Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 8/1 maq. 20-24
  • Lefa la Rōna le Enneng la Moea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefa la Rōna le Enneng la Moea
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo ba Ntate ba Qalong
  • Ho ea Afrika Bochabela
  • Khōliso e Lerato ea Bokreste
  • Ho Tšepahala ho Isa Qetellong
  • Batsoali ba Rōna ba re Rutile ho Rata Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lefa la Bokreste le sa Tloaelehang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ho Latela Mehlaleng ea Batsoali ba Ka
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Re ka Thusa Bana ba Siameng Joang?
    Tsoha!—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 8/1 maq. 20-24

Lefa la Rōna le Enneng la Moea

JOALOKAHA HO BOLETSE PHILLIP F. SMITH

“Ho ile ha khantšoa toche e tla lula e khantšitse Afrika e neng e sa tsejoe.” Re ile ra thaba hakaakang ha re ne re bala mantsoe a ka holimo leqepheng la 75 ho 1992 Yearbook of Jehovah’s Witnesses! Mantsoe ao a ile a ngoloa ke ntate-moholo oa rōna, Frank W. Smith, ka 1931, lengolong la hae le eang ho Moena Joseph F. Rutherford, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ka nako eo. Ntate-moholo o ile a ngola tlaleho ea leeto la hae la boboleli leo a ileng a le nka le moena oa hae.

TLHALOSO ea 1992 Yearbook e ile ea re: “Gray Smith le moholoane oa hae Frank, basebeletsi ba babeli ba sebete ba bo-pula-maliboho ba neng ba e-tsoa Motse Kapa ba ile ba simolla leeto le eang British East Africa bakeng sa ho ea hlahloba menyetla ea ho hasa litaba tse molemo. Ba ile ba nka koloi, ea mofuta oa De Soto eo ba neng ba e fetotse hore e be k’haravene (ntlo-koloi), ba e palamisa sekepe hammoho le mabokose a 40 a libuka, ’me ba tsamaea ka sekepe ho leba Mombasa, boema-kepe ba Kenya.”

Lengolong la hae le eang ho Moena Rutherford, Ntate-moholo o ile a hlalosa leeto la ho tloha Mombasa ho ea Nairobi, motse-moholo oa Kenya ka tsela ena: “Re ile ra simolla leeto la koloi le tšosang ka ho fetisisa ho ao nkileng ka a nka. Ho ile ha re nka matsatsi a mane, re tsamaea letšehare lohle, ho hahlaula limmaele tse 360 [lik’hilomithara tse 580] . . . k’hilomithara ka mor’a k’hilomithara ke ne ke lokela ho tsoa ka kharafu bakeng sa ho batalatsa litutulu, le ho kata mekoti, hammoho le ho hela mohlōmo le ho rema lifate bakeng sa ho etsa tsela ea ho feta mokhoabong e le hore mabili a khone ho itšoarella fatše.”

Ka mor’a ho fihla Nairobi, Frank le Gray ba ile ba sebetsa matsatsi a 21 ka ho latellana ba aba lingoliloeng tsa bona tsa Bibele. Ntate-moholo o ile a ngola: “Ho latela litlaleho, mosebetsi oa bopaki o ile oa tsosa pherekano har’a batho ba bolumeli Nairobi.” Ka mor’a moo, Ntate-moholo o ile a laba-labela ho khutlela hae ho mora oa hae ea lilemo li peli, Donovan, le mosali oa hae, Phyllis, ea neng a lebelletse ngoana oa bona oa bobeli, ntate oa rōna, Frank. Ntate-moholo o ile a palama sekepe se tsoileng pele Mombasa, empa o ile a bolaoa ke malaria pele a fihla hae.

Ha ’na le khaitseli ea ka le moena oa ka re thuisa ka tlaleho eo ea Yearbook, mehopolo ea rōna e ile ea retelehela ho ntate oa rōna ea ratehang. Ka May 1991, likhoeli tse seng kae feela pele re fumana 1992 Yearbook, o ile a shoa ka baka la bothata ba ho buuoa pelo. Le hoja ho ne ho se mohla a kileng a kopana le ntate oa hae, o ile a kopanela leratong le tebileng ho Jehova leo ntate oa hae a neng a e-na le lona. Ntate-moholo o ne a tla thaba hakaakang ho tseba hore lilemo tse 28 hamorao, ka 1959, mora oa hae o ne a tla latela mohlala oa hae e le mosebeletsi oa Mokreste ho leba Afrika Bochabela!

Bophelo ba Ntate ba Qalong

Ntate oa rōna o ile a hlaha ka la 20 July, 1931, Motse Kapa, likhoeli tse peli ka mor’a lefu la ntate oa hae, eo a ileng a rehelloa ka eena. Ho tloha lilemong tse qalang, Ntate o ile a bontša lerato la hae ho Jehova. Ha a le lilemo li robong feela, o ne a ema seteisheneng se seholo sa terene sa Motse Kapa a etsa mosebetsi oa ho paka ka liplakate ha bao a kenang sekolo le bona ba ntse ba mo soma. Ha a le lilemo li 11, o ile a tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Jehova ka kolobetso ea metsing. Ka linako tse ling Ntate o ne a sebetsa a le mong tšebeletsong ea seterateng. Ha a le lilemo li 18, o ne a khannela sehlopha sa bo-khaitseli ba Bakreste ba hōlileng Thuto ea Molula-Qhooa metseng e ka mathōko ea Motse Kapa.

Ka 1954 Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa phatlalatsa hore ho ne ho tla tšoaroa likopano tsa machaba Europe selemong se latelang. Ntate o ne a lakatsa haholo hore a ka ea, empa o ne a se na chelete e lekaneng ea ho ea moo a tloha Motse Kapa. Kahoo o ile a etsa konteraka ea mosebetsi ea likhoeli tse tharo e le setsebi sa metsoako merafong ea koporo ea Rhodesia Leboea (hona joale Zambia). Mehaho eo ho neng ho hlahlobeloa metsoako ea liminerale ho eona e ne e le merung ea Afrika.

Ntate o ne a tseba hore ho na le Lipaki tse ngata haholo tsa Maafrika Rhodesia Leboea, kahoo ha a fihla, o ile a li batla ’me a li fumana ’me a tseba moo li neng li tšoarela liboka tsa tsona. Le hoja a ne a sa tsebe ho bua puo ea sebakeng seo, o ’nile a kopanela le tsona ’me kamehla a ba teng libokeng tsa Phutheho ea Mine ea Lipaki tsa Jehova. Makhooa merafong a ne a e-na le leeme la morabe ’me a ne a atisa ho bontša leeme la ’ona ka ho hlapaola Maafrika. Leha ho le joalo, Ntate, kamehla o ne a le mosa.

Qetellong ea likhoeli tse tharo, mosebetsi oa Moafrika eo e neng e se Paki o ile a tla ho Ntate ’me a ’motsa: “Na ua tseba hore na re u bitsa mang?” Monna eo a bososela ’me a re: “Re u bitsa Bwana [Monghali] Watchtower.”

Ka 1955, Ntate o ile a atleha ho ea Likopanong tsa “’Muso o Hlōlang” tsa Europe. Ha a le moo o ile a kopana le Mary Zahariou, eo e ileng ea e-ba mosali oa hae selemong se latelang. Ka mor’a lenyalo la bona, ba ile ba lula Parma, Ohio, U.S.A.

Ho ea Afrika Bochabela

Nakong ea kopano e ’ngoe ea setereke United States, ho ile ha etsoa memo ho ba tlileng kopanong ho sebeletsa moo tlhokahalo ea basebeletsi e neng e le khōloanyane. Batsoali ba rōna ba ile ba etsa qeto ea ho ea Afrika Bochabela. Ba ile ba etsa hantle feela kamoo Mokhatlo oa Watch Tower o ileng oa etsa tlhahiso kateng. Ba ile ba boloka chelete e lekaneng ho reka litekete tsa ho ea le ho khutla ebang mohlomong Ntate o ne a ke ke a atleha ho fumana mosebetsi, kaha e ne e le ba nang le litokomane tsa ho sebetsa feela ba neng ba lumelloa ho lula tšimong eo.

Ka mor’a ho fumana libukana tsa ho eta, bopaki bo ngotsoeng ba tumello ea ho tsamaea le moento, ka July 1959, Ntate le ’Mè ba ile ba tsamaea ka sekepe sa khoebo ho tloha New York City ho ea Mombasa ka tsela e fetang le Motse Kapa. Leeto leo le bile bolelele ba libeke tse ’nè. Ha ba fihla boema-kepeng ba Mombasa ba ile ba fumana kamohelo e mofuthu ea baena ba Bakreste ba neng ba tlile pele ho bona ho tla sebeletsa moo tlhokahalo e neng e le khōloanyane. Ha ba fihla Nairobi, Ntate o ile a fumana lengolo le mo emetse. E ne e le karabo ea kōpo ea hae bakeng sa boemo ba ho sebetsa Geological Survey Department ea Entebbe, Uganda. Ntate le ’Mè ba ile ba palama terene e eang Kampala, Uganda, moo Ntate a ileng a hlahlobeloa mosebetsi le ho hiroa. Ka nako eo, ho ne ho e-na le Paki e le ’ngoe feela tikolohong ea Entebbe-Kampala, George Kadu.

’Muso oa bokolone o ile oa lefella Ntate ho ithuta puo ea sebakeng seo, Luganda. O ile a thaba, hobane o ne a se a ntse a rerile ho ithuta eona e le hore a ka atleha haholoanyane tšebeletsong. Hamorao, Ntate o ile a ba a thusa ho fetolela bukana ea “Litaba Tsena tse Molemo tsa ’Muso” ka puo ea Luganda.

Ntate o ne a le sebete ho pakela ba bang. O ne a bua le Makhooa ’ohle lefapheng la hae, ’me a kopanela kamehla ho bolela ho batho ba Uganda. O bile a pakela ’muelli-kakaretso oa Afrika litabeng tsa molao oa Uganda. Monna eo ha aa ka a mamela molaetsa oa ’Muso feela empa o bile a memela Ntate le ’Mè tinareng.

Khaitseli ea ka, Anthe, o ile a hlaha ka 1960, ’me ka hlaha ka 1965. Lelapa labo rōna le ile la ’na la atamelana le baena le bo-khaitseli phuthehong e nyenyane empa e le e hōlang motse-moholo, Kampala. Kaha e ne e le rōna feela Lipaki tsa ba basoeu haufi le Entebbe, re ne re e-ba le liphihlelo tse tšehisang. Ka nako e ’ngoe motsoalle oa Ntate o ile a khefutsa Entebbe ka tšohanyetso a le leetong la hae ’me a leka ho kopana le Ntate. Ha aa ka a atleha ho fihlela a botsa: “Na le tseba banyalani ba Makhooa mona bao e leng Lipaki tsa Jehova?” Kapele-pele motho eo o ile a mo isa ka ho toba ntlong eo ’Mè le Ntate ba neng ba lula ho eona.

Hape re ’nile ra ba le liphihlelo tse thata, ho akarelletsa ho mamella har’a ntoa ea libetsa ea mahlakore a mabeli. Ka nako e ’ngoe mabotho a ’muso a ne a thunya mang kapa mang oa sehlopha se itseng sa morabe. Ho ne ho e-na le ho thunya ho sa khaotseng, letšehare lohle le bosiu. Kaha ho ne ho e-na le thibelo ea ho tsamaea lipakeng sa 6:00 mantsiboea le 6:00 hoseng, liboka li ne li tšoaroa thapama lehaeng la batsoali ba ka Entebbe.

Hamorao, ha thibelo ea ho tsamaea ka linako tse itseng e felisoa, Ntate o ile a re isa Kampala bakeng sa Thuto ea Molula-Qhooa. Lesole le ile la re korola ka sethunya, la emisa koloi ea rōna, la botsa hore na re ea kae. Ka nako eo ke ne ke sa le lesea, ’me Anthe eena o ne a le lilemo li hlano. Ha Ntate a hlalosa ka tsela e ikokobelitseng, a bontša lesole Libibele le libuka tsa rōna, le ile la re lumella ho tsamaea.

Ka 1967, ka mor’a lilemo tse ka bang robeli Uganda, batsoali ba rōna ba ile ba rera ho khutlela United States ka lebaka la mathata a bophelo le boikarabelo ba lelapa. Re ile ra ba karolo ea Phutheho ea Canfield, Ohio, moo Ntate a neng a sebeletsa e le moholo. Batsoali ba ka ba ile ba rata baena ba moo haholo joalokaha ba ne ba rata phutheho e nyenyane ea Kampala.

Khōliso e Lerato ea Bokreste

Ka 1971 moena oa ka David o ile a hlaha. Ha re ntse re hōla re ile ra koetlisetsoa tikolohong ea lehae le tletseng lerato le mofuthu. Ha ho pelaelo hore sena se ne se ile sa tsoaloa ke kamano e lerato eo batsoali ba rōna ba neng ba e thabela lipakeng tsa bona.

Ha re sa le banyenyane, kamehla Ntate o ne a re balla pale ea Bibele ha re il’o robala, a re rapella, ’me joale, ’Mè a sa tsebe, o ne a re fa chokolete e phuthetsoeng ka pampiri e benyang ea khauta. Kamehla re ne re ithuta Molula-Qhooa re le hammoho joaloka lelapa ho sa tsotellehe hore na re hokae. Ha re ne re le phomolong ea lelapa, ka nako e ’ngoe re kile ra ithuta oona re le mosikong oa thaba ’me ka nako e ’ngoe re le moo re shebelang leoatle tlaase. Hangata Ntate o ne a bolela hore tseo e ne e le tse ling tsa lintho tseo a li hopolang ka thabo e fetisisang. O ne a re o qenehela batho ba hlōlehang ho fumana thabo e khōlō e ka tlisoang ke thuto ea lelapa.

Tabeng ea ho bontša lerato ho Jehova, Ntate o ne a ruta ka mohlala. Neng le neng ha kopi e ncha ea Molula-Qhooa kapa Tsoha! e ne e tla kapa ha re ne re amohela khatiso e ’ngoe ea Watchtower, Ntate o ne a bala khatiso eo kaofela ka mafolo-folo. Re ithutile ho eena hore ’nete ea Bibele ha ea lokela ho khelloa fatše empa e lokela ho hlomphuoa joaloka letlotlo la bohlokoa. Letlotlo le leng la rōna la bohlokoa ke Reference Bible ea Ntate. Hoo e batlang e le leqephe le leng le le leng le tletse lintlha tseo a li bokelletseng hanyane ka hanyane boithutong ba hae. Hona joale ha re bala litlhalosong tsa hae tse ngotsoeng ka mathōko maqepheng, ho ntse ho tšoana leha re mo utloa a re ruta le ho re eletsa.

Ho Tšepahala ho Isa Qetellong

Ka la 16 May, 1991, Ntate o ile a hlaseloa ke pelo ha a ntse a le tšebeletsong ea tšimo. Libeke hamorao, o ile a buuoa pelo ’me ha bonahala eka ho atlehile. Leha ho le joalo, bosiung ba ka mor’a ho buuoa hoo, re ile ra fumana thelefono e tsoang sepetlele. Ntate o ne a e-tsoa mali, ’me lingaka li ne li amehile haholo. O ile a isoa kamoreng ea ho buuoa habeli bosiung boo ho leka ho thibela ho tsoa ha mali empa ha se ke ha thusa letho. Mali a Ntate a ne a sa etse mahloele.

Letsatsing le latelang, ha maemo a Ntate a ntse a mpefala ka potlako, pele lingaka li ile tsa nkela ’Mè ka thōko ho bua le eena ’me joale tsa nka le moena oa ka ho ba hatella hore ba lumele hore Ntate a tšeloe mali. Leha ho le joalo, Ntate o ne a ile a bolella lingaka hore o ne a ke ke a amohela ho tšeloa mali tlas’a maemo leha e le afe. O ile a li hlalosetsa mabaka a hae a Mangolo a ho hana mali empa a re o ne a tla amohela mekhoa e meng ea ho mo sebetsa ka ntle ho mali.—Levitike 17:13, 14; Liketso 15:28, 29.

Bora bo ipatileng ho litho tse ’maloa tsa basebetsi ba bongaka bo ile ba tlisa boemo ba tsitsipano lefapheng la ICU (lefapha leo ho hlokomelloang ba kulang haholo ho lona). Sena, hammoho le boemo bo mpefalang ba Ntate, ka linako tse ling se ne se bonahala se feta seo re ka khonang ho se mamella. Re ile ra etsa kōpo e tiileng ho Jehova bakeng sa thuso ’me ra boela ra leka ho sebelisa litlhahiso tse sebetsang tseo re ileng ra li fumana. Kahoo kamehla ha re etela ICU, re ne re e-ea re apere hantle re bile re bontša tlhompho ho basebetsi ba bongaka. Re ile ra bontša thahasello e khōlō boemong ba Ntate ka ho botsa lipotso tse utloahalang, le ho leboha mosebetsi e mong le e mong ea neng a ameha tlhokomelong ea Ntate.

Boiteko ba rōna bo ile ba hlokomeleha ho basebetsi ba bongaka. Ka mor’a matsatsi a ’maloa, boemo ba tsitsipano bo ile ba fetoha bo mosa. Baoki ba neng ba ile ba hlokomela Ntate ba ne ba tsoela pele ba ntse ba hlahloba hore na o ntse a e-ea joang esita le hoja ba ne ba se ba sa abeloa ho mo hlokomela. Ngaka e ’ngoe e neng e ile ea re halefela e ile ea nolofala hoo e bileng ea botsa ’Mè hore na o ntse a tsoella joang. Phutheho ea habo rōna le beng ka rōna ba ile ba re tšehetsa ka lerato. Ba ile ba romela lijo le likarete tse ngata tse khothatsang, ’me ba ile ba rapela molemong oa rōna.

Ka masoabi, Ntate ha aa ka a fola. O ile a shoa matsatsi a leshome ka morao ho ho buuoa ka lekhetlo la pele. Re ile ra sareloa ka ho tebileng ka baka la Ntate. Ka linako tse ling, boikutlo ba tahlehelo boa re sithabetsa. Ka lehlohonolo, Molimo oa rōna o tšepisa hore o tla ‘re jarela boima ba rōna,’ ’me re ithutile ho itšetleha ka eena ho feta leha e le neng pele.—Pesaleme ea 68:19.

Kaofela ha rōna re ikemiselitse hore le rōna re tla tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi e le hore re tle re be le thabo ea ho bona Ntate lefatšeng le lecha.—Mareka 5:41, 42; Johanne 5:28; Liketso 24:15.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Frank Smith le ’mè oa hae, Phyllis, Motse Kapa

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Ntate le ’Mè nakong ea lenyalo la bona

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Baena ba ile ba hira letangoana la morena oa Moafrika, bakeng sa kolobetso ea pele Entebbe

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ho lumelisa ka mokhoa oa moetlo

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ntate le ’Mè pelenyana ho lefu la Ntate

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela