Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 5/15 maq. 29-31
  • E ne e le Selelekela sa Messia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E ne e le Selelekela sa Messia
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thōmo ea Hae e Ile ea Boleloa Esale Pele
  • Lentsoe Lefelleng
  • “Bohle” ba Ile ba Lemosoa
  • Messia oa Tsebahatsoa
  • O Ile a Tšepahala ho Fihlela Qetellong
  • Johanne Mokolobetsi o Betlela Jesu Tsela
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Johanne o Lokisa Tsela
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Johanne o Lokisa Tsela
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 5/15 maq. 29-31

E ne e le Selelekela sa Messia

LEBANTA le sephara la letlalo le ne le mo khetholla ho feta letlalo la hae le chesitsoeng ke letsatsi. Ho apara ha hae seaparo sa boea ba kamele, ka sebele ho ne ho mo etsa hore a bonahale joaloka moprofeta. Ba bangata ba ne ba susumetseha hore ba tle ho eena Nōkeng ea Jordane. Monna enoa ea hlollang o ile a phatlalatsa ka sebete hore o ne a itokiselitse ho kolobetsa baetsa-libe ba bakileng.

Batho ba ne ba maketse! Monna enoa e ne e le mang? Sepheo sa hae e ne e le sefe?

Jesu Kreste o ile a re ka motho enoa: “Ana le ne le ile ho bona’ng? A e ne e le moporofeta na? E, ke rialo ho lōna, ea fetisang le moporofeta. . . . Har’a ba tsoetsoeng ke basali, ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi.” (Mattheu 11:9-11) Ke hobane’ng ha Johanne e ne e le motho ea ikhethang hakaalo? Hobane e ne e le selelekela sa Messia.

Thōmo ea Hae e Ile ea Boleloa Esale Pele

Lilemo tse fetang 700 pele ho tsoalo ea Johanne, Jehova o ile a phatlalatsa hore enoa o ne a tla hooa lefeelleng: “Hlekang tsela ea Jehova feelleng, le latse ’mila oa Molimo oa rōna nahathothe.” (Esaia 40:3; Mattheu 3:3) Lilemo tse ka holimo ho 400 pele ho tsoalo ea Johanne, Molimo Ea Matla ’Ohle o ile a bolela: “Bonang, ke ea le romela moporofeta Elia, ho e-so ho tle letsatsi la Jehova, le leholo, le tšabehang.” (Malakia 4:5) Taba ea hore Johanne Mokolobetsi o ile a tsoaloa hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng pele ho Jesu ha ea iketsahalla feela tjena, leha e le hore empa feela e bile tsoalo ea tlhaho. Joaloka tsoalo ea Isaaka ngoana ea neng a tšepisitsoe, tsoalo ea Johanne e ne e le ea mohlolo, batsoali ba hae ka bobeli, Sakaria le Elisabetha, ba ne ba se ba fetile lilemong tsa ho tsoala bana.—Luka 1:18.

Esita le pele Johanne a ne a ka emoloa, bonģosa ba hae, mosebetsi, le mokhoa oa hae oa bophelo li ile tsa senoloa ke lengeloi Gabriele. Ka sefutho le ka moea oo Elia a neng a e-na le oona, Johanne o ne a tla khutlisa ba sa utloeng tseleng ea lefu ’me a ba lokisetse ho amohela Jesu joaloka Messia. Ho tloha tsoalong, Johanne e ne e tla ba Monazari, ea inehetseng ho Molimo ka ho feletseng, ’me o ne a sa lokela ho noa veine kapa seno se tahang. Ka sebele, lijo tsa hae lefelleng li ne li akaretsa “litsie le linotši tsa naha.” (Mareka 1:6; Numere 6:2, 3; Luka 1:13-17) Joaloka Samuele, ho tloha bongoaneng Johanne o ne a khethetsoe tšebeletso e khanyang ea Molimo ea Holimo-limo.—1 Samuele 1:11, 24-28.

Esita le lebitso Johanne le ne le khethiloe ke Molimo. Lebitso la Seheberu le fetoletsoeng e le “Johanne” le bolela “Jehova O Bontšitse Kamohelo; Jehova O Bile Mosa.”

Ha ngoana a ne a bolotsoa ka letsatsi la borobeli, ntat’ae, Sakaria, o ile a bululeloa hore a re: ‘Ha e le uena, lesea, u tla bitsoa moporofeta oa Ea holimo-limo; hobane u tla etella sefahleho sa Morena pele, ho lokisa litsela tsa hae, u tle u nee sechaba sa hae tsebo ea poloko, tšoarelong ea libe tsa bona, ka baka la pelo e mohau ea Molimo oa rōna, eo mafube a meso a leholimo a re etetseng ka eona.’ (Luka 1:76-78) Tšebeletso ea Johanne ea phatlalatsa e ne e tla ba ea bohlokoahali bophelong ba hae. Lintho tse ling tsohle li ne li e-na le bohlokoa bo fokolang, ha li bapisoa le eona. Kahoo Mangolo a akaretsa lilemo tse 30 tse qalang tsa bophelo ba Johanne ka temana e le ’ngoe: “Ha e le ngoana, a ’na a hōla, a ipha matla moeeng; a ’na a lula mafeelleng, ha ba ha fihla letsatsi leo a hlahileng pel’a Iseraele ka lona.”—Luka 1:80.

Lentsoe Lefelleng

Selemong sa bo15 sa puso ea Tibere Sesare, ha Ponse Pilato e le ’musisi oa Judea, Johanne Mokolobetsi o ile a hlaha lefelleng ka molaetsa ona o makatsang: “Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse.” (Mattheu 3:2; Mareka 1:4; Luka 3:1, 2) Matšoele a sebakeng seo sohle a ile a susumetseha. Phatlalatso eo e sebete e ile ea ama lipelo tsa batho ba laba-labelang tšepo e tiileng. Hape phatlalatso ea Johanne e ne e le phephetso boikokobetsong ba motho hobane e ne e hloka pako e tlohang pelong. Botšepehi le kholiseho tsa hae li ile tsa susumetsa matšoele a ba tšepahalang le ba hlokang boikaketsi hore ba mo nke e le monna ea romiloeng ke Molimo.

Botumo ba Johanne bo ile ba hasana joaloka mafube. Joaloka moprofeta oa Jehova, o ne a hlokomeleha habonolo ka liaparo tsa hae le ka boinehelo ba hae. (Mareka 1:6) Esita le baprista le Balevi ba ile ba tsamaea ho tloha Jerusalema ho tla bona se tsositseng thahasello ena eohle. Ho baka? Hobane’ng, hape ho eng? Monna enoa e ne e le mang? Ba ne ba batla ho tseba. Johanne o ile a hlalosa: “Hase ’na Kreste. Ba ’motsa, ba re: Ke ho re’ng? A u Elia na? A re: Ha ke eena. A u moporofeta eo na? A araba, a re: Che. Eaba ba re ho eena: U mang, re tle re nee ba re romileng karabo? U re’ng, ha u ipolela? A re: ’Na, ke lentsoe la ea hooang feelleng, le re: Lokisang tsela ea Morena; joalo ka ha moporofeta Esaia a boletse. ’Me ba romiloeng e ne e le ba bafarisi. Ba boela ba ’motsa, ba re ho eena: Ha u se Kreste, u se Elia, u se moporofeta eo, ke ka baka la’ng ha u kolobetsa na?”—Johanne 1:20-25.

Pako le kolobetso e ne e le mehato e hlokahalang bakeng sa ba neng ba tla kena ’Musong. Ka hona, Johanne o ile a arabela: ‘Ke kolobetsa ka metsi baetsalibe ba bakileng, empa ka morao ho ’na ea matla ho mpheta o tla le kolobetsa ka moea o halalelang le ka mollo. Ruri, ha ke tšoanelehe leha e le ho lokolla meqathatso ea hae feela, ’me hlokomelang! O nkile kharafu ea ho olosa letsohong la hae ’me o tla bokella koro ntlong ea hae ea polokelo empa o tla chesa le ho felisa ’mooko.’ (Luka 3:15-17, NW; Liketso 1:5) Ka sebele, moea o halalelang o ne o tla nehoa balateli ba Messia, empa lira tsa hae li ne li tla fumana timetso ea mollo.

“Bohle” ba Ile ba Lemosoa

Bajode ba bangata ba tšepahalang ba ile ba susumetseha ka ho tebileng ke mantsoe a Johanne ’me ba ipolela libe tsa bona tsa ho se tšepahale selekaneng sa Molao. Ba ile ba bonahatsa pako ea bona phatlalatsa ka ho lumella Johanne ho ba kolobetsa Nōkeng ea Jordane. (Mattheu 3:5, 6) Ka lebaka lena lipelo tsa bona li ne li le boemong bo loketseng bakeng sa ho amohela Messia. E le ho tima lenyora la bona bakeng sa tsebo ea litlhokahalo tse lokileng tsa Molimo, ka thabo Johanne o ile a ba rupella ho ba barutuoa ba hae, haesita le ho ba ruta ho rapela.—Luka 11:1.

Moapostola Johanne o ile a ngola, mabapi le selelekela sena sa Messia: “Eo a tla ho ba paki, hore a pake tsa leseli, bohle ba tle ba lumele ka eena.” (Johanne 1:7) Ke ka tsela eo batho ba mefuta eohle ba ileng ba tla ho Johanne Mokolobetsi ha a se a “boleletse sechaba sa Iseraele kaofela kolobetso ea pako.” (Liketso 13:24) O ile a hlokomelisa babokelli ba lekhetho khahlanong le ho qhekella. O ile a lemosa masole khahlanong le ho hlekefetsa leha e le mang kapa ho etsa liqoso tsa bohata. O ile a bolella baipatli, ba baikaketsi ba Bafarisi le Basadusi: “Malinyane a marabe, le tšositsoe ke mang ho balehela bohale bo tlang? Ha ho le joalo he, behang litholoana tse tšoanelang pako. ’Me le se ke la re ka ho lōna: Abrahama ke ntat’a rōna; hobane kea le bolella, ke re: Molimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majoe ana.”—Mattheu 3:7-9; Luka 3:7-14.

E le sehlopha, baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea Johanne ba ile ba hana ho lumela ho eena ’me ba mo nģosa ka hore o na le modemona. Ba ile ba hana tsela ea ho loka e lebisang bophelong bo sa feleng. Ka lehlakoreng le leng, baetsalibe ba babokelli ba lekhetho le liotsoa ba ileng ba lumela bopaki ba Johanne ba ile ba baka le ho kolobetsoa. Ka nako e loketseng, ba ile ba amohela Jesu Kreste e le Messia.—Mattheu 21:25-32; Luka 7:31-33.

Messia oa Tsebahatsoa

Ka likhoeli tse tšeletseng—ho tloha selemo ho isa lehoetleng la 29 C.E.—paki e tšepahalang ea Molimo Johanne e ile ea lebisa tlhokomelo ea Bajode ho Messia ea neng a tla tla. E ne e le nako ea hore Morena oa Bomessia a hlahe. Empa ha a hlaha, o ile a theohela metsing a tšoanang a Jordane ’me a kōpa hore a kolobetsoe. Qalong Johanne o ne a latola, empa a ba a lumellana le seo. U ka inahanela thabo ea hae ha moea o halalelang o theohela ho Jesu ’me lentsoe la Jehova le utloahala le bolela kamohelo ea hae ho Mora oa Hae.—Mattheu 3:13-17; Mareka 1:9-11.

Johanne e bile oa pele oa ho hlokomela hore Jesu ke Messia, ’me o ile a tsebisa barutuoa ba hae Motlotsuoa enoa. Johanne o ile a re: “Bonang, ke Konyana ea Molimo e tlosang libe tsa lefatše.” O ile a phatlalatsa: “Ke enoa eo ke ’moletseng, ka re: Ka morao ho ’na ho tla monna ea bileng teng pele ho ’na, kahobane a na a le pele ho ’na. Le ’na ke ne ke sa mo tsebe; empa ke tlile ho kolobetsa ka metsi, a tle a bonahatsoe ho Iseraele.”—Johanne 1:29-37.

Mosebetsi oa Johanne o ile oa tsoela pele ka nako e le ’ngoe le tšebeletso ea Jesu ka likhoeli tse tšeletseng. E mong le e mong oa bona o ne a utloisisa mosebetsi oo e mong a o etsang. Johanne o ne a italima e le motsoalle oa Monyali ’me a thabela ho bona Kreste a phahama ha eena le mosebetsi oa hae a ne a kokobela.—Johanne 3:22-30.

Jesu o ile a tsebahatsa Johanne e le selelekela sa hae, ea neng a tšoantšetsoa ke Elia. (Mattheu 11:12-15; 17:12) Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a re: “Molao le baporofeta li ile tsa tiea ho fihlela ho Johanne; ’me ha e sa le mohlang oo, ’muso oa Molimo oa boleloa, ’me e mong le e mong o o kena ka matla.”—Luka 16:16.

O Ile a Tšepahala ho Fihlela Qetellong

Johanne o ile a tšoaroa ’me a kenngoa teronkong hobane o ile a bolela ’nete ka sebete. Ha a ka a qoba boikarabelo ba hae ba ho pepesa haesita le sebe sa Morena Heroda. Ka ho tlōla molao oa Molimo, morena eo o ne a phela ka bofebe le mosali oa moena oa hae, Herodiase. Johanne o ile a bua e le hore monna eo a bake ’me a fumane mohau oa Molimo.

Johanne e ne e le mohlala o mokaakang oa tumelo le lerato! Ka ho tela tokoloho ea hae ea botho, o ile a paka botšepehi ba hae ho Jehova Molimo le lerato la hae ho ba bang. Ka mor’a ho qeta selemo a le teronkong, Johanne o ile a khaoloa hlooho ka lebaka la morero oa bolotsana o susumelitsoeng ke Diabolose le ho hlohleletsoa ke Herodiase ea khopo, ea neng a mo “hloile.” (Mareka 6:16-19; Mattheu 14:3-12) Empa, e le selelekela sa Messia, o ile a boloka botšepehi ho Jehova ’me haufinyane o tla tsosoa bafung ho thabela bophelo lefatšeng le lecha la Molimo la ho loka.—Johanne 5:28, 29; 2 Petrose 3:13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela