joang kapa joang, ho sa tsotellehe hore na boemo ba eona ke bofe? Malumeli a na le menyetla efe ea ho fetoha kajeno? Molimo o tla a lumella hore a sebetse khahlanong le thato ea hae halelele hakae?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Chesnot/Sipa Press