Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
‘Monyako o Moholo o Isang Tšebetsong o Butsoe’ Cuba
MOAPOSTOLA PAULUSE e ne e le ’moleli ea hlaheletseng oa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. O ne a sebelisa monyetla o mong le o mong ho arolelana le ba bang tšepiso ea ’Mōpi ea bophelo bo sa feleng bakeng sa batho ba mamelang. Ha a ne a etetse Efese ea boholo-holo, Pauluse o ile a lemoha boemo bo bocha bo neng bo tla mo lumella ho thusa batho ba eketsehileng. O ile a re: “Ke lutse Efese . . . , etsoe ke buletsoe monyako o moholo o isang tšebetsong.”—1 Bakorinthe 16:8, 9.
Lipaki tsa Jehova tse Cuba le tsona li iphumana li le boemong bo bocha. Le hoja li e-s’o ka li ngolisoa ka molao, hona joale Lipaki li khona ho arolelana tšepo ea tsona ea Bibele le baahi ba naha ea habo tsona pepenene. Haufinyane ’muso oa Cuba o ile oa bontša thahasello ea sebele ka ho lumella lihlopha tse sa tšoaneng tsa malumeli hore li sebetse ka bolokolohi. Mopresidente Castro o boletse phatlalatsa hore Lipaki tsa Jehova ke sehlopha sa bolumeli seo ’muso oa Cuba hona joale o nang le kamano e ntlafetseng le sona.
Boemo bona bo bocha bo ‘butse monyako o moholo o isang tšebetsong’ bakeng sa Lipaki. Ka mohlala, haufinyane Lipaki tsa Jehova li butse ofisi ea lekala Cuba, e li thusang hore li hokahanye mosebetsi oa tsona oa ho bolela naheng eo. Lipaki tse fetang 65 000 li thusa batho ho ithuta le ho utloisisa Bibele. Li sebelisa lingoliloeng tsa Bibele, tse kang limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Baahi ba bangata ba Cuba ba sekametseng ho lokeng ba rua molemo ka ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova.
Lipaki li boetse li ba le liboka tsa kamehla ka lihlopha tse nyenyane ho pholletsa le sehleke-hleke. Ka linako tse ling li bile li thabela tokelo ea ho ba le likopano tse khōloanyane ka lihlopha tsa batho ba ka bang 150. Ka sebele li ananela tumello eo li e fumaneng ho ba nang le matla a ho laela Cuba, e li nehang monyetla oa ho phutheha le bara le barali babo tsona ba moea, li binela Molimo lithoriso le ho rapela hammoho.
Haufinyane, Kopano ea Setereke ea “Tšabo ea Bomolimo” e ile ea tšoaroa makhetlo a fetang 1 000 nakong ea mafelo-beke a mararo feela. Tlaleho e ’ngoe e bolela hore “tlhophiso, boitšoaro le khotso” li ne li totobetse kopanong e ’ngoe le e ’ngoe. Ba nang le matla a ho laela ba ile ba lebohela Lipaki tabeng ena.
Lefatšeng ka bophara, Bakreste ba ’nete ba loanela ho phethahatsa taelo ea bona eo ba e filoeng ke Molimo ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ka nako e tšoanang, ba loanela ho boloka kamano e nang le khotso le ba nang le matla a ho laela ’musong. (Tite 3:1) Lipaki tsa Jehova li latela keletso ea moapostola Pauluse, ea ileng a ngola: “Ka hona kea eletsa, pele ho tsohle, hore lithapeli, lithapelo, lithapello, ho fanoa ha liteboho, li etsoe malebana le mefuta eohle ea batho, malebana le marena le bohle ba boemong bo phahameng; e le hore re ka tsoela pele re phela bophelo bo khutsitseng le bo thōtseng ka boinehelo bo feletseng ba bomolimo le ho nka lintho ka botebo ho feletseng.”—1 Timothea 2:1, 2.