Kopano ea “Barorisi ba Thabileng”—Na U Tla ba Teng?
THABO! Na lentsoe leo le utloahala le sa tloaeleha, nakong ee e tletseng likhathatso? Ka sebele likoranta ha li fane ka mabaka a mangata a thabo. Lintoa tsa merabe, tlala e jeleng setsi, tlhokahalo ea mosebetsi, tšilafalo e kotsi, ho se tsitse ha lipolotiki, tlōlo ea molao—tsena hase lintho tse ka tlatsang lipelo ka thabo, na li ka ho etsa?
Batho ba bangata kajeno ba phamola monyaka leha e le ofe oo ba ka o khonang bophelong. Empa thabo? Thabo e hlalositsoe e le “boemo ba nyakallo; thabo e khaphatsehang.” Hase ba bangata ba bileng le thabo ea sebele, ’me ha ba e-ba le eona, hangata eba ea nakoana feela.
Leha ho le joalo, ha e ne e bua ka mehla ea rōna esale pele, Bibele e hlile ea bolela: ‘Ho itsoe ke Morena Jehova: Bonang, bahlanka ba ka ba tla thaba. Bonang, bahlanka ba ka ba tla bina, ka baka la thabo ea lipelo tsa bona.’ (Esaia 65:13, 14) See se ka etsahala joang?
Ho fumana karabo, re u memela ho ba teng ho e ’ngoe ea likopano tsa setereke tsa Lipaki tsa Jehova tse tla tšoaroa ka 1995. Sehlooho sa likopano tsena ke “Barorisi ba Thabileng,” ’me ho ba teng ha ho lefelloe. Lenaneo la matsatsi a mararo a kopano le tla akarelletsa lipuo tse theiloeng Bibeleng, lipontšo, lipuisano le tse ling tse ngata. Lenaneong lohle, sehlooho sa thabo se tla phahamisoa.
Likopano li qala United States ka June ’me li tla tsoela pele metseng e meholo ho pota lefatše ho fihlela mathoasong a 1996. Ho ka etsahala hore ho be le e ’ngoe haufi le moo u lulang teng. Ke hobane’ng ha u sa botse Lipaki tsa Jehova tse phelang sebakeng sa heno? Re u mema ka mofuthu hore u be teng.