Na ’Nete ea Bolumeli e ka Fumanoa?
MANE Sweden monna e mong ea tloaetseng ho etsa lipatlisiso litabeng tsa moea univesithing ea toropo ea Uppsala o ile a etsa qeto ea ho ithuta se lumeloang ke malumeli a sa tšoaneng toropong eo ea habo, a bile a etela libakeng tsa ’ona tsa borapeli. O ne a mamela ha baruti ba ’ona ba ruta, ’me o bile a buisana le litho tse ling ka ho li botsa. O ile a hlokomela hore ke Lipaki tsa Jehova feela tse neng li bonahala li kholisehile hore li “fumane ’nete.” Ha a nahana ka ho se tšoane ho leng teng litabeng tsa bolumeli, o ne a ipotsa hore na Lipaki li ne li ka rialo joang.
Na uena ka bouena u nahana hore ke ntho e ka etsahalang ho fumana ’nete mabapi le bolumeli? Hona na ho ka etsahala ho lekanyetsa se ka ’nang sa bitsoa ’nete ka hohle-hohle?
Filosofi le ’Nete
Ba ithutileng filosofi ba hōlisitse khopolo ea hore moloko oa batho o ke ke oa fumana seo e leng ’nete ka hohle-hohle. E ka ’na eaba ua tseba hore filosofi e ’nile ea hlalosoa e le “saense e lekang ho hlalosa qaleho ea lintho tse leng teng le bophelo.” Leha ho le joalo, ha e le hantle, hase hangata filosofi e eang bohōleng boo. Ho Filosofins Historia (Histori ea Filosofi), mongoli oa Moswede Alf Ahlberg o ngotse: “Lipotso tse ngata tsa filosofi ke tsa sebōpeho seo ho sa khoneheng hore li ka arabeloa ka mokhoa o tobileng. . . . Batho ba bangata ba na le maikutlo a hore mathata ’ohle ao ho leng thata ho a utloisisa [a amanang le melao-motheo ea pele ea lintho] le ’ona a oela . . . sehlopheng sena.”
Ka lebaka leo, batho ba ’nileng ba leka ho fumana likarabo lipotsong tsa bohlokoahali tsa bophelo filosofing hangata ba qeteletse ba sa khotsofala kapa ba tsielehile. Bukeng ea hae Tankelinjer och trosformer (Mekhoa ea ho Nahana le Tumelo ea Bolumeli), mongoli oa Moswede Gunnar Aspelin o itse: “Taba e le ’ngoe eo re e bonang ke hore tlhaho e se e thahasella serurubele le monoang ho feta motho . . . Ha re na matla, ho hang ha re na matla, ha re tobane le litšusumetso tseo tsa tlhaho tse sebelisanang bokahohleng bo hlophisehileng hammoho le ka hare ho lefatše la rōna. Bona ke boikutlo bo mabapi le bophelo boo hangata bo ’nileng ba hlahella libukeng ho ea bofelong ba lekholo la lilemo leo ho lona batho ba ileng ba beha tumelo ea bona tsoelo-peleng le taba-tabelong ea bokamoso bo molemonyana.”
Na Hoa Hlokahala Hore ’Nete e Senoloe?
Ho totobetse hore boiteko ba motho ka bobona ha boa atleha mabapi le ho fumana ’nete ka bophelo, ’me ha ho bonahale eka bo sa tla atleha. Kahoo, ho na le lebaka le letle la ho etsa qeto ea hore tšenolo ea bomolimo ea mofuta o itseng ea hlokahala. Seo ba bangata ba se bitsang buka ea tlhaho se fana ka tšenolo e itseng. Esita le haeba e sa fane ka makolopetso a tlosang pelaelo mabapi le qaleho ea bophelo, e hlile e bontša hore ho na le ho hong ho khotsofatsang haholoanyane ho feta tlhaloso ea bophelo e buellang hore lintho tseo re li bonang ka mahlo ke tsona feela lintho tse leng teng. Ha e le hantle lekhasi la joang le hōlang le ea holimo le latela melao e fapaneng le e laolang qubu ea majoe a ka har’a mokoti o thelehang. Ka tlhaho, lintho tse phelang li ikaha le ho itlhophisa ka tsela eo lintho tse shoeleng li sa etseng ka eona. Kahoo, seithuti se tsebahalang sa molao le bolumeli se ne se e-na le mabaka a ho etsa qeto ena: “Litšoaneleho tse sa bonahaleng [tsa Molimo] li bonahala ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li bonoa linthong tseo a li entseng.”—Ba-Roma 1:20, NW.
Empa ho fumana hantle hore na ke mang ea ikarabellang bakeng sa kaho ena eohle le tlhophiso, re hloka tšenolo e eketsehileng. Na ha rea lokela ho lebella hore tšenolo e joalo e be teng? Na e ne e ke ke ea e-ba ho utloahalang ho lebella hore Ea ikarabellang bakeng sa bophelo lefatšeng o ne a tla itšenola ho libōpuoa tsa hae?
Bibele e ipolela hore ke tšenolo e joalo. Makasineng ona hangata re ’nile ra hlahisa mabaka a matle a ho amohela boipolelo bona, ’me batho ba bangata ba nahanang ba bo amohetse. ’Nete ea hore ebe banna ba ngotseng Bibele ba ne ba na le takatso e matla ea ho hlakisa hore seo ba se ngotseng e ne e se sa bona, ka boeona e hlolla haholo. Ka makhetlo a fetang 300, re fumana baprofeta ba Bibele ba sebelisa lipolelo tse kang, “Ho itsoe ke Jehova.” (Esaia 37:33; Jeremia 2:2; Nahume 1:12) Mohlomong ua tseba hore banna le basali ba ngolang libuka kapa lihlooho ka tloaelo ba lakatsa haholo ho tekena ho seo ba se ngotseng. Leha ho le joalo, ba ngotseng Bibele ha baa itšenola; maemong a mang ho thata le ho fumana hore na ke bo-mang ba ngotseng likarolo tse itseng tsa Bibele.
Tšobotsi e ’ngoe ea Bibele eo u ka ’nang ua e fumana e le ea bohlokoa ke ho lumellana ha litaba tse ka hare ho eona. Ka sebele sena ke se hlollang, ha ho nahanoa hore libuka tse 66 tsa Bibele li ile tsa ngoloa ka nako e fetang lilemo tse 1 600. Nka hore u ne u ile laebraring ea sechaba eaba u khetha libuka tsa bolumeli tse 66 tse neng li ngotsoe ka nako e fetang makholo a 16 a lilemo. Eaba joale u tlamella libuka tseo tse fapaneng hammoho ho etsa moqolo o le mong. Na u ne u tla lebella hore moqolo oo o be le sehlooho se tšoanang hammoho le molaetsa o lumellanang? Le hanyenyane. Ho ne ho tla hlokahala mohlolo ho etsa joalo. Nahana ka sena: Libuka tsa Bibele li hlile li na le sehlooho se joalo se tšoanang, ebile li tšehetsana ka bopaki. Sena se bontša hore e tlameha ebe ho na le kelello e le ’ngoe, kapa mongoli, ea ileng a bolella bangoli ba Bibele seo ba se tlalehileng.
Leha ho le joalo, u tla fumana tšobotsi e pakang ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe hore mongoli oa Bibele ke Molimo. Boprofeta—boitsebiso bo ngotsoeng esale pele mabapi le seo ka ho tiileng se tla etsahala nakong e tlang. Lipolelo tse kang, “Ho tla etsahala letsatsing leo” le “Ho tla etsahala mehleng ea bofelo” ke tse ikhethang tsa Bibele. (Esaia 2:2; 11:10, 11, NW; 23:15, NW; Ezekiele 38:18, NW; Hosea 2:21-23, NW; Zakaria 13:2-4, NW) Lilemo tse makholo-kholo pele Jesu Kreste a hlahella lefatšeng, boprofeta bo Mangolong a Seheberu bo ne bo fane ka makolopetso mabapi le bophelo ba hae—ho tloha ha a hlaha ho fihlela a e-shoa. Ha ho na qeto e ’ngoe e utloahalang e ka fihleloang ho feta hore Bibele ke mohloli oa ’nete mabapi le bophelo. Jesu ka boeena o tiisa sena ka mantsoe ana: “Lentsoe la hao ke ’nete.”—Johanne 17:17.
Bolumeli le ’Nete
Esita le ba bangata ba ipolelang hore ba na le tumelo Bibeleng, ba lumela hore seo e leng ’nete ka hohle-hohle se ke ke sa fumanoa. Moruti e mong oa United States John S. Spong o hlalositse: “Re tlameha . . . ho fetoha monahanong oa hore re na le ’nete le hore ba bang ba tlameha ho ba le pono e tšoanang le ea rōna re ntse re hlokomela hore seo e leng ’nete ka hohle-hohle se ka ’nģane ho kutloisiso ea rōna kaofela.” Mongoli oa Roma e K’hatholike, Christopher Derrick, o fana ka lebaka le leng bakeng sa maikutlo a joalo a fosahetseng malebana le ho fumana ’nete: “Ho bua ka ‘’nete’ ea bolumeli leha e le hofe ho fana ka maikutlo a itseng a ho ipolelisa hore ua tseba . . . U fana ka maikutlo a hore e ka ’na eaba motho e mong o fositse; ’me seo ha se amohelehe ho hang.”
Leha ho le joalo, joaloka motho ea nahanang, ho tla u tsoela molemo hore u hlahlobe lipotso tse itseng tse loketseng. Haeba ’nete e ne e ke ke ea fumanoa, ke hobane’ng ha Jesu Kreste a ne a ka re: ‘Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla’? ’Me ke hobane’ng ha e mong oa baapostola ba Jesu a ne a ka bolela hore thato ea Molimo ke hore “batho bohle ba bolokehe, ’me ba fihle tsebong ea ’nete”? Ke hobane’ng ha lentsoe lena “’nete” le hlaha ka makhetlo a fetang lekholo ka Mangolong a Segerike a Bokreste mabapi le tumelo? E, ke hobane’ng, haeba ’nete e ke ke ea fumanoa?—Johanne 8:32; 1 Timothea 2:3, 4.
Ha e le hantle, Jesu ha aa ka a bolela feela hore ’nete e ka fumanoa empa o bontšitse hore ho e fumana hoa hlokahala haeba borapeli ba rōna bo tla amoheloa ke Molimo. Ha mosali oa Mosamaria a ne a ipotsa hore na mofuta oa borapeli ba ’nete ke ofe—borapeli ba Bajode Jerusalema kapa ba Basamaria Thabeng ea Gerizime—Jesu ha aa ka a araba ka ho bolela hore ’nete e ke ke ea fumanoa. Ho e-na le hoo, o ile a re: “Barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang joalo. Molimo ke Moea: ba o rapelang e ka khona ba rapele ka moea le ka ’nete.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Johanne 4:23, 24.
Batho ba bangata ba re, ‘Bibele e ka hlalosoa ka litsela tse sa tšoaneng, kahoo ho ka etsahala hore motho a se ke a kholiseha ka seo e leng ’nete.’ Empa na Bibele e ngotsoe ka tsela e sa hlakang hoo u ke keng ua kholiseha hore na e lokela ho utloisisoa joang? Ke ’nete hore ho ka ’na ha e-ba thata ho utloisisa puo e itseng ea boprofeta le ea tšoantšetso. Ka mohlala, Molimo o ile a bolella moprofeta Daniele hore buka ea hae, e nang le boholo ba puo ea boprofeta, e ne e sa lokela ho utloisisoa ka ho feletseng ho fihlela “nakong ea bofelo.” (Daniele 12:9) ’Me ho totobetse hore lipapiso tse itseng le litšoantšo li hloka ho hlalosoa.
Leha ho le joalo, ho hlakile hore ha e le lithutong tsa motheo tsa Bokreste le melao-motheong ea bohlokoa ea boitšoaro e hlokahalang bakeng sa ho rapela Molimo ka ’nete, Bibele e hlakile haholo moo. Ha e lumelle litlhaloso tse hanyetsanang. Lengolong le eang ho Baefese, ho buuoa ka tumelo ea Bokreste e le “’ngoe,” ho bontša hore ho ne ho sa lokela hore ho be le litumelo tse ngata. (Ba-Efese 4:4-6) Mohlomong u ka ’na ua ipotsa, ‘Haeba ka nepo Bibele e ke ke ea hlalosoa ka litsela tse ngata tse fapaneng, ke hobane’ng ha ho e-na le lihlopha tse ngata hakaale tsa bolumeli ba “Bokreste”?’ Re ka fumana karabo haeba re talima morao nakoana feela ka mor’a hore baapostola ba Jesu ba shoe ’me bokoenehi bo hlahe tumelong ea ’nete ea Bokreste.
‘Koro le Mofoka’
Jesu o ile a bolela bokoenehi bona esale pele papisong ea hae ea koro le mofoka. Jesu ka boeena o ile a hlalosa hore “koro” e emela Bakreste ba ’nete; “mofoka” o emela Bakreste ba bohata, kapa bakoenehi. Jesu o itse: “Ha ho robetsoe ke batho, ea mo hloileng” o ne a tla jala mofoka tšimong ea koro. Ho jala hona ho ile ha qaleha ka mor’a hore baapostola ba robale lefung. Papiso ena e bontša hore ho se khone ho khetholla Bakreste ba ’nete ho ba bohata ho ne ho tla tsoela pele ho fihlela “bofelong ba lefatše.” Kahoo, ho pholletsa le makholo a lilemo, ho bonahala ha Bakreste ba ’nete ho ’nile ha e-ba lerootho hobane tšimo ea bolumeli e ’nile ea laoloa ke bao e leng Bakreste ka lebitso feela. Leha ho le joalo, “bofelong ba lefatše,” phetoho e ne e tla etsahala. “Mor’a motho” o ne a tla “roma mangeloi a hae” ho arola Bakreste ba bohata ho Bakreste ba ’nete. Sena se ne se bolela hore ka nako eo, phutheho ea Bokreste e ne e tla hlokomeleha habonolo, e be boemong boo e neng e le ho bona mehleng ea baapostola.—Mattheu 13:24-30, 36-43.
Boprofeta ba Esaia hammoho le ba Mikea bo bolela esale pele ka ho bokelloa bocha ho joalo ha barapeli ba ’nete “mehleng ea bofelo.” Esaia o re: “Ho tla etsahala mehleng ea bofelo, hoba thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba, e okamele maralla, ’me lichaba kaofela li tla phallela teng. Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tloong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona.” Ho talima linnete ka mokhoa o hlakileng ho bontša hore boprofeta ba Esaia bo phethahala mehleng ea rōna.—Esaia 2:2, 3; Mikea 4:1-3.
Leha ho le joalo, khōlo ea phutheho ea Bokreste ha e etsahale ka boiteko bo itseng ba motho. Jesu o boletse esale pele hore o ne a tla “roma mangeloi a hae” ho etsa mosebetsi oa ho bokella. O ile a boela a bontša morero o khethehileng haholo oa sena: “Mohlang oo, ba lokileng ba tla khanya joalo ka letsatsi ’musong oa Ntat’a bona.” (Mattheu 13:43) Sena se bontša hore mosebetsi oa ho hlaha leseling, kapa oa ho ruta, o ne o tla etsoa lefatšeng ka bophara ke phutheho ea Bokreste.
Lipaki tsa Jehova li bona phethahatso ea boprofeta bona mosebetsing oa ho ruta oo li o phethang linaheng tse 232 kajeno. Ka ho bapisa litumelo tsa Lipaki, litekanyetso tsa tsona tsa boitšoaro, le tlhophiso ea tsona le Bibele, batho ba se nang leeme ba ka bona ka ho hlakileng hore lintho tsena li lumellana le tsa phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo. Lipaki li bua ka tumelo ea tsona e le “’nete” empa eseng ka lebaka la ho susumetsoa ke ho ikakasa ho itseng ha ho iphahamisetsa batho ba bang. Ho e-na le hoo, li etsa joalo hobane li ithutile Lentsoe la Molimo, Bibele, ka ho pharaletseng ’me li e latela e le eona feela tekanyetso eo ka ho loketseng bolumeli bo ka lekanngoang ka eona.
Bakreste ba pele ba ne ba bua ka tumelo ea bona e le “’nete.” (1 Timothea 3:15; 2 Petrose 2:2; 2 Johanne 1) Seo e neng e le ’nete ho bona e tlameha ho ba ’nete le ho rōna kajeno. Lipaki tsa Jehova li mema bohle hore ba ikholise tabeng eo ka hore ba ithute Bibele. Re tšepa hore ka ho etsa joalo le uena u tla latsoa thabo e tlisoang eseng feela ke ho fumana bolumeli bo molemo ho feta a mang empa e tlisoang ke ho fumana ’nete!
[Lebokose le leqepheng la 5]
LIFILOSOFI TSE LING TSE KHAHLANONG LE ’NETE
MAIKUTLO A HO NYEFOLA BOLUMELI: Pono ea hore likhopolo tsohle tsa bolumeli ke ntho e se nang kelello e ke keng ea tiisoa le hore sepheo sa filosofi ke ho kopanya lisaense tse hlakileng bakeng sa ho bōpa ntho e feletseng.
TLHAHLOBISISO EA BOPHELO BA MOTHO KA MONG: Babuelli ba eona ba ile ba susumetsoa haholo ke tšabo ea Ntoa ea II ea Lefatše ’me ka hona ba ile ba ba le pono e lerootho ka bophelo. E hatisa ho hlahloba tsieleho ea motho ha a talimane le lefu le bophelo bo se nang thuso. Motšehetsi oa tlhahlobisiso ea bophelo ba motho ka mong mongoli Jean-Paul Sartre o ile a bolela hore kaha Molimo ha a eo, motho o lahliloe kherehloa ’me o phela lefatšeng le se nang thahasello ka ho feletseng.
BOIKUTLO BA HO BELAELA: Bo tšehetsa taba ea hore ho ke ke ha etsahala hore ho finyelloe morero leha e le ofe, tsebo e akaretsang—’nete leha e le efe—mabapi le bophelo, ka ho hlokomela le ka ho beha mabaka.
HO SEBETSANA LE MATHATA LE LITABA KA TSELA E SEBETSANG: E lekanya bohlokoa ba ’nete ba lintho tseo re kholisehileng ka tsona ka ho khethehileng ka kamano ea tsona e molemong le lithahasellong tsa motho, tse kang ho hlophisa bocha sebōpeho sa thuto, boitšoaro, le lipolotiki. Ha e nke hore ’nete ka boeona e na le bohlokoa leha e le bofe.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Page 3: Second from left: Courtesy of The British Museum; Right: Sung Kyun Kwan University, Seoul, Korea