’Nete ka Jesu
HO BONAHALA ho se na qetello ea likhopolo-taba le menahano ea hore na Jesu e ne e le mang le hore na o ile a finyella eng. Empa ho thoe’ng ka Bibele ka boeona? E re bolella eng ka Jesu Kreste?
Seo Bibele e se Bolelang
Ha u bala Bibele ka hloko, u tla hlokomela linnete tsena tsa bohlokoa:
◻ Jesu ke Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo, letsibolo la pōpo eohle.—Johanne 3:16; Bakolose 1:15.
◻ Lilemong tse likete tse peli tse fetileng, Molimo o ile a fetisetsa bophelo ba Jesu pōpelong ea moroetsana oa Mojuda hore a tsoaloe e le motho.—Matheu 1:18; Johanne 1:14.
◻ Jesu e ne e se feela motho ea molemo. Ka litsela tsohle, e ne e le ponahatso e tšepahalang ea botho bo babatsehang ba Ntate oa hae, Jehova Molimo.—Johanne 14:9, 10; Baheberu 1:3.
◻ Nakong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng, ka lerato Jesu o ile a hlokomela litlhoko tsa ba hateletsoeng. Ka mohlolo o ile a folisa ba kulang ’me a ba a tsosa bafu.—Matheu 11:4-6; Johanne 11:5-45.
◻ Jesu o ile a phatlalatsa ’Muso oa Molimo e le eona feela tšepo bakeng sa moloko oa batho o matšoenyehong, ’me o ile a koetlisetsa barutuoa ba hae hore ba tsoele pele ka mosebetsi ona oa ho bolela.—Matheu 4:17; 10:5-7; 28:19, 20.
◻ Ka la 14 Nisane (hoo e ka bang ka la 1 April), 33 C.E., Jesu o ile a tšoaroa, a qosoa, a ahloloa, ’me a bolaoa ka qoso ea bohata ea hore o hlohlelletsa ho fetohela ba nang le matla a ho laela.—Matheu 26:18-20, 48–27:50.
◻ Lefu la Jesu le sebetsa e le thekollo, e lokollang moloko o lumelang oa batho boemong ba oona ba sebe, ka hona, e bula tsela e isang bophelong bo sa feleng bakeng sa bohle ba bontšang tumelo ho eena.—Baroma 3:23, 24; 1 Johanne 2:2.
◻ Ka la 16 Nisane, Jesu o ile a tsosoa, ’me kapele ka mor’a moo o ile a khutlela leholimong ho ea lefella thekollo ho Ntate oa hae ka bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho.—Mareka 16:1-8; Luka 24:50-53; Liketso 1:6-9.
◻ E le Morena ea khethiloeng oa Jehova, Jesu ea tsositsoeng o na le matla a feletseng a ho phethahatsa morero oa Molimo oa tšimolohong ka batho.—Esaia 9:6, 7; Luka 1:32, 33.
Ka hona, Bibele e hlahisa Jesu e le motho oa sehlooho ho phethahatseng merero ea Molimo. Empa ke joang u ka kholisehang hore enoa ke eena Jesu oa sebele—Jesu oa historing, ea ileng a tsoalloa Bethlehema ’me a tsamaea lefatšeng lee lilemo tse ka bang 2 000 tse fetileng?
Lebaka la ho Kholiseha
Lipelaelo tse ngata li ka khutsisoa habonolo feela ka ho bala Mangolo a Segerike a Bakreste ka maikutlo a seng leeme. Ka ho etsa joalo, u tla fumana hore tlaleho ea Bibele hase pale e sa utloahaleng ea liketsahalo, joalokaha ho le joalo ka litšōmo. Ho e-na le hoo, mabitso, linako tse tobileng le libaka tse nepahetseng li boletsoe. (Ka mohlala, bona Luka 3:1, 2.) Ho feta moo, barutuoa ba Jesu ba hlalosoa ka botšepehi bo ikhethang ka mokhoa o hlokang leeme hoo o fetisetsang kholiseho ho ’mali. Ha ho eo lingoli li mo lokafalitseng—esita le tsona ka botsona—molemong oa ho etsa tlaleho e khabane. E, u tla bona hore Bibele e na le ’nete.—Matheu 14:28-31; 16:21-23; 26:56, 69-75; Mareka 9:33, 34; Bagalata 2:11-14; 2 Petrose 1:16.
Empa ho na le ho eketsehileng. Ka makhetlo, litšibollo tsa ho epolla lintho tsa khale li ile tsa tiisa bonnete ba tlaleho ea Bibele. Ka mohlala, ha u ka etela Musiamo oa Iseraele o Jerusalema, u ka bona lejoe le ngotsoeng Ponse Pilato. Litšibollo tse ling tsa ho epolla lintho tsa khale li tiisa hore Lysaniase le Sergiase Paulase, bao Bibele e buang ka bona, ke batho ba sebele ho e-na le ho ba batho ba tšōmong ba Bakreste ba pele. Liketsahalo tse tlalehiloeng Mangolong a Segerike a Bakreste (Testamente e Ncha) li fumana bopaki bo tiileng litšupisong tse ngata tsa lingoli tsa boholo-holo, ho akarelletsa Juvenal, Tacitus, Seneca, Suetonius, Pliny e Monyenyane, Lucian, Celsus le rahistori oa Mojuda Josephus.a
Litlaleho tse fanoeng Mangolong a Segerike a Bakreste li ile tsa amoheloa kantle ho pelaelo ke ba likete ba neng ba phela lekholong la pele la lilemo. Esita le lira tsa Bokreste ha lia ka tsa latola ’nete ea se tlalehiloeng e le se boletsoeng le ho etsoa ke Jesu. Ha e le tabeng ea monyetla oa hore botho ba Jesu bo ile ba khabisoa ke barutuoa ba hae ka mor’a lefu la hae, Moprofesa F. F. Bruce oa hlalosa: “Ho hang ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo hakaalo, joalokaha lingoli tse ling ho bonahala li nahana joalo, ho iqapela mantsoe le liketso tsa Jesu lilemong tseo tsa pele, ha barutuoa ba Hae ba bangata ba ne ba ntse ba phela ’me ba ka hopola se neng se etsahetse le se neng se sa etsahala. . . . Barutuoa ba ne ba ke ke ba ipeha kotsing ea ho ngola se fosahetseng (re se re sa re letho ka ho sotha ’nete ka boomo), e leng ho neng ho ka pepesoa hang-hang ke ba neng ba ka thabela hoo haholo.”
Lebaka Leo ka Lona li sa Lumeleng
Leha ho le joalo, litsebi tse ling li ntse li tletse lipelaelo. Le hoja li nahana hore tlaleho ea Bibele e tletse ka litšōmo, ka thahasello li phenyekolla libuka tsa mangolo a neano tseo e seng karolo ea Bibele ’me li amohela tsena e le tse ka tšeptjoang! Hobane’ng? Ka ho hlakileng, tlaleho ea Bibele e fupere lintho tseo bahlalefi ba bangata ba mehleng ena ba sa batleng ho li lumela.
Bukeng ea hae ea Union Bible Companion, e hatisitsoeng ka 1871, S. Austin Allibone o ile a hlahisa phephetso ho babelaeli bana. O ngotse: “Botsa leha e le ofe ea ipolelang a belaella ’nete ea histori ea Kosepele hore na o na le lebaka lefe la ho lumela hore Sesare o ile a shoela Capitol, kapa hore Moemphera Charlemagne o ile a roesoa moqhaka oa Boemphera ba ka Bophirimela ke Mopapa Leo III, ka 800? . . . Re lumela lipolelo tsohle . . . tse boletsoeng mabapi le banna bana; kaha re na le bopaki ba histori ba hore ke ’nete. . . . Haeba ho e-na le ba ntseng ba sa lumele leha ho hlahisitsoe bopaki bona, re ba tlohella e le ba manganga ka ho hloka kelello kapa e le ba hlokang tsebo ka tsela e nyahamisang. Ka hona, re tla re’ng ka bao, ho sa tsotellehe bopaki bo bongata bo hlahisitsoeng hona joale ba botšepehi ba Mangolo a Halalelang, ba ipolelang ba sa kholiseha? . . . Ha ba rate ho lumela ntho e kokobetsang boikhohomoso ba bona, le e tla ba qobella ho phela bophelo bo fapaneng.”
E, babelaeli ba bang ba na le mabaka a hlahlathelang a ho qhelela thōko Mangolo a Segerike a Bakreste. Bothata boo ba nang le bona ha bo ho tšepahaleng ha ’ona, empa bo litekanyetsong tsa ’ona. Ka mohlala, Jesu o ile a re ka balateli ba hae: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:14) Leha ho le joalo, ba bangata ba ipolelang e le Bakreste ba ikakhetse ka setotsoana litabeng tsa lipolotiki tsa lefatše lena, esita le ho ameha lintoeng tse tšollang mali. Ho e-na le hore ba lumellane le litekanyetso tsa Bibele, batho ba bangata ba ka rata hore Bibele e lumellane le litekanyetso tsa bona.
Hape, nahana ka taba ea boitšoaro. Jesu o ile a fana ka keletso e matla phuthehong ea Thyatira ka lebaka la ho mamella ha eona bohlola. O ile a ba bolella: “Ke ’na ea phenyang liphio le lipelo, ’me ka sebele ke tla le fa ka bomong ho ea ka liketso tsa lōna.”b (Tšenolo 2:18-23) Empa, na hase ’nete hore ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ba qhelela thōko litekanyetso tsa boitšoaro? Ba ka mpa ba furalla se boletsoeng ke Jesu ho e-na le ho furalla tsela ea bona ea boitšoaro bo bobe.
Li sa rate ho amohela Jesu ea ka Bibeleng, litsebi li iqapetse Jesu oa tsona. E ba tse molato bakeng sa ho etsa tšōmo eo ho eona ka bohata li qosang lingoli tsa Kosepele. Li tšoarella likarolong tsa bophelo ba Jesu tseo li ratang ho li amohela, li furalle tse ling tsohle ’me li eketse boitsebiso bo seng bokae boo e leng ba tsona. Bonneteng, moleleri eo oa tsona ea masene kapa mofetoheli oa sechaba hase Jesu oa historing eo li ipolelang li mo batla; ho e-na le hoo, e mpa feela e le menahano e iqapetsoeng ea boikhohomoso ea litsebi.
Ho Fumana Jesu oa Sebele
Jesu o ne a ikemiselitse ho tsosa lipelo tsa bao ka sebele ba lapetseng ’nete le ho loka. (Matheu 5:3, 6; 13:10-15) Ba joalo ba arabela memong ea Jesu: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ka sebele ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela lisoule tsa lōna khatholoho. Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.”—Matheu 11:28-30.
Jesu oa sebele ha aa lokela ho fumanoa libukeng tse ngotsoeng ke litsebi tsa kajeno; leha e le hore o lokela ho fumanoa likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana, e leng tse fetohileng litsi tsa ho ruta lineano tsa batho. U ka fumana Jesu oa historing ka Bibeleng ea hao. Na u ka rata ho tseba ho eketsehileng ka eena? Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa ho etsa joalo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona buka ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, khaolo ea 5, leqepheng la 55-70, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Ka Bibeleng, ka linako tse ling liphio li tšoantšetsa mehopolo le boikutlo tse tebileng tsa motho.
[Lebokose le leqepheng la 6]
MAKHOLO A LILEMO A TLHAHLOBISISO
Ho hlahlobisisa Mangolo a Segerike a Bakreste ho qalile lilemong tse fetang 200 tse fetileng, ha rafilosofi oa Mojeremane, Hermann Samuel Reimarus (1694-1768) a bolela: “Rea nepa ka ho etsa phapang e feletseng pakeng tsa se rutoang ke Baapostola mangolong a bona le seo Jesu ka Boeena a se boletseng le ho se ruta nakong ea bophelo ba Hae.” Haesale ho tloha ka Reimarus, litsebi tse ngata li rutiloe hore li be le maikutlo a tšoanang.
Buka ea The Real Jesus e bontša hore bahlahlobisisi ba bangata ba khale ba ne ba sa inke e le bakoenehi. Ho e-na le hoo, “ba ne ba ipona e le Bakreste ba ’nete haholoanyane ka hore e be ba ne ba lokolohile mahlaahleleng a thuto ea kereke le tumela-khoeleng.” Ba ne ba utloisisa hore tlhahlobisiso e phahameng ea Bibele e ne e le “mofuta o hloekileng oa Bokreste.”
’Nete e soabisang ke ea hore Bokreste-’mōtoana bo fetohile setsi sa thuto ea lineano tsa batho. Thuto ea ho se shoe ha moea, Boraro-bo-bong le mollo oa lihele e mpa feela e le tse ling tsa lithuto tse fapaneng le Bibele. Empa lingoli tsa Mangolo a Segerike a Bakreste li ne li sa ikarabelle bakeng sa ho se tšepahalle ’nete hona. Ho e-na le hoo, li ile tsa loantša mehlala ea pele ea lithuto tsa bohata bohareng ba lekholo la pele la lilemo, nakong eo Pauluse a ileng a ngola hore bokoenehi har’a ba ipolelang e le Bakreste bo ne bo ‘se bo ntse bo sebetsa.’ (2 Bathesalonika 2:3, 7) Re ka kholiseha hore se fuperoeng ka Mangolong a Segerike a Bakreste ke tlaleho ea ’nete ea histori le ea thuto ea bolumeli.
[Lebokose le leqepheng la 7]
LIKOSEPELE LI NGOTSOE NENG?
Bahlahlobisisi ba bangata ba Testamente e Ncha ba tsitlella hore Likosepele li ile tsa ngoloa nako e telele ka mor’a liketsahalo tseo li li hlalosang ’me ka hona li batla li sa nepahala hantle.
Leha ho le joalo, bopaki bo hlahisa nako e pele bakeng sa ho ngola ha Matheu, Mareka le Luka. Matšoao a ngotsoeng tlas’a litlhaku tse itseng a likoping tse ling tsa buka e ngotsoeng ka letsoho ea Matheu a bontša hore e ngotsoe e sa le qalong ka bo-41 C.E. Ho ka etsahala hore ebe Luka e ngotsoe lipakeng tsa 56 le 58 C.E., kaha buka ea Liketso (eo e ka ’nang eaba e phethiloe ka 61 C.E.) e bontša hore mongoli, Luka, o ne a se a hlophisitse “tlaleho [ea hae] ea pele,” ea Kosepele. (Liketso 1:1) Kosepele ea Mareka ho nkoa hore e hlophisitsoe Roma ebang ke nakong ea ho kenngoa chankaneng ha moapostola Pauluse ka lekhetlo la pele kapa la bobeli—hoo e ka bang lipakeng tsa 60 le 65 C.E.
Moprofesa Craig L. Blomberg o lumellana le linako tseo tsa pele tsa Likosepele. O hlokomela hore esita leha re phaella ka Kosepele ea Johanne, e ileng ea hlophisoa qetellong ea lekholo la pele la lilemo, “re ntse re atametse haufi haholo le liketsahalo tsa sebele ha ho bapisoa le litlaleho tse ngata tsa khale tse buang ka bophelo ba batho. Ka mohlala, lingoli tse peli tsa pele-pele tsa bophelo ba Alexandere e Moholo, Arrian le Plutarch, li ile tsa ngola lilemong tse fetang makholo a mane ka mor’a lefu la Alexandere ka 323 B.C., leha ho le joalo, ka kakaretso bo-rahistori ba li nka li tšepahala. Litšōmo tse makatsang tsa bophelo ba Alexandere li ile tsa hlaha ha nako e ntse e feta, empa boholo ba tsona bo ile ba hlaha makholong a seng makae a lilemo ka mor’a lingoli tsena tse peli.” Likarolo tsa histori tsa Mangolo a Segerike a Bakreste ka sebele li tšoaneloa ke hore bonyane li amohelehe joalokaha lihistori feela tsa lefatše li amoheleha.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Thabo e tla rena ka ho feletseng ho bohle Paradeiseng e tlang ea lefatše