Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 11/15 maq. 26-30
  • William Tyndale—Monna ea Neng a E-na le Ponelo-pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • William Tyndale—Monna ea Neng a E-na le Ponelo-pele
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohato oa Tumelo
  • Ho Qhelela Kōpo Thōko—Hobane’ng?
  • Ho ea Europe le ho Kopana le Mathata a Macha
  • Katleho—Ho sa Tsotellehe Khanyetso
  • Antwerp, Keko le Lefu
  • Bibele ea William Tyndale bakeng sa Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Karolo 2—Kamoo Bibele e Tlileng ho Rōna Kateng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ba ile ba Ananela Phetolelo ea Bibele ea William Tyndale
    Lihlooho Tse Ling
  • Ba ne ba Rata Lentsoe la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 11/15 maq. 26-30

William Tyndale—Monna ea Neng a E-na le Ponelo-pele

William Tyndale o tsoaletsoe Engelane “meeling ea Wales,” mohlomong Gloucestershire, le hoja ho ke ke ha hla ha boleloa sebaka le letsatsi ka ho toba. Ka October 1994, Engelane e ile ea keteka selemo sa bo500 sa ho ikhopotsa ho tsoaloa ha monna ea “ileng a re fa Bibele ea rōna ea Senyesemane.” Tyndale o ile a bolaeloa mosebetsi ona. Hobane’ng?

WILLIAM TYNDALE o ne a ipabola thutong ea Segerike le Selatine. Ka July 1515, ha a le lilemo tse sa feteng 21, o ile a fumana lengolo la thuto e phahameng la Master of Arts Univesithing ea Oxford. Ka 1521 e ne e le moprista ea khethiloeng oa Roma e K’hatholike. Ka nako eo Bok’hatholike Jeremane bo ne bo e-na le pherekano ka lebaka la mosebetsi oa Martin Luther. Empa Engelane e ile ea lula e le naha ea Bok’hatholike ho fihlela ha Morena Henry VIII a qetella a khaotse maqhama le Roma ka 1534.

Le hoja Senyesemane e ne e le puo e tloaelehileng mehleng ea Tyndale, thuto eohle e ne e etsoa ka Selatine. Hape e ne e le puo ea kereke le ea Bibele. Ka 1546 Council of Trent e ile ea bolela ka makhetlo-khetlo hore Vulgate ea Selatine ea Jerome ea lekholong la bohlano la lilemo e ne e lokela ho sebelisoa e ’notši. Leha ho le joalo, e ne e le barutehi feela ba neng ba ka e bala. Ke hobane’ng ha batho ba Engelane ba ne ba haneloa ho ba le Bibele ea Senyesemane le tokoloho ea ho e bala? Tyndale o ne a e-na le maikutlo ana a sa lumellaneng le seo: “Jerom[e] le eena o ile a fetolela bibele puong ea habo: ke hobane’ng ha le rōna re ne re ke ke ra etsa joalo?”

Mohato oa Tumelo

Ka mor’a hore a thabele ho ba Oxford ’me mohlomong a bile le lithuto tse eketsehileng Cambridge, Tyndale o ile a ruta bara ba banyenyane ba John Walsh ka lilemo tse peli Gloucestershire. Nakong ena o ile a hōlisa takatso ea hae ea ho fetolela Bibele Senyesemaneng, ’me ha ho pelaelo hore o ne a e-na le monyetla oa ho hōlisa tsebo ea hae ea ho fetolela ka thuso ea Bibele e ncha ea Erasmus e nang le litemana tsa Segerike le Selatine tse behiloeng li bapile. Ka 1523, Tyndale o ile a tloha lelapeng la Walsh ’me a leba London. Sepheo sa hae e ne e le ho ea batla tumello bakeng sa phetolelo ea hae, ho Cuthbert Tunstall, eo e neng e le mobishopo oa London.

Tumello ea Tunstall e ne e hlokahala hobane litokisetso tsa sinoto ea 1408 Oxford, tse ileng tsa tsejoa e le Constitutions of Oxford, li ne li akarelletsa thibelo bakeng sa ho fetolela kapa ho bala Bibele ka puo ea moo, ntle le ka tumello ea mobishopo. Ka lebaka la ho ba le sebete sa ho hanyetsa thibelo ena, baboleli ba bangata ba etang ba neng ba tsejoa ka hore ke Ma-Lollard ba ile ba chesoa ho thoe ke bakhelohi. Ma-Lollard ana a ile a bala le ho aba Bibele ea John Wycliffe, phetolelo ea Senyesemane e tsoang ho Vulgate. Tyndale o ile a ikutloa hore ho ne ho fihlile nako ea hore mangolo a Bakreste a fetoleloe ho tloha Segerikeng ho ea phetolelong e ncha, e ka tšepjoang bakeng sa kereke ea habo le batho ba Engelane.

Mobishopo Tunstall e ne e le motho ea rutehileng ea ileng a etsa ho eketsehileng ho khothatsa Erasmus. E le ho paka tsebo ea hae, Tyndale o ile a fetolela e ’ngoe ea lipuo tsa Tunstall tsa Isocrates, e leng tsa taba e ngotsoeng ea Segerike e thata. Tyndale o ne a e-na le tšepo e khōlō ea hore Tunstall o tla atolosa botsoalle ba hae le tšireletso ’me a amohele mpho ea hae ea ho fetolela Mangolo. Ke’ng seo mobishopo a neng a tla se etsa?

Ho Qhelela Kōpo Thōko—Hobane’ng?

Le hoja Tyndale a ne a e-na le lengolo leo a itlhahisang ka lona, Tunstall ha aa ka a amohela boeti ba hae. Ka lebaka leo Tyndale o ile a lokela ho ngola ka ha a ne a batla hore a hlahlobeloe mosebetsi oo. Hore na Tunstall o ile a qetella a lumetse hore a kopane le Tyndale ha ho tsejoe, empa molaetsa oa hae e bile ona, ‘Ntlo ea ka e tletse.’ Ke hobane’ng ha Tunstall a ile a hlompholla Tyndale ka boomo hakaale?

Mosebetsi oa Luther oa ho fetohela lithuto tsa K’hatholike k’honthinenteng ea Europe o ne o baka ngongoreho e khōlō Kerekeng e K’hatholike, ka liphello tse itseng Engelane. Ka 1521, Morena Henry VIII o ile a hatisa buka e matla e ngotsoeng tlaleho e sireletsang mopapa khahlanong le Luther. A susumelitsoe ke teboho mopapa o ile a fa Henry tlotla ea hore ke “Defender of the Faith [Mosireletsi oa Tumelo].”a Mok’hadinale oa Henry, Wolsey, le eena o ne a le mafolo-folo, ka ho senya libuka tsa Luther tse keneng naheng li sa lumelloa. E le mobishopo oa K’hatholike ea tšepahalang ho mopapa, ho morena, le mok’hadinale oa hae, Tunstall o ne a ikutloa a tlamehile ho hatella leha e le mang ea ka hlahisang maikutlo a ka ’nang a lumellana le a Luther oa lerabele. Tyndale e ne e le ’melaelloa ea ka sehloohong. Hobane’ng?

Nakong ea ho lula ha hae le lelapa la Walsh, Tyndale o ile a bua a sa tšabe letho khahlanong le ho hloka tsebo le leeme la baruti ba sebakeng seo. Har’a bona e ne e le John Stokesley ea neng a tsebella Tyndale Oxford. Qetellong o ile a nka sebaka sa Cuthbert Tunstall joaloka mobishopo oa London.

Ho hanyetsa Tyndale ho boetse ho totobala khohlanong le moruti ea phahameng ea ileng a re: “Ho ka ba molemo hore re se ke ra ba le molao oa Molimo ho e-na le hore re se ke ra ba le molao oa mopapa.” Ka mantsoe a hopolehang, karabo ea Tyndale e bile hore: ‘Ke phephetsa Mopapa le melao eohle ea hae. Haeba Molimo a boloka bophelo ba ka, pele ho lilemo tse ngata, ke tla etsa hore moshanyana ea hulang teu a tsebe Mangolo ho u feta.’

Tyndale o ile a lokela ho hlaha kapele ho motsamaisi oa ofisi ea mobishopo ea Worcester ka liqoso tsa bohata tsa bokhelohi. Hamorao Tyndale o ile a hopola: “O ile a ntšokela habohloko, ’me a ntlhapaola,” a phaella ka hore o ile a tšoaroa joaloka “ntja.” Empa ho ne ho se na bopaki bo tšehetsang hore Tyndale o molato oa bokhelohi. Bo-rahistori ba lumela hore litaba tsena tsohle li ne li fetisetsoa ho Tunstall ka sekhukhu e le ho susumetsa qeto ea hae.

Ka mor’a hore a qete selemo London, Tyndale o ile a etsa qeto ena: “Ho ne ho se na kamore ntlong ea borena ea moren’a ka London bakeng sa ho fetolela Testamente e ncha, empa hape . . . ho ne ho se na sebaka sa ho etsa joalo hohle Engelane.” O ne a nepile. Boemong ba khatello bo bakiloeng ke mosebetsi oa Luther, ke mohatisi ofe Engelane ea neng a ka ba sebete sa ho hlahisa Bibele ka Senyesemane? Kahoo ka 1524, Tyndale o ile a tšela English Channel, ’me ha aa ka a hlola a khutla.

Ho ea Europe le ho Kopana le Mathata a Macha

William Tyndale o ile a fumana botšabeli Jeremane, hammoho le libuka tsa hae tsa bohlokoahali. O ne a e-na le £10 eo motsoalle oa hae Humphrey Monmouth, mohoebi oa London ea nang le tšusumetso, a neng a mo file eona. Mpho ena e ne e batla e lekane mehleng eo bakeng sa ho nolofaletsa Tyndale hore a ka hatisa Mangolo a Segerike ao a neng a rerile ho a fetolela. Ka morao ho moo Monmouth o ile a tšoaroa ka lebaka la ho thusa Tyndale le ka ho belaelloa ka hore o tšehetsa Luther. O ile a hlongoa lipotso ’me a lahleloa ka har’a Tower of London, Monmouth o ile a lokolloa feela ka mor’a ho etsa thapeli ea ho kōpa tšoarelo ho Mok’hadinale Wolsey.

Hore na hantle moo Tyndale a ileng a ea teng ke hokae Jeremane ha hoa hlaka. Bopaki bo bong bo supa Hamburg, moo e ka ’nang eaba o ile a qeta selemo. Na o ile a kopana le Luther? Sena hase tsebahale, le hoja qoso e khahlanong le Monmouth e re o ile a kopana le eena. Ho na le ntho e le ’ngoe eo ho ka kholisehoang ka eona: Tyndale o ne a phathahane haholo a fetolela Mangolo a Segerike. Ebe libuka tsa hae tse ngotsoeng ka letsoho li ne li tla hatisoa hokae? O ile a beha mosebetsi oo tlhokomelong ea Peter Quentell, ho la Cologne.

Tsohle li ile tsa tsamaea hantle ho fihlela ha mohanyetsi John Dobneck, eo hape a neng a tsebahala e le Cochlaeus, a tseba se neng se etsahala. Kapele-pele Cochlaeus o ile a tlaleha seo a se sibolotseng ho motsoalle ea haufi-ufi oa Henry VIII eo ka ntle ho tieho a ileng a fumana thibelo e khahlanong le hore Quentell a ka hatisa phetolelo ea Tyndale.

Tyndale le motlatsi oa hae, William Roye, ba ile ba balehisa bophelo ba bona, ba nkile maqephe a Kosepele ea Mattheu a neng a se a hatisitsoe. Ba ile ba tsamaea ka sekepe ho nyolosa nōka ea Rhine ho ea Worms, moo ba ileng ba qetela mosebetsi oa bona teng. Qetellong, likopi tse 6 000 tsa khatiso ea pele ea New Testament ea Tyndale li ile tsa hlahisoa.b

Katleho—Ho sa Tsotellehe Khanyetso

Ho fetolela le ho hatisa e ne e le taba e ’ngoe. Ho isa Libibele Brithani e ne e le bothata bo bong hape. Baemeli ba kereke le ba boholong ’musong ba ne ba ikemiselitse ho thibela thomello ho tšela English Channel, empa bahoebi ba nang le tšebelisano-’moho ba ne ba e-na le tharollo. E patiloe ka har’a meqeqeko ea liphahlo le thepa e ’ngoe, meqolo e ile ea kenngoa naheng ka sekhukhu le mabōpong a Engelane le ho nyolosetsa Scotland. Tyndale o ile a khothala, empa ntoa ea hae e ne e le hona e qalang.

Ka la 11 February, 1526, Mok’hadinale Wolsey, a felehelitsoe ke babishopo ba 36 le bababatsehi ba bang ba kereke, ba ile ba bokana haufi le St. Paul’s Cathedral, London “ho ea bona ha meqeqeko ea libuka e lahleloa mollong.” Har’a tsona ho ne ho e-na le likopi tsa bohlokoahali tse fetoletsoeng ke Tyndale. Khatisong ena ea pele, hona joale ho na le likopi tse peli feela tse sa senyehang. E le ’ngoe feela e ntseng e feletse (e mpang e haelloa ke leqephe le nang le sehlooho feela) e Laebraring ea Brithani. Ka ho fapaneng, e ’ngoe, e haellang ka maqephe a 71, e ile ea fumanoa Laebraring ea St. Paul’s Cathedral. Hore na e fihlile joang moo, ha ho ea tsebang.

Ka sebete, Tyndale o ile a tsoela pele ho hlahisa likhatiso tse ncha tsa phetolelo ea hae, tse neng li amohuoa batho mohato ka mohato ’me li chesoa ke baruti ba Manyesemane. Joale Tunstall o ile a fetola maoa. O ile a etsa tumellano le mohoebi ea bitsoang Augustine Packington hore a reke libuka leha e le life tse ngotsoeng ke Tyndale, ho akarelletsa le New Testament, e le hore a tl’o li chesa. Ka sena ho ile ha etsoa tokisetso le Tyndale, ea neng a entse tumellano le Packington. Chronicle ea Halle e re: “Mobishopo o ne a e-na le libuka, Packington a e-na le liteboho, ’me Tyndale a e-na le chelete. Ka mor’a moo ha Litestamente tse Ncha tse eketsehileng li hatisoa, li ile tsa fihla li le ngata ’me tsa kena lenyele-nyele Engelane.”

Ke hobane’ng ha baruti ba ne ba hanyetsa phetolelo ea Tyndale ka mabifi hakaale? Kaha Vulgate ea Selatine e ile ea leka ho koahela litemana tse halalelang, phetolelo ea Tyndale ho tloha Segerikeng sa pele ka lekhetlo la pele e ile ea fetisetsa molaetsa oa Bibele ka puo e hlakileng ho batho ba Engelane. Ka mohlala, Tyndale o ile khetha ho fetolela lentsoe la Segerike a·gaʹpe e le “lerato” ho e-na le “thuso ho ba hlokang” ho 1 Ba-Korinthe khaolo ea 13. O ile a tsitlella lentsoe “phutheho” ho e-na le “kereke” e le ho beha khatiso ho barapeli, e seng mehaho ea kereke. Leha ho le joalo, ntlha ea ho qetela e sa mamelleheng ho baruti, e ile ea tla ha Tyndale a nkela “moprista” sebaka ka “moholo” le ho sebelisa “pako” ho e-na le “pontšo ea tšoabo,” ka mokhoa oo a hlobolisa baruti matla ao ba neng ba nahana hore ba na le ’ona a boprista. Mabapi le sena David Daniell o re: “Pelekatori ha e eo; ha ho na boipolelo bo lokelang ho mameloa le ho etsoa ha pontšo ea tšoabo. Litšia tse peli tsa moruo le matla a Kereke li ile tsa putlama.” (William Tyndale—A Biography) Eo e bile phephetso eo phetolelo ea Tyndale e faneng ka eona, ’me litsebi tsa mehleng ena li lumela ka botlalo ho nepahala ha khetho ea hae ea mantsoe.

Antwerp, Keko le Lefu

Lipakeng tsa 1526 le 1528, Tyndale o ile a fallela Antwerp, moo a neng a ka ikutloa a sireletsehile har’a bahoebi ba Manyesemane. Ha a le moo o ile a ngola The Parable of the Wicked Mammon, The Obedience of a Christian Man, le The Practice of Prelates. Tyndale o ile a ntšetsa pele mosebetsi oa hae oa ho fetolela ’me e bile oa pele oa ho sebelisa lebitso la Molimo, Jehova, phetolelong ea Senyesemane ea Mangolo a Seheberu. Lebitso leo le hlaha ka makhetlo a fetang a 20.

Hafeela Tyndale a ne a ntse a lula le motsoalle oa hae le mothusi oa hae Thomas Poyntz ho la Antwerp, o ne a sireletsehile marabeng a Wolsey le lihloela tsa hae. O ile a tsebahala haholo ka ho hlokomela ha hae ba kulang le ba futsanehileng. Qetellong, monna oa Lenyesemane Henry Phillips ka mano o ile a etsa hore Tyndale a mo tšepe. Ka lebaka leo, ka 1535, Tyndale o ile a ekoa ’me a isoa Vilvorde Castle, lik’hilomithara tse leshome ka leboea ho Brussels. O ile a kenngoa teronkong moo ka likhoeli tse 16.

Ho ke keng ha boleloa ka kholiseho ke hore na Phillips o ne a hiriloe ke mang, empa ho belaelloa Mobishopo Stokesley, eo ka nako eo a neng tšoarehile ka ho chesa “bakhelohi” London. Ho The Bible of the Reformation W. J. Heaton o re Stokesley ha a se a le makhatheng a lefu la hae ka 1539, “o ne a thabetse hore nakong ea bophelo ba hae o ne a ile a chesa bakhelohi ba mashome a mahlano.” Palong eo ho ne ho kopanyellelitsoe le William Tyndale, ea ileng a fenethoa pele setopo sa hae se chesoa phatlalatsa ka October 1536.

Lingaka tse tharo tsa thuto ea bolumeli tse hlahelletseng ka mahetla tse tsoang Univesithing ea Catholic Louvain, eo Phillips a neng a e kena, li ne li le komising e neng e qosa Tyndale. Baruti ba bararo ba tsoang Louvain le babishopo ba bararo hammoho le bababatsehi ba bang le bona ba ne ba le teng ho bona ha Tyndale a ahloloa ka lebaka la bokhelohi ’me a amohuoa boemo ba hae ba boprista. Bohle ba ile ba thabela lefu la hae a le lilemo tse ka bang 42.

Lilemo tse fetang lekholo tse fetileng mongoli oa histori ea bophelo ba motho Robert Demaus o ile a re: “Ka linako tsohle Tyndale o ne a hlahelletse ka botšepehi ba hae bo se nang tšabo.” Tyndale o ile a ngolla John Frith eo e neng e le mosebetsi-’moho le eena ea ileng a chesoa ke Stokesley London: “Le ka mohla ha kea ka ka hlakola tlhaku leha e le ’ngoe ea lentsoe la Molimo khahlanong le letsoalo la ka, leha e le hore nka etsa joalo kajeno, esita le haeba ke ne nka fuoa sohle se lefatšeng, ebang e ne e ka ba monyaka, tlhompho kapa maruo.”

Eo e bile tsela eo ka eona William Tyndale a ileng a fana ka bophelo ba hae bakeng sa tokelo ea ho fa batho ba Engelane Bibele eo ba neng ba ka e utloisisa habonolo. O ile a lefa haboima hakaakang—empa o fane ka mpho ea bohlokoahali hakaakang!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Kapele-pele ho ile ha etsoa letšoao la Fidei Defensor licheleteng tsa tšepe tsa sebakeng seo, ’me Henry o ile a kōpa hore tlotla ena e fitisetsoe ho bahlahlami ba hae. Kajeno e hlaha e potolohile hlooho ea ’musisi licheleteng tsa tšepe tsa Brithani e le Fid. Def., kapa e le feela F.D. Ka ho thahasellisang, “Defender of the Faith” ka mor’a moo e ile ea hatisoa molaetseng oa liteboho o lebisitsoeng ho Morena James ho King James Version ea 1611.

b Palo ena ha e na bonnete; ba bang ba boholong ba re ke 3 000.

[Lebokose le leqepheng la 29]

LIPHETOLELO TSA PELE

BOIPILETSO ba Tyndale bakeng sa phetolelo ea Bibele puong ea batho ba tloaelehileng e ne e le bo utloahalang hape ho ne ho e-na le liphetolelo tse tlileng pele. Ho ne ho ile ha etsoa phetolelo ea Anglo-Saxon lekholong la bo10 la lilemo. Libibele tse hatisitsoeng tse neng li fetoletsoe ho tloha Selatineng li ne li ile tsa ajoa ka bolokolohi Europe qetellong ea lekholo la bo15 la lilemo: Sejeremane (1466), Setaliana (1471), Sefora (1474), Se-Czech (1475), Sedache (1477) le Se-Catalan (1478). Ka 1522, Martin Luther o ile a hatisa New Testament ea hae ka Sejeremane. Sohle seo Tyndale a neng a se botsa ke hore na ke hobane’ng ha Engelane e ne e ke ke ea lumelloa ho etsa se tšoanang.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 26]

Bible in the background: © The British Library Board; William Tyndale: By kind permission of the Principal, Fellows and Scholars of Hertford College, Oxford

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela