Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 4/15 leq. 30
  • Na U sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U sa Hopola?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Atamela ho Molimo ka Thapelo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Ho Fumana Hore na ke Bofokoli, Bokhopo, Kapa Pako
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lithapelo tsa Hao Li na le Moelelo Hakae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lithapelo Tse Arabeloang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 4/15 leq. 30

Na U sa Hopola?

Na u ile ua ananela ho bala litokollo tsa morao tjee tsa Molula-Qhooa? Ak’u bone hore na u ka hopola likarabo tsa lipotso tse latelang:

▫ Ke hobane’ng ha Bakreste ba pele ba sa ka ba keteka letsatsi la tsoalo ea Jesu?

Ho latela The World Book Encyclopedia, “Bakreste ba Pele ha baa ka ba keteka tsoalo [ea Jesu] hobane ba ne ba talima ho keteka tsoalo ea motho ofe kapa ofe e le mokhoa oa bahetene.”—12/15, leqepheng la 4.

▫ Na lithapelo li lokela ho lebisoa ho Jesu ka ho toba?

Che, hobane lithapelo ke mofuta oa borapeli oo e leng oa Molimo ea Matla ’Ohle a ’notši. Ka ho lebisa lithapelo tsohle tsa rōna ho Jehova Molimo, re bontša hore re etse hloko tataiso ea Jesu ea ho rapela: “Ntat’a rōna ea maholimong.” (Mattheu 6:9)—12/15, leqepheng la 25.

▫ Ke hobane’ng ha ho ile ha ba le kahlolo e fapaneng bakeng sa sebe se tebileng sa Morena Davida ha ho bapisoa le libe tsa Ananiase le Safira? (2 Samuele 11:2-24; 12:1-14; Liketso 5:1-11)

Sebe sa Morena Davida se ne se bakoa ke bofokoli ba nama. Ha a tojoa ka seo a se entseng, o ile a baka, ’me Jehova a mo tšoarela—le hoja a ne a tlameha ho lula a ntse a latsoa liphello tsa sebe sa hae. Ananiase le Safira ba ile ba etsa sebe ka hore ka boikaketsi ba bue leshano, ba leka ho thetsa phutheho ea Bokreste ’me kahoo ba leka ho ‘etsa leshano ho moea o halalelang le ho Molimo.’ (Liketso 5:3, 4) Seo e ile ea e-ba bopaki ba pelo e khopo, ka hona ba ile ba ahloloa haboima haholoanyane.—1/1, leqepheng la 27 le la 28.

▫ Re ka thusoa ke’ng hore re sebeletse Jehova ka pelo e thabileng?

Re lokela ho hlaolela pono e nepahetseng le e nang le kananelo ka litlhohonolofatso tsa rōna le litokelo tsa tšebeletso tseo Molimo a re fileng tsona, ’me re tlameha hore le ka mohla re se lebale hore ka ho latela Lentsoe la Molimo, rea mo thabisa.—1/15, leqepheng la 16 le la 17.

▫ Re lokela ho hopola lintho life tse peli e le hore re ka fana ka khothatso e sebetsang?

Ea pele, nahana ka seo u tla se bua e le hore khothatso eo e be e tobileng. Ea bobeli, batla monyetla oa ho atamela motho ea tšoanelang ho babatsoa kapa ea hlokang ho hahuoa.—1/15, leqepheng la 23.

▫ Ke hobane’ng ha “bongata bo boholo” bo tšoere “lipalema matsohong a bona”? (Tšenolo 7:9)

Ho tsoka makala a lipalema ho bontša hore “bongata bo boholo” ka thabo bo thoholetsa ’Muso oa Jehova le Morena oa hae ea tlotsitsoeng, Jesu Kreste. (Bona Levitike 23:39, 40.)—2/1, leqepheng la 17.

▫ Ke lithuto life tsa bohlokoa tse fumanoang bukeng ea Jobo?

Buka ea Jobo e bontša tsela ea ho sebetsana le mathata. E fana ka mehlala e hlokomelehang ea kamoo motho ea tobaneng le liteko a lokelang ho eletsoa kateng—le kamoo a sa lokelang—ho eletsoa kateng. Ho feta moo, phihlelo ea Jobo ka boeona e ka re thusa ho itšoara ka tsela e tsitsitseng ha re iphumana re hlasetsoe ke maemo a bohloko.—2/15, leqepheng la 27.

▫ Mehlolo ea Jesu e re ruta eng?

Mehlolo ea Jesu e tlotlisa Molimo, e behela Bakreste mohlala e le hore ba ka tlotlisa Molimo. (Ba-Roma 15:6) E khothaletsa hore ho etsoe se molemo, le ho bontša ho fana ka seatla se bulehileng, le ho bontša kutloelo-bohloko.—3/1, leqepheng la 8.

▫ Hore ebe baholo ba hlahloba ba sa tsoa inehela ka lipotso tse lokiselitsoeng ho phetha morero ofe?

Hona ho tiisa hore e mong le e mong o utloisisa ka botlalo lithuto tsa motheo tsa Bibele le hore o hlokomela se amehang mabapi le ho ba Paki ea Jehova.—3/1, leqepheng la 13.

▫ Lithapelo tsa Bibele li ka re thusa joang?

Ka ho hlahlobisisa lithapelo tse ka Mangolong, re ka khona ho khetholla tse entsoeng maemong a tšoanang le a rōna. Ho fumana lithapelo tse joalo, ho li bala, le ho thuisa ka tsona ho ka re thusa ho ntlafatsa puisano ea rōna le Jehova.—3/15, leqepheng la 3 le la 4.

▫ Tšabo ea bomolimo ke eng?

Tšabo ea bomolimo ke tšabo e nang le tlhompho ho Jehova, tlhompho e tebileng bakeng sa hae, e tsamaisanang le tšabo e loketseng ea ho se rate ho etsa lintho tse sa mo thabiseng. (Pesaleme ea 89:7)—3/15, leqepheng la 10.

▫ Bibele e bontša ka litsela life tse tharo hore re ba bohlokoa mahlong a Molimo?

Bibele e ruta hore e mong le e mong oa rōna ke oa bohlokoa mahlong a Molimo (Luka 12:6, 7); e hlakisa seo Jehova a se nkang e le sa bohlokoa ho rōna (Malakia 3:16); ’me e bolela seo Jehova a se entseng ho bontša lerato la hae bakeng sa rōna. (Johanne 3:16)—4/1, leqepheng la 11, la 12 le la 14.

▫ Ke hobane’ng ha Ba-Heberu 10:24, 25 e sa felle feela taelong ea hore Bakreste ba kopane hammoho?

Mantsoe ana a Pauluse a fana ka tekanyetso e bululetsoeng ke Molimo bakeng sa liboka tsohle tsa Bokreste—ka sebele, bakeng sa ketsahalo efe kapa efe ea ha Bakreste ba bokane hammoho.—4/1, leqepheng la 16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela