Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 8/15 maq. 28-30
  • Hanela Lineano Tseo e Seng Tsa Bomolimo!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hanela Lineano Tseo e Seng Tsa Bomolimo!
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Meetlo ea Lepato ea Tumela-Khoela
  • “Tlhoekiso” ea Likamano Tsa Botona le Botšehali
  • Ho Senyeheloa ke Mpa le ho Hlaha ha Masea a Shoeleng
  • Qoba Likhohlano, Empa U Eme U Tiile
  • Pono ea Bokreste ka Meetlo ea Lepato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Hlokomelang Meetlo e sa Thabiseng Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Meetlo ea ho Llela Bafu U e Talima Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • “Fepa Molomo, Eseng Maoto”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 8/15 maq. 28-30

Hanela Lineano Tseo e Seng Tsa Bomolimo!

JESU KRESTE o ile a re: “’Nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) E, Bokreste bo lokolla batho—bo ba lokolla bokhobeng ba litumela-khoela, bo ba lokolla ho lumeleng lithuto tsa bohata le tšepo ea bohata, bo ba lokolla botlamuoeng ba mekhoa ea boitšoaro bo ntseng bo hlepha.

Leha ho le joalo, joaloka mehleng ea boholo-holo, kajeno Bakreste hangata ba tobana le khatello ea ho khutlela lineanong tsa pele. (Ba-Galata 4:9, 10) Hona ha ho bolele hore meetlo eohle e tloaelehileng e kotsi. Ha e le hantle, Mokreste a ka ’na a khetha ho latela meetlo ea sebaka seo a leng ho sona e hahang le e molemo. Empa ha meetlo e e-ba khahlanong le Lentsoe la Molimo, Bakreste ha ba sekisetse. Ka hona, Lipaki tsa Jehova li tsebahala hohle ka ho hana ho kopanela meketeng ea Keresemese, ea matsatsi a tsoalo le meetlong e meng e hananang le Lentsoe la Molimo.

Hangata boemo bona bo sebete bo felletse ka ho songoa ho hoholo le khanyetso tse tsoang ho bao ho tloaelanoeng le bona, baahisani le beng ka motho ba sa lumelang. Sena se etsahetse haholo-holo linaheng tse ling tsa Afrika, moo ka tloaelo lineano tse ngata tse fapaneng li bolokoang mapatong, manyalong le tsoalong ea masea. Likhatello tsa ho lumellana le lineano tseo e ka ba tse tšosang—hangata li kopanyelletsa litšokelo le liketso tse mabifi. Bakreste moo ba ka ema ba tiile joang? Na ho ka etsahala hore ho qojoe khohlano ho sa sekisetsoe? E le ho araba, a re ke re hlahlobeng kamoo Bakreste ba tšepahalang ba sebetsaneng le tse ling tsa lineano tseo e seng tsa Mangolo kateng.

Meetlo ea Lepato ea Tumela-Khoela

Afrika e ka boroa ho na le lineano tse ngata mabapi le liphupu le mapato. Ba saretsoeng ka tloaelo ba qeta bosiu bohle—kapa masiu a ’maloa—ka tlung ea bofifi, moo mollo o lulang o tuka. Ba shoetsoeng ba haneloa ho pheha, ho kuta moriri, esita le ho tola ho fihlela ha lepato le fetile. Ka mor’a lona, ba lokela ho itlhatsoa ka motsoako o khethehileng oa litlama. Na meetlo e joalo e ea amoheleha ho Bakreste? Che. Kaofela e bonahatsa ho ba le tumelo ho se shoeng ha soule le ho tšabeng bafu.

Moeklesia 9:5 e re: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” Ho tseba ’nete ena ho lokolla motho ho tšabeng ‘meea ea bafu.’ Empa ke eng seo Mokreste a lokelang ho se etsa ha beng ka eena ba nang le boikemisetso bo botle ba mo laela hore a kopanele litšebeletsong tsa mofuta o joalo?

Nahana ka phihlelo ea Jane, Paki ea Moafrika eo ntate oa hae a ileng a shoa. Ho fihleng ha hae ntlong ea litšebeletso tsa lepato, kapele-pele o ile a bolelloa hore eena le litho tse ling kaofela tsa lelapa ba ne ba lokela ho qeta bosiu bohle ba pota-pota setopo ba bina e le hore ba ka khutsisa moea oa ea shoeleng. Jane o-oa pheta: “Ke ile ka ba bolella hore joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova, nke ke ka kopanela liketsong tse joalo. Leha ho le joalo, letsatsing le hlahlamang la lepato, beng ka rōna ba hōlileng ba ile ba bolela hore ba tla tolisa litho tsa lelapa le shoetsoeng e le ho li sireletsa ka ho eketsehileng khahlanong le moea oa ea shoeleng. Ke ile ka boela ka hana ho kopanela. Ka nako e tšoanang, ’Mè o ne a bolokiloe a le mong ka tlung. Mang kapa mang ea neng a batla ho mo bona o ne a lokela ho noa pele seno se tahang se lokiselitsoeng morero oo.

“Ke ile ka hana ho kopanela nthong leha e le efe ea tsena. Ho e-na le hoo, ke ile ka ea lapeng ho ea lokisa lijo, tseo ke ileng ka li isa ntlong eo ’Mè a neng a lula ho eona. Sena se ile sa soabisa lelapa leso haholo. Beng ka ’na ba ile ba nahana hore ha kea fella.” Ho feta moo, ba ile ba mo soma le ho mo lakaletsa bobe, ba re: “Kaha u hanne lineano tsa rōna ka lebaka la bolumeli ba hao, moea oa ntat’ao o tla u khathatsa. Ha e le hantle, u ka ’na ua se ke ua ba le bana.” Ho ntse ho le joalo, Jane ha aa ka a itumella ho tšosoa. Phello e bile efe? O re: “Ka nako eo ke ne ke e-na le bana ba babeli. Hona joale ke na le ba tšeletseng! Sena se tlotlollotse ba neng ba boletse hore ha ke sa tla hlola ke e-ba le bana hape.”

“Tlhoekiso” ea Likamano Tsa Botona le Botšehali

Tloaelo e ’ngoe e kopanyelletsa ho itlhoekisa ho ea ka moetlo ka mor’a lefu la molekane oa lenyalo. Haeba mosali a e-shoa, lelapa la habo le tla tlisetsa monna eo oa mohlolohali ngoan’abo mosali oa hae kapa e mong ea amanang haufi-ufi le mosali oa hae ea shoeleng. O tlameha ho ba le likamano tsa botona le botšehali le eena. Ka mor’a moo ke hona a ka nyalang motho leha e le ofe eo a lakatsang ho mo nyala. Ho etsahala ntho e tšoanang ha monna oa mosali a e-shoa. Ho nahanoa hore ketso eo e hloekisa molekane oa lenyalo ea phelang “moeeng” oa molekane ea shoeleng.

Mang le mang ea hanang ho fumana “tlhoekiso” ea mofuta oo o ipeha kotsing ea khalefo e tletseng boiphetetso ea beng ka eena. A ka ’na a khetholloa ’me a ba khatellong ea ho songoa le ho bolelloa hore o tla shoa. Leha ho le joalo, Bakreste ba hana ho latela tloaelo ena. Baa tseba hore ho e-na le hore e ka ba mokhoa oa “tlhoekiso,” ho ba le likamano tsa botona le botšehali kantle ho lenyalo ke ntho e litšila mahlong a Molimo. (1 Ba-Korinthe 6:18-20) Ho feta moo, Bakreste ba lokela ho nyala ‘feela moreneng.’—1 Ba-Korinthe 7:39.

Mosali e mong oa Mokreste oa Zambia ea bitsoang Violet o ile a shoeloa ke monna. Ka mor’a moo, beng ka eena ba ile ba mo tlisetsa monna, ba tsitlella hore a be le likamano tsa botona le botšehali le eena. Violet o ile a hana, ’me e le kotlo, o ile a thibeloa ho kha metsi selibeng sa sechaba. O ile a boela a lemosoa hore a se tsamaee ’mileng o moholo, e se re a hlaheloa ke kotsi. Leha ho le joalo, o ile a hana ho tšosoa ke beng ka eena kapa batho bao a ahileng le bona motseng.

Hamorao Violet o ile a bitsetsoa lekhotleng le sebakeng seo. Moo o ile a hlalosa a sa tsila-tsile mabaka a hae a Mangolo a entseng hore a hane ho kopanela likamanong tsa botona le botšehali tse sa lumelloang ka molao. Lekhotla le ile la fana ka qeto e lumellanang le eena, la bolela hore le ke ke la mo qobella hore a lumellane le meetlo le lineano tsa sebakeng seo tse loantšanang le litumelo tsa hae. Ka ho thahasellisang, ho hana ha hae ho sekisetsa a tiile ho ile ha thusa ho fokotsa khatello ho Lipaki tse ling tseo hamorao li ileng tsa tobana le bothata bo tšoanang motseng oo.

Paki ea Moafrika e bitsoang Monika e ile ea ema e tiile ka katleho khahlanong le khatello e tšoanang ka mor’a hore monna oa eona a shoe. Ba bohali ba ile ba tsitlallela ho mo fa monna e mong. Monika o re: “Kaha ke ne ke ikemiselitse ho utloa taelo e ho 1 Ba-Korinthe 7:39, ke ile ka hana.” Leha ho le joalo, khatello ha e-ea ka ea emisa. Monika o-oa hopola: “Ba ile ba ntšosa. Ba re: ‘Haeba u hana, u ke ke ua hlola u nyaloa hape.’ Ba bile ba bolela kamoo ba bang ba Bakreste-’moho le ’na ba ileng ba hloekisoa ka tsela eona ena lekunutung.” Leha ho le joalo, Monika o ile a ema a tiile. O re: “Ke ile ka lula ke sa nyaloa lilemo tse peli, ’me ka mor’a moo ke ile ka nyaloa hape ka tsela ea Bokreste.” Hona joale Monika o sebeletsa e le pula-maliboho ea kamehla.

Ho Senyeheloa ke Mpa le ho Hlaha ha Masea a Shoeleng

Bakreste ba Afrika e ka boroa ba boetse ba tlameha ho sebetsana le meetlo e pota-potileng ho senyeheloa ke mpa le ho hlaha ha masea a shoeleng. Liketsahalo tse sehlōhō joalo ke litholoana tsa ho se phethahale ha motho—eseng tsa kotlo ea bomolimo. (Ba-Roma 3:23) Empa haeba mosali a senyeheloa ke mpa, lineano tse ling tsa Seafrika li hloka hore a tšoaroe joaloka molahloa nako e itseng.

Mosali e mong ea neng a sa tsoa senyeheloa ke mpa o ne a maketse ha a bona Paki e tla e lebile ha hae. Ha e atamela, o ile a e hoeletsa: “U se ke ua tla koano! Ho latela moetlo oa rōna, mosali ea qetang ho senyeheloa ke mpa ha aa lokela ho eteloa.” Leha ho le joalo, Paki eo e ile ea mo bolella hore Lipaki tsa Jehova li isa molaetsa oa Bibele ho batho ba mefuta eohle le hore ha li lumellane le meetlo ea sebaka seo malebana le ho senyeheloa ke mpa. Eaba e mo balla Esaia 65:20, 23, e hlalosa hore tlas’a ’Muso oa Molimo ho senyeheloa ke mpa le ho hlaha ha masea a shoeleng ho ke ke ha etsahala. Phello e bile hore mosali eo a lumele thuto ea lehae ea Bibele.

Meetlo ea tumela-khoela e ka ’na ea tsamaisana hape le ho patoa ha lesea le hlahileng le shoele. Ha Paki e bitsoang Joseph e ne e ile lepatong la mofuta o joalo, e ile ea bolelloa hore bohle ba teng ba ne ba lokela ho hlapa matsoho ka metsi a nang le litlama tse itseng le ho itlotsa lifubeng ka moriana. Sena ho ne ho thoe se thibela “moea” oa ngoana eo hore o se khutle ’me oa ba ntša kotsi. Ka tlhompho Joseph o ile a hana, a tseba thuto ea Bibele ea hore bafu ba ke ke ba ntša ba phelang kotsi. Ho ntse ho le joalo, ba bang ba ile ba leka ho mo hatella hore a itlotse ka moriana oo. Joseph o ile a boela a hana. Ba bang ba neng ba le teng ha ba bona ho ema hona ho se nang tšabo ha Mokreste enoa, le bona ka tsela e tšoanang ba hana litlama.

Qoba Likhohlano, Empa U Eme U Tiile

Ho tšaba ba phelang le ho tšoha ho etsoa molahloa e ka ba tšusumetso e matla e qobellang motho ho sekisetsa. Liproverbia 29:25 e re: “Ho tšaba batho ho isa sefing.” Liphihlelo tse ka holimo li bontša bonnete ba karolo e qetellang ea temana eo: “Empa ea tšepang Jehova o beiloe phahameng.”

Leha ho le joalo, hangata khohlano e ka qojoa. Ka mohlala, haeba Mokreste a memeloa lepatong la mong ka eena, ha aa lokela ho ema ho fihlela a iphumana a le boemong bo ka ’nang ba etsa hore a sekisetse. “Motho ea pelo-keletsi o bonela kotsi pele, ’me oa itšireletsa; maoatla a feta feela, ’me a hlaheloa ke tsietsi.”—Liproverbia 27:12.

E ka ba bohlale ho botsa ka masene hore na ke meetlo efe e tla lateloa. Haeba e le e sa amoheleheng, Mokreste a ka sebelisa monyetla ona ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha a ke ke a kopanela, a etsa joalo “ka mosa le ka hlompho.” (1 Petrose 3:15) Ha ka tlhompho Mokreste a hlalosa boemo ba hae esale pele bo theiloeng Bibeleng, hangata beng ka eena ba sekamela haholo ho hlompheng tumelo ea hae ho e-na le ho sebelisa litšokelo le litšoso.

Ho sa tsotellehe karabelo leha e le efe ea beng ka eena, ka ho hlakileng Mokreste a ke ke a sekisetsa ka ho latela lineano tse hlomphollang Molimo—ho sa tsotellehe litšokelo kapa tlhekefetso tseo a ka ’nang a li fumana. Re lokolotsoe tšabong ea tumela-khoela. Moapostola Pauluse o ile a phehella: “Emang ke hona tokolohong eo Kreste a re lokolotseng ka eona, ’me le se ke la boela la bofshoa jokong ea bohlanka.”—Ba-Galata 5:1.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ba bangata ba lumela hore motho ea sa tsoa shoa e ka ba ’muelli oa bona ’me a fetisetsa melaetsa ho beng ka bona bao e leng khale ba shoele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela