Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Jesu o ile a re: “Haeba le tšoarela libe tsa batho leha e le bafe, li lula li tšoaretsoe bona; haeba le boloka tsa batho leha e le bafe, li lula li bolokiloe.” Na mantsoe aa a bolela hore Bakreste ba ka tšoarela libe?
Ha ho na motheo oa Mangolo bakeng sa ho etsa qeto ea hore Bakreste ka kakaretso, kapa esita le baholo ba khethiloeng ka liphuthehong, ba na le matla a bomolimo a ho tšoarela libe. Leha ho le joalo, seo Jesu a ileng a se bolella barutuoa ba hae ho Johanne 20:23, e qotsitsoeng ka holimo, se bontša hore Molimo o ile a neha baapostola matla a ikhethang tabeng ena. ’Me polelo ea Jesu mono e ka ’na ea amana le seo a ileng a se bua ho Matheu 18:18 mabapi le liqeto tsa leholimong.
Bakreste ba ka tšoarela liphoso tse itseng, tumellanong le keletso ea moapostola Pauluse e tlalehiloeng ho Baefese 4:32: “Le be mosa e mong ho e mong, le e-na le qenehelo e bonolo, le tšoarelana ka bolokolohi feela joalokaha Molimo le eena ka Kreste a ile a le tšoarela ka bolokolohi.” Mona Pauluse o ne a bua ka mathata a botho pakeng tsa Bakreste, a kang a puo e bohlasoa. Ba ne ba lokela ho loanela ho lokisa mathata ana, ba tšoarelane. Hopola mantsoe a Jesu: “Joale, haeba u tlisa mpho ea hao aletareng ’me moo u hopola hore mor’eno o na le ho hong khahlanong le uena, u siee mpho ea hao moo ka pel’a aletare, ’me u tlohe; pele etsa khotso le mor’eno, ’me joale, ha u khutlile, u nyehele mpho ea hao.”—Matheu 5:23, 24; 1 Petrose 4:8.
Leha ho le joalo, moelelo oa taba ho Johanne 20:23 o bontša hore Jesu o ne a bua ka libe tse tebileng haholoanyane, joalokaha ho bontšoa ke seo a ileng a boela a se bua ho bamameli bana ba khethehileng. A re boneng hore na ke hobane’ng.
Letsatsing leo a ileng a tsosoa ka lona, Jesu o ile a iponahatsa ho barutuoa ka kamoreng e notletsoeng Jerusalema. Tlaleho e re: “Ka hona, Jesu a re ho bona hape: ‘E se eka le ka ba le khotso. Feela joalokaha Ntate a nthomile, le ’na kea le roma.’ ’Me ka mor’a hore a bue sena a ba bululela ’me a re ho bona: ‘Amohelang moea o halalelang. Haeba le tšoarela libe tsa batho leha e le bafe, li lula li tšoaretsoe bona; haeba le boloka tsa batho leha e le bafe, li lula li bolokiloe.’”—Johanne 20:21-23.
Ho ka etsahala hore ebe barutuoa ba ileng ba khethoa e ne e le baapostola ba ka sehloohong ba tšepahalang. (Bapisa le temana ea 24.) Ka ho ba bululela le ka ho re, “Amohelang moea o halalelang,” ka tšoantšetso Jesu o ne a ba lemosa hore haufinyane ba ne ba tla tšolleloa moea o halalelang. Jesu o ile a tsoela pele ho bolela hore ba ne ba tla fuoa matla mabapi le ho tšoarela libe. Ka ho utloahalang, lipolelo tsena tsa hae tse peli li hokahane, e ’ngoe e lebisa ho e latelang.
Matsatsi a 50 ka mor’a hore a tsohe, letsatsing la Pentekonta, Jesu o ile a tšolla moea o halalelang. Seo se ile sa finyella eng? Har’a tse ling, bao ba ileng ba amohela moea ba ile ba tsoaloa hape e le bara ba moea ba Molimo ba e-na le tšepo ea ho ba babusi ’moho le Kreste leholimong. (Johanne 3:3-5; Baroma 8:15-17; 2 Bakorinthe 1:22) Empa ho tšolloa ha moea ho ile ha etsa ho fetang hoo. Ba bang ba ileng ba o amohela ba ile ba ba le matla a ho etsa mehlolo. Seo se bolela hore ba bang ba ne ba bua ka maleme asele ao ba neng ba sa a tsebe. Ba bang ba ne ba ka profeta. Ho ntse ho le joalo ba bang ba ne ba ka phekola ba kulang kapa ba tsosetsa bafu bophelong.—1 Bakorinthe 12:4-11.
Kaha mantsoe a Jesu ho Johanne 20:22 a ne a lebisa ho tšolleloeng hona ha moea o halalelang ho barutuoa, mantsoe a hae a amanang le ho tšoarela libe ho bonahala a bolela hore baapostola ba ne ba fuoe matla a ikhethang a bomolimo a ho tšoarela kapa ho boloka libe ba sebelisa moea.—Bona The Watchtower, March 1, 1949, leqepheng la 78.
Bibele ha e re fe tlaleho e feletseng ea lekhetlo le leng le le leng leo baapostola ba ileng ba sebelisa matla a joalo, leha e le hore e tlaleha ka ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe eo ba ileng ba sebelisa neo ea mohlolo ea ho bua ka maleme, ho profeta, kapa ho phekola.—2 Bakorinthe 12:12; Bagalata 3:5; Baheberu 2:4.
Ketsahalo e ’ngoe e ileng ea kenyelletsa matla a baapostola a ho tšoarela kapa ho boloka libe e ne e amana le Ananiase le Safira, ba ileng ba thetsa moea. Petrose, ea ileng a utloa ha Jesu a bua seo re se balileng ho Johanne 20:22, 23, o ile a senola Ananiase le Safira. Petrose o ile a lebisa tlhokomelo ho Ananiase pele, ea ileng a shoa hang-hang. Hamorao ha Safira a kena le eena a ntšetsa pele leshano, Petrose o ile a phatlalatsa kahlolo ea hae. Petrose ha aa ka a tšoarela sebe sa hae empa o ile a re: “Bona! Maoto a ba patileng monna oa hao a monyako, ’me ba tla u jara ba u ntšetse ka ntle.” Le eena ka ho tšoanang o ile a shoa hang-hang.—Liketso 5:1-11.
Mohlaleng ona moapostola Petrose o ile a sebelisa matla a ikhethang a ho laela ho bolela ho bolokoa ho tobileng ha sebe, tsebo ea mohlolo ea hore Molimo o ne a sa tl’o tšoarela sebe sa Ananiase le Safira. Ho boetse ho bonahala eka baapostola ba ne ba e-na le temohisiso e phahametseng ea batho liketsahalong tseo ba neng ba kholisehile hore libe li tšoaretsoe motheong oa sehlabelo sa Kreste. Kahoo baapostola bao ba neng ba matlafalitsoe ka moea ba ne ba ka phatlalatsa tšoarelo ea libe kapa poloko ea tsona.a
Sena hase bolele hore baholo bohle ba neng ba tlotsitsoe ka moea morao koo ba ne ba e-na le matla a ho laela a joalo a mohlolo. Re ka bona seo ho se boletsoeng ke moapostola Pauluse ka motho ea ileng a khaoloa phuthehong ea Korinthe. Pauluse ha aa ka a re, ‘Ke tšoaretse motho eo libe tsa hae’ leha e le hore, ‘Kea tseba hore motho eo o tšoaretsoe leholimong, kahoo mo amoheleng.’ Ho e-na le hoo, Pauluse o ile a khothaletsa phutheho eohle ho tšoarela Mokreste enoa ea buselitsoeng le ho mo bontša lerato. Pauluse a eketsa: “Ntho leha e le efe eo ka mosa le e tšoarelang leha e le mang, le ’na kea e tšoarela.”—2 Bakorinthe 2:5-11.
Hang ha motho a buselitsoe ka phuthehong, bara le barali bohle babo rōna ba Bakreste ba ka mo tšoarela ka kutloisiso ea hore ba ke ke ba hlola ba mo jara ka pelo ka phoso eo a e entseng. Leha ho le joalo, pele o lokela ho baka ’me a busetsoe. Seo se ka etsahala joang?
Ho na le libe tse tebileng tseo baholo ba phutheho ba lokelang ho sebetsana le tsona, tse kang ho utsoa, ho bua leshano, kapa boitšoaro bo bobe bo feteletseng. Ba leka ho lokisa le ho khalemela bafosi ba joalo, ho ba lebisa pakong. Empa haeba e mong a etsa sebe se tebileng a sa bake, baholo bana ba tla sebelisa tataiso ea bomolimo ho khaola mofosi eo. (1 Bakorinthe 5:1-5, 11-13) Seo Jesu a se boletseng ho Johanne 20:23 hase sebetse maemong a joalo. Baholo bana ha ba na lineo tsa moea tsa ho etsa mehlolo, tse kang matla a ho phekola ba kulang nameng kapa ho tsosa bafu; lineo tseo li ile tsa phetha morero oa tsona lekholong la pele la lilemo ’me tsa fela. (1 Bakorinthe 13:8-10) Ho feta moo, baholo kajeno ha ba na matla a bomolimo a ho tšoarela liphoso tse tebileng ka kutloisiso ea ho bolela motho ea entseng sebe se tebileng a hloekile mahlong a Jehova. Mofuta ona oa tšoarelo o tlameha ho ba motheong oa sehlabelo sa thekollo, ’me ke Jehova feela ea ka tšoarelang motheong oo.—Pesaleme ea 32:5; Matheu 6:9, 12; 1 Johanne 1:9.
Joaloka tabeng ea motho oa Korinthe ea boholo-holo, ha moetsalibe ea feteletseng a hana ho baka, o tlameha ho khaoloa. Haeba hamorao a baka ’me a hlahisa mesebetsi e tšoanelang pako, tšoarelo ea bomolimo e ka fumaneha. (Liketso 26:20) Boemong bo joalo, Mangolo a fa baholo lebaka la ho lumela hore Jehova ka sebele o tšoaretse mofosi. Kahoo, hang ha motho a buselitsoe, baholo ba ka mo thusa moeeng hore a tiee tumelong. Ba bang ka phuthehong ba ka mo tšoarela ka tsela e tšoanang le eo Bakreste ba Bakorinthe ba ileng ba tšoarela motho ea neng a khaotsoe ea ileng a busetsoa ka phuthehong morao koo.
Ha ba sebetsa litaba ka tsela ena, baholo ha ba iqapele litekanyetso tsa bona tsa kahlolo. Ba sebelisa melao-motheo ea Bibele ’me ba latela haufi-ufi tlhophiso ea Mangolo eo Jehova a e totobalitseng. Kahoo, ho tšoarela leha e le hofe kapa ho se tšoarele ka lehlakoreng la baholo ho ne ho tla ba ka kutloisiso ea mantsoe a Jesu ho Matheu 18:18: “Kannete ke re ho lōna, Lintho life kapa life tseo le ka li tlamang lefatšeng e tla ba lintho tse tlamiloeng leholimong, ’me lintho life kapa life tseo le ka li lokollang lefatšeng e tla ba lintho tse lokolotsoeng leholimong.” Liketso tsa bona li ne li tla bontša feela pono ea Jehova ea litaba joalokaha e boletsoe ka Bibeleng.
Ka lebaka leo, seo Jesu a se boletseng, joalokaha se tlalehiloe ho Johanne 20:23, ha se hanyetsane le Mangolo a mang kaofela, empa se bontša hore baapostola ba ile ba fuoa matla a ikhethang mabapi le ho tšoarela, tumellanong le mosebetsi oa bona o ikhethang qalehong ea phutheho ea Bokreste.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Esita le pele Jesu a e-shoa ’me a fana ka thekollo, o ne a e-na le matla a ho laela a ho bolela hore libe tsa motho e mong li tšoaretsoe.—Matheu 9:2-6; bapisa le “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa June 1, 1995.