Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 8/15 maq. 3-4
  • Ke Joang U ka Ipolokang U Phela Tikolohong e Kotsi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Joang U ka Ipolokang U Phela Tikolohong e Kotsi?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Boloka Boikutlo bo Nepahetseng
  • Ho Hlōloa ke Ntoa Khahlanong le Tlōlo ea Molao
    Tsoha!—1998
  • Nako eo ka Eona Ho Neng ho se Tlōlo ea Molao
    Tsoha!—1998
  • Ke Hobane’ng ha ba Bangata Hakaale ba Phela Tšabong?
    Tsoha!—2005
  • Ho Loanela ho Felisa—Tlōlo ea Molao
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 8/15 maq. 3-4

Ke Joang U ka Ipolokang U Phela Tikolohong e Kotsi?

MARIA o re: “Ke ne ke tšohile ka linako tsohle. Ke ne ke tšohile ha ke le ka har’a lift. Ke ne ke tšohile ha ke le ka koloing ea ka. Ke ne ke tšohile ha ke le ka foleteng ea ka. Ho ne ho e-na le bonokoane hohle. Batho ba ne ba tlatlapuoa kamehla.” Na u ikutloa joaloka mosali enoa oa Brazil, ua tšaba tikolohong ea heno, haholo-holo lefifing la bosiu?

Ho bala lipale tsa mafokisi e ka ’na ea e-ba ho monate, empa bophelong ba sebele hase kamehla ho bang le liphello tse thabisang. Bonokoane bo ka ’na ba sala bo sa rarolloa. Mabapi le lipolao tseo batho ba li etsang ho ba bang, e mong o lokela ho phela a se a se na monna, ntate, kapa mora, a se na mosali, ’mè, kapa morali. Na bonokoane bo mabifi boa eketseha sebakeng sa heno? Na u laba-labela sebaka se khutsitseng seo lelapa la hao le ka sireletsehang ho sona? Kapa, haeba u qobelleha ho hōlisetsa bana ba hao sebakeng se tletseng bonokoane, ke’ng seo u ka se etsang hore u ’ne u ipoloke u phela?

Ke ’nete hore ho ntse ho e-na le metse e meholo eo bonokoane bo seng bokaalo-kalo. Linaheng tse ngata, batho ba ntse ba phela metsaneng ea mahaeng e nang le khutso le boiketlo. Empa lintho li fetoha ka potlako haesita le libakeng tseo pele li neng li nkoa e le tse se nang bonokoane. Ka mohlala, Brazil lilemong tse 50 tse fetileng, karolo ea 70 lekholong ea baahi e ne e phela mahaeng. Hona joale karolo ea 70 lekholong e phela metseng e meholo. Menyetla ea mesebetsi e tlile hammoho le ho eketseha ha mathata a metseng ea litoropo, a kang bonokoane le pefo. Ho sa tsotellehe hore na u phela sebakeng se kotsi kapa che, u ntse u tlameha ho ea mosebetsing kapa sekolong le ho etsa lintho tse ling tse ngata hōle le hae.

Ha a lumela ho ata ha “matšoao a sa tloaelehang a ho tlala tšabo,” mookameli oa sepolesa Rio de Janeiro o bolela hore maemo a kahisano a hlokang toka le bonokoane bo hlophisitsoeng ke lintho tse tlatsetsang. O boetse o ikutloa hore likoranta le thelevishene li tlatsetsa tšabong e atileng, “li tepeletsa sechaba ka litaba tse bohloko.” Bokhoba ba lithethefatsi, ho qhalana ha malapa, le thuto e fosahetseng ea bolumeli le tsona li tlatselitse keketsehong ea ho hloka molao ho ntseng ho hōla. Bokamoso bo tla tlisa eng? Na phepelo e sa khaotseng ea liketsahalo tse mabifi, tse tloaelehileng libukeng le libaesekopong e le boithabiso e tla etsa hore batho ba hloke kutloelo-bohloko ho ba bang? Na libaka tse ’nileng tsa nkoa e le tse se nang bonokoane le tsona li tla fetoha tse kotsi?

Kaha pefo ho hang hase boithabiso ho mohlaseluoa oa eona, re na le takatso e matla ea ho sireletseha. Hase ho makatsang ha baahi ba amehileng ba batla liofisiri tse eketsehileng tsa sepolesa literateng le likahlolo tse boima haholoanyane tsa teronko kapa haesita le ho ahlolela lefu! Ho sa tsotellehe ho ipeha kotsing, ba bang ba ipatlela lithunya bakeng sa ho itšireletsa. Ba bang ba batla hore ba boholong ba thibele thekiso ea libetsa. Empa ho sa tsotellehe litaba tse mpe tsa hore bonokoane boa ata, ha ho hlokahale re felloe ke tšepo. Ha e le hantle, baahi ba bangata ba metse e meholo joaloka Johannesburg, Mexico City, New York, Rio de Janeiro le São Paulo ha ho mohla ba kileng ba tlatlapuoa. A re hlahlobeng kamoo batho ba sebetsanang ka katleho le bonokoane tikolohong e kotsi.

Ho Boloka Boikutlo bo Nepahetseng

Mabapi le sebaka se tletseng bonokoane, mongoli e mong o bua ka “masene le ho tiisetsa ha batho ba likete-kete ba Brazil ba ’nileng ba khona ho phela ka tsela e nang le seriti le e hlophisehileng ho sa tsotellehe maemo a thata a bophelo.” Ka mor’a lilemo tse 38 a le Rio de Janeiro Jorge o re: “Ke qoba literata tse itseng le libaka tse itseng ’me ha ke bonahatse bohele-hele leha e le bofe. Ke boetse ke qoba ho tsamaea literateng bosiu ’me ha ke bontše tšabo e feteletseng. Le hoja ke le seli, ke talima batho joalokaha eka baa tšepahala, ke ba neha seriti le tlhompho.”

E, qoba khathatso e sa hlokahaleng. U se ke ua ikenya mathateng a batho ba bang. Le ka mohla u se khelle fatše taba ea hore ho imeloa haholo ke tšabo ho ka ama tšebetso ea methapo ea kutlo ea ’mele, ea etsa hore haesita le batho ba mekhoa e metle ba etse ntho e se nang kelello. Mabapi le mosebetsi oa hae libakeng tse kotsi, Odair o-oa hlokomela: “Ke leka ho ba le boikutlo bo nepahetseng, ha ke fepe kelello ea ka ka tšabo ea lintho tse mpe tse ka ’nang tsa etsahala hobane sena se baka khatello ea kelello ho sa hlokahale le ho tlala tšabo. Ke leka ho bontša tlhompho ho batho bohle.” Ka ntle le ho lula a falimehile le ho qoba batho ba belaetsang, o phaella ka thuso e ’ngoe bakeng sa hore motho a laole maikutlo a hae: “Ka holim’a tsohle, ke hlaolela tšepo ho Jehova Molimo, ka ho hopola hore ha ho letho leo mahlo a hae a ke keng a le hlokomela le hore ntho leha e le efe e etsahala ka tumello ea hae.”

Leha ho le joalo, ha ho le ea mong ea ratang ho phela tšabong kamehla. Ho feta moo, ke mang ea ka hanang hore tšabo e feteletseng le khatello kelellong li kotsi boikutlong le bophelong bo botle ba ’mele? Kahoo, ho na le tšepo efe bakeng sa ba tšabang hore ba ka ’na ba hlaseloa neng kapa neng? Kaha ba bangata ba tšohile hore boemo bo bobe mabapi le bonokoane bo ntse bo larile ka pele, na ho na le mohla re tla ke re bone pefo e fela? Re u mema hore u bale sehlooho se latelang, “Tšabo e Tla Fela Neng?”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela