Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 11/1 leq. 29
  • Sek’hafothini se Fana ka Bopaki

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sek’hafothini se Fana ka Bopaki
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Nako ea Lijo e ka Matlafatsa Lelapa Boitšoarong?
    Tsoha!—2010
  • Mabokose
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • Ho Hōla Hammoho Leratong
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ho Fana ka Liphallelo Har’a Masupi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 11/1 leq. 29

Sek’hafothini se Fana ka Bopaki

MATSATSING a ka mor’a tšisinyeho ea lefatše Kobe, Japane, ka January, batho ba leng sebakeng se anngoeng ke eona ba ne ba fumanela lijo thateng. Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova ha lia ka tsa haelloa ke lijo, ka lebaka la thuso e mosa ea metsoalle ea tsona. Matsatsi a pele a mabeli kapa a mararo ka mor’a tšisinyeho ea lefatše, liphutheho tse haufi li ile tsa fana ka lipolokoe tsa reisi. Ka potlako, metsoalle e tsotellang e ile ea etsa lik’hafothini. Lik’hafothining, ba bangata ba ile ba khomaretsa melaetsa e bontšang hore ba amehile ka ba anngoeng ke tšisinyeho ea lefatše. Ba amohetseng lijo ba ile ba bolela hore sejo se seng le se seng se ile sa “nokoa” kaha ba ne ba sitoa ho thiba meokho nakong ea ha ba bala melaetsa eo.

Lipaki tsa Jehova li ile tsa arolelana lijo tsa tsona le ba bang ba neng ba hloka. Paki e ’ngoe e ile ea ja lijo tsa eona tsa motšehare nakong eo e neng e tsamaea ka koloi le mosebetsi-’moho eo e seng Paki eo a sebetsang le eona k’hamphaning e le ’ngoe. Kahoo e ile ea mo arolela se seng sa lik’hafothini tseo e li amohetseng.

Mosebetsi-’moho le eona o ile a botsa: “U rekile sek’hafothini see hokae?” Moena o ile a hlalosa mosebetsi oa Lipaki oa liphallelo. “Ke na le matsatsi a mangata ke sa je meroho. Ke tla boloka e meng hore ke ee le eona lapeng bakeng sa lelapa la ka,” monna enoa o ile a bua tjena ka kananelo.

Ha sena se etsahala ka lekhetlo la boraro, mosebetsi-’moho o ile a fa Paki li-yen tse 3 000 (R125) ’me a re: “Ke tseba mosebetsi oa lōna, kahoo ke kōpa ho etsa monehelo mosebetsing oa lōna. Ke ananela hore ebe u ile ua arolelana le ’na lijo tsa hao tsa motšehare. Ruri, metsoalle ea hao kaofela ke batho ba molemo haholo.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela