Ho Tla ha Jesu Kapa ho ba Teng ha Jesu—Hofe?
“Pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?”—MATHEU 24:3.
1. Lipotso li ne li phetha karolo efe tšebeletsong ea Jesu?
TŠEBELISO ea Jesu ea lipotso e bonahatsang tsebo e ne e etsa hore bamameli ba hae ba nahane, esita le ho talima lintho ka pono e ncha. (Mareka 12:35-37; Luka 6:9; 9:20; 20:3, 4) Re ka leboha hore ebe o ile a ba a arabela lipotso. Likarabelo tsa hae li hlakisa linnete tseo re ka beng re sa ka ra li tseba kapa hona ho li utloisisa.—Mareka 7:17-23; 9:11-13; 10:10-12; 12:18-27.
2. Re lokela ho lebisa tlhokomelo ea rōna potsong efe hona joale?
2 Ho Matheu 24:3, re fumana e ’ngoe ea lipotso tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo Jesu a kileng a li arabela. Kaha qetello ea bophelo ba hae ba lefatšeng e ne e atametse, Jesu o ne a sa tsoa lemosa hore tempele ea Jerusalema e ne e tla felisoa, ho tšoaea bofelo ba tsamaiso ea Sejuda. Tlaleho ea Matheu ea phaella: “Ha a ntse a lutse Thabeng ea Mehloaare, barutuoa ba mo atamela boinotšing, ba re: ‘Re bolelle, Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea ho ba teng [“ho tla,” Bibele ea Sesotho] ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?’”—Matheu 24:3.
3, 4. Ke phapang efe e hlokomelehang e leng teng mabapi le kamoo Libibele li fetolelang lentsoe la sehlooho le ho Matheu 24:3?
3 Babali ba Bibele ba limilione ba ’nile ba ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha barutuoa ba ile ba botsa potso eo, hona karabelo ea Jesu e lokela ho nkama joang?’ Ha a arabela, Jesu o ile a bua ka ho hlaha ha makhasi ho bontša hore lehlabula “le haufi.” (Matheu 24:32, 33) Kahoo, likereke tse ngata li ruta hore baapostola ba ne ba kōpa pontšo ea “ho tla” ha Jesu, pontšo e tiisang hore ho khutla ha hae ho ne ho le haufi. Ba lumela hore “ho tla” e tla ba ha a tlil’o nkela Bakreste leholimong eba joale o tlisa bofelo ba lefatše. Na u lumela hore see se nepahetse?
4 Ho e-na le ho fetolela e le “ho tla,” liphetolelo tse ling tsa Bibele, ho akarelletsa le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste, li sebelisa polelo “ho ba teng.” Na ho ka etsahala hore ebe seo barutuoa ba neng ba se botsa le seo Jesu a se buileng ha a araba se fapana le se rutoang likerekeng? Hantle-ntle ke’ng se neng se botsoa? Hona Jesu o ile a fana ka karabelo efe?
Ba ne ba Botsa Eng?
5, 6. Re ka etsa qeto efe ka monahano oa baapostola ha ba ne ba botsa potso eo re e balang ho Matheu 24:3?
5 Ha ba nahana ka seo Jesu a ileng a se bua ka tempele, mohlomong barutuoa ba ne ba nahana ka tokisetso ea Sejuda ha ba ne ba kōpa ‘pontšo ea ho ba teng [kapa, “ho tla”] ha hae le ea qetello ea tsamaiso ea lintho [ka ho toba, “mehla”].’—Bapisa le “lefatše” ho 1 Bakorinthe 10:11 le Bagalata 1:4, King James Version.
6 Lekhatheng lena baapostola ba ne ba e-na le kutloisiso e fokolang feela ea lithuto tsa Jesu. Ba ne ba ile ba nahana pejana hore “’muso oa Molimo o ne o tla iponahatsa hang-hang.” (Luka 19:11; Matheu 16:21-23; Mareka 10:35-40) ’Me esita le ka mor’a puisano Thabeng ea Mehloaare, empa pele ba tlotsoa ka moea o halalelang, ba ile ba botsa hore na Jesu o ne a tsosolosa ’Muso oa Iseraele ka nako eo.—Liketso 1:6.
7. Ke hobane’ng ha baapostola ba ne ba botsa Jesu ka mosebetsi oa hae oa ka moso?
7 Empa, ka sebele ba ne ba tseba hore o ne a tla tsamaea, hobane o ne a sa tsoa re: “Leseli le tla ba har’a lōna ka nakoana e eketsehileng. Tsamaeang ha le sa na le leseli.” (Johanne 12:35; Luka 19:12-27) Ka hona ha e le hantle e ka ’na eaba ba ile ba ipotsa, ‘Haeba Jesu o tla tsamaea, re tla lemoha ho khutla ha hae joang?’ Ha a ne a hlaha e le Mesia, ba bangata ha baa ka ba mo lemoha. ’Me nako e ka holimo ho selemo hamorao, lipotso li ile tsa ’na tsa botsoa mabapi le hore na o ne a tla phethahatsa sohle seo Mesia a neng a lokela ho se etsa. (Matheu 11:2, 3) Kahoo baapostola ba ne ba e-na le lebaka la ho botsa ka bokamoso. Empa, hape, na ba ne ba kōpa pontšo ea hore o ne a tla tla kapele kapa ba ne ba kōpa ntho e ’ngoe e fapaneng?
8. Mohlomong baapostola ba ne ba bua puo efe le Jesu?
8 Nka hore u ne u le nonyana u mametse puisano ena ea Thabeng ea Mehloaare. (Bapisa le Moeklesia 10:20.) Mohlomong u ka be u utloile Jesu le baapostola ba bua ka Seheberu. (Mareka 14:70; Johanne 5:2; 19:17, 20; Liketso 21:40) Empa, mohlomong ba ne ba boetse ba tseba puo ea Segerike.
Seo Matheu a Ileng a se Ngola—Ka Segerike
9. Liphetolelo tse ngata tsa kajeno tsa Matheu li thehiloe ho eng?
9 Litlaleho tsa lekholo la bobeli la lilemo C.E. li bontša hore Matheu pele o ile a ngola Kosepele ea hae ka Seheberu. Ho hlakile hore hamorao o ile a e ngola ka Segerike. Libuka tse ngata tse ngotsoeng ka letsoho tsa Segerike li bile teng ho tla fihlela nakong ea rōna ’me li sebelelitse e le motheo oa ho fetolela Kosepele ea hae lipuong tsa kajeno. Matheu o ile a ngola eng ka Segerike mabapi le puisano eo ea Thabeng ea Mehloaare? O ile a ngola eng ka “ho tla” kapa “ho ba teng” hoo barutuoa ba ileng ba botsa ka hona le hoo Jesu a ileng a bua ka hona?
10. (a) Matheu o ne a atisa ho sebelisa lentsoe lefe la Segerike bakeng sa “ho tla,” ’me le ka ba le meelelo efe? (b) Ke lentsoe lefe le leng la Segerike le thahasellisang?
10 Likhaolong tse 23 tse qalang tsa Matheu, ka makhetlo a fetang a 80 re fumana leetsi la Segerike le tloaelehileng bakeng sa “ho tla,” e leng erʹkho·mai. Hangata le na le mohopolo oa ho atamela kapa ho ba haufi, joaloka ho Johanne 1:47: “Jesu a bona Nathanaele a tla a mo lebile.” Ho ea kamoo le sebelisoang kateng, leetsi erʹkho·mai le ka bolela “ho fihla,” “ho tsamaea,” “ho ea ho,” “ho finyella” kapa “ho ba tseleng.” (Matheu 2:8, 11; 8:28; Johanne 4:25, 27, 45; 20:4, 8; Liketso 8:40; 13:51) Empa ho Matheu 24:3, 27, 37, 39, Matheu o sebelisitse lentsoe le fapaneng, lereho le sa fumaneheng kae kapa kae ka Likosepeleng: pa·rou·siʹa. Kaha Molimo o ile a bululela ho ngoloa ha Bibele, ke hobane’ng ha a ile a susumetsa Matheu ho khetha lentsoe lee la Segerike litemaneng tsee ha a ngola Kosepele ea hae ka Segerike? Le bolela’ng, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho batla ho tseba?
11. (a) Moelelo oa pa·rou·siʹa ke ofe? (b) Mehlala e tsoang ho lingoliloeng tsa Josephus e netefatsa kutloisiso ea rōna ea pa·rou·siʹa joang? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
11 Ka ho toba, pa·rou·siʹa e bolela “ho ba teng.” Expository Dictionary of New Testament Words ea Vine e re: “PAROUSIA, . . . [ka ho toba], ho ba teng, para, le, ha e e-na le ousia, ho ba (e tsoang ho eimi, ho ba), e bolela ho fihla le ho ba teng ho ho latelang. Ka mohlala, lengolong la loli mofumahali e mong o bua ka tlhokahalo ea parousia ea hae sebakeng se itseng e le hore a ka sebetsana le litaba tse amanang le thepa ea hae.” Libuka tse ling tse hlalosang mantsoe li hlalosa hore pa·rou·siʹa e bolela ‘ketelo ea ’musi.’ Kahoo, hase feela nako eo ea ho fihla, empa ho ba teng ho tloha ha a fihla ho ea pele. Hoa thahasellisa hore ebe eo ke tsela eo rahistori oa Mojuda Josephus, ea phetseng nakong ea baapostola, a ileng a sebelisa pa·rou·siʹaa ka eona.
12. Bibele ka boeona e re thusa joang hore re tiise moelelo oa pa·rou·siʹa?
12 Moelelo oa “ho ba teng” o netefatsoa ka ho hlakileng ke lingoliloeng tsa boholo-holo, empa Bakreste ka ho khetheha ba thahasella tsela eo Lentsoe la Molimo le sebelisang pa·rou·siʹa ka eona. Karabo ea tšoana—ho ba teng. Re bona seo mehlaleng e mangolong a Pauluse. Ka mohlala, o ile a ngolla Bafilippi: “Ka tsela eo le ’nileng la mamela ka eona ka mehla, eseng nakong ea ho ba teng ha ka feela, empa joale ka ho ithatela ho eketsehileng haholoanyane nakong ea ho ba sieo ha ka, le ’ne le sebeletse poloko ea lōna.” O ile a boela a bua ka ho hlola le bona e le hore ba be le thabo e khaphatsehang “ka ho ba teng [pa·rou·siʹa] ha [hae] hape ho [bona].” (Bafilippi 1:25, 26; 2:12) Liphetolelo tse ling li baleha ka ho re “ho ba ha ka le lōna hape” (Weymouth; New International Version); “ha ke e-na le lōna hape” (Jerusalem Bible; New English Bible); le “ha ke boela ke e-ba har’a lōna.” (Twentieth Century New Testament) Ho 2 Bakorinthe 10:10, 11, Pauluse o ile a bontša phapang pakeng tsa “ho ba teng ha hae ka boeena” le ho ba “sieo.” Mehlaleng ena ho totobetse hore o ne a sa bue ka ho atamela kapa ho fihla ha hae; o ne a sebelisa pa·rou·siʹa ka kutloisiso ea ho ba teng.b (Bapisa le 1 Bakorinthe 16:17.) Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka litšupiso tse mabapi le pa·rou·siʹa ea Jesu? Na li na le kutloisiso ea “ho tla” kapa na li bontša ho ba teng ka nako e eketsehileng?
13, 14. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa qeto ea hore pa·rou·siʹa e tsoela pele ka nako e itseng? (b) Ke’ng se tlamehang ho boleloa ka bolelele ba pa·rou·siʹa ea Jesu?
13 Mehleng ea Pauluse Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea ba ne ba thahasella pa·rou·siʹa ea Jesu. Empa Pauluse o ile a ba lemosa hore ba se ke ba ‘sisinyeha monahanong oa bona.’ Pele, “motho oa ho se ee ka molao” o tlameha ho hlaha, e leng ea ipakileng ho ba baruti ba Bokreste-’mōtoana. Pauluse o ile a ngola hore “ho ba teng ha ea sa eeng ka molao ho teng ho ea ka tšebetso ea Satane ka mosebetsi o mong le o mong o matla le lipontšo le limakatso tsa leshano.” (2 Bathesalonika 2:2, 3, 9) Ka ho totobetseng, pa·rou·siʹa, kapa ho ba teng, ha “motho oa ho se ee ka molao” e ne e se feela ho fihla ha nakoana; e ne e tla tsoela pele ka nako e itseng eo ka eona lipontšo tsa leshano li neng li tla hlahisoa. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa?
14 Hlahloba temana e tlang hantle feela pele ho eo: “Ea sa eeng ka molao o tla senoloa, eo Morena Jesu a tla mo felisa ka moea oa molomo oa hae ’me a mo etse lefeela ka ponahalo ea ho ba teng ha hae.” Hantle feela joalokaha ho ba teng ha “motho oa ho se ee ka molao” ho ne ho tla nka nako e itseng, ho ba teng ha Jesu ho ne ho tla tsoela pele ka nako e itseng ’me ho ne ho tla fihla tlhōrōng timetsong ea “mora oa timetso.”—2 Bathesalonika 2:8.
Litšobotsi Tsa Puo ea Seheberu
15, 16. (a) Ke lentsoe lefe le khethehileng le sebelisitsoeng liphetolelong tse ngata tsa Seheberu tsa Matheu? (b) Bohʼ e sebelisitsoe joang ka Mangolong?
15 Joalokaha ho bontšitsoe, ho hlakile hore Matheu o ile a ngola Kosepele ea hae pele ka puo ea Seheberu. Ka hona, o ile a sebelisa lentsoe lefe la Seheberu ho Matheu 24:3, 27, 37, 39? Liphetolelo tsa Matheu tse fetoletsoeng Seheberung sa kajeno li na le sebōpeho sa leetsi bohʼ, potsong ea baapostola le karabelong ea Jesu. Sena se ne se ka lebisa liphetolelong tse kang tsena: “Pontšo e tla ba efe ea [bohʼ ea] hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” le, “Kamoo matsatsi a Noe a neng a le kateng, [bohʼ ea] Mora oa motho [e] tla ba joalo.” Bohʼ e bolela’ng?
16 Le hoja le utloisisoa ka litsela tse ngata, leetsi la Seheberu bohʼ ha e le hantle le bolela “ho tla.” Theological Dictionary of the Old Testament e re: ‘Kaha e hlaha ka makhetlo a 2 532, bohʼ ke le leng la maetsi a sebelisoang khafetsa ka ho fetisisa Mangolong a Seheberu ’me ke leetsi le ka sehloohong le hlalosang motsamao.’ (Genese 7:1, 13; Exoda 12:25; 28:35; 2 Samuele 19:30; 2 Marena 10:21; Pesaleme ea 65:2; Esaia 1:23; Ezekiele 11:16; Daniele 9:13, NW; Amose 8:11) Haeba Jesu le baapostola ba hae ba ile ba sebelisa lentsoe le nang le meelelo e mengata hakana, moelelo oa lona o ka ’na oa belaetsa. Empa na ba ile ba etsa joalo?
17. (a) Ke hobane’ng ha e ka ’na eaba liphetolelo tsa kajeno tsa Seheberu tsa Matheu ha li bontše ka ho hlakileng seo Jesu le baapostola ba se buileng? (b) Ke hokae hape moo re ka fumanang tlhase ea hore na ke lentsoe lefe leo e ka ’nang eaba Jesu le baapostola ba le sebelisitse, ’me ke lebaka lefe le leng leo ka lona mohloli ona e leng o thahasellisang ho rōna? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
17 Hopola hore liphetolelo tsa Seheberu tsa kajeno ke liphetolelo tse ka ’nang tsa se ke tsa bolela ka nepo seo Matheu a neng a se ngotse ka Seheberu. ’Nete ke hore, e ka ’na eaba, ha e le hantle Jesu o ile a sebelisa lentsoe le leng ntle ho bohʼ, le neng le lokela moelelo oa pa·rou·siʹa. Re bona sena bukeng ea 1995 ea Hebrew Gospel of Matthew, ea Moprofesa George Howard. Buka ena e ne e lebisitse tlhokomelo khanyetsong e ngotsoeng ea Bokreste ea lekholong la bo14 la lilemo e ileng ea ngoloa ke ngaka ea Mojuda Shem-Tob ben Isaac Ibn Shaprut. Tokomane eo e ne e bontša taba e ngotsoeng ea Seheberu ea Kosepele ea Matheu. Ho na le bopaki ba hore ho e-na le hore ebe taba ena e ngotsoeng ea Matheu e ile ea fetoleloa ho tloha Selatineng kapa Segerikeng nakong ea Shem-Tob, e ne e le ea khale haholo ’me pele e ne e ngotsoe ka Seheberu.c Kahoo e ka ’na ea re atametsa haufinyane le se ileng sa buuoa Thabeng ea Mehloaare.
18. Shem-Tob o sebelisa lentsoe lefe la Seheberu le thahasellisang, hona le bolela eng?
18 Ho Matheu 24:3, 27, 39, Matheu ea Shem-Tob ha e sebelise leetsi bohʼ. Ho e-na le hoo, e sebelisa lereho le amanang le lona e leng bi·ʼahʹ. Lereho leo le hlaha Mangolong a Seheberu feela ho Ezekiele 8:5, moo le bolelang “monyako.” Ho e-na le ho bolela ketso ea ho tla, mono bi·ʼahʹ e lebisa tlhokomelo qalong ea mohaho; ha u le monyako kapa koseneng, u ka mohahong. Hape, litokomane tsa bolumeli tseo e seng tsa Bibele har’a Meqolo ea Leoatle le Shoeleng hangata li sebelisa bi·ʼahʹ tabeng ea ho fihla kapa qalo ea litšebeletso tsa boprista. (Bona 1 Likronike 24:3-19; Luka 1:5, 8, 23.) ’Me phetolelo e ’ngoe ea 1986 e fetolelang Peshitta ea Sesyria sa boholo-holo (kapa, Searame) Seheberung, le eona e sebelisa bi·ʼahʹ ho Matheu 24:3, 27, 37, 39. Ka hona ho na le bopaki ba hore linakong tsa boholo-holo ho ka etsahala hore ebe lereho bi·ʼahʹ le ne le e-na le moelelo o neng o batla o fapana le leetsi bohʼ le sebelisitsoeng ka Bibeleng. Ke hobane’ng ha see se thahasellisa?
19. Haeba Jesu le baapostola ba ile ba sebelisa bi·ʼahʹ, re ka ’na ra etsa qeto efe?
19 Baapostola potsong ea bona le Jesu karabelong ea hae e ka ’na eaba ba sebelisitse lereho lena bi·ʼahʹ. Esita le haeba baapostola ba ne ba nahanne feela khopolo ea ho fihla ha Jesu ha nakong e tlang, e ka ’na eaba Kreste o sebelisitse bi·ʼahʹ ho kenyelletsa se fetang seo ba neng ba nahana ka sona. Ho ka etsahala hore ebe Jesu o ne a lebisa tlhokomelo ho fihleng ha hae bakeng sa ho qala tšebeletso e ncha; ho fihla ha hae e ne e tla ba qalo ea mosebetsi oa hae o mocha. Sena se ne se tla lumellana le moelelo oa pa·rou·siʹa, eo Matheu a ileng a e sebelisa hamorao. Hoa utloahala hore tšebeliso e joalo ea bi·ʼahʹ e ne e tla lokela ho tšehetsa seo Lipaki tsa Jehova e leng khale li se ruta, hore “pontšo” e nang le likarolo tse ngata eo Jesu a faneng ka eona e ne e lokela ho bontša hore o ne a le teng.
Ho Letela Tlhōrō ea ho ba Teng ha Hae
20, 21. Re ka ithuta eng tlhalosong ea Jesu mabapi le matsatsi a Noe?
20 Thuto ea rōna ka ho ba teng ha Jesu e lokela ho ba le tšusumetso e tobileng bophelong ba rōna le litebellong tsa rōna. Jesu o ile a phehella balateli ba hae hore ba lule ba falimehile. O ile a fana ka pontšo e le hore ho ba teng ha hae ho ka hlokomeloa, le hoja ba bangata ba ne ba ke ke ba elelloa: “Feela kamoo matsatsi a Noe a neng a le kateng, ho ba teng ha Mora oa motho ho tla ba joalo. Etsoe joalokaha matsatsing ao pele ho moroallo, ba ne ba ja ’me ba noa, banna ba nyala ’me basali ba nyalisoa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona; ’me ba se ke ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle, ho ba teng ha Mora oa motho ho tla ba joalo.”—Matheu 24:37-39.
21 Matsatsing a Noe, boholo ba batho ba moloko oo bo ile ba tsoela pele feela ka mesebetsi ea bona e tloaelehileng. Jesu o boletse esale pele hore “ho ba teng ha Mora oa motho” ho ne ho tla ba joalo. E ka ’na eaba batho ba neng ba potolohile Noe ba ile ba ikutloa hore ha ho letho le tla etsahala. U tseba se hlileng sa etsahala. Matsatsi ao, a ileng a nka nako e telele, a ile a lebisa tlhōrōng ha “moroallo o fihla ’me o ba timetsa kaofela.” Luka o fana ka tlaleho e tšoanang eo ho eona Jesu a ileng a bapisa ‘matsatsi a Noe’ le ‘matsatsi a Mora oa motho.’ Jesu o ile a lemosa: “Ho tla ba ka tsela e tšoanang letsatsing leo ha Mora oa motho a tla senoloa.”—Luka 17:26-30.
22. Ke hobane’ng ha ka ho khetheha re lokela ho thahasella boprofeta ba Jesu ho Matheu khaolo ea 24?
22 Sena sohle se na le moelelo o khethehileng ho rōna hobane re phela nakong eo ka eona re hlokomelang liketsahalo tseo Jesu a li boletseng esale pele—lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, mafu a seoa, likhaello tsa lijo le ho hlorisoa ha barutuoa ba hae. (Matheu 24:7-9; Luka 21:10-12) Maemo a joalo a ’nile a bonahala ho tloha ka ntoa e ileng ea fetola histori haholo e bitsoang Ntoa ea I ea Lefatše, le hoja bongata ba batho bo nka maemo ana e le karolo e tloaelehileng ea histori. Leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete ba utloisisa se boleloang ke liketsahalo tsena tsa bohlokoa, hantle feela joalokaha batho ba falimehileng ba utloisisa hore ha sefate sa feiga se hlahisa makhasi lehlabula le haufi. Jesu o ile a eletsa: “Ka tsela ena le lōna, ha le bona lintho tsena li etsahala, le tsebe hore ’muso oa Molimo o haufi.”—Luka 21:31.
23. Mantsoe a Jesu ho Matheu khaolo ea 24 a na le moelelo o khethehileng ho bo-mang, hona hobane’ng?
23 Jesu o ile a lebisa boholo ba karabelo ea hae ea Thabeng ea Mehloaare ho balateli ba hae. E ne e le bona ba lokelang ho kopanela mosebetsing o pholosang bophelo oa ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle pele bofelo bo ka tla. E ne e tla ba bona ba neng ba ka lemoha “ntho e nyonyehang e bakang lesupi . . . e eme sebakeng se halalelang.” E ne e tla ba bona ba neng ba tla arabela ka ho ‘baleha’ pele ho matšoenyeho a maholo. ’Me e ne e tla ba bona bao ka ho khetheha ba neng ba tla angoa ke mantsoe ana a eketsehileng: “Hoja matsatsi ao a se ke a khutsufatsoa, ha ho nama e neng e tla pholoha; empa ka lebaka la bakhethoa matsatsi ao a tla khutsufatsoa.” (Matheu 24:9, 14-22) Empa ha e le hantle mantsoe ao a susumetsang monahano a bolela’ng, hona ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore a fana ka motheo oa hore re be le thabo, kholiseho le cheseho tse khōloanyane hona joale? Thuto e latelang ea Matheu 24:22 e tla fana ka likarabo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mehlala eo Josephus a fanang ka eona: Thabeng ea Sinai lehalima le sealuma “li ne li bolela hore Molimo o teng [pa·rou·siʹa] moo.” Pontšo ea mohlolo ka tabernakeleng e ne e “bontša ho ba teng [pa·rou·siʹa] ha Molimo.” Ka ho bontša mohlanka oa Elisha likoloi tsa lipere tse ba potolohileng, Molimo o ne a etsa hore “matla a hae le ho ba teng [pa·rou·siʹa] ha hae li bonahale ho mohlanka oa hae.” Ha Petronius molaoli oa Moroma a ne a leka ho thabisa Bajuda, Josephus o ile a bolela hore ‘Molimo o ile a bontša ho ba teng [pa·rou·siʹa] ha hae ho Petronius’ ka ho nesa pula. Josephus ha aa ka a sebelisa pa·rou·siʹa tabeng ea ho atamela feela tjee kapa ho fihla ha nakoana. E ne e bolela ho ba teng ho tsoelang pele, esita le ho sa bonahaleng. (Exoda 20:18-21; 25:22; Levitike 16:2; 2 Marena 6:15-17)—Bapisa le Antiquities of the Jews, Buka ea 3, khaolo ea 5, serapeng sa 2 [80]; khaolo ea 8, serapeng sa 5 [203]; Buka ea 9, khaolo ea 4, serapeng sa 3 [55]; Buka ea 18, khaolo ea 8, serapeng sa 6 [284].
b Ho A Critical Lexicon and Concordance to the English and Greek New Testament, E. W. Bullinger o bontša hore pa·rou·siʹa e bolela ‘boteng kapa ho ba ea teng, kahoo, ho ba teng, ho fihla; ho tla ho akarelletsang khopolo ea bolulo bo tsitsitseng ho tloha ho tleng hoo ho ea pele.’
c Bopaki bo bong ke hore e na le lentsoe la Seheberu “Lebitso,” le ngotsoeng ka botlalo kapa le khutsufalitsoeng, ka makhetlo a 19. Moprofesa Howard oa ngola: “Ho ngoloa ha Lebitso la Molimo tokomaneng ea Bokreste e qotsitsoeng ke mohanyetsi enoa oa Mojuda hoa babatseha. Haeba ena e ne e le phetolelo ea Seheberu ea tokomane ea Bokreste ea Segerike kapa ea Selatine, motho o ne a ka lebella ho fumana adonai [Morena] tabeng e ngotsoeng, e seng letšoao la lebitso la Molimo YHWH, le sa bitsoeng. . . . Hore ebe o ekelitse lebitso le sa bitsoeng ke ntho e sa hlaloseheng. Bopaki bo bontša ka matla hore Shem-Tob o ile a fumana kopi ea hae ea Matheu e seng e ntse e e-na le Lebitso la Molimo tabeng e ngotsoeng le hore mohlomong o ile a le boloka ho e-na le ho ipeha kotsing ea ho ba le molato oa ho le tlosa.” New World Translation of the Holy Scriptures—With References e sebelisa Matheu ea Shem-Tob (J2) e le motheo oa ho sebelisa lebitso la Molimo ka Mangolong a Segerike a Bakreste.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho bona phapang pakeng tsa kamoo Libibele li fetolelang Matheu 24:3?
◻ Pa·rou·siʹa e bolela’ng, hona ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa?
◻ Ke ho tšoana hofe ho ka ’nang ha e-ba teng ho Matheu 24:3 ka Segerike le ka Seheberu?
◻ Ho hlokahala hore re tsebe ntlha efe mabapi le nako hore re utloisise Matheu khaolo ea 24?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Thaba ea Mehloaare, e okametseng Jerusalema