Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 3/1 maq. 25-28
  • Ntho e Molemohali eo ke Lokelang ho e Etsa ka Bophelo ba Ka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ntho e Molemohali eo ke Lokelang ho e Etsa ka Bophelo ba Ka
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Kenela Tšebeletso ea Bopula-maliboho!
  • Ireland Nakong ea Lilemo Tsa Ntoa
  • Phepelo ea Lijo Tsa Moea
  • Ho Hlōla Khanyetso
  • Ho Khutlela Engelane
  • Jehova o Hlohonolofatsa ba mo Mamelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Le ’ne le Jale Peō—Jehova o Tla e Melisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Bo-pula-maliboho ba Sebelitseng ’Moho Bophelo Bohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Mahlohonolo a Tšebeletso ea Bopula-maliboho
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 3/1 maq. 25-28

Ntho e Molemohali eo ke Lokelang ho e Etsa ka Bophelo ba Ka

JOALOKAHA HO BOLETSE BOB ANDERSON

Hoo e ka bang lilemo tse leshome tse fetileng, metsoalle e meng e ile ea mpotsa: “Bob, ke hobane’ng ha u tsoetse pele ka nako e telele hakaale o le pula-maliboho?” Ke ile ka bososela ’me ka re: “Na le ka nahana ka ntho e ’ngoe e molemo ho feta ho bula maliboho?”

KE NE ke le lilemo li 23 ka 1931 ha ke kenela tšebeletso ea bopula-maliboho. Hona joale ke selemong sa ka sa bo87 ’me ke ntse ke bula maliboho. Kea tseba hore ha ho letho le molemo ho feta seo leo ke neng nka le etsa ka bophelo ba ka. E re ke hlalose hore na hobane’ng.

Ka 1914 ho ile ha siuoa pampitšana heso. E ne e hatisitsoe ke Liithuti tsa Bibele tsa Machaba, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li bitsoa kateng nakong eo. Ha Paki e khutlela, ’Mè o ile a e botsa ka hloko ka mollo oa lihele. O ne a hōlisitsoe e le Mowesele ea tiileng empa o ne a sitoa ho kopanya thuto ena ea tlhokofatso e sa feleng le Molimo ea lerato. Hang ha a tseba ’nete ea taba ena, o ile a re: “Ke ikutloa ke thabile haholo ho feta kamoo nkileng ka ikutloa kateng bophelong ba ka!”

Hang-hang ’Mè o ile a khaotsa ho ruta sekolong sa Sontaha sa Wesele ’me a ikopanya le sehlopha se senyenyane sa Liithuti tsa Bibele. O ile a qala ho bolela motseng oa habo rōna oa Birkenhead, o shebaneng le boema-kepe ba Liverpool ka mose ho Nōka ea Mersey, ’me kapele o ne a palama baesekele kamehla a ea metseng e mengata ea boahisani. O ile a paka tšimong ena e batsi bophelo bohle ba hae ’me o ne a tsebahala haholo, a behela bana ba hae mohlala o motle. O ile a shoa ka 1971 e se e le khaba le ileng la lilemo tse 97, e le Paki e mafolo-folo ho fihlela qetellong.

’Na le khaitseli ea ka, Kathleen, re ile ra ntšoa sekolong sa Sontaha sa Wesele ho ea tsamaea le ’Mè ho ea libokeng tsa hae le Liithuti tsa Bibele. Hamorao, ha Ntate le eena a e-tla, batsoali ba ka ba ile ba lokisetsa thuto ea lelapa ea Bibele ea kamehla ka buka The Harp of God. Thuto e joalo e ne e le ntho e ncha mehleng eo, empa moralo ono oa pele ’neteng ea motheo ea Bibele o ile oa putsoa ka ho enneng, kaha ’na le khaitseli ea ka ka bobeli re ile ra kenela tšebeletso ea bopula-maliboho ha nako e ntse e feta.

’Mè o bile le maikutlo a hore ho bona “Photo-Drama of Creation” Liverpool ka 1920 e bile tlhōrō ea ho fetoha ha rōna bana moeeng, ’me o ne a nepile. Le hoja ke ne ke le monyenyane, tšoantšiso eno e ile ea siea litšoantšo tse hlakileng kelellong ea ka. Ho hlaheletseng khopolong ea ka ke karolo e bontšang bophelo ba Jesu, haholo-holo ha e mo hlahisa a tsamaea ho ea lefung la hae. Phihlelo eo kaofela e ile ea nthusa ho tsepamisa mohopolo mosebetsing oa bohlokoahali bophelong—boboleli!

Mathoasong a bo-1920, ke ile ka qala ho aba lipampitšana le ’Mè ka Sontaha mantsiboea. Pele re ile ra laeloa ho li siea malapeng; hamorao ra bolelloa hore re li nehe beng ba matlo ebe joale re khutlela ho ba thahasellang. Kamehla ke ’nile ka talima sena e le motheo oa pele bakeng sa leeto la rōna la ho boela le tšebeletso ea thuto ea Bibele, e behang haholo kajeno.

Ho Kenela Tšebeletso ea Bopula-maliboho!

’Na le Kathleen re ile ra kolobetsoa ka 1927. Ke ne ke sebetsa ke le ea lekanyetsang motsoako oa lik’hemik’hale Liverpool ha, ka 1931, ke utloa qeto ea ho amohela lebitso Lipaki tsa Jehova. Hangata ke ne ke ee ke bone barekisi ba libuka tsa bolumeli ba Mokhatlo (hona joale ba bitsoa bo-pula-maliboho) ba sebetsa sebakeng sa likhoebo Liverpool, ’me mohlala oa bona o ile oa nkhahla haholo. Ke ne ke laba-labela hakaakang ho lokoloha mokhatlong oa lefatše, ho ea qeta bophelo ba ka tšebeletsong ea Jehova!

Lehlabuleng la sona selemo seo, motsoalle oa ka Gerry Garrard o ile a mpolella hore o amohetse kabelo e tsoang ho mopresidente oa bobeli oa Mokhatlo oa Watch Tower, Joseph F. Rutherford, ho ea bolela India. Pejana feela ho hore a kene sekepeng, o ile a tla mpona ’me a bua ka tokelo ea tšebeletso ea nako e tletseng. Ha a re ke sale hantle, o ile a nkhothatsa hape ka ho re, “Bob, kea tšepa haufinyane o tla be u le pula-maliboho.” ’Me ho bile joalo. Ke ile ka ngolisa ka October selemong sona seo. Ke thabo e kaakang, ke bolokolohi bo bokaakang, ho palama baesekele ho phunyeletsa le naha litselaneng tse eang metseng e ka thōko ho ea bolela! Ke ile ka tseba ka nako eo hore ke kene mosebetsing oa bohlokoahali ho feta eohle eo nkileng ka e etsa.

Kabelo ea ka ea pele ea bopula-maliboho e bile South Wales moo ke ileng ka sebetsa le Cyril Stentiford. Hamorao Cyril o ile a nyala Kathleen, ’me ba ile ba bula maliboho lilemo tse ’maloa hammoho. Morali oa bona, Ruth, le eena hamorao o ile a kenela tšebeletso ea bopula-maliboho. Ka 1937, ke ne ke le Fleetwood, Lancashire—ke le molekane oa Eric Cooke. Ho fihlela ka nako eo, bo-pula-maliboho ba ne ba sebetsa feela libaka tse ka thōko tsa Brithani, kantle ho tšimo ea phutheho. Empa Albert D. Schroeder, eo ka nako eo a neng a ikarabella bakeng sa mosebetsi oa ofisi ea Mokhatlo ea lekala la London, o ile a etsa qeto ea hore re fallele motseng oa Bradford, Yorkshire. Lena e ne e le lekhetlo la pele bo-pula-maliboho Brithani ba abeloa ho ea thusa phutheho e khethehileng.

Ka 1946, Eric o ile a ea Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower ’me o ile a abeloa ho ea Rhodesia e ka Boroa, e leng Zimbabwe hona joale, ’me eena le mosali oa hae ba ntse ba sebeletsa ka botšepehi e le baromuoa Durban, Afrika Boroa.

Ka selemo sa 1938 ke ne ke le kabelong e ’ngoe, lekhetlong lena ke le mohlanka oa libaka (hona joale o bitsoa molebeli oa potoloho) bakeng sa Lancashire leboea-bophirimela le Lake District e ntle. Ha ke le moo ke ile ka kopana le Olive Duckett, ’me ka mor’a hore re nyalane, kapele-pele o ile a tsamaea le ’na mosebetsing oa potoloho.

Ireland Nakong ea Lilemo Tsa Ntoa

Hang ka mor’a hore Brithani e phatlalatse ntoa khahlanong le Jeremane ka September 1939, kabelo ea ka e ile ea fetoleloa Ireland. Ho ngolisoa sesoleng ho tlamang ho ne ho qalile Brithani empa eseng Rephabliking e ka boroa ea Ireland, e ileng ea sala e le naha e sa nkeng lehlakore ka nako ea ntoa. Rephabliki ea Ireland le Ireland e ka Leboea e ne e lokela ho ba potoloho e le ’ngoe. Leha ho le joalo, lithibelo li ne li le teng, ’me ho ne ho hlokahala hore u fumane tumello ea ho tsamaea e le hore u ka tloha Brithani ho ea karolong leha e le efe ea Ireland. Ba boholong ba ile ba mpolella hore nka tsamaea, empa ke tla tlameha ho lumela hore ke tla khutlela Engelane hang-hang ha ba sehlopha sa lilemo tsa ka ba bitsoa. Ke ile ka lumela ka molomo, empa ho makaleng ha ka, ha tumello ea ka e fihla, e ne e se na lihlomathiso!

Ka nako eo, ho ne ho e-na le Lipaki tse 100 feela Ireland eohle. Ha re fihla Dublin ka November 1939, Jack Corr, pula-maliboho ea khale, o ile a re khahlametsa. O ile a re bolella hore ho na le bo-pula-maliboho ba bang ba babeli motseng o mong o haufinyane le batho ba seng bakae ba thahasellang Dublin, bao ka kakaretso ba ka bang 20. Jack o ile a hira kamore Dublin bakeng sa seboka, eo bohle ba ileng ba lumellana ho kopanela ho eona Sontaha se seng le se seng. Tokisetso ena e ile ea tsoela pele ho fihlela phutheho e thehoa ka 1940.

Ireland e ka Leboea, e le karolo ea United Kingdom, e ne e le ntoeng le Jeremane, kahoo ha re fallela ka leboea ho Belfast, re ne re lokela ho sebetsana le libuka tsa litekete tsa ho fumana lijo le ho tinngoa ha mabone bosiu ho itšireletsa tlhaselong ea lifofane tsa ntoa. Le hoja lifofane tsa Nazi li ne li tlameha ho fofa lik’hilomithara tse fetang 1 600 ho ea fihla Belfast le ho khutlela liahelong tsa tsona Europe, li ile tsa khona ho qhomisa motse oo ka libomo ka katleho. Tlhaselong ea pele, Holo ea rōna ea ’Muso e ile ea senngoa le folete ea rōna e ile ea senngoa ha re ne re etetse baena karolong e ’ngoe ea motse, kahoo re ile ra pholoha ka tsela e makatsang. Hona bosiung boo, lelapa le leng la Lipaki le ile la mathela setšabelong sa libomo sa bohle. Ha ba fihla moo, ba ile ba fumana ho tletse ’me ba tlameha ho khutlela lapeng la bona. Setšabelo seo se ile sa qhomisoa, ’me bohle ba neng ba le ka hare ba ile ba bolaoa, empa baena ba rōna ba ile ba pholoha ka mengoapo e seng mekae le matetetso. Nakong ea lilemo tsena tse thata tsa ntoa, ha ho le ea mong oa baena ba rōna ea ileng a tsoa kotsi e tebileng, e leng seo re lebohang Jehova ka sona.

Phepelo ea Lijo Tsa Moea

Ha ntoa e ntse e tsoela pele, lithibelo li ile tsa e-ba thatanyana ’me qetellong mokhoa oa ho hlahloba mangolo o ile oa sebelisoa. Hona ho bolela hore Molula-Qhooa o ile oa khaoletsoa ’me oa thibeloa ho kena ka har’a naha. Le hoja re ne re ipotsa hore na re lokela ho etsa joang, letsoho la Jehova le ne le se lekhutšoanyane. Hoseng ho hong ke ile ka fumana lengolo le tsoang ho “motsoala” Canada ea neng a ’ngolla ka litaba tsa lelapa. Ke ne ke se na leseli la hore na ke mang, empa sekhechaneng se qhoaelletsoeng lengolong o ile a re o ne a kenyelletsa “sehlooho se thahasellisang sa Bibele” bakeng sa hore ke se bale. E ne e le kopi ea Molula-Qhooa, empa kaha e ne e e-na le sekoahelo se sa ngoloang, mohlahlobi oa mangolo ha aa ka a e tlosa.

Kapele-pele ’na le mosali oa ka, ka thuso ea Lipaki tsa moo, ho akarelletsa le Maggie Cooper ea neng a le mosebetsing oa “Photo-Drama,” re ile ra qala ho etsa likopi tsa lihlooho tseo. Hang-hang re ile ra itlhophisa hore re ka romela likopi tse 120 ho phatlalla le naha, ha limakasine tsa Molula-Qhooa tse sekoahelo se sa ngoloang letho li fihla kamehla li tsoa ho metsoalle e mecha e mengata Canada, Australia, le United States. Ka lebaka la ho khothala ha bona le mosa oa bona, ha ho mohla re kileng ra fetoa ke tokollo nakong eohle ea ntoa.

Re ne re boetse re khona ho ba le likopano. Kopano e neng e ikhetha e ne e le ea 1941 ha ho ne ho lokolloa khatiso e ncha Children. Ho bonahala eka mohlahlobi ha aa ka a hana buka eo a neng a nahana hore e bua ka bana, kahoo tseo re li rometsoeng li ile tsa khona ho kena ka har’a naha ntle le bothata bofe kapa bofe! Ketsahalong e ’ngoe, re ile ra etsa hore bukana Peace—Can It Last? e hatisoe sebakeng seo kahobane re sa khone ho fumana likopi tse tsoang London. Ho sa tsotellehe lithibelo tseo re li etselitsoeng, re ne re hlokometsoe hantle moeeng.

Ho Hlōla Khanyetso

Moruti e mong ea lulang lehaeng le leng la maqheku la Belfast le laoloang ke e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a romella mosali oa hae ea Engelane kopi ea buka Riches. O ne a le khahlanong le ’nete, ’me ha a arabela o ile a hlakisa ntlha eo. O boetse a hatisa hore re “mokhatlo o se nang lerato la naha.” Mohlahlobi oa mangolo o ile a hlokomela sena ’me a tlaleha taba eo Lefapheng la Patlisiso la Bonokoane. Ka lebaka leo, ke ile ka bitsetsoa liahelong tsa sepolesa ho ea fana ka tlhaloso ’me ke ile ka kōpuoa ho tla le kopi ea Riches. Ho thahasellisang, ha buka eo e qetella e khutlisitsoe, ke ile ka hlokomela hore likarolo tse thaletsoeng mola ka tlaase kaofela e ne e le tse buang ka Kereke ea Roma e K’hatholike. Ke ile ka ikutloa hore sena ke sa bohlokoa, kaha ke ne ke tseba hore sepolesa se itebetse khahlanong le tšebetso ea IRA (Irish Republican Army [Lebotho la Rephabliki ea Ireland]).

Ke ile ka phenya-phenngoa ka lipotso ka ho se nke lehlakore ha rōna linakong tsa ntoa, hobane sepolesa se ile sa fumana ho le thata ho utloisisa boemo ba rōna. Empa ba boholong ha ho mohla ba kileng ba nka bohato khahlanong le rōna. Hamorao, ha ke batla tumello ea ho tšoara kopano, sepolesa se ile sa tsitlallela ho romela batlalehi ba babeli ba sepolesa. Ka re, “Re tla ba amohela!” Kahoo ba tla ’me ba e-ba teng sebokeng sohle sa motšehare oa mantsiboea, ba ngola lintlha ka mongolo o khutsufalitsoeng. Qetellong ea lenaneo, ba ile ba botsa, “Ke hobane’ng ha re ile ra romeloa moo? Re ho thabela ka ho feletseng!” Ba tla hape letsatsing le hlahlamang ’me ka thabo ba amohela kopi e sa lefelloeng ea bukana ea rōna Peace—Can It Last? Kopano eohle e ile ea fela ho sa etsahala letho.

Hang ha ntoa e lala ’me lithibelo tsa ho tsamaea li tlosoa, Pryce Hughes ea tsoang Bethele ea London o ile a tla Belfast. O ne a tsamaea le Harold King, eo hamorao a ileng a abeloa ho ea Chaena e le moromuoa. Ka mor’a lilemo tse tšeletseng tsa ho arohana le ofisi ea lekala ea London, kaofela ha rōna re ile ra khothatsoa haholo ke lipuo tse ileng tsa fanoa ke baena bana. Hang ka mor’a moo, Harold Duerden, pula-maliboho e mong ea tšepahalang, o ile a romeloa a tsoa Engelane ho tla matlafatsa mosebetsi oa ’Muso Belfast.

Ho Khutlela Engelane

Re ne re se re rata baena ba Ireland haholo, ’me ho ne ho le thata ho khutlela Engelane. Empa ’na le mosali oa ka re ile ra abeloa ho khutlela Manchester ’me hamorao ra fallela Newton-le-Willows, motse o mong oa Lancashire moo tlhokahalo e neng e le khōloanyane. Morali oa rōna, Lois, o ile a hlaha ka 1953, ’me e bile ho thabisang ho bona a kenela tšebeletso ea bopula-maliboho a le lilemo li 16. Ka mor’a hore a nyaloe ke pula-maliboho David Parkinson, ba ile ba ntšetsa pele tšebeletso ea bona ea nako e tletseng Ireland e ka Leboea, ka litsela tse ngata ba menahana le mehlala eo ’na le Olive re e siileng. Hona joale, bona le bana ba bona, ba khutletse Engelane, ’me kaofela ha rōna re sebeletsa phuthehong e le ’ngoe.

Ho sa tsotellehe liphetoho maemong a rōna, ha kea ka ka khaotsa ho bula maliboho—ha ho mohla Olive a kileng a ho rata, leha e le hore nkile ka ho rata. Kamehla ke ’nile ka ikutloa hore tlaleho ea ka ea bopula-maliboho ka nepo re e arolelane le mosali oa ka hobane ka ntle ho tšehetso ea hae e sa khaotseng, e lerato, nka be ke sa ka ka tsoela pele tšebeletsong ea nako e tletseng. Leha ho le joalo, hona joale re khathala ka potlako, empa ho paka e ntse e le thabo, haholo-holo ha re le hammoho, re khanna lithuto tsa Bibele le baahelani ba rōna. Ho theosa le lilemo, re bile le tokelo ea ho thusa batho ba ka bang lekholo hore e be bahlanka ba Jehova ba inehetseng, ba kolobelitsoeng. Eo e bile thabo e kaakang! ’Me ke lumela hore hona joale e tlameha ebe palo ena e imenne ka makhetlo a mangata ha malapa a atolohelang molokong oa boraro le oa bone e e-ba Lipaki le ’ona.

Hangata ’na le Olive re bua ka litokelo tsa rōna tse ngata le liphihlelo tsa lilemo tsena. E bile lilemo tse thabisang hakaakang, ’me li fetile ka potlako e kaakang! Kea tseba hore ha ho letho le fetang lena leo nka beng ke fumane le le molemo ho le etsa ka bophelo ba ka ho feta ho sebeletsa Molimo oa ka, Jehova, ke le pula-maliboho lilemo tsena kaofela. Hona joale, ebang ke hetla morao ka teboho kapa ke talima pele ka tebello, ke fumana hore mantsoe a Jeremia a na le moelelo o moholo: “Ke mehauhelo ea Jehova e entseng hore re se ke ra timela, hobane mohau oa hae ha o fele; e ’ne e be teng ka hosasa ho hong le ho hong. . . . ka baka leo, ke tla mo tšepa.”—Lillo tsa Jeremia 3:22-24.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Bob le Olive Anderson

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela