Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 9/1 maq. 25-28
  • Ho Sebeletsa Molimo ea Tšepahalang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebeletsa Molimo ea Tšepahalang
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hōlela Greece
  • Ka Har’a Ntoa ea Lehae
  • Ho Fumana Tšepo ea ’Nete
  • Ho Tšoaroa le ho Koalloa Teronkong
  • Ho Qosetsoa ho Sokolla
  • Lefu la Mor’a Ka
  • Ho Thusa ba Bang ho Tšepa Jehova
  • Lefa la Boleng
  • Ho Ikemisetsa ho Tšepa Jehova
  • Ho Sebeletsa Tlas’a Letsoho la Jehova le Lerato
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ho fa Jehova se mo Tšoanelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lilemo Tse Fetang 50 Tsa ho ‘Tšelela Koana le Koana’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ho Lekoa Sebōping sa Mollo sa Mahloriso
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 9/1 maq. 25-28

Ho Sebeletsa Molimo ea Tšepahalang

Joalokaha ho boletse Kimon Progakis

E ne e le mantsiboea ho bata habohloko ka 1955. ’Na le mosali oa ka, Giannoula, re ne re qala ho khathatseha kaha mora oa rōna ea lilemo li 18, George, o ne a sa khutla ho tsoa lephepheng leo a neng a sebeletsa ho lona. Ka tšohanyetso, lepolesa la kokota monyako. Le ile la re: “Mora oa lōna o thutsoe ke koloi a palame baesekele ea hae ho tla hae, ’me o hlokahetse.” Joale la atamela ’me la hoeshetsa: “Ba tla le joetsa hore e bile kotsi empa ha e le hantle, o bolauoe.” Moprista oa sebaka seo le baeta-pele ba bang ba sesole ba ne ba ile ba rera ho ’molaea ka bolotsana.

LILEMONG tseo, ha Greece e ne e hlaphoheloa ka mor’a nako ea ntoa le litsietsi, ho ne ho le kotsi ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ke ne ke tseba hantle matla a Kereke ea Greek Orthodox le mabotho a sesole kaha ka lilemo tse fetang 15, ke ne ke bile setho se mafolo-folo ho tsona. A nke ke u bolelle liketsahalo tse ileng tsa lebisa lelapa la rōna tlokotsing eo lilemong tse ka holimo ho 40 tse fetileng.

Ho Hōlela Greece

Ke hlahile ka 1902 lelapeng le ruileng motsaneng o monyenyane pel’a toropo ea Chalcis, Greece. Ntate o ne a le mafolo-folo lipolotiking tsa naha, ’me lelapa leso e ne e le litho tse khothetseng Kerekeng ea Greek Orthodox. Ke ne ke le ’mali ea hloahloa oa libuka tsa lipolotiki le tsa bolumeli nakong eo boholo ba batho ba naha ea heso bo neng bo sa tsebe ho bala le ho ngola.

Ho futsaneha le ho hloka toka ho neng ho rena qalong ea lekholo la bo20 la lilemo ho ile ha bōpa ka ho ’na takatso ea lefatše le nang le maemo a molemo. Ke ne ke nahana hore bolumeli bo ka khona ho ntlafatsa boemo bo bohloko ba batho ba naha ea heso. Ka lebaka la tšekamelo ea ka bolumeling, banna ba etellang pele motsaneng oa heso ba ile ba buella hore ke be moprista oa Greek Orthodox tikolohong ea rōna. Leha ho le joalo, le hoja ke ne nkile ka chakela libaka tse ngata tsa baitlami ’me ke bile le lipuisano tse telele le babishopo le baokameli ba libaka tsa baitlami, ke ne ke sa ikutloe ke loketse kapa ke thabela ho amohela boikarabelo bo joalo.

Ka Har’a Ntoa ea Lehae

Lilemo hamorao, ka April 1941, Greece e ile ea hapuoa ke mabotho a Manazi. Hona ho ile ha qalisa mehla e malimabe ea lipolaeano, tlala ea sekoboto, tlatlapo le mahlomola a mang a mangata bathong. Mokhatlo o mong o matla oa bohanyetsi o ile oa hlahella, ’me ke ile ka kenella ho se seng sa lihlopha tsa masole a sekhukhu se neng se loantša bahatelli ba Manazi. Ka lebaka leo, ntlo ea ka e ile ea chesoa ka makhetlo a ’maloa, ka thunngoa, ’me lijalo tsa ka tsa senngoa. Mathoasong a 1943 ’na le lelapa la ka re ne re se re se na boikhethelo haese ho balehela lithabeng tse matsaranka. Re ile ra lula moo ho fihlela ha mabotho a Majeremane a tloha ka October 1944.

Lipolotiki tsa ka har’a naha le ntoa ea lehae li ile tsa kuboloha ka mor’a ho tloha ha Majeremane. Sehlotšoana sa masole a sekhukhu seo ke ileng ka kenella ho sona se ile sa fetoha lebotho le ka sehloohong ntoeng eo ea lehae. Le hoja likhopolo tsa Bokomonisi ka toka, ho lekana le botsoalle li ne li ipiletsa ho ’na, bonnete ba taba qetellong bo ile ba ntšiea ke feletsoe ke tšepo ka ho feletseng. Kaha ke ne ke le boemong bo phahameng sehlopheng seo, ke ile ka hlokomela hantle hore matla a sekamela ho senyeng batho. Ho sa tsotellehe likhopolo le menahano tse bonahalang li hlompheha, boithati le ho se phethahale li senya boikemisetso bo molemohali ba lipolotiki.

Se ileng sa ’makatsa ka ho khetheha ke hore ka mahlakoreng a fapaneng a ntoa ea lehae, baruti ba Orthodox ba ne ba nka libetsa ho bolaea ba bang ba bolumeli ba bona! Ke ile ka ipotsa hore, ‘Ke joang baruti baa ba ka reng ba emela Jesu Kreste, ea ileng a lemosa: “Bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole”?’—Matheu 26:52.

Nakong ea ntoa ea lehae, ka 1946, ke ne ke ipatile pel’a toropo ea Lamia, e bohareng ba Greece. Liphahlo tsa ka li ne li le malabu-labu, eaba ke rera ho ikhakanya e le hore ke ee ho serōki se seng motseng hore se nthokele liphahlo tse ling tse ncha. Ha ke fihla ho ne ho tšoeroe khang e ’ngoe e matla, ’me ka potlako ka iphumana ke se ke ntse ke bua, e seng ka lipolotiki empa ka seo ke neng ke se rata haholo, bolumeli. Ha ba elelloa tsebo ea ka e chatsi, ba shebeletseng ba etsa tlhahiso ea hore ke bue le ‘moprofesa e mong oa thuto ea bolumeli.’ Kapele-pele, ba ile ba mo lata.

Ho Fumana Tšepo ea ’Nete

Puisanong e ileng ea latela, “moprofesa” o ile a mpotsa hore na motheo oa tumelo ea ka ke eng. Ke ile ka araba: “Bo-ntate ba Halalelang le Lisinoto tsa Bonngoe ba Bokreste Lefatšeng ka Bophara.” Ho e-na le ho nkhanyetsa, o ile a phetla Bibele ea hae e nyenyane ho Matheu 23:9, 10, ’me a nkōpa ho bala mantsoe a Jesu: “Ho feta moo, le se ke la bitsa mang kapa mang ntate oa lōna lefatšeng, kaha o mong Ntate oa lōna, Oa leholimo. Leha e le hore le bitsoe ‘baeta-pele,’ kaha Moeta-pele oa lōna o mong, Kreste.”

Hoo ho ile ha mpula mahlo! Ke ile ka hlokomela hore monna enoa o bua ’nete. Ha a itsebahatsa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, ke ile ka mo kōpa lingoliloeng tseo nka li balang. O ile a ntlisetsa buka e bitsoang Light, eo e leng tlhaloso ea buka ea Bibele ea Tšenolo, ’me ke ile ka boela le eona sebakeng seo ke neng ke ipatile ho sona. Ka nako e telele, libata tseo ho buuoang ka tsona ho Tšenolo e ne e bile sephiri ho ’na empa joale ke ile ka ithuta hore li emela mekhatlo ea lipolotiki e teng lekholong lena la rōna la bo20 la lilemo. Ke ile ka qala ho utloisisa hore Bibele e na le moelelo o sebetsang mehleng ena ea rōna le hore ke lokela ho ithuta eona le ho lumellanya bophelo ba ka le linnete tsa eona.

Ho Tšoaroa le ho Koalloa Teronkong

Nakoana ka mor’a moo, masole a ile a itšohlometsa sebakeng seo ke neng ke ipatile ho sona ’me a ntšoara. Ke ile ka akheloa ka seleng e ka tlaase ea teronko. Kaha ke ne ke qetile nako e itseng ke le lerabele le tsongoang, ke ne ke lebeletse ho ahloleloa lefu. Ha ke le ka moo ka seleng ea ka, ke ile ka eteloa ke Paki eane e ileng ea qala ho buisana le ’na. E ile ea nkhothalletsa ho tšepa Jehova ka ho feletseng, e leng seo ke ileng ka se etsa. Ke ile ka ahloleloa botlamuoa ba likhoeli tse tšeletseng sehleke-hlekeng sa Aegean sa Ikaria.

Hang ha ke fihla, ke ile ka itsebahatsa ke le Paki ea Jehova, e seng ke le Lekomonisi. Ba bang ba neng ba ithutile linnete tsa Bibele le bona ba ne ba le botlamuoeng moo, kahoo ke ile ka ba batla, ’me kamehla re ne re ithuta Bibele hammoho. Ba ile ba nthusa ho fumana tsebo e eketsehileng ea Mangolo le kutloisiso e molemo ka Molimo oa rōna ea tšepahalang, Jehova.

Ka 1947, ha ke phetha kahlolo, ke ile ka bitsetsoa ofising ea mochochisi oa sechaba. O ile a mpolella hore o khahliloe ke boitšoaro ba ka ’me a mpolella hore nka sebelisa lebitso la hae e le motho ea ka fanang ka bopaki haeba nka boela ka tlangoa hape. Hoba ke fihle Athene, moo lelapa la ka le neng le falletse teng nakong ea botlamuoa ba ka, ke ile ka qala ho kopanela le phutheho ea Lipaki tsa Jehova ’me ka potlako ka kolobetsoa e le tšoantšetso ea boinehelo ba ka ho Jehova.

Ho Qosetsoa ho Sokolla

Ka lilemo tse mashome-shome, Lipaki tsa Jehova, Greece, li ’nile tsa qosoa tlas’a molao o ileng oa fetisoa ka 1938 le 1939 o neng o hanela ho sokolla. Kahoo, ho tloha ka 1938 ho fihlela ka 1992, ho ile ha tšoaroa Lipaki tse 19 147 Greece, ’me lekhotla la li ahlolela lilemo tse 753 ka kakaretso, tse 593 li hlile tsa li sebeletsa. ’Na ka bonna, ke ile ka tšoaroa ka makhetlo a fetang 40 ka lebaka la boboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, ’me ka kakaretso ka sebeletsa likhoeli tse 27 literonkong tse fapaneng.

Ka lekhetlo le leng ke ile ka tšoaroa ka lebaka la lengolo leo ke neng ke ile ka le ngolla moruti e mong oa Greek Orthodox, Chalcis. Ka 1955, liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova li ne li ile tsa khothalletsoa ho romella baruti bohle bukana e reng Christendom or Christianity—Which One Is “the Light of the World”? E mong oa baruti ba ka sehloohong eo ke ileng ka mo ngolla o ile a nqosa ka hore kea sokolla. Nakong ea nyeoe, ’muelli e mong oa molao eo e leng Paki a e-na le ramolao oa sebaka seo ba ile ba fana ka bosireletsi bo hloahloa, ba hlalosa hore Bakreste ba ’nete ba na le tlamo ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.—Matheu 24:14.

Moahloli ea okametseng lekhotla o ile a botsa archimandrite (mohlomphehi oa kereke ea boemong bo ka tlaase ho ba mobishopo): “Na u ile ua bala lengolo le bukana?”

O ile a araba ka cheseho: “Che, ke ile ka li tabola ’me ka li lahla hang-hang ha ke bula enfelopo!”

Moahloli ea okametseng a botsisisa: “Joale ke joang u ka reng monna enoa o ne a u sokolla?”

Ka mor’a moo ’muelli oa rōna oa molao o ile a supa mehlala ea baprofesa le batho ba bang ba ileng ba nehelana ka liqubu tse feletseng tsa libuka lilaebraring tsa sechaba. O ile a botsa: “Na u ne u tla re batho ba joalo ba leka ho sokolla ba bang?”

Ka ho hlakileng, ho etsa joalo ho ne ho sa bolele ho sokolla. Ke ile ka leboha Jehova ha ke utloa qeto ea lekhotla: “Ha u molato.”

Lefu la Mor’a Ka

Mor’a ka George le eena o ne a hobosoa joalo-joalo, hangata e le ka tšusumetso ea baruti ba Orthodox. Le eena ka ho tšoanang o ile a tšoaroa ka makhetlo a ’maloa ka lebaka la cheseho ea hae ea bocha ho phatlalatseng litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Qetellong, bahanyetsi ba ile ba rera ho mo tlosa tseleng ’me ka nako e tšoanang, ba romela molaetsa o tšosang ho rōna ba bang kaofela e le hore re khaotse ho bolela.

Lepolesa le ileng la tla lapeng la rōna ho re tlalehela ka lefu la George le ile la re bolella hore baprista ba Greek Orthodox le baeta-pele ba bang ba sesole ba ne ba ile ba rera bolotsana ba ho bolaea mora oa rōna. “Likotsi” tse kang eo li ne li atile linakong tseo tse mahlonoko. Ho sa tsotellehe mesarelo eo lefu la hae le ileng la e baka, boikemisetso ba rōna ba ho lula re le mafolo-folo mosebetsing oa boboleli le ho tšepa Jehova ka ho feletseng bo ile ba fela ba matlafatsoa.

Ho Thusa ba Bang ho Tšepa Jehova

Mahareng a bo-1960, mosali oa ka le bana ba ne ba qeta likhoeli tsa lehlabula motsaneng o pel’a lebōpo la leoatle oa Skala Oropos, o ka bang lik’hilomithara tse 50 ho tloha Athene. Ka nako eo, ho ne ho se Lipaki tse phelang moo, kahoo re ne re paka ka mokhoa o sa reroang ho baahisani. Lihoai tse ling tsa moo li ile tsa arabela hamolemo. Kaha banna ba ne ba sebetsa lihora tse ngata masimong nakong ea motšehare, re ne re tsamaisa lithuto tsa Bibele le bona bosiu, ’me ba bangata ba bona ba ile ba fetoha Lipaki.

Ha re bona kamoo Jehova a neng a hlohonolofatsa boiteko ba rōna, ka lilemo tse ka bang 15, re ile ra etela moo beke e ’ngoe le e ’ngoe bakeng sa ho tsamaisa lithuto tsa Bibele ho batho ba thahasellang. Batho ba ka bang 30 bao re ileng ra ithuta le bona moo ba ile ba hatela pele ho fihlela ba kolobetsoa. Qalong, sehlopha sa thuto se ile sa thehoa, ’me ke ile ka abeloa ho tsamaisa liboka tsa sona. Hamorao sehlopha sena se ile sa fetoha phutheho, ’me kajeno ho na le Lipaki tse fetang lekholo sebakeng seo tse bōpang Phutheho ea Malakasa. Rea thaba hore ebe batho ba bane bao re ba thusitseng hona joale ba sebeletsa e le basebeletsi ba nako e tletseng.

Lefa la Boleng

Nakoana ka mor’a hore ke nehele bophelo ba ka ho Jehova, mosali oa ka o ile a qala ho tsoela pele moeeng ’me o ile a kolobetsoa. Nakong e thata ea mahloriso, tumelo ea hae e ile ea lula e le matla ’me o ile a tsoela pele a tiile a sa thekesele botšepehing ba hae. Ha ho mohla a kileng a tletleba ka mathata a mangata a ileng a mo sotla ka lebaka la ho koalloa ha ka khafetsa teronkong.

Ka lilemo tse ngata, re tsamaisitse lithuto tse ngata tsa Bibele hammoho, ’me o atlehile ho thusa ba bangata ka katamelo ea hae e bonolo le e lerato. Hona joale, o na le tselana ea limakasine e akarelletsang batho ba bangata bao a ba isetsang Molula-Qhooa le Tsoha! kamehla.

Haholo-holo ka lebaka la tšehetso ea molekane oa ka ea lerato, bana ba rōna ba bararo ba phelang le malapa a bona, a akarelletsang litloholo tse tšeletseng le litloholoana tse ’ne, kaofela ba mafolo-folo tšebeletsong ea Jehova. Le hoja ba sa ka ba tlameha ho tobana le tlhoriso le khanyetso tse mabifi tseo ’na le mosali oa ka re ileng ra tobana le tsona, ba behile tšepo ea bona e feletseng ho Jehova, ’me ba tsoela pele ho tsamaea litseleng tsa hae. E tla ba thabo e kaakang ha kaofela ha rōna re boetse re kopanngoa le moratuoa oa rōna George ha a khutla ka tsoho bafung!

Ho Ikemisetsa ho Tšepa Jehova

Lilemo-lemo tsena tsohle, ke ile ka bona ha moea oa Jehova o sebetsa holim’a batho ba hae. Mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o tataisoang ke moea o nthusitse ho hlokomela hore re ke ke ra beha tšepo ea rōna boitekong ba batho. Litšepiso tsa bona tsa bokamoso bo molemo ha li na thuso, hase letho haese feela leshano le leholo.—Pesaleme ea 146:3, 4.

Ho sa tsotellehe ho tsofala le mathata a ka a tebileng a bophelo, mahlo a ka a tsepame ’neteng ea tšepo ea ’Muso. Ruri, ke ikoahlaela lilemo tseo ke nehelaneng ka tsona bolumeling ba bohata le ho lekeng ho tlisa maemo a molemo ka thuso ea lipolotiki. Haeba ke ne nka phela bophelo ba ka bocha, ntle ho pelaelo ke ne ke tla boela ke etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova, Molimo ea tšepahalang.

(Haufinyane Kimon Progakis o ile a robala lefung. O ne a e-na le tšepo ea lefatšeng.)

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Foto ea haufinyane ea Kimon le mosali oa hae Giannoula

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela