Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 10/15 maq. 4-7
  • Bophelo ka Mor’a Lefu—Joang, Hokae, Neng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo ka Mor’a Lefu—Joang, Hokae, Neng?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho se Shoe ke Karabo?
  • Boemo ba Bafu
  • Motho Kaofela oa Shoa
  • Tsoho—Nako e Thabisang
  • E Tla ba Neng?
  • Phello ea Tšepo ea Tsoho
  • Ho Etsahala Eng ka Baratuoa ba Rōna ba Shoeleng?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Bophelo ka Mor’a Lefu—bibele e Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Bontša Tumelo Bakeng sa Bophelo bo sa Feleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Tšepo e Tiileng
    Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 10/15 maq. 4-7

Bophelo ka Mor’a Lefu—Joang, Hokae, Neng?

’MŌPI oa motho le Monehi-Bophelo o tiisa ka boeena hore lefu la motho ha e le hantle ha le felise bophelo ka ho sa feleng. Ho feta moo, Molimo o re tiisetsa hore monyetla o leng teng hase feela oa hore motho a phele hape ka nako e lekanyelitsoeng empa ke oa hore a boele a phele a e-na le tebello ea ho se hlole a talimana le lefu hape! Moapostola Pauluse o ile a bolela sena ka ho hlakileng, empa ka kholiseho: “[Molimo] o fane ka tiiso ho batho bohle ka hore o mo tsositse [Kreste Jesu] bafung.”—Liketso 17:31.

Leha ho le joalo, sena se ntse se siea lipotso tse tharo tsa motheo li sa arajoa: Motho ea shoeleng a ka khutlela bophelong joang? Sena se tla etsahala neng? Bophelo boo bo bocha bo ba teng joang? Lefatšeng lohle, ho ’nile ha fanoa ka likarabo tse fapaneng lipotsong tsena, empa senotlolo sa bohlokoa sa ho etsa qeto ka ’nete ea taba ena ke ho utloisisa ka nepo se etsahalang ho batho nakong eo ba shoang ka eona.

Na ho se Shoe ke Karabo?

Tumelo e jeleng setsi ke ea hore karolo e itseng ea batho bohle ha e shoe le hore ke ’mele ea bona feela e shoang. Ka sebele mohlomong u ile ua utloa maikutlo a joalo. Karolo ena eo ho boleloang hore ha e shoe ka ho fapaneng e bitsoa “moea [soul]” kapa “moea [spirit].” Ho boleloa hore e pholoha lefu la ’mele ’me e tsoela pele ho phela kae-kae. Ho bua ’nete, tumelo e joalo ha ea simoloha Bibeleng. Ke ’nete hore Baheberu ba boholo-holo ba mehleng ea Bibele ka sebele ba ne ba lebeletse bophelo ka mor’a lefu, empa e seng ka hore karolo e itseng ea bona e sa shoeng e pholohe. Ka kholiseho ba ne ba lebeletse ho khutlisetsoa bophelong lefatšeng nakong e tlang ka mohlolo oa tsoho.

Mopatriareka Abrahama ke mohlala o hlaheletseng oa motho ea bileng le tumelo tsohong ea bafu ea nakong e tlang. Baheberu 11:17-19 ha e hlalosa ka ho rata ha Abrahama ho nehelana ka mora oa hae Isaka e le sehlabelo, ea re bolella: “Ka tumelo Abrahama, ha a lekoa, ho ile ha tšoana leha a nyehetse Isaka, . . . empa o ile a lekanya hore Molimo o ne a khona ho mo tsosa esita le bafung; ’me ho tloha moo a fela a mo amohela hape ka tsela ea tšoantšetso,” kaha Molimo a ne a sa hloke hore Isaka a etsoe sehlabelo. Ho tiisa hape tumelo ea pele har’a Baiseraele ea hore ba ne ba tla khutlela bophelong hamoraonyana (ho e-na le ho tsoela pele hang-hang ka bophelo sebakeng sa moea), moprofeta Hosea o ile a ngola: “Ke tla ba lopolla letsohong la Sheole [lebitla le tloaelehileng la batho]; ke ba namolele lefung.”—Hosea 13:14, NW.

Joale khopolo ea hore ka tlhaho motho ha a shoe e keneletse neng monahanong le tumelong ea Bajuda? Encyclopaedia Judaica e lumela hore “mohlomong e bile tlas’a tšusumetso ea Bagerike moo thuto ea ho se shoe ha moea e ileng ea kenella Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda.” Leha ho le joalo, Bajuda ba inehetseng ho fihlela nakong ea Kreste ba ne ba ntse ba lumela ’me ba lebeletse tsoho ea nakong e tlang. Re ka bona sena ka ho hlakileng puisanong ea Jesu le Maretha nakong ea lefu la mor’abo Lazaro: “Ka hona Maretha a re ho Jesu: ‘Morena, hoja u ne u le teng mona mor’eso a ka be a sa shoa.’ . . . Jesu a re ho eena: ‘Mor’eno o tla tsoha.’ Maretha a re ho eena: ‘Kea tseba hore o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.’”—Johanne 11:21-24.

Boemo ba Bafu

Mona le teng ha ho lebaka la ho hakanya. ’Nete ea Bibele e bonolo ke hore bafu ba “robetse,” ha ba ikutloe, ha ba na boikutlo kapa tsebo. ’Nete e joalo ha ea fanoa ka mokhoa o rarahaneng, o utloisisoang ka thata ka Bibeleng. Nahana ka mangolo ana a utloisisehang habonolo: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng . . . Tsohle tse fihleloang ke letsoho la hao hore li ka sebetsoa, u li etse ka matla a hao; hobane nģalong ea bafu moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero kapa tsebo, kapa bohlale.” (Moeklesia 9:5, 10) “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho! Phefumoloho ea bona ha e fela, ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ea bona e felile.”—Pesaleme ea 146:3, 4.

Joale, ke ho utloahalang hore na ke hobane’ng ha Jesu Kreste a ile a bitsa lefu boroko. Moapostola Johanne o tlaleha puisano mahareng a Jesu le barutuoa ba hae: “A bolela lintho tsena, ’me ka mor’a sena a re ho bona: ‘Lazaro motsoalle oa rōna o phomotse, empa ke nka leeto le eang moo ho ea mo tsosa borokong.’ Ka hona barutuoa ba re ho eena: ‘Morena, haeba a phomotse, o tla fola.’ Leha ho le joalo, Jesu o ne a buile ka lefu la hae. Empa ba ne ba nahana hore o bua ka ho phomola borokong. Ka hona, ka nako eo, Jesu a re ho bona ka bolokolohi le ka sebete: ‘Lazaro o shoele.’”—Johanne 11:11-14.

Motho Kaofela oa Shoa

Tšebetso ea ho shoa ha motho e akarelletsa motho kaofela, e seng feela lefu la ’mele. Ho latela lipolelo tsa Bibele tse hlakileng, re tlameha ho fihlela qeto ea hore motho ha a na moea o sa shoeng o ka pholohang lefu la ’mele oa hae. Ka ho hlakileng Mangolo a bontša hore moea o ka shoa. “Bonang, meea eohle ke ea ka; moea oa ngoana le moea oa ntat’ae ke ea ka hammoho; moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ezekiele 18:4) Ha ho moo ho boleloang mantsoe “e sa shoeng” kapa “ho se shoe” e le ntho ea tlhaho ho batho.

New Catholic Encyclopedia e fana ka boitsebiso bona bo thahasellisang ka mantsoe a Seheberu le a Segerike a fetoletsoeng e le “moea” ka Bibeleng: “Moea ho [Testamente ea Khale] ke nepeš, ho [Testamente e Ncha] [psy·kheʹ]. . . . Nepeš e tsoa motsong oa lentsoe leo mohlomong le bolelang ho phefumoloha, ’me . . . kaha ho phefumoloha ho khetholla lintho tse phelang ho tse shoeleng, nepeš e ile ea bolela bophelo kapa motho ka boeena kapa ka tsela e bonolo feela bophelo ba motho ka boeena. . . . Ha ho na karohano [ho aroloa ka likarolo tse peli] ea ’mele le moea ho [Testamente ea Khale]. Moiseraele o ne a bona lintho ka mokhoa oa sebele, kamoo li leng kateng ka ho feletseng, ’me kahoo o ne a nka batho e le libōpuoa tse feletseng e seng likarolo tse fapaneng. Lentsoe nepeš, le hoja le fetoletsoe ka lentsoe la rōna moea, ha ho mohla le bolelang moea e le karolo e fapaneng le ’mele kapa motho ka boeena. . . . Lentsoe [psy·kheʹ] ke lentsoe la [Testamente e Ncha] le tšoanang le nepeš. Le ka bolela mohloli o ka sehloohong oa bophelo, bophelo ka bobona, kapa ntho e phelang.”

Kahoo, u ka bona hore nakong ea lefu, motho eo pele a neng a phela, kapa moea o phelang, joale o khaotsa ho phela. ’Mele o khutlela “lerōleng” kapa metsoakong ea mobu ea lefatše ebang ke hanyane ka hanyane ka hore o patoe ’me ho latele ho bola kapa ho potlakisoe ka hore o chesoe. Jehova o ile a bolella Adama: “U lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 3:19) Joale, ke joang bophelo bo ka bang teng ka mor’a lefu? Ke hobane Molimo o na le khopolo ea hae ka motho ea shoeleng. Jehova o na le matla a mohlolo le bokhoni ba ho bōpa batho, kahoo ha hoa lokela ho re makatsa hore mohopolong oa hae a ka khona ho boloka tlaleho ea bophelo ba motho. E, litebello tsohle tsa hore motho eo a boele a phele li itšetlehile ka Molimo.

Ena ke eona kutloisiso ea lentsoe “moea [spirit],” oo ho buuoang ka oona e le o khutlelang ho Molimo oa ’nete ea faneng ka oona. Ha a hlalosa sephetho sena, mongoli ea bululetsoeng oa buka ea Moeklesia oa hlalosa: “Lerōle le e-so ho khutlele lerōleng, moo le tsoileng teng, moea o e-so ho khutlele ho Molimo o nong o o nee.”—Moeklesia 12:7.

Ke Molimo feela ea ka phelisang motho. Ha Molimo a ne a bōpa motho Edene le ho bululela linkong tsa hae “phefumoloho ea ho phela,” ho phaella ho tlatseng matšoafo a Adama ka moea, Jehova o ile a etsa hore matla a bophelo a phelise lisele tsohle tse ’meleng oa hae. (Genese 2:7) Ka lebaka la hore matla ana a bophelo a ka feta ho tloha ho batsoali ho ea ho bana ka mohato oa ho ima le pelehi, ka ho loketseng bophelo ba motho bo ka hlalosoa bo e-tsoa ho Molimo le hoja bo fumanoe ka batsoali.

Tsoho—Nako e Thabisang

Tsoho ha ea lokela ho kopanngoa le ho tsoaloa hangata hoo Mangolo a Halalelang a sa ho tšehetseng. Ho tsoaloa hangata ke tumelo ea hore ka mor’a hore motho a shoe, o tsoaloa hape hang kapa hangata. Ho boleloa hore sena se etsahala ka hore motho a phele boemong bo phahameng haholo kapa bo tlaase haholo ha ho bapisoa le bophelo ba hae ba nakong e fetileng, ho itšetlehile ka tlaleho eo motho a ileng a iketsetsa eona bophelong boo ba nakong e fetileng. Ho latela tumelo ena, u ka “tsoaloa hape” u le motho kapa u le phoofolo. Sena se hlile se hanyetsana le seo Bibele e se rutang.

Lentsoe “tsoho” le fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la Segerike a·naʹsta·sis, leo ha e le hantle le bolelang “ho ema hape.” (Bafetoleli ba Baheberu ba fetolelang Segerike ba fetoletse a·naʹsta·sis ka mantsoe a Seheberu techi·yathʹ ham·me·thimʹ, a bolelang “ho tsosa mofu.”) Tsoho e akarelletsa ho tsosolosa mokhoa oa bophelo oa motho, e leng oona oo Molimo a o bolokileng mohopolong oa hae. Ho latela thato ea Molimo ka motho, motho eo o tsosetsoa ’meleng oa nama kapa oa moea; leha ho le joalo o ntse a bolokile litšobotsi tsa botho ba hae, o ntse a e-na le botho bo tšoanang le mohopolo joaloka nakong eo a neng a shoa ka eona.

E, Bibele e bua ka mefuta e ’meli ea tsoho. Tsoho e ’ngoe ke ea ho tsosetsoa leholimong ka ’mele oa moea; ke bakeng sa ba seng bakae ka palo ha ho bapisoa. Jesu Kreste o ile a fumana tsoho e joalo. (1 Petrose 3:18) ’Me o ile a bontša hore tsoho e joalo e ne e tla latsoa ke ba khethiloeng har’a balateli ba mehato ea hae, ho qala ka baapostola ba tšepahalang, bao a ileng a ba tšepisa: “Kea tsamaea ho ea le lokisetsa sebaka. . . . Ke boetse kea tla ’me ka sebele ke tla le amohela lapeng ho ’na, e le hore moo ke leng teng le lōna le ka ba teng.” (Johanne 14:2, 3) Bibele e bitsa tsoho ena ‘tsoho ea pele,’ ke ea pele ka nako le boemo. Ka hona, Mangolo a hlalosa ba tsosetsoang bophelong ba leholimo e le baprista ba Molimo le marena a busang hammoho le Kreste Jesu. (Tšenolo 20:6) ‘Tsoho ena ea pele’ ke ea lenane le lekanyelitsoeng feela, ’me Mangolo ka booona a bontša hore ke ba 144 000 feela ba tla nkoa har’a banna le basali ba tšepahalang. Ba tla be ba pakile botšepehi ba bona ho Jehova Molimo le Kreste Jesu ho fihlela lefung la bona, ’me ba bile mafolo-folo ho pakela ba bang ka tumelo ea bona.—Tšenolo 14:1, 3, 4.

Ntle ho pelaelo, tsoho ea bafu ke nako ea thabo e khōlō ho ba tsosetsoang bophelong ba leholimo. Empa thabo ha e felle moo hobane ho boetse ho teng tšepiso ea ho tsosetsoa bophelong hona mona lefatšeng. Ba tlang ho tsosoa ba tla kopanela le lenane le hlokang palo la ba tlang ho pholoha bofelo ba tsamaiso ea joale e khopo. Ka mor’a ho talima lenane le lenyenyane la ba tšoanelehelang tsoho ea leholimong, moapostola Johanne o ile a fuoa pono ea “bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, bo tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le lihlopheng tsohle tsa batho le malemeng ’ohle.” Eo e tla ba nako e thabisang hakaakang ha ba likete tsa limilione, ba khutlela bophelong mona lefatšeng!—Tšenolo 7:9, 16, 17.

E Tla ba Neng?

Thabo le nyakallo leha e le life e ne e tla ba tsa nakoana haeba bafu ba ne ba tsosetsoa lefatšeng le tletseng mabifi, tšollo ea mali, tšilafalo le pefo—joalokaha boemo bo le joalo kajeno. Che, tsoho e lokela ho emela ho thehoa ha “lefatše le lecha.” Ak’u nahane, polanete e hloekisitsoeng batho le mekhatlo bao ho fihlela joale ba ikemiselitseng ho senya lefatše le botle ba lona ba tlhaho, re se re sa re letho ka mahlomola ao ba a tliselitseng baahi ba eona.—2 Petrose 3:13; Tšenolo 11:18.

Ho hlakile hore nako ea tsoho e akaretsang ea moloko oa batho e sa ntse e larile kapele. Empa litaba tse molemo ke hore ha e hōle haholo. Ke ’nete hore e lokela ho emela bofelo ba tsamaiso ena ea joale e khopo ea lintho. Leha ho le joalo, bopaki bo bongata bo tiisa hore ho qhoma ha “matšoenyeho a maholo” a tšohanyetso ho haufi, ’me ho tla finyella sehlohlolong “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle”—eo ka tloaelo e bitsoang Armagedone. (Matheu 24:3-14, 21; Tšenolo 16:14, 16) Sena se tla felisa bokhopo bohle polaneteng ena e ntle, Lefatše. Ka mor’a moo ho tla latela Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste Jesu, ha lefatše butle-butle le tlisoa boemong ba paradeise.

Bibele e senola hore nakong ea puso ea Lilemo tsena tse Sekete, tsoho ea batho ba shoeleng e tla etsahala. Joale ho tla phethahala tšepiso eo Jesu a e entseng ha a le lefatšeng: “Le se ke la hlolloa ke sena, hobane hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe . . . ba ee tsohong.”—Johanne 5:28, 29.

Phello ea Tšepo ea Tsoho

Tebello ena ea tsoho ke tšepo e babatsehang hakaakang bakeng sa nako e tlang—nako eo bafu ba tla khutlisetsoa bophelong ka eona! E re khothatsa hakaakang ha re talimana le mathata a eketsehang a botsofali, ho kula, litlokotsi tse sa lebelloang le mahlomola, esita le likhatello tsa letsatsi le letsatsi le mathata a bophelo! E hlomola motsu oa lefu—e seng ho tlosa masoabi ka ho feletseng, empa e re khetholla ho ba hlokang tšepo ka bokamoso. Moapostola Pauluse o ile a lumela phello ena ea tšepo e tšelisang ea tsoho ka mantsoe ana: “Barab’eso, ha re batle hore le hloke tsebo malebana le ba robalang lefung; e le hore le se ke la sareloa feela joalokaha ba bang kaofela ba se nang tšepo le bona ba sareloa. Etsoe haeba tumelo ea rōna ke hore Jesu o ile a shoa eaba o tsoha hape, kahoo, hape, ba robetseng lefung ka Jesu Molimo o tla ba tlisa hammoho le eena.”—1 Bathesalonika 4:13, 14.

Mohlomong re se re latsoitse ’nete e ’ngoe e ileng ea hlokomeloa ke monna oa Bochabela Jobo: “Motho o naphoha joaloka ntho e bolileng, joaloka seaparo se jeloeng ke tšoele. Motho ea tsoetsoeng ke mosali o na le matsatsi a seng makae ’me a tletse litsietsi. O mela joaloka palesa ’me oa pona; joaloka seriti se nyamelang, ha a mamelle.” (Jobo 13:28–14:2, New International Version) Le rōna re hlokometse ho se tsitse ha bophelo le ’nete e bohloko ea hore “nako le ketsahalo e sa lebelloang” li ka oela leha e le mang oa rōna. (Moeklesia 9:11, NW) Ka ho tiileng, ha ho le ea mong ho rōna ea ka thabelang ho talimana le mohato oa ho shoa. Ho ntse ho le joalo, tšepo e tiileng ea tsoho e thusa ho hlōla tšabo e sithabetsang ea lefu.

Joale, beta pelo! Talima ka ’nģane ho ketsahalo ea ho robala lefung e leng ho khutlela bophelong ka mohlolo oa tsoho. Lebella ka kholiseho bophelo ba nakong e tlang bo se nang ho fela, ’me ho sena phaella ka thabo ea ho tseba hore nako e joalo e thabisang e tla tla nakong e tlang e haufi haholo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela