Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 3/1 maq. 20-24
  • “Bakeng sa Khauta, ke Fumane Litaemane”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Bakeng sa Khauta, ke Fumane Litaemane”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ntho ea Bohlokoa Haholoanyane
  • Tšebeletso ea Nako e Tletseng Greece
  • Ho Mamella Khanyetso
  • Ho Sebeletsa Bethele
  • Ho Mamella Khanyetso Hape
  • Ho Thabela Katoloso e Tsoelang Pele
  • Ho Sebeletsa Tlas’a Letsoho la Jehova le Lerato
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ho fa Jehova se mo Tšoanelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lilemo Tse Fetang 50 Tsa ho ‘Tšelela Koana le Koana’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ke Thabetse ho ba le Karolo Mosebetsing oa ho Ruta Bibele o Etsoang Lefatšeng Lohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 3/1 maq. 20-24

“Bakeng sa Khauta, ke Fumane Litaemane”

JOALOKAHA HO BOLETSE MICHALIS KAMINARIS

Ka mor’a lilemo tse hlano ke le Afrika Boroa moo ke neng ke il’o batla khauta, ke ne ke khutlela hae ke e-na le ntho e ’ngoe ea bohlokoa le ho feta. A nke ke u bolelle ka leruo leo joale ke neng ke e-na le lona le leo ke neng ke lakatsa ho le arolela ba bang.

KE HLAHETSE Greece sehlekehlekeng sa Cephalonia se Leoatleng la Ionian ka 1904. Batsoali ba ka ka bobeli ba ile ba shoa kapele ka mor’a moo, ka hona ke hōtse ke le khutsana. Ke ne ke lakatsa ho thusoa, ’me ke ne ke rapela Molimo hangata. Le hoja ke ne ke e-ea Kerekeng ea Greek Orthodox kamehla, ke ne ke sa tsebe Bibele ho hang. Ha kea ka ka fumana matšeliso.

Ka 1929, ke ile ka etsa qeto ea ho falla, ho ea batla bophelo bo molemo. Ha ke tloha sehlekehlekeng sa heso se se nang limela, ke ile ka tsamaea ka sekepe ka ea Afrika Boroa ke pota le Engelane. Ka mor’a matsatsi a 17 ke le leoatleng, ke ile ka fihla Cape Town, Afrika Boroa, moo hang-hang ke ileng ka hiroa ke motho oa haeso. Leha ho le joalo, ha kea ka ka fumana matšeliso leruong la lintho tse bonahalang.

Ntho ea Bohlokoa Haholoanyane

Ke ne ke bile Afrika Boroa ka lilemo tse peli ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a etela moo ke sebetsang ’me a mpha lingoliloeng tsa Bibele ka puo ea Segerike. Li ne li akarelletsa bukana ea Where Are the Dead? le ea Oppression, When Will It End? Ke hopola hantle cheseho eo ke neng ke e-na le eona ha ke li bala, esita le ho tšoara ka hlooho litemana tsohle tse qotsitsoeng. Ka letsatsi le leng ke ile ka re ho mosebetsi-’moho le ’na: “Ke fumane seo ke neng ke ntse ke se batla ka lilemo tsena tsohle. Ke tletse khauta Afrika, empa bakeng sa khauta, ke fumane litaemane.”

Ke ile ka thaba haholo ha ke ithuta hore Molimo o na le lebitso, Jehova, hore ’Muso oa hae o se o hlomiloe maholimong le hore re phela matsatsing a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho. (Pesaleme ea 83:18; Daniele 2:44; Matheu 6:9, 10; 24:3-12; 2 Timothea 3:1-5; Tšenolo 12:7-12) E bile ho thabisang hakaakang ho ithuta hore ’Muso oa Jehova o tla tlisa litlhohonolofatso tse sa feleng merabeng eohle ea moloko oa batho! ’Nete e ’ngoe e ileng ea nkhahla e ne e le ea hore linnete tsena tsa bohlokoa li ne li boleloa lefatšeng ka bophara.—Esaia 9:6, 7; 11:6-9; Matheu 24:14; Tšenolo 21:3, 4.

Kapele ke ile ka fumana aterese ea ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower, Cape Town ’me ka fumana lingoliloeng tsa Bibele tse eketsehileng. Ka ho khetheha ke ne ke thabetse ho fumana kopi ea botho ea Bibele. Seo ke ileng ka se bala se ile sa ntšusumelletsa ho batla ho fana ka bopaki. Ke ile ka qala ka ho romela lingoliloeng tsa Bibele ho beng ka ’na, metsoalle le ho bao ke ba tsebang motseng oa heso oa Lixoúrion. Lithutong tsa ka, hanyane ka hanyane ke ile ka utloisisa hore ho khahlisa Jehova, motho o lokela ho nehela bophelo ba hae ho eena. Ka hona ke ile ka etsa seo hang-hang ka thapelo.

Ka nako e ’ngoe, ke ile ka ba teng sebokeng sa Lipaki tsa Jehova, empa kaha ke ne ke sa tsebe Senyesemane, ha ho letho leo ke ileng ka le utloisisa. Ha ke utloa hore ho na le Bagerike ba bangata ba lulang Port Elizabeth, ke ile ka fallela teng, empa ha kea ka ka fumana Paki le e ’ngoe e buang Segerike. Kahoo, ke ile ka etsa qeto ea ho khutlela Greece e le hore ke be moevangeli oa nako e tletseng. Ke hopola ke ipolella, ‘Ke tla khutlela Greece esita le haeba ke tlameha ho fihla teng ke se na letho.’

Tšebeletso ea Nako e Tletseng Greece

Nakong ea selemo ka 1934 ke ne ke le sekepeng sa baeti sa Italy, Duilio. Ke ile ka fihla Marseilles, Fora, ’me ka mor’a hore ke lule moo ka matsatsi a leshome, ke ile ka ea Greece ka sekepe sa baeti se bitsoang Patris. Ha re ntse re le leoatleng, sekepe sena se ile sa robeha, ’me bosiu ho ile ha fanoa ka taelo ea ho kenya liketsoana tsa pholoho ka leoatleng. Joale ke ile ka hopola menahano ea ka mabapi le ho fihla Greece ke se na letho. Leha ho le joalo, qetellong sekepe sa Italy se matla se hulang tse ling se ile sa fihla ’me sa re hulela Naples, Italy. Hamorao re ile ra qetella re fihlile Piraiévs (Piraeus), Greece.

Ho tloha moo ke ile ka ea Athene moo ke ileng ka etela ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower. Ha ke ntse ke bua le Athanassios Karanassios, molebeli oa lekala, ke ile ka kōpa ho fuoa kabelo ea boboleli ba nako e tletseng. Letsatsing le latelang ke ne ke le tseleng e eang Peloponnisos, karolong e ka boroa ea Greece. Ke ne ke abetsoe setereke sena kaofela e le tšimo ea ka!

Ka cheseho e ke keng ea lekanngoa ke ile ka qala mosebetsi oa boboleli, ke tloha motseng o mong ho ea ho o mong, motsaneng o mong ho ea ho o mong, polasing e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, le ho tloha ntlong e ’ngoe e thōko ho ea ho e ’ngoe. Kapele Michael Triantafilopoulos, ea ileng a nkolobetsa lehlabuleng la 1935 o ile a sebetsa le ’na—ka mor’a nako e fetang selemo ke qalisitse tšebeletso ea nako e tletseng! Ho ne ho se na lipalangoang tsa sechaba, ka hona re ne re tsamaea ka maoto hohle moo re neng re e-ea teng. Bothata ba rōna bo boholo ka ho fetisisa e ne e le khanyetso ea baruti, ba neng ba ka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho re thibela. Ka lebaka leo, re ile ra tobana le leeme le lengata. Empa, ho sa tsotellehe litšitiso, bopaki bo ile ba fanoa, ’me lebitso la Jehova le ile la phatlalatsoa libakeng tsohle.

Ho Mamella Khanyetso

Hoseng ho hong, ha re ntse re bolela seterekeng sa Arcadia se lithaba, ke ile ka fihla motseng oa Magouliana. Ka mor’a ho paka ka nako e etsang hora, ke ile ka utloa litšepe tsa kereke li lla ’me kapele ka hlokomela hore li ne li letsetsoa ’na! Sehlopha sa mahoohoo se ile sa bokana tlas’a boeta-pele ba archimandrite (mohlomphehi oa kereke ea ka tlas’a mobishopo) oa Greek Orthodox. Ke ile ka koala mokotlana oa ka ka potlako ’me ka rapela Jehova ke khutsitse. Archimandrite, le letšoele la bana ba mo setseng morao, o ile a tla a ntobile. O ile a qala ho hoeletsa, “Ke eena enoa! Ke eena enoa!”

Bana bana ba ile ba nketsetsa sakana la nkope, ’me moruti enoa o ile a hatela pele ’me a qala ho ntšutumetsa ka mpa ea hae e pesohileng, a bolela hore ha a batle ho nkama ka matsoho a hae ‘ebang ke silafetse.’ O ile a hooa, “Mo otleng! Mo otleng!” Empa hona nakong eo lepolesa le ile la hlaha ’me la re isa sepoleseng ka bobeli. Moruti enoa o ile a qosetsoa ho susumetsa sehlopha sa mahoohoo ’me o ile a ahloloa lidrakema tse 300 le litšenyehelo tsa lekhotla. Ke ile ka lokolloa.

Ha re ne re fihla sebakeng se secha, re ne re khetha motse o moholoanyane ho ba setsi sa rōna sa mosebetsi, ’me re ne re koahela tšimo eohle ka hoo e batlang e le leeto la lihora tse ’nè ka maoto ho tloha moo. Sena se bolela hore re ne re tloha hoseng ho sa ntse ho le lefifi ’me re khutlela hae ka mor’a hore shoalane e tšoare, ka kakaretso re etela motsana o le mong kapa e ’meli letsatsi ka leng. Ka mor’a ho koahela metsana e potolohileng, re ne re bolela motseng oo e leng setsi sa rōna ebe re ea sebakeng se seng. Hangata re ne re tšoaroa hobane baruti ba ne ba susumelletsa batho ho ba khahlanong le rōna. Sebakeng sa Parnassus, bohareng ba Greece, ke ile ka batloa ke mapolesa ka likhoeli tse ngata. Leha ho le joalo, le ka mohla ha aa ka a ntšoara.

Ka letsatsi le leng ’na le Mor’eso Triantafilopoulos re ne re bolela motsaneng oa Mouríki seterekeng sa Boeotia. Re ile ra arola motsana ona likarolo tse peli, ’me ke ile ka qala ho sebetsa matlo a letsoapong, kaha e ne e le ’na e monyenyane. Kapele ke ile ka utloa sello tlaase. Ha ke mathela tlaase, ke ile ka inahana, ‘Mor’eso Triantafilopoulos oa otloa.’ Batho ba motsana oo ba ne ba bokane ntlong ea kofi ea moo, ’me moprista o ne a ronta a leba holimo le tlaase joaloka poho e halefileng. O ne a hoeletsa a re: “Batho bana ba re bitsa ‘peō ea Noha.’”

Moprista o ne a se a robetse seikokotlelo hloohong ea Mor’eso Triantafilopoulos, ’me mali a ne a phalla ho theosa sefahleho sa hae. Ka mor’a hore ke hlakole mali ao, re ile ra khona ho tsamaea. Re ile ra tsamaea ka lihora tse tharo ho ea fihla motseng oa Thebes. Tleliniking ea moo, leqeba le ile la alafuoa. Re ile ra tlaleha ketsahalo ena sepoleseng, ’me nyeoe e ile ea hlahleloa. Leha ho le joalo, moprista o ne a tsejoa ’me o ile a qetella a lokolotsoe molatong.

Ha re ne re ntse re sebetsa motseng oa Leukas, balateli ba e mong oa baeta-pele ba lipolotiki ba sebaka seo ba ile ba re “tšoara” ’me ba re tlisa ntlong ea kofi ea motsana oo, moo re ileng ra iphumana re qosoa lekhotleng la batho la maiketsetso. Moeta-pele oa lipolotiki le batho ba hae ba ile ba chenchana ka rōna ba re ōkaōkela ’me ba bua—ba rorotha—’me ba re sokela ba finne litebele. Kaofela ba ne ba tahiloe. Ba ile ba tsoela pele ho re rorothela ho tloha motšehare o moholo ho fihlela letsatsi le likela, empa re ile ra lula re khutsitse ’me re ntse re bososela ha re bolela ho hloka molato ha rōna ’me re rapella thuso ho Jehova Molimo re khutsitse.

Ha shoalane e tšoara mapolesa a mabeli a ile a re namolela. A ile a re isa sepoleseng ’me a re tšoara hantle. Ho lokafatsa liketso tsa hae, moeta-pele oa lipolotiki o ile a tla letsatsing le latelang ’me a re qosa ka ho jala taba ea bo-ba-re khahlanong le Morena oa Greece. Ka hona, re felehelitsoe ke banna ba babeli, mapolesa a ile a re romela motseng oa Lamia bakeng sa ho hlongoa lipotso ka ho eketsehileng. Re ile ra kenngoa litlamong ka matsatsi a supileng eaba re isoa nyeoeng motseng oa Larissa re tlanngoe ka lihanaboi.

Barab’abo rōna ba Bakreste ba Larissa, ba neng ba tsebisitsoe esale pele, ba ne ba letetse hore re fihle. Lerato le leholo leo ba ileng ba re bontša lona e ile ea e-ba bopaki bo botle ho balebeli. ’Muelli oa rōna oa molao, e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova le eo pele e neng e le mokoronele oa molefothenente, o ne a tsebahala motseng oo. Ha a hlaha ka lekhotleng ’me a bua nyeoe ea rōna, ho ile ha totobala hore liqoso tse khahlanong le rōna ke tsa bohata, ’me re ile ra lokolloa.

Katleho e akaretsang ea boboleli ba Lipaki tsa Jehova e ile etsa hore khanyetso e iphe matla. Ka 1938 le 1939 ho ile ha fetisoa melao e hanelang ho sokolla batho, ’me ’na le Michael re ile ra ameha linyeoeng tse ngata tsa lekhotla tse mabapi le taba ena. Ka mor’a moo, ofisi ea lekala e ile ea re eletsa hore re sebetse re arohane e le hore re se ke ra mema mahlo. Ke ile ka fumana ho sebetsa ke le mong ho le thata. Empa, ka lebaka la ho tšepa Jehova, ke ile ka tsamaea literekeng tsa Attica, Boeotia, Phthiotis, Euboea, Aetolia, Acarnania, Eurytania le setereke sa Peloponnisos ka maoto.

Se ileng sa nthusa nakong ena e bile mantsoe a matle a mopesaleme a bontšang ho tšepa Jehova: “Ka uena nka nehella lekhotleng la lira, ka Molimo oa ka nka tlōla lerako. Ke Molimo o ntlamileng ka senyepa sa matla, ’me o ntsamaisa ka tsela e lokileng. O entse maoto a ka a kang a khama e tšehali, o mpeile liphahameng tsa ka.”—Pesaleme ea 18:29, 32, 33.

Ka 1940, Italy e ile ea phatlalatsa ntoa khahlanong le Greece, ’me kapele ka mor’a moo makhotla a Jeremane a ile a hlasela naha ena. Molao oa sesole o ile oa phatlalatsoa, ’me libuka tsa Mokhatlo oa Watch Tower li ile tsa thibeloa. Tseo e ne e le linako tse thata bakeng sa Lipaki tsa Jehova Greece; leha ho le joalo, palo ea tsona e ile ea eketseha haholo—ho tloha ho Lipaki tse 178 ka 1940 ho ea ho tse 1770 qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše ka 1945!

Ho Sebeletsa Bethele

Ka 1945, ke ile ka memeloa ho sebeletsa ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e Athene. Bethele, e bolelang “Ntlo ea Molimo,” ka nako eo e ne e le ntlong e hiriloeng Lombardou Street. Liofisi li ne li le mokatong oa pele, ’me sebaka sa khatiso se le mokatong o ka tlaase-tlaase. Se ne se e-na le mochine oa khatiso o monyenyane le mochine o sehang lingoliloeng ka mathōko hore li be makhethe. Pele basebetsi ba hatisang ba ne ba le babeli feela, empa kapele baithaopi ba bang ba lulang mahaeng a bona ba ile ba qala ho tla thusa ka mosebetsi.

Ka 1945 ho ile ha boela ha buloa mocha oa puisano le ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower e Brooklyn, New York, ’me ka selemo sona seo re ile ra qala ho hatisa Molula-Qhooa kamehla Greece. Joale, ka 1947, re ile ra fallisetsa lekala la rōna 16 Tenedou Street, empa mochini oa khatiso o ile oa sala Lombardou Street. Hamorao khatiso e ile ea tlosoa Lombardou Street ea isoa fekthering ea Paki e bohōleng ba lik’hilomithara tse hlano. Ka hona ka nako e itseng re ne re e-ea holimo le tlaase pakeng tsa libaka tse tharo.

Ke hopola re tloha moo re neng re lula teng Tenedou Street hoseng-seng ’me re e-ea khatisong. Ka mor’a ho sebetsa moo ho fihlela ka 1:00 motšehare oa mantsiboea, ke ne ke e-ea Lombardou Street moo lipampiri tseo re neng re li hatisitse li neng li isoa teng. Moo li ne li menoa li etsoa limakasine, li rokoa li bile li sehoa ka letsoho hore li be makhethe. Ka mor’a moo re ne re nka limakasine tse qetiloeng re li isa posong, mokatong oa boraro, re thusa basebetsi ho li hlophisa, ’me re tempa lienfelopo e le hore li ka posoa.

Ka 1954 palo ea Lipaki Greece e ne e eketsehile ho fihlela ho ba ka holimo ho 4000, ’me ho ne ho hlokahala mehaho e meholoanyane. Kahoo, re ile ra fallela Bethele e ncha e mekato e meraro karolong e tlaasana ea toropo ea Athene, Kartali Street. Ka 1958 ke ile ka kōpuoa ho ikarabella kichineng, ’me boo e bile boikarabelo ba ka ho fihlela ka 1983. Khabareng, ka 1959, ke ile ka nyala Eleftheria, eo e bileng mothusi ea tšepahalang ka ho sa sekisetseng tšebeletsong ea Jehova.

Ho Mamella Khanyetso Hape

Ka 1967 lekhotla la nakoana la sesole le ile la busa ka mahahapa, ’me lithibelo li ile tsa boela tsa etsoa mosebetsing oa rōna oa boboleli. Leha ho le joalo, ka lebaka la phihlelo ea rōna ea nakong e fetileng ea ho sebetsana ka katleho le lithibelo tsa mesebetsi ea rōna, kapele re ile ra ikamahanya le maemo ’me ra tsoela pele ka katleho ka sekhukhu.

Re ne re tšoarela liboka tsa rōna malapeng ’me re ba hlokolosi ha re etsa mosebetsi oa rōna oa ntlo le ntlo. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ne ba tšoaroa kamehla, ’me linyeoe li ile tsa eketseha. Babuelli ba rōna ba molao ba ne ba le tseleng kamehla ho sebetsana le linyeoe tse bueloang likarolong tse sa tšoaneng tsa naha. Ho sa tsotellehe khanyetso, bongata ba Lipaki bo ne bo etsa mosebetsi oa ho bolela kamehla, haholo-holo mafelo-beke.

Ka Moqebelo o tloaelehileng kapa Sontaha ka mor’a hore re qete ho etsa mosebetsi oa ho bolela oa letsatsi, re ne re hlahlojoa hore ho bonoe hore na ke mang ea sieo lihlopheng tsa rōna. Hangata, ba leng sieo e ne e le ba koaletsoeng sepoleseng se haufi. Ka hona re ne re ba isetsa likobo le lijo ’me re ba khothatsa. Hape, re ne re bolella babuelli ba rōna ba molao, bao ka nako eo ba neng ba hlaha ka pel’a moahloli ka Mantaha ho emela ba neng ba le litlamong. Re ne re talimana le boemo bona ka thabo hobane re ne re utloa bohloko ka lebaka la ’nete!

Nakong ea thibelo mosebetsi oa rōna oa khatiso Bethele o ile oa koaloa. Ka hona ntlo eo ’na le Eleftheria re neng re lula ho eona metseng ea litoropo e ka thōko ho Athene e ile ea fetoha setsi sa khatiso. Eleftheria o ne a thaepa likopi tsa lihlooho tsa Molula-Qhooa a sebelisa mochine oa ho thaepa o boima. O ne a kenya maqephe a leshome ka nako e le ’ngoe mochineng ona oa ho thaepa ’me o ne a tlameha ho tlanya ka matla e le hore litlhaku li ka hlahella le leqepheng la ho qetela. Joale ke ne ke bokella maqephe ana ’me ke a rōkella hammoho. Mantsiboea a mang le a mang sena se ne se tsoela pele hantle ho fihlela ka khitla. Ho ne ho e-na le lepolesa le neng le lula mokatong o ka tlas’a oa rōna, ’me re sa ntse re ipotsa hore na ke hobane’ng ha le sa ka la belaela le ka mohla.

Ho Thabela Katoloso e Tsoelang Pele

Puso ea sechaba ka sechaba Greece e ile ea tsosolosoa ka 1974, ’me mosebetsi oa rōna oa ho bolela o ile oa boela oa ntšetsoa pele ka bolokolohi bo eketsehileng. Empa, ka lilemo tse supileng tsa ho thibeloa ha mosebetsi oa rōna re ile ra thabela keketseho e hlollang ea Lipaki tse ncha tse ka holimo ho 6000, ka kakaretso tsa fihla ho bahoeletsi ba ’Muso ba ka holimo ho 17000.

Re ile ra boela ra tsosolosa mosebetsi oa rōna oa ho hatisa kamehla mehahong ea lekala. Ka lebaka leo, mehaho ea Bethele e Kartali Street kapele e ile ea e-ba menyenyane haholo. Ka hona setša se boholo ba hekthere se ile sa rekoa Athene motseng oa toropo oa Marousi. Mehaho e mecha ea Bethele e ileng ea hahuoa e ne e akarelletsa likamore tsa ho robala tse 27, fektheri, liofisi le mehaho e meng. Mehaho ena e ile ea neheloa ka October 1979.

Ha nako e ntse e feta re ne re hloka sebaka se seholoanyane. Ka hona setša se boholo ba lihekthere tse 22 se ile sa rekoa hoo e ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 60 ka leboea ho Athene. Setša sena se Eleona, leralleng leo motho ha a le ho lona a bonang lithaba le liphula tse mongobo. Sebakeng seo, ka April 1991, re ile ra nehela mohaho o moholoanyane o akarelletsang matlo a 22, ao ho ka lulang batho ba robeli ho e ’ngoe le e ’ngoe ea ’ona.

Ka mor’a ho qeta lilemo tse 60 tšebeletsong ea nako e tletseng, ke sa ntse ke hlohonolofalitsoe ka bophelo bo botle. Hoa thabisa hore ebe kea ‘atleha le boqhekung.’ (Pesaleme ea 92:14, 15, BPN) Ke leboha Jehova ka ho khethehileng hore ebe ke phetse ho fihlela ke bona ka mahlo keketseho e hlollang palong ea barapeli ba hae ba ’nete. Moprofeta Esaia o boletse keketseho e joalo esale pele: “Menyako ea hao e tla lula e butsoe ka mehla; e ke ke ea koaloa nyene leha e le bosiu, ho tle ho tlisoe ho uena maruo a lichaba.”—Esaia 60:11.

Ho hlolla hakaakang ho bona batho ba limilione ba tsoang lichabeng tsohle ba phallela mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova ’me ba rutoa hore na ba ka pholoha matšoenyeho a maholo ba pholohela lefatšeng le lecha la Molimo joang! (2 Petrose 3:13) Ka tieo nka bolela hore tšebeletso ea nako e tletseng e ipakile e le bohlokoa ho ’na ho feta ntho efe kapa efe eo lefatše lena le fanang ka eona. E, ha kea fumana matlotlo a khauta, empa ke fumane litaemane tsa moea tse entšitseng bophelo ba ka ka ho fetisisa.

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Michalis le Eleftheria Kaminaris

(Ka letsohong le letona) Khatiso e Lombardou Street

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela