Tšepiso ea Lefatše le se Nang Bobolu
BOBOLU bo kenelletse bathong ba maemo ’ohle. Hore na ke ’musong, saenseng, lipapaling, bolumeling, kapa khoebong, bobolu bo bonahala bo tsoile taolong.
Litaba tse tepelletsang maikutlo tsa mahlabisa-lihlong a bobolu li hlahella lihloohong tsa litaba, linaheng tse fapaneng. Ba bangata ba itlametseng hore ba tla sebeletsa lithahasello tsa batho ba pepesitsoe e le ba sebeletsang lithahasello tsa bona ka ho amohela tjotjo le ka ho lefshoa lichelete ka lekunutu. Ho bitsoang tlōlo ea molao ea mosebetsi oa ofisi ho atile. Batho ba ntseng ba eketseha ba maemo a phahameng a bophelo kapa a moruo ba molato oa tlōlo e tebileng ea litekanyetso tsa boitšoaro le ea molao mabapi le mesebetsi ea bona e tloaelehileng.
Ho na le kameho e ntseng e hōla ka seo koranta e ’ngoe ea Europe e se hlalosang e le “‘bobolu bo boholo’—mokhoa oo ka ’ona bahlanka ba phahameng ba ’muso, matona le, hangata haholo, lihlooho tsa linaha ba batlang tefo pele ba ka lumella ho rekoa ha thepa e khōlō le ho etsoa ha lintlafatso.” Makasine oa Brithani The Economist o bolela hore naheng e ’ngoe “lilemo tse peli tsa lipatlisiso tsa sepolesa le ho tšoaroa hoo e ka bang hoa letsatsi le leng le le leng ha li ea ka tsa thibela ba mekhoa e mebe ka ho ke keng ha lokisoa.”
Ka lebaka la bobolu bo joalo bo jeleng setsi, ba bangata kajeno ba ikutloa hore ha ho eo ba ka mo tšepang. Ba pheta mantsoe a mongoli oa Bibele Davida ha a re: “Bohle ba khelohile, ba itšentse hammoho; ha ho ea etsang hantle, leha a le mong.”—Pesaleme ea 14:3.
U ka sebetsana ka katleho joang le bobolu bo jeleng setsi? Batho ba bangata kajeno ba bo hlokomoloha habonolo feela. Empa esita le haeba u hlokomoloha bobolu, bo tla ’ne bo u utloise bohloko. Joang?
Bobolu Boa U Ama
Ka bobeli bobolu ba boemo bo phahameng le ba tekanyo e nyenyane bo nyolla theko ea lintho bophelong, bo theola boleng ba lihlahisoa, ’me bo fella ka ho fokotseha ha mesebetsi le ho theola meputso. Ka mohlala, ho hakanngoa hore litlōlo tsa molao tse kang ho qhekella le bomene-mene li baka tšenyehelo e lekanang ka makhetlo a leshome le ea litšenyehelo tsa ho qheketsa matlo, bosholu ba likhoka, le ho utsoa ha li kopane. The New Encyclopædia Britannica (1992) e bolela hore “United States tšenyehelo ea tlōlo ea molao ea likhoebo tse khōlō e hakanyetsoa ho $200 000 000 000 [R526 000 000 000] ka selemo—makhetlo a mararo a lekanang le tšenyehelo ea tlōlo ea molao e hlophisitsoeng.” Mohloli ona o hlalosa hore le hoja liphello li ka ’na tsa se ke tsa fumaneha habonolo “litlōlo tse joalo tsa molao li na le tšusumetso e khōlō holim’a polokeho ea basebetsi, bareki, le tikoloho.”
Litholoana tse babang tsa bobolu li re hopotsa mantsoe a Morena Salomone: “Ka boela ka lemoha lihloriso tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi, ’me ka bona meokho ea ba hlorisoang, ho mpa ho se ea ba tšelisang. Ka ’nģa ho bahlorisi ba bona, ka bona bothata, ho mpa ho se monamoleli.”—Moeklesia 4:1.
Na joale, le rōna re lokela ho tlohella bobolu? Na bo ke ke ba qojoa? Na lefatše le se nang bobolu ke toro e ke keng ea phethahala? Ka thabo, che! Bibele e re ruta hore haufinyane bokhopo le ho hloka molao li tla felisoa.
Seo Bibele e Re Bolellang Sona
Bibele e re bolella hore bobolu bo qalile ha lengeloi le matla le fetohela Molimo ’me le hlohlelletsa banyalani ba pele ba batho ho ikopanya le lona. (Genese 3:1-6) Tsela ea bona ea boetsalibe ha e-ea ka ea hlahisa letho le molemo. Ho e-na le hoo, ho tloha letsatsing leo Adama le Eva ba sitetsoeng Jehova Molimo, ba ile ba qala ho utloa bohloko ba liphello tse mpe tsa bobolu. ’Mele ea bona ea qala butle-butle tsela ea ho fokola, e lebisang lefung le ke keng la qojoa. (Genese 3:16-19) Ho tloha ka nako eo, histori e ile ea tlala ka mehlala ea limpho tsa tjotjo, thetso le bomene-mene. Ho ntse ho le joalo, boholo ba baetsi ba liketso tsena bo bonahala bo ntse bo itsoella-pele bo atleha.
Ho fapana le batlōli ba tloaelehileng ba molao, baeta-pele ba bolileng le bo-ralipolotiki ke ka seoelo ba eang teronkong kapa ba khutlisang phaello eo ba e fumaneng ka litsela tse fosahetseng. Hangata ho ba thata ho senola bobolu ba boemo bo phahameng, ka lebaka la hore mokhoa oo tjotjo, lichelete le moputso li ntšoang ka oona ke oa lekunutu. Empa sena hase bolele hore lefatše le se nang bobolu ke toro e ke keng ea phethahala.
Ho lopoloha bobolung ho tla tsoa ho ’Mōpi oa motho, Jehova Molimo. Ho kenella ha Molimo litabeng ke eona feela tharollo. Hobane’ng? Hobane sera sa moloko oa motho se sa bonahaleng, Satane Diabolose, se ntse se tsoela pele ho khelosa moloko oa motho. Joalokaha re bala ho 1 Johanne 5:19, “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” Ke eng hape e ka hlalosang ho eketseha ha bobolu—haholo-holo ha bo etsoa ho se na kotlo e fanoang?
Ha ho na boiteko leha e le bofe ba batho bo ka hlōlang Satane le bademona ba hae. Ke ho kenella ha Molimo litabeng feela ho ka fanang ka tiiso ea hore moloko oa motho o utloang o tla ba “tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.” (Ba-Roma 8:21) Jehova o tšepisa hore haufinyane Satane o tla koalloa e le hore a se hlole a thetsa moloko oa motho hape. (Tšenolo 20:3) Ho sa le joalo, haeba re lakatsa ho phela lefatšeng le lecha la Molimo le lokolohileng bobolung, re tlameha ho hanela litsela tse bolileng tsa lefatše lena.
Batho ba ka Fetoha
Mehleng ea Jesu Kreste, ho ne ho e-na le ba sebelisang matla a bona hampe ’me ba hatella batho-’moho le bona. Ka mohlala, balekhetho ba ne ba tumme hampe ka mekhoa ea bona e bolileng. Sena ba se entse ho sa tsotellehe molao oa Molimo o hlakileng: “U se ke ua amohela mpho; etsoe mpho e foufatsa ba bontšisang, ’me e khopamisa lipuo tsa ba lokileng.” (Exoda 23:8) Molaoli oa balekhetho, Zakea, o ile a lumela hore o amohile batho chelete le thepa ea bona ka liqoso tsa bohata. Empa ho e-na le hore Jesu a ntšetse pele phetoho mekhoeng ea kahisano ka ho pharalletseng, o ile a phehella batho ka bomong hore ba bake le ho tlohella litsela tsa bona tse bolileng. Ka lebaka leo, balekhetho ba kang Mattheu le Zakea ba ile ba tlohela mekhoa ea bona ea pele ea bophelo e neng e ba tumisitse ka bobolu.—Mattheu 4:17; 9:9-13; Luka 19:1-10.
Ka ho tšoanang bao ba kenelletseng mekhoeng e sa tšepahaleng le bona ba ka qhelela bobolu thōko ka ho apara “motho e mocha, ea bōpiloeng ka setšoantšo sa Molimo, ho lokeng le khalalelong ea ’nete.” (Ba-Efese 4:24) Ho ka ’na ha se be bonolo ho lefa makhetho ka botšepehi kapa ho khaotsa ho kopanela mekhoeng e belaetsang. Leha ho le joalo, melemo e tšoaneloa ke boiteko leha e le bofe.
Bao ba amehileng ka boiketlo ba ba bang ba thabela khotso ea pelo, ha ba sa hatelletsoe ke lefatše lena le bolileng. Ha ho na tšabo ea ho fumanoa ba etsa se fosahetseng. Ho e-na le hoo, ba thabela ho ba le letsoalo le letle. Ba etsisa mohlala oa Bibele oa moprofeta Daniele. Tlaleho ea Bibele e bolela hore bahlanka ba phahameng ba ’muso ba ne ba phehella ho batla lebaka leo ba ka le sebelisang ho tšoasa Daniele. “Empa ha [ba] ka [ba] fumana sebaka sa molato, leha e le tlōlo, etsoe e be e le motho ea tšepehang, ’me ho no ho sa fumanoe tšito ho eena, leha e le bokhopo.”—Daniele 6:4.
Tšepiso ea Jehova
Jehova o tšepisa hore ‘leha moetsalibe a etsa hampe halekholo, ’me a ateloa ke matsatsi, leha ho le joalo, ke tseba hoba ba tšabang Molimo ho tla lula hantle le bona, e leng ba tšabang ho etsa hampe pel’a sefahleho sa oona. Molotsana eena ho ke ke ha lula hantle le eena, ’me a ke ke a ateloa ke matsatsi. O tla feta joalo ka lesoiti, hobane ha a ka a tšaba ho etsa hampe pel’a sefahleho sa Molimo.’—Moeklesia 8:12, 13.
E tla ba ho imoloha ho hokaakang ha ho se ho se bobolu bo bakang ho hloka thabo! E tla ba tlhohonolofatso e kaakang ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le se nang bobolu! Sena se tla phethahala. Bibele e bua ka “tšepo ea bophelo bo sa feleng, boo Molimo o sa thetseng o bo baletseng batho, lefatše ha le ne le e-so ho be teng.” (Tite 1:2) Haeba u hloile bobolu me u rata ho loka, joale u tla bona hantle phethahatso ea tšepiso ea Molimo ea lefatše le se nang bobolu.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Bobolu bo atile ’musong le khoebong
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Bobolu hangata bo ama litšebelisano le bahlanka ba sechaba