Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 1/1 maq. 6-11
  • Tsohle a li ke li Tlotlise Jehova!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsohle a li ke li Tlotlise Jehova!
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Jehova oa Makhotla” oa Bua
  • Tempele ea Moea e Khanyang
  • Buka ea Bibele ea 37—Haggai
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • “Ke na le Lōna”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Matsoho a Lōna a ke a be Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Hagai le ea Zakaria
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 1/1 maq. 6-11

Tsohle a li ke li Tlotlise Jehova!

“Sebakeng sa leseli ba lokela ho tlotlisa Jehova.”—ESAIA 24:15, NW.

1. Lebitso la Jehova le ne le talingoa joang ke baprofeta ba hae, e leng ho fapaneng le boikutlo bofe Bokreste-’mōtoaneng kajeno?

JEHOVA—lebitso la Molimo le khanyang ka ho fetisisa! Baprofeta ba boholo-holo ba tšepahalang ba ile ba thaba hakaakang ha ba bua ka lebitso leo! Ka thabo e khaphatsehang ba ile ba tlotlisa ’Musi Morena oa bona, Jehova, eo lebitso la hae le mo khethollang e le Moreri e Moholo. (Esaia 40:5; Jeremia 10:6, 10; Ezekiele 36:23) Esita le bao ho thoeng ke baprofeta ba tlaasana ba ne ba bua ka bolokolohi ha ba tlotlisa Jehova. E mong oa bona e ne e le Haggai. Bukeng ea Haggai, e nang le litemana tse 38 feela, lebitso la Molimo le sebelisitsoe ka makhetlo a 35. Boprofeta bo joalo bo utloahala bo sa thahasellise ha lebitso la bohlokoa la Jehova le nketsoe sebaka ke tlotla “Morena,” joalokaha baapostola ba lokileng ho feta tekano ba Bokreste-’mōtoana ba le fetolela liphetolelong tsa bona tsa Bibele.—Bapisa le 2 Bakorinthe 11:5.

2, 3. (a) Boprofeta bo bong bo hlollang mabapi le ho tsosolosoa ha Iseraele bo ile ba phethahala joang? (b) Masala a Bajuda le metsoalle ea ’ona ba ile ba kopanela thabong efe?

2 Ho Esaia 12:2, ho sebelisitsoe libōpeho tse peli tsa lebitso lena.a Moprofeta enoa o re: “Bonang, Molimo ke poloko ea ka, ke na le tšepo, nke ke ka tšaba letho; hobane [Jah, NW] Jehova ke matla a ka le [bonatla ba, NW] ka; o ikentse ’Moloki oa ka.” (Bona le Esaia 26:4, NW.) Kahoo, lilemong tse ka bang 200 pele Iseraele e lokolloa botlamuoeng ba Babylona, Jah Jehova ka moprofeta oa hae Esaia o ne a fana ka tiiso ea hore ke ’Moloki oa bona ea matla. Botlamuoa boo bo ne bo lokela ho tšoarella ho tloha ka 607 ho ea ho 537 B.C.E. Esaia o ile a boela a ngola: ‘Ke ’na Jehova ke entseng lintho tsohle, ke bolelang Cyruse ka ho re: Ke molisa oa ka, o tla etsa se ratoang ke ’na, o tla re ho Jerusalema: U tla tsosoa, le ho tempele: U tla theoa.’ Cyruse eo e ne e le mang? Ka ho hlollang, o ile a ipaka ho ba Morena Cyruse oa Persia, ea ileng a hapa Babylona ka 539 B.C.E.—Esaia 44:24, 28.

3 Phethahatsong ea mantsoe a Jehova a tlalehiloeng ke Esaia, Cyruse o ile a ntša taelo e eang ho Baiseraele ba botlamuoeng: “Har’a lōna mang le mang eo e leng motho oa sechaba sa hae, Molimo oa hae o ke o be le eena, ’me a nyolohele Jerusalema naheng ea Juda, ’me a hahe ntlo ea Jehova, Molimo oa Iseraele; ke oona Molimo o leng Jerusalema.” Masala a Bajuda a thabileng haholo hammoho le Banethinime bao e seng Baiseraele le bara ba bahlanka ba Solomone ba ile ba khutlela Jerusalema. Ba ile ba fihla ka nako ho keteka Mokete oa Metlotloane ka 537 B.C.E. le ho etsetsa Jehova mahlabelo aletareng ea hae. Selemong se latelang, khoeling ea bobeli, ba ile ba rala motheo oa tempele ea bobeli, har’a litlatse tse khōlō tsa thabo le thoriso ho Jehova.—Esdrase 1:1-4; 2:1, 2, 43, 55; 3:1-6, 8, 10-13.

4. Esaia khaolo ea 35 le ea 55 e ile ea e-ba ntho ea sebele joang?

4 Boprofeta ba Jehova ba tsosoloso bo ne bo lokela ho phethahatsoa ka mokhoa o khanyang Iseraeleng: “Naha e tšehla e tla thaba, le lona lefatše le omeletseng; mahalaopa a tla nyakalla, a mele lipalesa joalo ka leshoma. . . . Batho ba tla bona khanya ea Jehova le boholo ba Molimo oa rōna.” “Le tla tloha ka thabo, le tsamaisoe ka khotso; lithaba le maralla li tla ntša mehoo ea nyakallo pel’a lōna . . . ’Me hoo ho tla tumisa lebitso la Jehova, e be khopotso e sa feleng, e ke keng ea felisoa.”—Esaia 35:1, 2; 55:12, 13.

5. Ke hobane’ng ha thabo ea Baiseraele e ile ea e-ba ea nakoana?

5 Leha ho le joalo, thabo eo e ne e le ea nakoana. Lichaba tsa boahisani li ne li batla ho etsa selekane sa tumelo e kopanetsoeng bakeng sa ho haha tempele. Qalong Bajuda ba ile ba ema ba tiile, ba re: ‘Ha le na ho hahela Molimo oa rōna ntlo hammoho le rōna; re tla mpe re hahele Jehova, Molimo oa Iseraele, re ’notši, kamoo re laetsoeng ke morena Cyruse, morena oa Persia kateng.’ Joale baahisani e ile ea e-ba bahanyetsi ba tletseng lehloeo. Ba tsoela pele ho “tepeletsa matsoho a sechaba sa Juda, le ho ba tšabisa ho haha.” Hape ba ile ba hlalosa boemo bona ka tsela e thetsang ho mohlahlami oa Cyruse, Artaxerxese, ea ileng a thibela ho hahuoa ha tempele. (Esdrase 4:1-24) Ka lilemo tse 17 mosebetsi ona o ile oa khaotsa. Ka masoabi, Bajuda ba ile ba kenella mokhoeng oa bophelo oa ho rata lintho tse bonahalang ka nako eo.

“Jehova oa Makhotla” oa Bua

6. (a) Jehova o ile a arabela joang boemong bo neng bo le Iseraele? (b) Ke hobane’ng ha seo ho bonahalang e le moelelo oa lebitso la Haggai se loketse?

6 Leha ho le joalo, Jehova o ile a bontša ‘matla a hae le bonatla ba hae’ molemong oa Baiseraele ka ho romela baprofeta, ka ho khethehileng Haggai le Zakaria, ho tsosetsa Bajuda boikarabelong ba bona. Lebitso la Haggai le amana le mekete, hobane ho bonahala hore le bolela “Ea Hlahileng ka Mokete.” Ka ho loketseng, o ile a qala ho profeta ka letsatsi la pele la khoeli ea Mokete oa Metlotloane, ka nako eo ka eona ho neng ho hlokahala hore Bajuda ba ‘thabe e le ka ’nete.’ (Deuteronoma 16:15) Ka Haggai, Jehova o ile a fetisa melaetsa e mene ka nako e etsang matsatsi a 112.—Haggai 1:1; 2:1, 10, 20.

7. Mantsoe a Haggai a qalang a lokela ho re khothatsa joang?

7 Ha a kenyelletsa boprofeta ba hae, Haggai o itse: “Ho itsoe ke Jehova oa makhotla.” (Haggai 1:2a) Ho ka etsahala hore ebe “makhotla” ao ke afe? Ke mabotho a Jehova a mangeloi, ao ka linako tse ling a bitsoang mabotho a ntoa ka Bibeleng. (Jobo 1:6; 2:1; Pesaleme ea 103:20, 21; Matheu 26:53) Na ha ho re khothatse kajeno hore ebe ’Musi Morena Jehova ka boeena o sebelisa mabotho aa a leholimo a sa hlōloeng ho tsamaisa mosebetsi oa rōna oa ho tsosolosa borapeli ba ’nete lefatšeng?—Bapisa le 2 Marena 6:15-17.

8. Ke pono efe e neng e amme Baiseraele, hona e le ka phello efe?

8 Molaetsa oa Haggai oa pele o ne o fupere eng? Batho ba ne ba ile ba re: “Nako ha e e-so ho tle; hase nako eo ntlo ea Jehova e ka hahuoang ka eona!” Ho hahuoa ha tempele, ho emelang ho tsosolosoa ha borapeli ba Molimo, ho bona e ne e se e se ntho e tlang pele. Ba ne ba retelehetse ho ikaheleng matlo a matle haholo. Pono ea ho rata lintho tse bonahalang e ne e qephisitse cheseho ea bona bakeng sa borapeli ba Jehova. Ka lebaka leo, tlhohonolofatso ea hae e ne e tlositsoe. Masimo a bona a ne a se a sa behe litholoana, ’me ba ne ba hloka liaparo tsa mariha a batang haholo. Moputso oa bona o ne o se o fokola, ’me ho ne ho le joalokaha eka ba ne ba beha chelete mokotleng o tletseng masoba.—Haggai 1:2b-6.

9. Jehova o ile a fana ka temoso efe e matla, e hahang?

9 Jehova o ile a fana ka temoso e matla ka makhetlo a mabeli: “Lekolang litsela tsa lōna pelong tsa lōna.” Ho hlakile hore Zerababele, ’musi oa Jerusalema, le moprista ea phahameng Joshuab ba ile ba arabela ’me ka boikemisetso ba khothalletsa batho bohle ho “utloa lentsoe la Jehova, Molimo oa bona, ka lipolelo tsa moporofeta Haggai, kamoo a neng a romiloe ke Jehova kateng, Molimo oa bona; ’me sechaba sa tšaba Jehova.” Ho feta moo, “Haggai, lenģosa la Jehova, a bua le sechaba ka taelo ea Jehova, a re: Ke na le lōna, ho bolela Jehova.”—Haggai 1:5, 7-14.

10. Jehova o ile a sebelisa matla a hae joang molemong oa Baiseraele?

10 Batho ba bang ba hōlileng Jerusalema e ka ’na eaba ba ile ba nka hore khanya ea tempele e hahiloeng bocha e ne e tla ba “lefeela” ha e bapisoa le ea tempele ea pele. Leha ho le joalo, hoo e ka bang matsatsi a 51 hamorao, Jehova o ile a susumelletsa Haggai ho phatlalatsa molaetsa oa bobeli. O ile a phatlalatsa: ‘Khothala, Zerababele! ho bolela Jehova; khothala, le uena Joshua, moprista e moholo, mor’a Jotsadake! Khothalang, le lōna sechaba sohle sa naha ena, ho bolela Jehova, le be le sebetse; hobane ke na le lōna, ho bolela Jehova oa makhotla. Se tšoheng!’ Jehova, eo ka nako e loketseng a neng a tla sebelisa matla a hae a maholohali ho ‘sisinya leholimo le lefatše,’ o ile a tiisa hore khanyetso eohle, esita le thibelo ea moemphera, ea hlōloa. Ka lilemo tse hlano ho hahuoa ha tempele ho ile ha atleha ka ho hlollang.—Haggai 2:3-6.

11. Molimo o ile a tlatsa tempele ea bobeli ka ‘khanya e fetang ea ea pele’ joang?

11 Joale tšepiso e hlollang e ile ea phethahatsoa: “Tse lakatsehang tsa lichaba tsohle li tla tla mona, ke be ke tlatse ntlo ena ka khanya, ho bolela Jehova oa makhotla.” (Haggai 2:7) “Tse lakatsehang” tseo e bile batho bao e seng Baiseraele ba ileng ba tla rapela tempeleng eo, joalokaha e ne e bonahatsa khanya ea boteng ba hae bo hlomphehang. Tempele ee e hahuoeng bocha e ne e le joang ha e bapisoa le e ileng ea hahuoa mehleng ea Solomone? Moprofeta oa Molimo o ile a phatlalatsa: “Khanya ea morao ea ntlo ena e tla feta ea ea pele, ho bolela Jehova oa makhotla.” (Haggai 2:9) Phethahatsong ea pele ea boprofeta bona, tempele e hahuoeng bocha e ile ea ba teng ka nako e telele ho feta ntlo ea pele. E ne e ntse e eme ha Mesia a hlaha ka 29 C.E. Ho feta moo, pele lira tsa hae tsa bakoenehi li etsa hore a bolaoe ka 33 C.E., Mesia ka boeena o ile a e tlisetsa khanya ha a ne a bolela ’nete a le ka ho eona.

12. Litempele tsa pele tse peli li ne li sebeletsa morero ofe?

12 Tempele ea pele le ea bobeli Jerusalema li ile tsa sebeletsa morero oa bohlokoa mabapi le ho tšoantšetsa litšobotsi tsa bohlokoa tsa tšebeletso ea boprista ea Mesia le ho boloka borapeli ba Jehova bo hloekileng bo le teng lefatšeng ho fihlela ho hlaha ha Mesia ha sebele.—Baheberu 10:1.

Tempele ea Moea e Khanyang

13. (a) Ho ile ha etsahala liketsahalo life mabapi le tempele ea moea ho tloha ka 29 ho ea ho 33 C.E.? (b) Sehlabelo sa thekollo sa Jesu se ile sa phetha karolo efe ea bohlokoa liketsahalong tsee?

13 Na boprofeta ba Haggai ba tsosoloso bo na le moelelo o khethehileng oa mehleng ea kajeno? Ka sebele bo na le oona! Tempele ea Jerusalema e hahiloeng bocha e ile ea fetoha setsi sa borapeli bohle ba ’nete lefatšeng. Empa e ne e tšoantšetsa tempele ea moea e khanyang haholo. Ena e ile ea qala ho sebetsa ka 29 C.E. kolobetsong ea Jesu Nōkeng ea Jordane, ha Jehova a ne a tlotsa Jesu e le Moprista ea Phahameng, moea o halalelang o theohela ho eena joaloka leeba. (Matheu 3:16) Ka mor’a hore Jesu a phethe tšebeletso ea hae ea lefatšeng ka lefu la sehlabelo, o ile a tsosetsoa leholimong, le neng le tšoantšetsoa ke Se Halalelang ka ho Fetisisa sa tempele, ’me moo o ile a hlahisa ho Jehova molemo oa sehlabelo sa hae. Molemo ona oa sehlabelo sa hae o ile oa sebeletsa e le thekollo, e koahelang libe tsa barutuoa ba hae, ’me oa bula tsela ea ho ba tlotsa, letsatsing la Pentekonta ea 33 C.E., e le baprista ba tlaasana tempeleng ea Jehova ea moea. Tšebeletso ea bona e tšepahalang ho isa lefung lebaleng la tempele le lefatšeng e ne e tla lebisa tsohong ea leholimo ea nakong e tlang, bakeng sa tšebeletso ea boprista e tsoelang pele.

14. (a) Ke thabo efe e neng e tsamaea le tšebetso e bontšang cheseho ea phutheho ea pele ea Bokreste? (b) Ke hobane’ng ha thabo ee e ne e le ea nakoana?

14 Bajuda ba likete ba bontšang pako—’me hamorao Balichaba—ba ile ba phallela phuthehong eo ea Bokreste ’me ba kopanela ho boleleng litaba tse molemo tsa puso ea ’Muso oa Molimo e tlang holim’a lefatše. Ka mor’a lilemo tse ka bang 30, moapostola Pauluse o ne a ka bolela hore litaba tse molemo li se li boletsoe “pōpong eohle e tlas’a leholimo.” (Bakolose 1:23) Empa ka mor’a lefu la baapostola, ho ile ha hlaha bokoenehi bo boholo, ’me leseli la ’nete le ile la qala ho panya-panya. Bokreste ba ’nete bo ne bo siriloe ke sehlopha sa bokhelohi sa Bokreste-’mōtoana, se thehiloeng lithutong le lifilosofing tsa bohetene.—Liketso 20:29, 30.

15, 16. (a) Boprofeta bo ile ba phethahala joang ka 1914? (b) Ke ho bokella hofe ho ileng ha tšoaea nako e qetellang ea lekholo la bo19 la lilemo le e qalang ea lekholo la bo20 la lilemo?

15 Makholo a lilemo a ile a feta. Joale ka bo-1870, sehlopha sa Bakreste ba tšepahalang se ile sa qala ho kopanela thutong ea Bibele e tebileng. Ho tsoa Lengolong, se ile sa khona ho qoolla selemo sa 1914 e le se tšoaeang bofelo ba “linako tse behiloeng tsa lichaba.” E bile ka nako eo ha “linako” tse supileng tsa tšoantšetso (lilemo tse 2520 tsa puso ea batho ea bobatana) li ne li fela ka ho behoa teroneng ha Kreste Jesu—Ea nang le “tokelo ea molao” e le Morena oa lefatše oa Bomesia. (Luka 21:24; Daniele 4:25, NW; Ezekiele 21:26, 27, NW) Haholo-holo ho tloha ka 1919 ho ea pele, Liithuti tsena tsa Bibele, tseo kajeno li tsejoang e le Lipaki tsa Jehova, ka mafolo-folo li ’nile tsa kopanela ho haseng lefatšeng lohle litaba tse molemo tsa ’Muso o tlang. E bile ka 1919 ha likete tse seng kae ho tsona li ne li arabela pitsong ea ho nka bohato e ileng ea etsoa kopanong ea Cedar Point, Ohio, U.S.A. Palo ea tsona e ile ea eketseha ho theosa ho fihlela selemong sa 1935 ha ba 56 153 ba ne ba tlaleha tšebeletso ea tšimo. Selemong seo, ba 52 465 ba ile ba e-ja litšoantšetso tsa bohobe le veine Sehopotsong sa selemo le selemo sa lefu la Jesu, ka tsela eo ba tšoantšetsa tšepo ea bona ea ho ba baprista le Kreste Jesu karolong ea leholimo ea tempele e khōlō ea Jehova ea moea. Ba boetse ba lokela ho sebeletsa le eena e le marena hammoho le eena ’Musong oa hae oa Bomesia.—Luka 22:29, 30; Baroma 8:15-17.

16 Leha ho le joalo, Tšenolo 7:4-8 le 14:1-4 e bontša hore palo e feletseng ea Bakreste bana ba tlotsitsoeng e lekanyelitsoe ho ba 144 000, bao bongata ba bona bo ileng ba bokelloa lekholong la pele la lilemo pele bokoenehi bo boholo bo hlaha. Ho tloha qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo le ho kenella ho la bo20, Jehova o ’nile a phetha ho bokelloa ha sehlopha sena se hloekisitsoeng ka metsi a Lentsoe la hae, se boleloang se lokile ka tumelo sehlabelong sa Jesu se koahelang libe, ’me qetellong sa tšoauoa e le Bakreste ba tlotsitsoeng ho etsa palo e feletseng ea 144 000.

17. (a) Ke ho bokella hofe ho tsoetseng pele ho tloha ka bo-1930? (b) Ke hobane’ng ha Johanne 3:30 e hapa thahasello tabeng ee? (Bona le Luka 7:28.)

17 Ke’ng se latelang ha palo eohle ea batlotsuoa e se e khethiloe? Ka 1935, kopanong ea Washington, D.C., U.S.A., e neng e tšoaea phetoho e khōlō, ho ile ha etsoa tsebiso ea hore “bongata bo boholo” ba Tšenolo 7:9-17 e ne e le sehlopha se lokelang ho lemohuoa “ka mor’a” ho bokelloa ha ba 144 000 le seo qetello ea sona e leng bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Ka mor’a hore ka ho hlaka a khetholle Jesu ea tlotsitsoeng, Johanne Mokolobetsi, eo tsoho ea hae e tla ba ea lefatšeng e le e mong oa “linku tse ling,” o ile a re ka Mesia: “Eo o lokela ho tsoela pele ho eketseha, empa ’na ke lokela ho tsoela pele ho fokotseha.” (Johanne 1:29; 3:30; 10:16; Matheu 11:11) Mosebetsi oa Johanne Mokolobetsi oa ho lokisa barutuoa bakeng sa Mesia o ile oa fela ha Jesu ka nako eo a ne a nka boikarabelo ba ho khetha ba neng ba tla ba har’a ba 144 000 bao palo ea bona e neng e eketseha. Ka bo-1930 ho ile ha etsahala se fapaneng le seo. Ke ba seng bakae feela bao e ileng ea e-ba “ba bitsitsoeng le ba khethiloeng” ba lokelang ho ba har’a ba 144 000 ha ka lehlakoreng le leng ho ne ho qaleha keketseho e tsotehang palong ea “bongata bo boholo” ba “linku tse ling.” Bongata bo boholo bona bo tsoela pele ho ata ha tsamaiso e khopo ea lintho e ntse e atamela bofelo ba eona ka Armagedone.—Tšenolo 17:14b.

18. (a) Ke hobane’ng ha re ka lebella ka kholiseho hore “ba limilione ba phelang hona joale ba ke ke ba hlola ba e-shoa”? (b) Ke hobane’ng ha ka cheseho re lokela ho sebetsa tumellanong le Haggai 2:4?

18 Mathoasong a bo-1920, puo ea phatlalatsa e ipiletsang eo Lipaki tsa Jehova li ileng tsa e nehela e ne e e-na le sehlooho se reng “Ba Limilione ba Phelang Hona Joale ba ke ke ba Hlola ba E-shoa.” Ho ka etsahala hore ebe polelo ena e bontšitse tšepo e feteletseng ka nako eo. Empa kajeno seo se ka boleloa ka kholiseho e feletseng. Leseli le ntseng le eketseha boprofeteng ba Bibele le ho haella ha taolo lefatšeng lena le shoang ka bobeli li bontša hore bofelo ba tsamaiso ea Satane bo hlile bo haufi haholo! Tlaleho ea Sehopotso ea 1996 e bontša hore ba 12 921 933 ba ile ba e-ba teng, bao ho bona e leng ba 8757 feela (karolo ea ,068 lekholong) ba ileng ba bontša tšepo ea bona ea leholimo ka ho ja litšoantšetso. Tsosoloso ea borapeli ba ’nete e haufi le ho phethoa. Empa le ka mohla a re se keng ra nyehlisa mosebetsing oo. E, Haggai 2:4 e re: ‘Khothalang, le lōna sechaba sohle sa naha ena, ho bolela Jehova, le be le sebetse; hobane ke na le lōna, ho bolela Jehova oa makhotla.’ E se eka re ka ikemisetsa hore le ka mohla khatello ea lerato la lintho tse bonahalang kapa ho inehela lefatšeng li se ke tsa tapisa cheseho ea rōna mosebetsing oa Jehova!—1 Johanne 2:15-17.

19. Re ka kopanela phethahatsong ea Haggai 2:6, 7 joang?

19 Re na le tokelo e thabisang ea ho kopanela phethahatsong ea kajeno ea Haggai 2:6, 7: “Hobane Jehova oa makhotla o bolela, o re: Ke sa tla sisinya hang, haufinyana, leholimo le lefatše, leoatle le moo ho omileng. Ke tla sisinya le lichaba tsohle, ’me tse lakatsehang tsa lichaba tsohle li tla tla mona, ke be ke tlatse ntlo ena ka khanya, ho bolela Jehova oa makhotla.” Meharo, tšenyeho le lehloeo li atile ho pholletsa le lefatše lena la lekholo la bo20 la lilemo. Ruri le matsatsing a lona a ho qetela, ’me Jehova o se a qalile ho le “sisinya” ka ho etsa hore Lipaki tsa hae li ‘bolele ngoaha oa hae oa mehauhelo.’ (Esaia 61:2) Ho sisinya hona ho qalang ho tla fihla tlhōrōng ka ho timetsoa ha lefatše ka Armagedone, empa pele ho nako eo, Jehova o bokella “tse lakatsehang tsa lichaba”—batho ba lefatše lena ba bonolo, ba kang linku bakeng sa tšebeletso ea hae. (Johanne 6:44) “Bongata bo boholo” bona hona joale bo ‘etsa tšebeletso e halalelang’ mabaleng a lefatšeng a ntlo ea hae ea borapeli.—Tšenolo 7:9, 15.

20. Letlotlo la bohlokoahali le ka fumanoa hokae?

20 Tšebeletso tempeleng ea Jehova ea moea e tlisa leruo la bohlokoa ho feta letlotlo leha e le lefe la lintho tse bonahalang. (Liproverbia 2:1-6; 3:13, 14; Matheu 6:19-21) Ho feta moo, Haggai 2:9 e re: “Khanya ea morao ea ntlo ena e tla feta ea ea pele, ho bolela Jehova oa makhotla; nģalong ena ke tla bea khotso, ho bolela Jehova oa makhotla.” Mantsoe aa a bolela’ng ho rōna kajeno? Sehlooho sa rōna se latelang se tla bolela.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Poleloana “Jah Jehova” e sebelisoa bakeng sa khatiso e khethehileng. Bona Insight on the Scriptures, Moqolo 1, leqepheng la 1248.

b Jeshua ho Esdrase le libukeng tse ling tsa Bibele ho NW.

Lipotso Tsa Tlhahlobo

◻ Ke mohlala ofe oa baprofeta oo re lokelang ho o latela mabapi le lebitso la Jehova?

◻ Re fumana khothatso efe molaetseng oa Jehova o matla ho Iseraele e tsosolositsoeng?

◻ Ke tempele efe ea moea e khanyang e sebetsang kajeno?

◻ Ke ho bokella hofe ho tsoetseng pele ka ho latellana lekholong la bo19 le la bo20 la lilemo, ho nahannoe ka tebello efe e hlollang?

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Makhotla a Jehova a leholimo a tataisa Lipaki tsa hae lefatšeng le ho li tšehetsa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela