“Ke oa Bohlokoa ho Jehova!”
‘LINAKONG tsena tse bohloko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba bangata ba mamella ntoa e sa khaotseng ea ho ikutloa e se ba bohlokoa. (2 Timothea 3:1, NW) Sena hase makatse, hobane e ’ngoe ea “liketso tse bolotsana” tsa Satane ke ho re etsa hore re ikutloe re sa ratoe, esita le ke ’Mōpi oa rōna! (Ba-Efese 6:11, bona mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW.) Ka ho loketseng, tokollo ea Molula-Qhooa oa April 1, 1995 e ne e e-na le lihlooho tse peli tse ithutoang phuthehong tse neng li re “U oa Bohlokoa Mahlong a Molimo!” le “Susumeletsanang Leratong le Mesebetsing e Molemo—Ka ho Etsa Joang?” Lihlooho tsena li ne li reretsoe ho re hopotsa hore Jehova o ananela boiteko ba rōna. Ho latelang ke litlhaloso tsa kananelo tse ileng tsa amoheloa:
“Lilemong tsa ka tse 27 ke le e mong oa Lipaki tsa Jehova ha ho mohla makasine e ileng ea nkama hakana. Ke ile ka tlameha ho lla—lihlooho tsena li ile tsa nkhatholla haholo. Hona joale ke ikutloa ke ratoa ke Jehova haholo. Ho joalokaha eka moroalo o boima o tlositsoe mahetleng a ka.”—C. H.
“Ke ile ka bala makasine ena ka makhetlo a mane ka letsatsi. Ke ile ka thabela tsela eo sehlooho seo se ileng sa bolela hore u ile ua rutoa leshano haeba u lumela hore ha u oa bohlokoa. Ke tla sebelisa sehlooho sena bakeng sa bolisa le boboleli ba ntlo le ntlo.”—M. P.
“Satane o entse mosebetsi o ipabotseng oa ho etsa hore esita le batho ba ratang Jehova ba ikutloe e se ba bohlokoa ebile ba sa ratoe. Ho hopotsoa ke sehlopha sa ‘mohlanka ea khabane’ hore Jehova o re rata ka ho teba le hore o ananela lintho tsohle tse nyenyane tseo re mo etsetsang tsona ke e ’ngoe ea lintho tse khothatsang ka ho fetisisa tseo ke li balileng. Ka lilemo tse ngata ke ’nile ka ba le maikutlo ’ona ana ao le buileng ka ’ona lihloohong tsena. Ha ho mohla ke ileng ka ikutloa ke tšoaneloa ke lerato la Jehova, kahoo ke ile ka leka ho etsa ho eketsehileng haholoanyane tšebeletsong ea hae e le tsela ea ho fumana lerato leo. Empa ke ne ke susumetsoa ke boikutlo ba ho ba molato le lihlong. Kahoo ho sa tsotellehe lihora tseo ke li qetang tšebeletsong, kapa hore na ke batho ba bakae bao ke ba thusitseng, ke ne ke ikutloa hore ha hoa lekana. Ke ne ke bona ho haelloa feela ho ’na. Hona joale ha ke sebeletsa Jehova ka lebaka la lerato, ke nahana hore o oa bososela le hore o motlotlo ka ’na. Sena se etsa hore lerato la ka ho eena le eketsehe le ho feta ’me se nketsa hore ke batle ho etsa ho eketsehileng. Hona joale ke fumana thabo e khōlō tšebeletsong ea ka ho Jehova.”—R. M.
“Ntle ho pelaelo tsena ke lihlooho tse molemo ka ho fetisisa, tse hahang ka ho fetisisa, e, tse ikhethang tse amang lipelo tsa rōna tseo nkileng ka li bala! Ke ’nile ka bala Molula-Qhooa ka lilemo tse 55, ’me ho ’nile ha e-ba le litokollo tse ngata tse tlisang phetoho. Empa tokollo ena e feta ntho leha e le efe eo re kileng ra ba le eona bakeng sa ho kokobetsa lipelaelo tsa rōna, matšoenyeho le tšabo ea hore ‘ha re ba bohlokoa’ ebile ‘ha re ratoe’ le hore ha ho mohla re ka etsang se lekaneng bakeng sa ho ‘fumana’ lerato la Jehova. Molula-Qhooa ona o na le thuso ea moea eo baena ba rōna ba e hlokang ka tieo. Ke rerile ho sebelisa lihlooho tsena nako le nako ha ke etsa bolisa.”—F. K.
“Ho ba bang ba rōna ba loantšanang le boikutlo ba ho ikhella fatše, kapa esita le maikutlo a ho itlhoea, ho ka ba thata haholo ho itsosa molota ’me re tsoele pele ’neteng. Sehlooho sena se ile sa bonahatsa kutloelo-bohloko le kutloisiso tse tebileng haholo, ho ne ho tšoana le ho tlotsoa pelong ka moriana o thobang, o folisang. Ke ho tšelisang hakaakang ho bala mantsoe a joalo ho Molula-Qhooa le ho tseba hore ntle ho pelaelo Jehova o hlile o oa utloisisa! Rea leboha bakeng sa ho re hopotsa hore Jehova ha a leke ho susumetsa batho ba hae ka boikutlo ba ho ba molato, lihlong kapa tšabo. Esita le hoja morao tjena tlatsetso ea ka mosebetsing oa boboleli e fokolisitsoe haholo ke matšoenyeho a lichelete le mathata a ho kula lelapeng la rōna, ke ntse ke khotsofatsoa ke seo ke khonang ho se etsa. Kea elelloa hore ke thaba haholoanyane tšebeletsong ha ke leka ho etsa hore lerato e be lona matla a ntšusumetsang.”—D. M.
“Ke sa tsoa qeta ho bala sehlooho ‘U oa Bohlokoa Mahlong a Molimo!’ Serapa se seng le se seng se ile sa ntilisa. Ke hlahetse lelapeng le neng le bontša lerato hanyenyane. Ke ne ke nyenyefatsoa, ke tlokoa le ho tšehoa. Kahoo, qalong ea bophelo ba ka feela ke ile ka ikutloa ke se oa bohlokoa. Ke ntse ke e-na le maikutlo a metseng ka metso a ho tloha nakong e fetileng a nkhatellang ha ke thulana le tlokotsi e itseng. Ha ke ne ke khaotsa ho sebeletsa ke le moholo oa phutheho, ke ile ka ikutloa ke hlōlehile hape—ho Molimo, ho lelapa la ka le ho baena ba ka phuthehong. Maikutlo ana ha a fele hang-hang, empa sehlooho sena se nakong se nthusitse hore ke boele ke fumane botsitso bo itseng. Se khantšitse pono ea ka.”—D. L.
“Kea le leboha bakeng sa sehlooho se reng ‘U oa Bohlokoa Mahlong a Molimo!’ Ke sebetsana le boikutlo bo matla ba ho itlhoea le maikutlo a tebileng a ho se be oa bohlokoa, a qalehileng ka lebaka la ho hleka-hlekoa ha ke sa le ngoana. Ka sebele ke ho loketseng ho talima monahano ona o tsoileng tseleng e le ketso e bolotsana ea Satane ka boeena. O ka ba oa felisa takatso ea motho ea ho phela. Ka sebele letsatsi le leng le le leng ke tlameha ho sebetsa hore ke hanyetse leshano la hore ha ke ratehe. Sehlooho sena se bolela ho hoholo ho ’na ho feta kamoo le ka tsebang kateng.”—C. F.
“Ka ho khethehileng kajeno baena ba arabela monahanong oa hore Jehova o ananela liketso tse susumetsoang ke lerato ho fapana le ho qobelloa kapa ho hatelloa. Ho nahanisisa ka botho ba Jehova bo mofuthu le bo nang le kameho, thahasello ea hae ho batho ba hae e le batho ka bomong, le tsela e lerato eo a ikitlaetsang ka eona hoa khatholla ebile hoa susumetsa. Ka lebaka lena, hang-hang ha re fumana sehlooho sena ‘U oa Bohlokoa Mahlong a Molimo!’ ba bangata ba ile ba hlalosa kananelo ea bona. Se bonahala se buletse ba bangata tsela ea hore ba hōlise kamano ea botho haholoanyane le Jehova. ’Na le mosali oa ka re lakatsa ho hlalosa kananelo bakeng sa mokhoa oa ho ngola le ho falimehela lintho tse hlokahalang tse bontšoang limakasineng tsa morao tjena tsa Molula-Qhooa. Re etsa boiteko bo matla ba ho sebelisa lintlha tse ngata tsa tsena ha re ntse re etela liphutheho.”—Ho tsoa ho molebeli ea tsamaeang.
“Ke ’nile ka ba ’mali ea tšepahalang ka lilemo tse ka bang 30, empa ha ho mohla nkileng ka bala ntho leha e le efe e susumetsang, e matlafatsang hakana. Mangolo a matla, a sebelisitsoeng ka bohlale a nthusitse ho ntša ka metso mashano a neng a patehile maikutlong a ka, kahoo a ntumella ho atamela haufi le Jehova haholoanyane. Ka lilemo tse ngata ke sebelelitse Jehova ka lebaka la boikutlo ba ho ba molato. Ke ne ke e-na le kutloisiso ea kelello feela ka thekollo le lerato la Molimo. Kea le leboha ka lihlooho tse joalo tse nang le temohisiso le tse nahannoeng ka hloko. Ke tšepa hore ke tla bala tse ngata tse tšoanang le tsona.”—M. S.
“Lilemong tsohle tsa ka tse 29 ke le ’neteng, ha ke hopole hore na ke neng sehlooho se kileng sa ntsosetsa karabelo e joalo ea ho leboha le maikutlo a tebileng. Le hoja ke hōlisitsoe ka lerato haholo lelapeng le tsotellang, ha ho mohla nkileng ka ikutloa ke tšoaneloa ke ho phela, ho se ho sa thoe letho ka ho tšoanela ho sebeletsa Jehova. Ka mor’a ho bala sehlooho sena, ke ile ka khumama, ’me ka leboha Jehova ke ntse ke sisa pelo ka ho tebileng. Ke tla rata sehlooho sena ka ho sa feleng. Ke tla icheba ka tsela e fapaneng hobane hona joale kea utloisisa hore ke oa bohlokoa ho Jehova.”—D. B.