Haufinyane, Ha ho ea Tla Futsaneha!
“SE TŠABENG, hobane, bonang! Ke phatlalatsa ho lōna litaba tse molemo tsa thabo e khōlō eo batho bohle ba tla ba le eona.” (Luka 2:10, NW) Mantsoe ana a khothatsang a ile a utluoa ke balisa ba maketseng pel’a Bethlehema bosiung boo Jesu a tsoetsoeng ka bona. Tumellanong le phatlalatso eo, Jesu o ile a beha khatiso e matla ‘litabeng tse molemo’ nakong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng. Kajeno, ha re itšetlehile haholo ka chelete bakeng sa ho hlokomela litlhoko tsa rōna, litaba tse molemo tse buang ka Jesu li ka re ruisa molemo joang?
Jesu Kreste o ile a phatlalatsa “litaba tse molemo ho mafutsana.” (Luka 4:18, NW) Ho latela Mattheu 9:35, “Jesu [o ile] a tsamaea, a chalakela metse eohle le metsana, a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli [litaba tse molemo tsa, NW] ea ’muso.” Molaetsa oa hae o ne o khothatsa ka ho khethehileng ho ba neng ba hlasetsoe ke bofutsana. “Ha a bona matšoele, a a utloela bohloko, hobane ba ne ba khathetse, ba saretsoe joalo ka linku tse se nang molisa.” (Mattheu 9:36) Ke ’nete hore Jesu o ile a re, “Ha e le bafumanehi, le tla ’ne le be le bona ka mehla,” empa ha rea lokela ho etsa qeto mantsoeng ana ea hore ha ho na tšepo bakeng sa ba hlokang. (Johanne 12:8) Hafeela tsamaiso ena e khopo e ntse e tsoela pele, ho tla ’ne ho be le batho ba futsanehileng, ho sa tsotellehe hore na mahlomola a bona a bakoa ke’ng. Lentsoe la Molimo ha le hlokomolohe ’nete ea hore bofutsana bo teng, empa ha le lebise tlhokomelo litšobotsing tse mpe. Ho e-na le hoo, le neha mafutsana thuso ea ho sebetsana ka katleho le matšoenyeho a bophelo.
Thuso Bakeng sa Mafutsana
Ka ho hlokomelehang, ho ’nile ha thoe: “Ha ho moroalo o ka jaroang ke motho o moholo ho feta ho tseba hore ha ho motho ea tsotellang kapa ea utloisisang.” Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho hloka kutloelo-bohloko ha ba bangata, ho ntse ho e-na le litaba tse molemo bakeng sa mafutsana—bakeng sa hona joale le nakong e tlang.
Ka masoabi, ba bangata ba na le thahasello e nyenyane ea ho thusa mafutsana. Ho latela The World Book Encyclopedia, ba bang ba lumela hore “moo batho ba phelang hammoho baa hlōlisana hore ba phele ’me . . . batho ba phahameng ba ba matla ebile baa rua.” Ba lumelang khopolo ena, e bitsoang thuto ea Darwin ea tlhōlisano bophelong, ba ka ’na ba talima mafutsana e le batho ba botsoa feela kapa ba senyang haholo. Leha ho le joalo, basebetsi ba libakeng tsa mahaeng, basebetsi ba bafalli, le ba bang, ho sa tsotellehe hore ebe ba lefuoa meputso e tlaase, hangata ba sebetsa ka thata ho fepa ba malapa a bona.
Linaheng tse ngata bofutsana bo atile haholo. Ka hona, mafutsana—e leng ’ona a mangata haholo—ha a etsoe hore a ikutloe e le batho ba hlōlehileng. Leha ho le joalo, linaheng tse joalo ho na le batho ba phelang menonong e meholo ka hare ho mafutsana. Pel’a mek’huk’hu e petetsaneng le e kotsi bakeng sa bophelo bo botle ho na le mahae a mabotho-botho, le a bitsang chelete e ngata. Batho ba lefuoang meputso e phahameng ba khanna likoloi tsa bona tsa chelete e ngata literateng tse tletseng batho ba hlasetsoeng ke bofutsana le ba hlokang mosebetsi. Linaheng tse joalo mafutsana a hlokomela mahlomola a ’ona habohloko. The World Book Encyclopedia e bolela hore ka sebele “mafutsana ha a utloisoe bohloko feela ke khaello ea phepo e nepahetseng, matlo a mabe, le tlhokomelo ea meriana e sa lekanang, empa hape le ke ho tšoenyeha ho sa khaotseng ka boemo ba ’ona. A sitoa ho fumana mesebetsi le ho e baballa, a lahleheloa ke boikutlo bohle ba seriti le boitlhompho.” Joale, ba bang ba futsanehileng haholo ba sebetsana ka katleho joang le boemo ba bona? Litaba tse molemo tse buang ka Jesu li na le bohlokoa bofe mabapi le ho sebetsana ka katleho le boemo boo?
Taba ea pele, hopola hore bofutsana bo ka mpefatsoa ka litloaelo tse booatla. Nahana ka mehlala e meng. Valdecir oa lumela hore le hoja mosali oa hae le bana ba hae ba banyenyane ba ne ba e-na le lijo tse fokolang, o ne a senya chelete ka ho ntšetsa pele mokhoa oa bophelo oa boitšoaro bo bobe. O re: “Le hoja ke ne ke sebetsa, le ka mohla ke ne ke se na chelete bakeng sa lelapa empa kamehla ke ne ke e-ba le litekete tse sa tšoaneng tsa lothari lipokothong tsa ka.” Ka lebaka la ho noa haholo le ho tsuba, Milton o ile a senyeheloa ke khoebo e nang le basebetsi ba 23. O re: “Ke ne ke qeta masiu seterateng, ke sitoa ho ea lapeng, ’me lelapa la ka le ne le hula ka thata haholo ka lebaka la ka.”
João le eena o ne a senya moputso oa hae linyatsing. “Ke ne ke qeta masiu ke le sieo lapeng. Moputso oohle oa ka o ne o sa lekane linyatsi le ‘mechaufa’ ea ka. Boemo bo ile ba fetoha bo ke keng ba mamelloa, ’me mosali oa ka o ile a batla hore re arohane.” Ho phaella mathateng a hae a chelete le a lenyalo, ho ne ho boetse ho e-na le a mang. O re: “Ke ne ke ipaketse mathata ho beng ka ’na le ho baahelani, ’me haholo-holo ke ne ke e-na le mathata mosebetsing. Ka lebaka leo, kamehla ke ne ke lula ke se na mosebetsi.” Júlio e ne e le lekhoba la lithethefatsi. Leha ho le joalo, oa hlalosa: “Kaha le ka mohla moputso oa ka o ne o sa lekane ho tšehetsa tloaelo ea ka ea lithethefatsi, ke ile ka qala ho sebetsa ke le morekisi oa lithethefatsi e le hore ke se ke ka tlameha ho reka lithethefatsi.”
José, a hōliselitsoe lelapeng le futsanehileng la bana ba robeli, o ne a batla hore a ke a be le seo e leng sa hae. A nahana hore boemo bo ke ke ba mpefala, hammoho le bacha ba bang o ile a qala ho k’hothotsa batho. A feletsoe ke tšepo, mocha e mong o ile a fetoha setho sa kenke e bitsoang Mathula-ka-hlooho. Oa hlalosa: “Kaha boholo ba rōna re ne re futsanehile haholo, re ne re fumana khotsofalo e itseng ka ho thuha lintho le ho hlasela batho.”
Leha ho le joalo, kajeno banna bana hammoho le malapa a bona ha ba sa utloisoa bohloko ke maikutlo a tebileng a ho amohuoa menyetla kapa a khalefo le lehloeo. Ha e sa le ba hlokang thuso kapa ba feletsoeng ke tšepo. Hobane’ng? Hobane ba ithutile litaba tse molemo tseo Jesu a ileng a li bolela. Ba ile ba sebelisa keletso ea Bibele ’me ba kopanela le batho ba nang le khopolo e tšoanang le ea bona liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova. ’Me ba ithutile lintho tsa bohlokoa haholo ka borui le bofutsana.
Thuso ea ho Sebetsana ka Katleho le Bofutsana
Taba ea pele, ba ile ba ithuta hore haeba melao-motheo ea Bibele e sebelisoa, liphello tse mpe tsa bofutsana li ka fokotsoa. Bibele e nyatsa boitšoaro bo bobe, botahoa, papali ea chelete, le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. (1 Ba-Korinthe 6:9, 10) Lintho tse joalo li bitsa chelete e ngata haholo. Li ka etsa hore monna oa morui e be mofutsana, ’me oa mofutsana a futsanehe le ho feta. Ho lahla mekhoa ena ea botekatse le e meng e tšoanang le eona ho etsa ho hoholo ho ntlafatseng boemo ba lichelete ba lelapa.
Taba ea bobeli, ba ile ba fumana hore ho na le lintho tsa bohlokoa bophelong ho feta borui. Pono e leka-lekaneng e hlalosoa mantsoeng ana a bululetsoeng: “Bohlale ke tširelo, joalo ka ha le eona chelete e le tširelo, empa moo tsebo e fetisang ka molemo, ke hobane bohlale bo phelisa ba bo ruileng.” (Moeklesia 7:12) E, chelete ea hlokahala. Empa bohlale le tsebo tse thehiloeng Bibeleng ka merero ea Molimo li molemo haholo le ho feta. Ka sebele, ho motho ea se nang bohlale, ho ba le chelete e ngata e ka ba moroalo o ntseng o tšoana le oa ho ba le e nyenyane haholo. Ka bohlale mongoli oa Bibele o ile a rapela: “U se ke ua mpha bofuma, leha e le maruo; mphepe ka bohobe bo ntekanang; e se re mohlomong ha ke khotše, ka u latola, ka re: Jehova ke mang na? mohlomong ha ke fumanehile, ka utsoa, ’me ka tlaela ka lebitso la Molimo oa ka.”—Liproverbia 30:8, 9.
Taba ea boraro, ba ile ba fumana hore haeba motho a phela ho latela litaba tse molemo tseo Jesu a li boletseng, ha ho hlokahale hore a ikutloe a lahliloe kherehloa. Litaba tse molemo li bua ka ’Muso oa Molimo. Molaetsa oo o bitsoa “litaba tse molemo tsa ’muso,” ’me mehleng ea rōna li boleloa lefatšeng lohle le ahiloeng. (Mattheu 24:14, NW) Jesu o re boleletse hore re tla tšehetsoa haeba re beha tšepo ea rōna ’Musong oo. O itse: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha [Molimo] pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.” (Mattheu 6:33) Molimo ha a tšepise likoloi tse majaba-jaba kapa matlo a theko e boima. Jesu o ne a bua ka lintho tse hlokahalang bophelong, tse kang lijo le liaparo. (Mattheu 6:31) Kajeno batho ba limilione ba ka paka hore tšepiso ea Jesu ke e ka tšeptjoang. Motho ka mong, esita le ea futsanehileng haholo, ha a lahloe kherehloa haeba a beha ’Muso pele.
Taba ea bone, ba ile ba fumana hore motho ea behang ’Muso oa Molimo pele ha a halefisoe ke mathata a lichelete. E, motho ea futsanehileng o lokela ho sebetsa ka thata. Empa haeba a sebeletsa Molimo, o na le tokelo ea ho ba le kamano le ’Mōpi oa hae, eo ka eena Bibele e reng: “Ha a ka a nyelisa, ha a ka a khesa bohlomohi ba ea hlomohileng, ha a ka a mo patela sefahleho sa hae; empa a ’na a mamela mehoo ee a neng a e phahamisetsa ho eena.” (Pesaleme ea 22:24) Ho phaella moo, motho ea futsanehileng o na le thuso ea ho sebetsana ka katleho le mathata a bophelo. O thabela botsoalle bo mofuthu le Bakreste-’moho le eena ebile o na le tsebo le kholiseho ka thato e senotsoeng ea Jehova. Lintho tse kang tsena “li fetisa khauta ka theko, le khauta e ngata e tšekehileng.”—Pesaleme ea 19:10.
Qetellong, Bofutsana bo Felile!
Qetellong, batho ba mamelang litaba tse molemo baa ithuta hore Jehova Molimo o rerile ho rarolla mathata a bofutsana ka ho feletseng ka ’Muso oa hae. Bibele ea tšepisa: “Hobane mofutsana a ke ke a lebaloa ka mehla, ’me tšepo ea ba malimabe e ke ke ea timela ka ho sa eeng kae.” (Pesaleme ea 9:18) ’Muso ke puso ea sebele, e hlonngoeng maholimong ’me ’Musi oa eona ke Jesu Kreste. Haufinyane, ’Muso oo o tla nkela mebuso ea batho sebaka bakeng sa ho tsamaisa litaba tsa batho. (Daniele 2:44) Kahoo, e le Morena ea lutseng teroneng, Jesu “o tla utloela ea malimabe le mohloki bohloko, a boloke bophelo ba ea lesitsi; o tla ba loela bohoro-hosong le botubong, mali a bona e be ntho e hlokoang mahlong a hae.”—Pesaleme ea 72:13, 14.
Ha e talimela nako eo pele, Mikea 4:3, 4 e re: “Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feie ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang, hobane molomo oa Jehova oa makhotla o boletse.” Ho buuoa ka bo-mang moo? Ka bohle ba ikokobelletsang ’Muso oa Molimo. ’Muso oo o tla rarolla mathata ’ohle a utloisang moloko oa batho bohloko—esita le bothata ba ho kula le lefu. “O tla felisa lefu ka ho sa eeng kae; Morena Jehova o tla felisa meokho lifahlehong tsohle.” (Esaia 25:8; 33:24) Lefatše leo e tla ba le fapaneng hakaakang! ’Me hopola, re ka lumela litšepiso tsena hobane li bululetsoe ke Molimo ka boeena. O re: “Sechaba sa ka se tla aha moahong oa khotso, le matlung a tšepehang, nģalong tsa boiketlo le phomolo.”—Esaia 32:18.
Tšepo ’Musong oa Molimo e hlōla ho ikhesa hoo hangata ho bakoang ke bofutsana. Mokreste eo e leng mofutsana oa tseba hore e ntse e le oa bohlokoa mahlong a Molimo feela joaloka Mokreste ea ruileng. Molimo o ba rata ka ho lekana ka bobeli ba bona, ’me ka bobeli ba na le tšepo e tšoanang. Bobeli ba bona ka cheseho ba lebeletse ka thabo nakong eo, tlas’a ’Muso oa Molimo, bofutsana e tla beng e le ntho ea nako e fetileng. Eo e tla ba nako e khanyang hakaakang! Qetellong, ha ho ea tla futsaneha!
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Ke hobane’ng ha u ka senya chelete ka papali ea chelete, ho tsuba, ho noa haholo, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, kapa mokhoa oa bophelo oa boitšoaro bo bobe?
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Jehova Molimo o tla rarolla mathata a bofutsana ba batho ka ’Muso oa hae