Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 12/1 maq. 20-23
  • Ke Lilemo li Lekholo ’me ke Ntse ke le Matla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Lilemo li Lekholo ’me ke Ntse ke le Matla
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Fetola Boikutlo
  • Ho Thulana le Liteko
  • Ketelo e Makatsang
  • Ho Sebetsana ka Katleho le Tahlehelo
  • Ke ’Nile ka Thabela ho Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ho Atamela Haufi le Molimo ho Nthusitse ho Mamella
    Tsoha!—1993
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 12/1 maq. 20-23

Ke Lilemo li Lekholo ’me ke Ntse ke le Matla

JOALOKAHA HO BOLETSE RALPH MITCHELL

Ntate, monna ea bolelele bo lekaneng hantle, e ne e le ’moleli oa Methodiste. Ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse peli kapa tse tharo o ne a isoa kerekeng e ’ngoe ho tloha ho e ’ngoe ka ho latellana ha litoropo tseo boholo ba tsona li neng li le nyenyane, ho akarelletsa le Asheville, North Carolina, U.S.A., moo ke hlahetseng teng ka February 1895. Kahoo ke hōtse ke hlile ke tloaelane le Bokreste-’mōtoana.

KE HOPOLA ha ke sa le moshanyana ke isoa “bencheng ea ba soabileng” libokeng tsa tsosoloso bakeng sa hore ke tlale moea o halalelang—ho “kena bolumeling,” kamoo ba neng ba ho bitsa kateng. Ke ile ka bolelloa hore ke bolele libe tsa ka, ke boloke Melao e Leshome ’me ke itšoare hantle. Kahoo ke ne ke tla ea leholimong ha ke e-shoa. Ke ile ka ipolella: ‘Ha e le hantle, ke nahana hore ke tla ea liheleng hobane nke ke ka ba molemo ka ho lekaneng bakeng sa leholimo.’ Ke ne ke nahana hore ke batho ba baholo feela—haholo-holo baboleli—ba neng ba phela ho ea ka litekanyetso tsa Bibele.

Empa le pele ke e-ba lilemong tsa bocha, ke ile ka qala ho lemoha boikaketsi bolumeling. Ka mohlala, ntate o ne a tela litlhoko tsa lintho tse bonahalang tsa lelapa la hae e le hore feela a fane ka chelete e ngata letlōleng la mobishopo sebokeng se akaretsang. O ne a tšepile hore sena se tla etsa hore a khetheloe ho ea kerekeng e khōloanyane. Ke hopola ’moleli e mong oa sebakeng seo eo e neng e boetse e le sehoai sa k’hothone. O ne a laba-labela ho fumana boemo bo phahameng, kahoo o ile a rekisa libeile tse lekholo tsa k’hothone ’me a ea sebokeng seo pokotho e tletse chelete. Ha ho bonahala eka ba fumane chelete eohle eo ba neng ba ka e fumana ho bamameli—bao boholo ba bona e neng e le baboleli—’moleli enoa eo e leng sehoai sa k’hothone o ile a tlolela holimo ’me a hoeletsa: “Na ke phetho sena seo le se fang mobishopo oa lōna? ’Moleli e mong le e mong ea tlang ho fana ka lidolara tse hlano, ke tla li phaella ka lidolara tse leshome!” Ho ile ha kolekoa lidolara tse fetang sekete, ’me mobishopo o ile a khetha monna enoa hore e be moholo ea okametseng Ntate. Ke ne ke sa lumele hore khetho e joalo e ne e tsoa ho Molimo. Ho tloha nakong eo ho ea pele ke ile ka belaella ntho leha e le efe e amanang le bolumeli.

Ha United States e kena ntoeng ea pele ea lefatše ke ile ka ngolisoa sesoleng. Ke hopola hantle ke utloa baruti ba sesole ba re bolella re le masole hore re loanele naha ea habo rōna ka botšepehi, ’me sena se ile sa eketsa lehloeo la ka bolumeling. Lipakane tsa ka e ne e le ho pholoha, ho qetela thuto ea ka ’me e be joale kea nyala. Bolumeli bo ne bo le sieo mererong ea ka ea ka moso.

Ho Fetola Boikutlo

Ka 1922, ke ile ka ratana le moroetsana ea bitsoang Louise. Kamoo ho neng ho le kateng, e ne e le Mok’hatholike ea khothetseng, ’me ha re etsa qeto ea ho nyalana, o ile a batla lechato la Sek’hatholike. Ha e le hantle, ke ne ke sa batle mokete oa bolumeli ba mofuta leha e le ofe, kahoo o ile a lumela hore re tla nyalana mohahong oa ’masepala New York City.

Qalong re ne re sa hohlane ka bolumeli. Ke ile ka mo hlakisetsa hantle hore ha ke tšepe bolumeli le hore re ne re tla itsoella hantle haholo hafeela ho sa buuoe ka bona. Joale, pakeng tsa lilemo tsa 1924 le 1937, bana ba ile ba hlaha—ka ho latellana, ho fihlela ha re e-na le bashemane ba bahlano le banana ba bahlano! Louise o ne a batla hore bana ba rōna ba ee sekolong sa K’hatholike. Ke ne ke sa batle hore ba be le koetliso leha e le efe ea bolumeli, kahoo re ile ra phehisana khang ka seo.

Mathoasong a 1939 ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e neng e tla fetola pono ea ka ka ho feletseng mabapi le bolumeli. Henry Webber le Harry Piatt, bao e neng e le Lipaki tsa Jehova, ba ile ba tla ntlong ea ka e Roselle, New Jersey. Kapele-pele ho ile ha totobala hore ba ne ba batla ho bua ka taba eo ke neng ke sa thahaselle ho qoqa ka eona—bolumeli. Tumelo ea ka e ne e ntse e halefisitsoe ke taba ea hore baruti ba sesole lebothong ba ne ba re, ‘Loanelang naha ea habo lōna,’ ha baruti koana hae ba ne ba re, ‘U se ke ua bolaea.’ A boikaketsi bo bokaakang! Ke ile ka nahana hore ke tla kenya Lipaki tsena tse peli tseleng. Ke ile ka re ho tsona: “E reng ke le bolelle, haeba bolumeli ba lōna ke ba ’nete, joale ana a mang kaofela ke a bohata. ’Me esita le haeba ho na le bo bong boo e leng ba ’nete, joale ana a mang kaofela, ho akarelletsa le ba lōna, ke a bohata. Ho lokela ho be le bolumeli bo le bong feela ba ’nete.” Ho makaleng ha ka ho hoholo, ba ile ba lumellana le ’na!

Ka mor’a moo, ba ile ba nkōpa hore ke nke Bibele ea ka ’me ke phetle ho 1 Ba-Korinthe 1:10. Ke ile ka bala: “Joale ke le kōpa ka tieo, baena, ka lebitso la Jesu Kreste Morena oa rōna, hore kaofela ha lōna le bue ntho e tšoanang, le hore ho se ke ha e-ba le likhaohano har’a lōna; empa hore ka ho phethahetseng le kopane hammoho mohopolong o tšoanang le kahlolong e tšoanang.” (King James Version) Ke ile ka haptjoa ke lengolo lena. Ka nako e tšoanang, ke ne ke tšohile hore banna bana ba babeli ba leka ho nkenya sehlotšoaneng se itseng sa borapeli. Leha ho le joalo ke ne ke ithutile ho hong—hore ha hoa lokela ho ba le likhaohano har’a Bakreste. Ke ne ke e-na le lipotso tse ling tse ngata kelellong ea ka. Ka mohlala, Ho etsahala’ng ka soule lefung? Ke ne ke tla thabela hakaakang ho buisana le bona ka potso eo! Empa, ke ile ka nahana, seo se tla tsosa khang e khōlō ea bolumeli ka lapeng.

Joale e mong oa banna bao ba babeli a re: “Re ka rata ho khutla ’me re tl’o buisana le uena hape bekeng e tlang.” Ke ile ka leka ho ba leleka ka masene, empa mosali oa ka o ile a buela holimo ka ho toba. A re: “Ralph, ba batla ho tseba hore na ba ka khutla neng.” Sena se ile sa ’makatsa kaha e ne e le Mok’hatholike ea mafolo-folo! Ho ntse ho le joalo, ke ile ka nahana, ‘Ebile mohlomong re tla fumana lintlha tse itseng tseo re tlang ho lumellana ka tsona tabeng ea bolumeli.’ Kahoo ke ile ka lumela hore Henry Webber le Harry Piatt ba khutle ka Labohlano le latelang.

Ke ile ka qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova ka tsela eo. Nako e khutšoanyane ka mor’a moo, ke ile ka memeloa ho ea kopanong Madison Square Garden, New York City. Ke sa hopola ka ho hlaka puo ea Joseph F. Rutherford “’Muso le Khotso,” e ileng ea fanoa ka la 25 June, 1939. Ke ne ke le e mong oa batho ba 18 000 ba neng ba le teng. Ha e le hantle, ba 75 000 ba ile ba utloa puo eo, ha re akarelletsa ba neng ba hokeletsoe ka khokahanyo ea machaba ea mehala ea seea-le-moea.

Leha ho le joalo lintho ha lia ka tsa tsamaea habonolo. Balateli ba moprista oa K’hatholike Charles Coughlin ba ile ba baka tšokelo ea ho qhala kopano eo, ’me hantle feela, hoo e batlang e le ho tloha bohareng ba puo ea Moena Rutherford, batho ba makholo ba halefileng ba ile ba qala ho hlolieana le ho hoeletsa mapetjo a kang, “Heil Hitler!” le “Viva Franco!” Ho ne ho e-na le mofere-fere o moholo hoo morusu oo o neng o utloahala mehaleng ea thelefono! Ho ile ha nka metsotso e ka bang 15 hore balebeli ba khutsise mahoo-hoo ao. Ka nako eo eohle, Moena Rutherford o ne a sa tšabe letho, a ntse a bua, ha liatla tse pheta-phetoang tse opuoang ke bamameli li ne li mo fa matla.

Joale ke ne ke hlile ke laba-labela ho tseba. Ke hobane’ng ha moprista oa K’hatholike a ne a ka hlohlelletsa lehloeo le leholo hakaalo khahlanong le Lipaki tsa Jehova? Ke ile ka nahana hore e tlameha e be ho na le ’nete e itseng ho seo Rutherford a neng a se bolela—ho hong hoo baruti ba neng ba sa batle hore batho ba kang ’na ba se utloe. Kahoo ke ile ka tsoela pele ho ithuta Bibele le ho hatela pele. Qetellong, ka October ea 1939, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka kolobetso ea metsing. Ba bang ba bana ba ka ba ile ba kolobetsoa selemong se latelang, ’me mosali oa ka, Louise, o ile a kolobetsoa ka 1941.

Ho Thulana le Liteko

Kapele ka mor’a hore ke amohele ’nete, ’Mè o ile a hlokahala, ’me ke ile ka tlameha ho khutlela North Carolina bakeng sa lepato la hae. Ke ne ke ikutloa hore ka letsoalo le hloekileng ke ne nke ke ka ba teng litšebeletsong tsa lepato tse neng li tla tšoareloa ka kerekeng ea Methodiste. Kahoo ke ile ka founela Ntate pele ke nka leeto ’me ka mo kōpa hore a behe lekese lehaeng la moo ho lokisoang litopo bakeng sa lepato. O ile a lumela, empa ha ke fihla moo, ba ne ba le tseleng e lebang kerekeng, moo ba neng ba nahanne hore joang kapa joang ke tla kopanela le bona.

Ha e le hantle, ha kea ka ka etsa joalo, ’me sena se ile sa baka pherekano e khōlō lelapeng leso. Le hoja ’na le khaitseli ea ka Edna kamehla re ne re bile metsoalle e haufi-ufi, ka mor’a lepato la ’Mè o ne a sa mpuise. Ke ne ke ngola mangolo, empa o ne a sa a a arabe. Lehlabula le leng le le leng ha Edna a ne a tlile New York thupelong ea matichere City College, ke ne ke leka ho ea ’mona. Empa o ne hana ho tla mpona, a bolela hore o phathahane. Qetellong ke ile ka tela, kaha ho ne ho bonahala eka ke khathatsana le eena feela. Ho ile ha feta lilemo tse ngata pele ke utloa ka eena.

Ka lebaka la ho hana ho lumelisa folakha, ba tšeletseng ho bana ba ka ba ile ba lelekoa sekolong ka 1941, joalokaha bana ba bang ba bangata United States le Canada ba ile ba lelekoa. E le hore li finyelle tlhokahalo ea molao ea thuto, Lipaki li ile tsa hlophisa likolo tsa tsona tse bitsoang Kingdom Schools. Sebakeng seo pele e neng e le hotele Lakewood, New Jersey, e ne e le moo bana ba ka ba kenang sekolo teng. Holo ea ’Muso e ne e le mokatong oa pele, hammoho le tlelase ea sekolo, kichine le sebaka sa ho jela. Sebaka seo banana ba robalang ho sona se ne se le mokatong oa bobeli, ’me liphaposi tsa ho robala tsa bashemane li le mokatong oa boraro. E ne e le sekolo se setle. Boholo ba bana ba neng ba lula moo ba ne ba ea hae ka mafelo-beke feela. Ba neng ba lula hōle haholo ba ne ba ea hae mafelo-beke a mang le a mang a bobeli.

Ho tloha lilemong tsa ka tsa pele ke le ’neteng, ke ne ke e-na le takatso e matla ea ho ba pula-maliboho, joalokaha baevangeli ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova ba bitsoa joalo. Kopanong ea 1941 St. Louis, Missouri, moena e mong lenaneong o ile a pheta kamoo a bulang maliboho kateng le hoja a ne a hōlisa bana ba 12. Ke ile ka nahana, ‘Haeba a ka khona ho bula maliboho a e-na le ba 12, nka khona ho bula maliboho ke e-na le ba 10.’ Leha ho le joalo, maemo a ka ha aa ka a ntumella ho qala ho bula maliboho ho fihlela lilemo tse 19 hamorao. Qetellong ka la 1 October, 1960, ke ile ka khona ho qala ho sebeletsa Jehova ke le pula-maliboho ea kamehla.

Ketelo e Makatsang

Ka 1975, ke ile ka fumana molaetsa oa thelefono o tsoang ho khaitseli ea ka Edna. Joale ke ne ke se ke le lilemo li 80, ’me ke ne ke e-s’o ka ke ’mona leha e le ho utloa lentsoe la hae ka lilemo tse ka bang 20. O ne a letsa a le boema-fofaneng, ’me o ne a nkōpa hore ke tl’o ba lata eena le monna oa hae. Ho ne ho le monate ho bona Edna hape, empa ntho e khōlō ka ho fetisisa e makatsang e ne e le hona e tlang. Ha re le tseleng e eang hae, monna oa hae o ile a re, “U na le mosokolohi.” Ke ne ke sa tsebe seo a se bolelang. Ha re fihla lapeng, o ile a re hape, “Mona u na le mosokolohi.” Mosali oa ka o ile a utloisisa hang-hang. Ha a retelehela ho khaitseli ea ka, o ile a ’motsa, “Edna, na u Paki?” Edna a araba: “Ehlile ke eona.”

Ho ne ho tlile joang hore Edna a amohele ’nete? Ka 1972, e le ha ke leka ho lokisa kamano ea rōna e khaohileng, ke ne ke ile ka mo romella mpho ea peeletso ea Molula-Qhooa. Hoo e ka bang selemo hamorao, Edna o ile a kula ’me a tlameha ho lula ha hae feela. Limakasine li ne li ntse li le deskeng ea hae li ntse li phuthetsoe. Ka lebaka la bohele-hele Edna o ile a bula e ’ngoe ’me a qala ho bala. Ha a qetile makasine eo, o ile a nahana, ‘Sena ke ’nete!’ Nakong eo Lipaki tsa Jehova li etelang ha hae, o ne a se a balile qubu eo eohle ea limakasine tsa Molula-Qhooa. O ile a amohela thuto ea Bibele, ’me ka nako e loketseng e ile ea e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova.

Ho Sebetsana ka Katleho le Tahlehelo

Qetellong, mosali oa ka, Louise, o ile a tšoaroa ke lefu la tsoekere, ’me boemo ba hae bo ile ba mpefala ho fihlela ha a hlokahala ka 1979, a le lilemo li 82. Ha Louise a e-shoa, karolo e ’ngoe ea ka e ile ea shoa ka tsela e tšoanang. Bophelo bohle ba ka bo ile ba khaotsa. Ke ne ke sa tsebe seo ke lokelang ho se etsa. Ke ne ke se na merero bakeng sa nako e tlang, ’me ke ne ke hloka khothatso ka matla. Richard Smith, molebeli ea tsamaeang, o ile a nkhothalletsa ho ntšetsa pele tsela ea ka ea ho bula maliboho. Ke ile ka fumana hore khothatso ea ka e khōlō ka ho fetisisa e ne e hlaha ho khothatseng ba bang ba neng ba lahlehetsoe ke baratuoa ba bona ka lefu.

Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa hlophisa leeto la ho ea Iseraele ka 1979, kahoo ke ile ka ngolisa. Leeto lena e ile ea e-ba tšusumetso e khōlō ho ’na, ’me ha ke khutlela hae, ke ile ka khutlela ka ho toba ho ea sebetsa tšebeletsong ea bopula-maliboho. Selemo ka seng ho tloha nakong eo, ke ho entse mosebetsi oa ka ho thusa tšimong e sa abuoang kapa e sa sebetsoeng kamehla karolong e ’ngoe ea naha. Ho sa tsotellehe lilemo tsa ka tse seng li ile, ke ntse ke khona ho iketsa ea fumanehang bakeng sa tokelo ena.

Ke hakanyetsa hore ha lilemo li ntse li feta, ke bile le thabo ea ho thusa batho ba ka bang 50 ho kena tseleng e isang bophelong. Boholo ba bana ba ka ba ’neteng. Ba babeli ho barali ba ka ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla. Morali e mong, Louise Blanton, o sebeletsa ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova Brooklyn, New York, le monna oa hae George, ’me e mong oa bara ba ka o sebelelitse e le moholo ka lilemo tse ngata.

Ka ho hlakileng, ka lebaka la ho se phethahale ho futsitsoeng ho batsoali ba rōna ba pele, kaofela ha rōna rea kula ’me rea shoa. (Ba-Roma 5:12) Ka sebele bophelo ba ka bo ’nile ba e-ba le ho opeloa le mahlaba. Hona joale ke tšoeroe ke lefu la masapo le manonyeletso leotong la ka le letšehali. Ka linako tse ling le nkulisa haholo, empa ha le e-s’o nthibele ho tsamaea. ’Me ke rapella hore le se ke la etsa joalo. Ke batla ho tsoela pele. Takatso ea ka e khōlō ka ho fetisisa ke ho tsoela pele tšebeletsong ea bopula-maliboho ho fihlela qetellong, ke etsa sohle seo nka se khonang ho tsebahatsa lebitso la Jehova le merero ea hae.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

’Na le morali oa ka Rita

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela