Kamoo Balebeli ba Tsamaeang ba Sebeletsang e le Batsamaisi ba Tšepahalang
“Ka tekanyo eo e mong le e mong a amohetseng mpho ka eona, le e sebelise ho sebeletsaneng joaloka batsamaisi ba khabane ba mosa o sa tšoanelang oa Molimo o bontšitsoeng ka litsela tse sa tšoaneng.”—1 PETROSE 4:10.
1, 2. (a) U ne u tla hlalosa lentsoe “motsamaisi” joang? (b) Ke bo-mang ba akarelletsoang ho batsamaisi bao Molimo a ba sebelisang?
JEHOVA o sebelisa Bakreste bohle ba tšepahalang e le batsamaisi. Motsamaisi hangata ke mohlanka ea ikarabellang oa lelapa. A ka ba a laola le litaba tsa khoebo ea mong’a hae. (Luka 16:1-3; Bagalata 4:1, 2) Jesu o ne a bitsa sehlopha sa bahlanka ba hae ba lefatšeng ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng “motsamaisi ea tšepahalang.” O behile “tsohle tseo e leng tsa hae” kalosong ea motsamaisi enoa, ho akarelletsa le mosebetsi oa boboleli ba ’Muso.—Luka 12:42-44; Matheu 24:14, 45.
2 Moapostola Petrose o ile a bolela hore Bakreste bohle ke batsamaisi ba mosa o sa tšoanelang oa Molimo o bontšoang ka litsela tse sa tšoaneng. Mokreste ka mong o na le sebaka seo a ka etsang mesebetsi ea botsamaisi ba hae bo tšepahalang a le ho sona. (1 Petrose 4:10) Baholo ba Bakreste ba khethiloeng ke batsamaisi, ’me har’a bona ho na le balebeli ba tsamaeang. (Tite 1:7) Baholo baa ba tsamaeang ba lokela ho talingoa joang? Ba lokela ho ba le litšoaneleho le lipakane life? ’Me ba ka finyella se molemohali joang?
Ho Ananela Tšebeletso ea Bona
3. Ke hobane’ng ha balebeli ba tsamaeang ba ka bitsoa “batsamaisi ba khabane”?
3 Ha banyalani ba bang ba Bakreste ba ngolla molebeli ea tsamaeang le mosali oa hae, ba ile ba re: “Re rata ho bontša kananelo ea rōna bakeng sa nako eohle le lerato lohle tseo le re bontšitseng tsona. Re le lelapa, re ruile molemo o moholo khothatsong eohle ea lōna le keletsong. Rea tseba hore re lokela ho tsoela pele ho hōla moeeng, empa ka thuso ea Jehova le ka ho ba le bara le barali babo rōna ba kang lōna, likhatello lia bebofala.” Lipolelo tse kang tsena li etsoa khafetsa hobane balebeli ba tsamaeang ba thahasella balumeli-’moho le bona ka ho khethehileng, hantle feela joalokaha motsamaisi ea molemo a hlokomela litlhoko tsa lelapa hantle. Ba bang ke libui tse hloahloa. Ba bangata baa ipabola mosebetsing oa ho bolela, ha ba bang ba tsebahala ka mofuthu oa bona le qenehelo. Ka ho hlaolela le ho sebelisa limpho tse joalo ha ba sebeletsa ba bang, balebeli ba tsamaeang ke ka nepo ba ka bitsoang “batsamaisi ba khabane.”
4. Joale ke potso efe e tla tšohloa?
4 Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Se batloang ho batsamaisi ke hore motho a fumanoe a tšepahala.” (1 Bakorinthe 4:2) Ho sebeletsa Bakreste-’moho le eena liphuthehong tse sa tšoaneng beke ka mor’a beke ke tokelo e ikhethang le e thabisang. Leha ho le joalo, e boetse ke boikarabelo bo boima. Joale, he, balebeli ba tsamaeang ba ka phetha botsamaisi ba bona ka botšepehi le ka katleho joang?
Ba Phethang Botsamaisi ba Bona ka Katleho
5, 6. Ke hobane’ng ha ho tšepa Jehova ka tieo ho le bohlokoa hakaale bophelong ba balebeli ba tsamaeang?
5 Ho itšetleha ka Jehova ka tieo hoa hlokahala haeba balebeli ba tsamaeang e tla ba batsamaisi ba atlehang. Ka lebaka la kemiso ea bona le boikarabelo bo bongata, ka linako tse ling ba ka ikutloa ba imetsoe. (Bapisa le 2 Bakorinthe 5:4.) Ka hona ho hlokahala hore ba sebetse tumellanong le pina ea mopesaleme Davida: “Jarisa Jehova phahlo tsa hao, ’me o tla u tšehetsa; a ke ke a lumela hore ea lokileng a ’ne a sisinngoe.” (Pesaleme ea 55:22) Se tšelisang hape ke mantsoe a Davida: “Morena a ke a rorisoe ka matsatsi ’ohle; o jara boima ba rōna ka matsatsi ’ohle!”—Pesaleme ea 68:19.
6 Pauluse o ne a nka matla a ho hlokomela boikarabelo ba hae ba moea hokae? O ile a ngola: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” (Bafilippi 4:13) E, Jehova Molimo e ne e le Mohloli oa matla a Pauluse. Ka ho tšoanang, Petrose o ile a eletsa: “Haeba leha e le mang a bua, a a bue joalokaha eka ke liphatlalatso tse halalelang tsa Molimo; haeba leha e le mang a sebeletsa, a a sebeletse joaloka ea itšetlehileng ka matla ao Molimo a fanang ka ’ona; e le hore linthong tsohle Molimo a ka tlotlisoa ka Jesu Kreste.” (1 Petrose 4:11) Mor’abo rōna e mong eo e neng e le molebeli ea tsamaeang ka lilemo tse ngata o ile a hatisa tlhokahalo ea ho tšepa Molimo, ha a re: “Kamehla itšetlehe ka Jehova ha u sebetsana le mathata, ’me u batle thuso ea mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.”
7. Ke hobane’ng ha ho leka-lekana ho phetha karolo e itseng mosebetsing oa molebeli ea tsamaeang?
7 Ho hlokahala hore molebeli ea tsamaeang ea atlehang e be ea leka-lekaneng. Joaloka Bakreste ba bang, o leka ka matla ho “nepisisa lintho tsa bohlokoa haholoanyane.” (Bafilippi 1:10)a Ha baholo ba sebaka seo ba e-na le lipotso tabeng e itseng, ho bohlale hore ba kōpe keletso ho molebeli oa potoloho ea etileng. (Liproverbia 11:14; 15:22) Ho ka etsahala hore kahlolo ea hae e leka-lekaneng e thehiloeng ho seo a se hlokometseng le keletso ea hae ea Mangolo li ipake e le tse thusang haholo ha baholo ba tsoela pele ho sebetsa taba ena ka mor’a hore a tlohe phuthehong eo. Ka tsela e batlileng e lumellana le eo, Pauluse o ile a bolella Timothea: “Lintho tseo u ileng ua li utloa ho ’na ka tšehetso ea lipaki tse ngata, lintho tsena u li behe ho banna ba tšepahalang, bao, le bona, e tla ba ba tšoanelehang ka ho lekaneng ho ruta ba bang.”—2 Timothea 2:2.
8. Ke hobane’ng ha thuto ea Bibele, phuputso le ho thuisa li hlokahala?
8 Ho ithuta Mangolo, ho batlisisa le ho thuisa lia hlokahala bakeng sa ho fana ka keletso e utloahalang. (Liproverbia 15:28) Molebeli e mong oa setereke o ile a re: “Ha re e-na le seboka le baholo, ha rea lokela ho tšaba ho lumela hore ha re tsebe karabo ea potso e itseng.” Ho etsa boiteko ba ho fumana “kelello ea Kreste” tabeng e itseng ho etsa hore ho be bonolo ho fana ka keletso e thehiloeng Bibeleng e tla thusa ba bang ho sebetsa tumellanong le thato ea Molimo. (1 Bakorinthe 2:16) Ka linako tse ling ho hlokahala hore molebeli ea tsamaeang a ngolle Mokhatlo oa Watch Tower bakeng sa tataiso. Leha ho le joalo, tumelo ho Jehova le lerato bakeng sa ’nete ke tsa bohlokoa haholoanyane ho feta ponahalo kapa bokheleke puong. Ho e-na le ho tla ka “ho fetella ha puo kapa ha bohlale,” Pauluse o ile a qala tšebeletso ea hae Korinthe “ka bofokoli le ka tšabo le ka thothomelo e khōlō.” Na see se ile sa etsa hore a se atlehe? Ho e-na le hoo, se ile sa thusa Bakorinthe ho ba le tumelo, “eseng bohlaleng ba batho, empa matleng a Molimo.”—1 Bakorinthe 2:1-5.
Litšoaneleho Tse Ling Tsa Bohlokoahali
9. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore baholo ba tsamaeang ba ipehe boemong ba motho e mong?
9 Ho ipeha boemong ba motho e mong ho thusa balebeli ba tsamaeang ho finyella liphello tse molemo. Petrose o ile a phehella Bakreste bohle ho “bontša ho utloelana bohloko” kapa ho ba le “qenehelo.” (1 Petrose 3:8, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Molebeli e mong oa potoloho o na le boikutlo ba hore ho hlokahala hore a ‘thahaselle e mong le e mong ka phuthehong le ho mamela e le kannete.’ Ka moea o tšoanang, Pauluse o ile a ngola: “Thabang le batho ba thabang; llang le batho ba llang.” (Baroma 12:15) Boikutlo bo joalo bo susumelletsa balebeli ba tsamaeang ho etsa boiteko bo matla ba ho utloisisa mathata le maemo a balumeli-’moho le bona. Joale ba ka fana ka keletso ea Mangolo e hahang e ka finyellang molemo oa sebele haeba e sebelisoa. Molebeli oa potoloho ea ipabolang tabeng ea ho ipeha boemong ba motho e mong o ile a amohela lengolo lena le tsoang phuthehong e pel’a Turin, Italy: “Haeba u batla ho thahaselloa, thahasella ba bang; haeba u batla ho khahlisoa, khahlisa ba bang; haeba u batla ho ratoa, bontša lerato; haeba u batla ho thusoa, itokisetse ho thusa. Sena ke seo re ithutileng sona ho uena!”
10. Balebeli ba potoloho le ba setereke ba itse’ng ka ho ikokobetsa, ’me Jesu o ile a beha mohlala ofe tabeng ee?
10 Ho ikokobetsa le ho atameleha ho thusa balebeli ba tsamaeang ho etsa se molemo haholo. Molebeli e mong oa potoloho o ile a hlokomela: “Ho lula u e-na le boikutlo ba boikokobetso ke habohlokoa ka ho fetisisa.” O ne a ee a hlokomelise balebeli ba tsamaeang ba bacha: “Le se ke la itumella ho susumetsoa ka ho sa hlokahaleng ke barab’abo rōna ba ruileng haholoanyane ka lebaka la seo ba ka ’nang ba le etsetsa sona, leha e le hona ho lekanyetsa botsoalle ba lōna ho ba joalo feela, empa le leke ka matla hore kamehla le sebetsane le ba bang ka ho hloka leeme.” (2 Likronike 19:6, 7) ’Me molebeli ea tsamaeang eo ka sebele a ikokobetsang a ke ke a ba le pono e feteletseng ka bohlokoa ba hae e le moemeli oa Mokhatlo. Molebeli oa setereke ka ho loketseng o ile a hlalosa: “Ikokobetse ’me u ikemisetse ho mamela barab’abo rōna. Atameleha kamehla.” Joaloka motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela, Jesu Kreste a ka be a ile a etsa hore batho ba ikutloe ba sa phutholoha, empa o ile a ikokobetsa a ba a atameleha hoo le bana ba neng ba ikutloa ba phutholohile moo a leng teng. (Matheu 18:5; Mareka 10:13-16) Balebeli ba tsamaeang ba batla hore bana, bacha, ba hōlileng—ka sebele mang kapa mang le e mong le e mong ka phuthehong—ba ikutloe ba lokolohile ho ba atamela.
11. Ha ho hlokahala, ho kōpa tšoarelo ho ka ba le phello efe?
11 Ho hlakile hore “kaofela re khoptjoa hangata,” ’me ha ho molebeli ea tsamaeang ea sa etseng liphoso. (Jakobo 3:2) Ha ba etsa liphoso, ho kōpa tšoarelo ka tieo ho behela baholo ba bang mohlala oa boikokobetso. Ho ea ka Liproverbia 22:4, “moputso oa boikokobetso le oa ho tšaba Jehova [ka tsela e nang le tlhompho] ke leruo, le khanya, le bophelo.” ’Me na ha ho hlokahale hore bahlanka bohle ba Molimo ba ‘tsamaee ka boikokobetso le Molimo oa bona’? (Mikea 6:8) Molebeli e mong ea tsamaeang ha a botsoa hore na a ka fa moholo ea tsamaeang e mocha keletso efe, o ile a hlalosa: “Hlompha barab’eno bohle ka ho teba, ’me u nke hore ba molemo ho u feta. U tla ithuta ho hongata ho barab’eno. Lula u ikokobelitse. E-ba seo u leng sona. U se ke ua ikhohomosa.”—Bafilippi 2:3.
12. Ke hobane’ng ha ho chesehela tšebeletso ea Bokreste e le habohlokoa hakaale?
12 Cheseho bakeng sa tšebeletso ea Bokreste e fa lipolelo tsa molebeli ea tsamaeang matla. Ha e le hantle, ha eena le mosali oa hae ba beha mohlala o bontšang ho chesehela mosebetsi oa boevangeli, baholo, basali ba bona le phutheho eohle ba khothalletsoa ho bontša cheseho tšebeletsong ea bona. Molebeli e mong oa potoloho o ile a phehella: “Chesehelang tšebeletso.” O ile a eketsa: “Ke fumane hore, ka kakaretso, ha phutheho e chesehela tšebeletso haholoanyane, e ba le mathata a seng makae.” Molebeli e mong oa potoloho o ile a re: “Ke lumela hore haeba baholo ba sebetsa le bara le barali babo rōna tšimong ’me ba ba thusa ho thabela tšebeletso, sena se tla fella ka khotso ea kelello le khotsofalo e khōlōhali tšebeletsong ea Jehova.” Moapostola Pauluse ‘o ile a iteta sebete ho bolella Bathesalonika litaba tse molemo tsa Molimo ka ntoa e khōlō.’ Ha ho makatse hore ebe ba ne ba e-na le mehopolo e ratehang mabapi le ketelo ea hae le mosebetsi oa ho bolela ’me ba hlolohetsoe ho mo bona hape!—1 Bathesalonika 2:1, 2; 3:6.
13. Molebeli ea tsamaeang o nahanela eng ha a sebetsa le Bakreste-’moho le eena tšebeletsong ea tšimo?
13 Molebeli ea tsamaeang ha a sebetsa le Bakreste-’moho le eena tšebeletsong ea tšimo, o nahanela maemo a bona le likhaello. Le hoja litlhahiso tsa hae li ka ’na tsa thusa, oa tseba hore ba bang ba ka ’na ba se ke ba phutholoha ha ba etsa mosebetsi oa ho bolela le moholo ea nang le phihlelo. Ka lebaka leo, maemong a itseng, khothatso e ka ’na ea e-ba molemo haholoanyane ho feta keletso. Ha a tsamaea le bahoeletsi kapa bo-pula-maliboho ho ea thutong ea Bibele, ba ka ’na ba khetha hore a e khanne. Ho ka etsahala hore sena se ba tloaetse litsela tse itseng tsa ho ntlafatsa mekhoa ea bona ea ho ruta.
14. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore balebeli ba tsamaeang ba chesehang ba tsosa cheseho ka ho ba bang?
14 Balebeli ba tsamaeang ba tsosa cheseho ka ho ba bang. Molebeli e mong oa potoloho Uganda o ile a tsamaea morung o teteaneng ka nako e etsang hora e le hore a tsamaee le mor’abo rōna e mong ho ea thutong ea Bibele e neng e sa tsoele pele. Ha ba ntse ba tsamaea pula e ile ea na haholo hoo ba ileng ba fihla ba re tee! Ha lelapa lena la batho ba tšeletseng le hlokomela hore moeti oa bona ke molebeli ea tsamaeang, le ile la khahleha haholo. Ba ne ba tseba hore basebeletsi ba kereke ea bona le ka mohla ba ne ba ke ke ba bontša thahasello e joalo mohlapeng. Sontaha se latelang, ba ile ba e-ba teng libokeng ka lekhetlo la pele ’me ba bontša takatso ea ho ba Lipaki tsa Jehova.
15. Molebeli oa potoloho ea chesehang oa Mexico o ile a thabela phihlelo efe e molemo?
15 Seterekeng sa Oaxaca, Mexico, molebeli e mong oa potoloho o ile a etsa boiteko boo ha e le hantle a neng a sa lebelloa ho bo etsa. O ile a lokisetsa ho lula seleng ea teronko ka masiu a mane e le hore a ka etela sehlopha sa batšoaruoa ba supileng ba neng ba ile ba fetoha bahoeletsi ba ’Muso. Ka matsatsi a ’maloa o ile a tsamaea le batšoaruoa bana ha ba ntse ba paka ho tloha seleng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe le ha ba khanna lithuto tsa Bibele. Ka lebaka la thahasello e ileng ea bontšoa, tse ling tsa lithuto tsena li ne li tsoela pele ho fihlela bosiu haholo. Molebeli enoa oa potoloho ea chesehang oa ngola: “Qetellong ea ketelo ena, ’na le batšoaruoa bana re ile ra ikutloa re tletse thabo ka lebaka la ho khothatsana.”
16. Ke hobane’ng ha ho le molemo hakaale ha balebeli ba tsamaeang le basali ba bona ba fana ka khothatso?
16 Balebeli ba tsamaeang ba leka ho ba ba khothatsang. Ha Pauluse a ne a etela liphutheho tsa Macedonia, o ‘ile a li khothatsa ka mantsoe a mangata.’ (Liketso 20:1, 2) Mantsoe a khothatso a ka thusa haholo bakeng sa ho tataisetsa ba bacha le ba hōlileng lipakaneng tsa moea. Ofising e ’ngoe e khōlō ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower, phuputso e sa reroang e ile ea senola hore balebeli ba potoloho ba ne ba khothalelitse hoo e ka bang karolo ea 20 lekholong ea baithaopi ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Ka mohlala oa hae o motle e le mohoeletsi oa ’Muso oa nako e tletseng, mosali oa molebeli ea tsamaeang le eena o ipaka ho ba mohloli o moholo oa khothatso.
17. Molebeli e mong oa potoloho ea hōlileng o ikutloa joang ka tokelo ea ho thusa ba bang?
17 Ba hōlileng le meea e tepeletseng maikutlo ka ho khetheha ba hloka khothatso. Molebeli e mong oa potoloho ea hōlileng oa ngola: “Tšobotsi ea mosebetsi oa ka, e etsang hore ke thabe ka ho teba ho ke keng ha hlalosoa, ke tokelo ea ho thusa ba seng ba sa kopanele tšebeletsong ea tšimo le ba fokolang ’meleng mohlapeng oa Molimo. Mantsoe a Baroma 1:11, 12 a na le moelelo o khethehileng ho ’na, kaha ke fumana khothatso e hlollang le matla ha ke ntse ke ‘fana ka mpho e ’ngoe ea moea e le hore ba tiisoe.’”
Meputso ea Mosebetsi oa Bona o Thabisang
18. Balebeli ba tsamaeang ba na le lipakane life tsa Mangolo?
18 Balebeli ba tsamaeang, ka tieo ba thahasella ho thusa balumeli-’moho le bona. Ba batla ho matlafatsa liphutheho le ho li haha moeeng. (Liketso 15:41) Molebeli e mong ea tsamaeang o sebetsa ka thata “ho fana ka khothatso, ho fana ka khatholoho le ho hōlisa takatso ea ho phethahatsa tšebeletso le ho tsoela pele ho phela tumellanong le ’nete.” (3 Johanne 3) E mong o batla ho etsa hore balumeli-’moho le eena ba tsitse tumelong. (Bakolose 2:6, 7) Hopola hore molebeli ea tsamaeang ke ‘molekane oa ’nete jokong,’ e seng monghali oa tumelo ea ba bang. (Bafilippi 4:3; 2 Bakorinthe 1:24) Ketelo ea hae ke nako ea khothatso le mosebetsi o eketsehileng, esita le monyetla oa hore sehlopha sa baholo se hlahlobe tsoelo-pele e entsoeng le ho nahana ka lipakane tsa nako e tlang. Ka lipolelo tsa hae le mohlala, bahoeletsi ba phutheho, bo-pula-maliboho, bahlanka ba sebeletsang le baholo ba ka lebella ho hahuoa le ho tsosolosetsoa ho etsa mosebetsi o ka pele. (Bapisa le 1 Bathesalonika 5:11.) Joale, he, tšehetsa liketelo tsa molebeli oa potoloho ka pelo eohle, ’me u sebelise ka ho feletseng monyetla oa tšebeletso eo molebeli oa setereke a nehelanang ka eona.
19, 20. Balebeli ba tsamaeang le basali ba bona ba putsitsoe joang bakeng sa tšebeletso ea bona e bontšang botšepehi?
19 Balebeli ba tsamaeang le basali ba bona ba putsoa ka ho enneng bakeng sa tšebeletso ea bona e tšepahalang, ’me ba ka kholiseha hore Jehova o tla ba hlohonolofalletsa molemo oo ba o etsang. (Liproverbia 19:17; Baefese 6:8) Georg le Magdalena ke banyalani ba hōlileng ba sebelelitseng mosebetsing oa ho tsamaea ka lilemo tse ngata. Kopanong ea Luxembourg, Magdalena o ile a atameloa ke motho eo a neng a ile a mo pakela lilemong tse ka holimo ho 20 tse fetileng. Thahasello ea mosali enoa oa Mojuda ’neteng e ile ea tsosoa ke lingoliloeng tsa Bibele tseo Magdalena a ileng a mo siela tsona, ’me ka mor’a nako e itseng o ile a kolobetsoa. Georg o ile a atameloa ke morali’abo rōna e mong oa moea, ea neng a hopola ha a ne a etetse lapeng ha hae lilemong tse ka bang 40 tse fetileng. Nehelano ea hae e chesehang ea litaba tse molemo qetellong e ile ea etsa hore eena le monna oa hae ba amohele ’nete. Ho hlakile hore Georg le Magdalena ba ile ba thaba haholo.
20 Tšebeletso ea Pauluse e behang litholoana Efese e ile ea mo tlisetsa thabo ’me ho ka etsahala hore e ile ea mo susumelletsa ho qotsa mantsoe a Jesu: “Ho na le thabo e eketsehileng ho faneng ho feta e teng ho amoheleng.” (Liketso 20:35) Kaha mosebetsi oa ho tsamaea o akarelletsa ho fana ho sa khaotseng, ba kopanelang ho oona ba fumana thabo, haholo-holo ha ba elelloa liphello tse molemo tsa mosebetsi oa bona. Molebeli e mong oa potoloho ea ileng a thusa moholo ea nyahameng o ile a bolelloa sena ka lengolo: “U bile ‘thuso e khōlō e matlafatsang’ bophelong ba ka ba moea—ho feta kamoo u tsebang kateng. . . . Le ka mohla ha u na ho tseba ka ho feletseng hore na u bile thuso e kaakang ho Asafe oa kajeno, eo ‘leoto la hae le batlileng le khopjoa.’”—Bakolose 4:11; Pesaleme ea 73:2.
21. Ke hobane’ng ha u ka bolela hore 1 Bakorinthe 15:58 e amana le mesebetsi ea balebeli ba tsamaeang?
21 Mokreste ea hōlileng ea bileng mosebetsing oa potoloho ka lilemo tse ngata o rata ho nahana ka 1 Bakorinthe 15:58, moo Pauluse a ileng a phehella: “Le be ba tiileng, ba sa sutheng, ka mehla le e-na le ho hongata hoo le ka ho etsang mosebetsing oa Morena, le tseba hore mosebetsi oa lōna hase oa lefeela mabapi le Morena.” Ka sebele balebeli ba tsamaeang ba na le ho hongata hoo ba lokelang ho ho etsa mosebetsing oa Morena. ’Me re ananela hakaakang hore ebe ba sebeletsa ka thabo e khōlō e le batsamaisi ba tšepahalang ba mosa o sa tšoanelang oa Jehova!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Na U ka Thaba ha U E-na le ho Hongata Hoo U ho Etsang?” se ho Molula-Qhooa oa May 15, 1991, leqepheng la 28-31.
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ Ke hobane’ng ha balebeli ba tsamaeang ba ka talingoa e le “batsamaisi ba khabane”?
◻ Molebeli oa potoloho le oa setereke ba thusoa ke lintlha life tse ling ho finyella se molemohali?
◻ Ke hobane’ng ha boikokobetso le cheseho e le tsa bohlokoa hakaale ho ba etsang mosebetsi oa ho tsamaea?
◻ Balebeli ba tsamaeang ba na le lipakane life tse molemo?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Balebeli ba tsamaeang ba batla ho khothatsa balumeli-’moho le bona
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Ba bacha le ba hōlileng ka ho tšoanang ba fumana molemo ka ho ba hammoho le balebeli ba tsamaeang le basali ba bona
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Tšebeletso ea molebeli ea tsamaeang e etsoang ka cheseho e kenya cheseho ka ho ba bang