Malapa a Tšabang Molimo a Nakong e Fetileng—Mohlala Bakeng sa Mehla ea Rōna
LELAPA—Machaba a Kopaneng a ile a leka ho lebisa tlhokomelo ea lefatše ho lona. Joang? Ka ho phatlalatsa 1994 e le “Selemo sa Machaba sa Lelapa.” Le hoja baeta-pele ba lefatše, litsebi tsa kahisano le baeletsi ba malapa ba ile ba potlakela ho tletlebisoa ke lintho tse kang ho phahama ha palo ea bana ba matšeho le tlhalo e jang setsi, ba ile ba lieha ho hlahisa litharollo tsa mathata ao tse sebetsang le tsa sebele.
Na ho ka etsahala hore ebe Bibele e na le litharollo mathateng a lelapa? Ho ba bang, ho bolela hore Bibele e ka thusa malapeng a kajeno ho ka ’na ha bonahala e le ho haelloa ke tsebo. Etsoe, e ile ea ngoloa makholong a lilemo a fetileng e ngolloa tikolohong le mokhoeng oa bophelo oa Bochabela bo Hare. Likarolong tse ngata tsa lefatše, bophelo bo fetohile haholo ho tloha mehleng ea Bibele. Leha ho le joalo, Bibele e ile ea bululeloa ke Jehova Molimo, eo lelapa le leng le le leng le bitsoang ka eena. (Ba-Efese 3:14, 15; 2 Timothea 3:16) Bibele e reng ka mathata a lelapa?
Jehova o tseba hantle se hlokahalang ho etsa hore bophelo ba lelapa e be bo thabisang le bo khotsofatsang. Ka lebaka leo, Lentsoe la hae, Bibele, le na le ho hongata hoo le ho buang ka bophelo ba lelapa, boitsebiso bo bong bo ngotsoe e le keletso. Bibele e boetse e na le mehlala ea malapa a neng a sebelisa melao-motheo ea bomolimo. Ka lebaka leo, a ne a thabela katamelano e haufi-ufi ea sebele le khotsofalo. A re hlahlobeng bophelo ba lelapa mehleng ea Bibele ’me re bone hore na re ka ithuta lithuto life.
Bohlooho—Na ke Bothata?
Ka mohlala, nahana ka taba ea bohlooho ba lelapa. Mehleng ea bapatriareka, banna ba kang Abrahama, Isaaka le Jakobo e ne e le “lihlooho tsa malapa” tse ke keng tsa belaelloa. (Liketso 7:8, 9, NW; Ba-Heberu 7:4, NW) The New Manners and Customs of Bible Times, ea Ralph Gower, e re: “Lelapa e ne e le . . . ‘’muso o monyenyane’ o neng o busoa ke ntate. O ne a busa mosali, bana le litloholo le basebeletsi—e mong le e mong ka lapeng.” Ka sebele, bapatriareka hangata ba ne ba e-na le matla a ho laela esita le malapeng a bara ba bona.—Bapisa le Genese 42:37.
Na see ha sea ka sa fa banna matla a ho hatella basali le bana ba bona? Le hanyenyane. Ke ’nete hore Molimo o ile a bolella mosali oa pele, Eva: “Litakatso tsa hao li tla ba ho monna oa hao, ’me u tla busoa ke eena.” (Genese 3:16) Mantsoe ao a ne a bontša kamoo basali ba nyetsoeng ka kakaretso ba neng ba tla tsoella kateng, empa a ne a sa hlalose kamoo lintho li neng li lokela ho ba kateng har’a barapeli ba Molimo ba ’nete. Banna ba tšabang Molimo ba ne ba lokela ho hopola morero oa Jehova oa tšimolohong. Jehova o entse mosali hore e be “molekane” oa monna eseng lekhoba la hae. (Genese 2:20) Kahobane banna ba tšabang Molimo ba mehleng ea pele ba ne ba hlokomela hore ke bafo ba Molimo le hore ba ikarabella ho eena, ha baa ka ba sebelisa matla a bona a ho laela hampe. Bapatriareka ba tšabang Molimo ba ile ba bontša basali le bana ba bona lerato la sebele le kameho e lerato ho hang ba sa ba tšoare joaloka makhoba feela tjee.
Tlhase mabapi le kameho e lerato eo bana ka ho tloaelehileng ba neng ba e fumana e bontšitsoe ho Genese 50:23. E re ka litloho-tloholoana tsa Josefa: “Ba tsoalloa mangoleng a Josefa.” Le hoja sena se ne se ka bolela feela hore Josefa o ile a amohela bana bao e le litloholo tsa hae, hape ho ne ho ka bontša hore o ne a bapala le bana bao ka kameho e lerato, a ba bapalisa mangoleng a hae. Bo-ntate kajeno ba etsa hantle ha ba bontša bana ba bona kameho e joalo e lerato.
Joaloka lihlooho tsa malapa, bapatriareka ba tšabang Molimo ba ne ba boetse ba hlokomela litlhoko tsa moea tsa malapa a bona. Ha a tsoa arekeng ka mor’a Moroallo oa lefatše lohle, “Noe o [ile a] hahela Jehova aletare . . . a . . . etsa secheso aletareng.” (Genese 8:20; bapisa le Jobo 1:5.) Mopatriareka ea tšepahalang Abrahama o ile a beha mohlala o motle ka ho fa litho tsa lelapa thuto ea botho. O ile a “laela bana ba hae, le ntlo ea hae ka [mor’a] hae, hore ba boloke tsela ea Jehova, ba etse ka ho loka le ka tšoanelo.” (Genese 18:19) Ka tsela eo bohlooho bo lerato bo ile ba kolekela boiketlong ba maikutlo le ba moea ba malapa.
Kajeno banna ba Bakreste ba latela mohlala ona. Ba sebelisa bohlooho litabeng tsa borapeli ka hore ba thuse malapa a bona ho sebetsa tumellanong le litekanyetso tsa Molimo le ka hore bona ka bobona ba behe mohlala o motle. (Mattheu 28:19, 20; Ba-Heberu 10:24, 25) Joaloka bapatriareka, banna le bo-ntate ba Bakreste le bona ba sebelisa nako bakeng sa ho fa litho tsa malapa a bona thuto ea botho.
Ho Nka Bohato bo Tiileng
Ha a qetella a lefile molato o moholohali ho mohoe oa hae, mopatriareka Jakobo o ile a botsa: “Ntlo ea ka eona ke tla e sebeletsa neneng?” (Genese 30:30) Joaloka bo-ntate bohle, Jakobo o ne a utloa tšusumetso ea ho finyella litlhoko tsa nama tsa lelapa la hae, ’me o ile a sebetsa ka thata e le hore a etse sena. Genese 30:43 e re: “Monna eo a rua haholo-holo, a ba le mehlape e mengata, le bahlanka ba batšehali, le bahlanka ba batona, le likamele, le liesele.”
Leha ho le joalo, lilemo tse itseng hamorao, ka mor’a hore Jakobo a fallele naheng ea Kanana, ho bonahala eka o ne a sa lemohe hore morali oa hae Dina o ne a qapile mokhoa o kotsi oa ho tloaelana le Bakanana ba bahetene.a (Genese 34:1) Hape o ile a hlōleha ho nka bohato ha a lemoha lintho tsa bolumeli ba bohetene lapeng la hae. Leha ho le joalo, ka mor’a hore Mokanana a bete Dina ka sehlōhō, Jakobo o ile a nka bohato bo tiileng. O ile a laela: “Lahlang melimo esele e har’a lōna; le itlhatsoe.”—Genese 35:2-4.
Bo-ntate ba Bakreste ba tlameha ho ba seli ha ho tluoa tabeng ea bomoea ba malapa a bona. Haeba boiketlo ba moea ba lelapa bo sokeloa ka matla ke lintho tse kang ho ba teng ha lingoliloeng tsa boitšoaro bo bobe kapa ’mino o litšila ka lapeng, ba tlameha ho nka bohato bo tiileng.
Hoa thahasellisa hore ebe basali ba nang le tumelo ba kang Sara, Rebeka le Ragele le bona ba ile ba ba le tšusumetso e khōlō ka lapeng. Le hoja ba ne ba ikokobelletsa banna ba bona, ba ne ba sa thibeloa ho nka bohato ba pele ha ho ne ho loketse ho bile ho hlokahala. Ka mohlala, Exoda 4:24-26 e re bolella hore ha Moshe le lelapa la hae ba ne ba ea Egepeta, “Jehova [“lengeloi la Jehova,” Septuagint] a khahlana le Moshe, a batla ho ’molaea [mora oa Moshe].” Ho hlakile hore mora oa Moshe o ne a le kotsing ea ho bolaoa hobane Moshe o ne a hlōlehile ho mo bolotsa. Sefora o ile a nka bohato bo potlakileng ’me a bolotsa mora oa hae. Ka lebaka leo, lengeloi le ile la mo lesa. Basali ba Bakreste kajeno le bona ba ka nka bohato ba pele ha boemo bo etsa hore e be ho loketseng.
Taeo ea Bontate Tlas’a Molao oa Moshe
Ka 1513 B.C.E., mehla ea bopatriareka e ile ea fela ha Iseraele e e-ba sechaba. (Exoda 24:3-8) Bo-ntate ba ile ba tsoela pele ho sebeletsa e le lihlooho tsa malapa. Leha ho le joalo, molao oa lelapa o ile oa e-ba ka tlaasana ho Molao oa sechaba oo Molimo a o nehileng Moshe ’me baahloli ba khethiloeng ba hlokomela hore oa phethoa. (Exoda 18:13-26) Boprista ba Balevi bo ile ba ikarabella litšobotsing tsa borapeli tsa mahlabelo. Ho ntse ho le joalo, ntate o ile a ’na a phetha karolo ea bohlokoa. Moshe o ile a khothatsa: “Litaelo tseo ke u laelang tsona kajeno, li be pelong ea hao. U tlo u li rute bana ba hao, ’me u bue ka tsona, ha u lutse tlung ea hao, leha u le tseleng u tsamaea, leha u ea robala, leha u tsoha.”—Deuteronoma 6:6, 7.
Molao o ile oa lokisetsa liketsahalo, tse kang Paseka, tseo ka tsona thuto e neng e nehelanoa ka mokhoa o reriloeng le o sa reroang. Ha letsatsi la Paseka, la 14 Nisane, le atamela, malapa a Bajode a ne a ee a qale ho lokisetsa leeto la ’ona le tloaelehileng le eang Jerusalema. (Deuteronoma 16:16; bapisa le Luka 2:41.) Ke ngoana ofe ea neng a ke ke a thabela litokisetso tse joalo? Leeto leo ka bolona e ne e e-ba le thabisang. Ka nako eo nako ea lipula e fetile, ’me letsatsi la nako ea selemo le qalile ho ntša serame sa mariha moeeng. Ha lehloa la Thaba ea Hermone le qhibiliha, Nōka ea Jordane e ne e e-ja litlhokoa.
Tseleng, bo-ntate ba ne ba ka ruta bana ba bona e seng libōpeho tsa naha ea bona feela empa hape le histori e ngata e amanang le libaka tseo ba neng ba ka ’na ba feta ho tsona. Tsena li ne li ka ’na tsa akarelletsa Thaba ea Ebale le ea Gerizime, moo lithohako le litlhohonolofatso tsa Molao li neng li baloa. Ba ne ba ka ’na ba feta le Bethele, moo Jakobo a bileng le pono ea hae ea lere ea leholimo. Ke lipuisano tse thabisang hakaakang tse neng li tla latela! Ha leeto le ntse le tsoela pele ’me ba bang ba tsoang likarolong tse ling tsa naha ba ntse ba kenella ho tsamaisana tsela le lihlopha tsa malapa, bohle ba ne ba thabela botsoalle bo hahang.
Qetellong lelapa le ne le kena Jerusalema, “botleng bo phethehileng.” (Pesaleme ea 50:2) Setsebi Alfred Edersheim se re: “Bongata ba baeti bana bo tlameha bo ne bo lula litenteng kantle ho marako a motse. Ba neng ba lula ka har’a marako a motse ba ne ba lula ntle ho tefello.” E, bacha ba Baheberu ba ne ba ithuta lerato la boena ka ho le bontšoa le kamohelo e mofuthu ea baeti ka ho amoheloa ka mofuthu. Likopano tsa selemo le selemo tsa Lipaki tsa Jehova li phetha morero o tšoanang kajeno.
Qetellong la 14 Nisane le ne le ee le fihle. Phoofolo ea Paseka e ne e hlajoa le ho besoa ka lihora tse ngata. Ho ella har’a mp’a bosiu lelapa le ne le e-ja konyana eo, bohobe bo sa lomosoang le meroho e babang. Ho ea ka tloaelo mora o ne a tla botsa: “Le lekanya’ng ka ketso ena na?” Joale bo-ntate ba ne ba tla fana ka thuto e reriloeng, ba re: “Ke sehlabelo sa Paseka ea Jehova, kamoo a kileng a feta pel’a matlo a bana ba Iseraele Egepeta kateng, mohla a otlang ba-Egepeta, ’me a sireletsa matlo a rōna.”—Exoda 12:26, 27; 13:8.
Morena Salomone oa Iseraele o ile a re: ‘Nako e teng ea ho tšeha le nako ea ho hobela.’ (Moeklesia 3:4) Bana ba Baiseraele ba ne ba fuoa nako ea ho ikhatholla. Ho bonahala hore Jesu Kreste o ile a shebella bana ha ba bapala mapatlelong. (Zakaria 8:5; Mattheu 11:16) ’Me ho ne ho tloaelehile hore batsoali bao maemo a bona a lichelete a ba lumellang ba lokisetse ’moka ea lelapa e thabisang eo ho eona ho binoang, ho tjekoang ho bileng ho ketekoang. (Luka 15:25) Batsoali ba Bakreste kajeno ka ho tšoanang ba nka bohato ba pele ba ho lokisetsa bana ba bona boikhathollo le botsoalle bo molemo.
Bo-’mè le Bana Sechabeng sa Bajode
Bo-’mè ba ne ba phetha karolo efe tlas’a Molao oa Moshe? Liproverbia 1:8 e ile ea laela: “Mora oa ka, mamela thuto ea ntat’ao, u se ke ua furalla taeo ea ’m’ao.” Mosali oa Mojode o ne a tla sebelisa litekanyetso tseo Molimo a faneng ka tsona bophelong ba lelapa ka har’a meeli ea matla a ho laela a monna oa hae. Bana ba hae ba ne ba lokela ho mo hlompha, esita leha a se a hōlile.—Liproverbia 23:22.
Hape ’mè o ne a phetha karolo e khōlō tabeng ea ho koetlisa bana ba hae. O ne a hlokomela lesea hoo e ka bang ka tsela e khethehileng ho fihlela le hōlile ho lekana hore le ka khoesoa, e leng seo ntle ho pelaelo se fellang ka tlamo e haufi ea ’mè le ngoana. (Esaia 49:15) Ha bo-ntate ba ntse ba ruta bara ba bona mosebetsi o itseng, bo-’mè ba ne ba ruta barali ba bona mesebetsi ea ka tlung. Hape bo-’mè ba ne ba na le tšusumetso e matla ho bara ba bona. Ka mohlala, Morena Lemuele o ile a fumana molemo “molaetseng o boima oo ’m’ae a ileng a mo fa oona ha a mo khalemela.”—Liproverbia 31:1, NW.
Mosali oa Mojode ea nang le litšoaneleho tse hlokahalang o ne a boetse a thabela bolokolohi bo bongata tabeng ea ho “alosa ntlo ea hae.” Ho latela Liproverbia 31:10-31, o ne a ka ’na a reka thepa ea ntlo, a etsa matsete a litša le mehaho, a ba a hlokomela khoebo e nyenyane. Ho monna ea ananelang, bohlokoa ba hae bo ne bo ‘fetisa liperela hōle’!
Mohlala Bakeng sa Kajeno
Mehleng ea Bibele tokisetso ea lelapa e ne e sebeletsa bakeng sa khōlo ea maikutlo le ea moea ea litho tsohle tsa lona. Bo-ntate ba ne ba lokela ho sebelisa matla a bona a ho laela ka lerato molemong oa malapa a bona. Ba ne ba lokela ho etella pele borapeling. Bo-ntate hammoho le bo-’mè ba ne ba bontša thahasello ho bana ba bona—ba ba ruta le ho ba koetlisa, ba rapela le bona, ba bile ba lokisetsa boikhathollo bakeng sa bona. Bo-’mè ba tšabang Molimo ba ne ba ipaka e le bathusi ba bohlokoa, ba hlomphang bohlooho ba banna ba bona, ha ka nako e tšoanang ba nka bohato ba pele molemong oa malapa a bona. Bana ba mamelang ba ne ba thabisa batsoali ba bona le Jehova Molimo. Ka sebele, lelapa le tšabang Molimo la mehleng ea Bibele e ne e le mohlala o babatsehang bakeng sa mehla ea rōna.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Re lokela ho hlokomela hore pele ho mona, Jakobo o ne a ile a nka mehato e tiileng ea ho sireletsa lelapa la hae tšusumetsong ea Bakanana. O ile a haha aletare, eo ho seng pelaelo hore e ne e le ea mofuta o neng o mo arola ho baahisani ba hae ba Bakanana. (Genese 33:20; Exoda 20:24, 25) Ho feta moo, o ile a hloma litente tsa hae ka ntle ho motse oa Sikeme ’me a iphatela seliba. (Genese 33:18; Johanne 4:6, 12) Ka tsela eo Dina a ka be a ile a lemoha hantle hore takatso ea Jakobo ke hore a se ke a tloaelana le Bakanana.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Lelapa la hao le ka thaba joaloka malapa a neng a rapela Jehova mehleng ea Bibele