Na U Labalabela ho Sebeletsa Haholoanyane?
LAURA o re: “Ke ne ke halefetse Jehova. Ke ne ke rapetse ke sa phetse hore a re thuse hore re rarolle mathata a rōna a lichelete e le hore nka tsoela pele ke bula maliboho—empa, ntle le katleho. Qetellong, ke ile ka tlameha ho tsoa lenaneng la bo-pula-maliboho. Ke boetse ke tlameha ho lumela hore ke ne ke honohela ba khonang ho tsoela pele.”
Nahana hape ka boemo ba Michael, mohlanka e mong ea sebeletsang phuthehong ea Lipaki tsa Jehova. O ne a ’nile a hahamalla boemo ba bolebeli. (1 Timothea 3:1) Ha tabatabelo ea hae e sa phethahale ka lilemo tse ’maloa, o ile a hlonama haholo hoo a ileng a se ke a hlola a batla ho nahanelloa tokelo eo. O re: “Ke ne ke sitoa ho mamella bohloko boo ba ho soetseha hape.”
Na u kile ua ba le phihlelo e tšoanang? Na u kile ua tlameha ho tlohela tokelo eo u e ratang ea tšebeletso? Ka mohlala, na u kile ua tlameha ho khaotsa ho sebeletsa joaloka pula-maliboho, ’moleli oa ’Muso oa nako e tletseng? Kapa na u labalabela boikarabelo bo itseng ba phutheho bo behiloeng tlhokomelong ea ba bang? Ho ka ba ha etsahala hore ebe u lakatsa ka pelo eohle ho sebeletsa Bethele kapa joaloka moromuoa, empa maemo a hao ha a u lumelle.
Buka ea Liproverbia ea lumela: “Tšepo ha e lieha ho phetheha, e babisa pelo.” (Liproverbia 13:12) Sena e ka ba ’nete haholo-holo ha ba bang ba fumana tsona litokelo tseo u ntseng u li lebelletse. Na Lentsoe la Molimo le fana ka temohisiso, matšeliso le tšepo ho leha e le ofe ea soetsehang joalo? E, le etsa joalo. Ha e le hantle, Pesaleme ea 84 e hlalosa maikutlo a mohlanka oa Jehova ea ileng a ba le litabatabelo tse tšoanang tse sa kang tsa phethahala malebana le tšebeletso ea Jehova.
Kananelo ea Molevi
Bahlophisi ba Pesaleme ea 84 e ne e le bara ba Kore, Balevi ba neng ba sebeletsa tempeleng ea Jehova ’me ba nka tokelo ea bona ea tšebeletso e le e phahameng. E mong oa bona o ile a re: “Meaho ea hao e rateha hakakang, uena, Jehova oa makhotla! Moea oa ka oa ilibana, o sisetsa mabala a ntlo ea Jehova; pelo le nama ea ka li hooeletsa ho Molimo o phelang.”—Pesaleme ea 84:1, 2.
Molevi enoa o ne a e-na le tabatabelo e matla ea ho sebeletsa tempeleng ea Jehova hoo esita le ponahalo feela e tloaelehileng ea naha tseleng e eang Jerusalema e neng e bonahala e le ntle ka mokhoa o mo hapang. O re: “Ha ba ntse ba haola ka khohlo ea Baka, ba e fetola khohlo ea liliba.” (Pesaleme ea 84:6) E, sebaka feela tjee se omeletseng se ne se e-ba joaloka naha e noselitsoeng hantle.
Kaha mopesaleme e ne e le Molevi eo e seng moprista, o ne a ka sebeletsa tempeleng beke e le ’ngoe feela likhoeling tse ling le tse ling tse tšeletseng. (1 Likronike 24:1-19; 2 Likronike 23:8; Luka 1:5, 8, 9) Nako eohle ea hae e setseng o ne a e qeta a le hae, motseng o mong oa Balevi. Ka hona, o ile a bina: “Esita le serobele se na le sehlaha, le lefokotsane le na le ntlo, moo le beang malinyane a lona teng. . . . Oho! lialetare tsa hao, Jehova oa makhotla, Morena oa ka, le Molimo oa ka!” (Pesaleme ea 84:3) Molevi eo o ne a ka thaba hakaakang haeba a ne a ka tšoana le linonyana tse neng li e-na le bolulo bo batlang bo tsitsitse tempeleng!
Ho ne ho ka ba bonolo ho Molevi eo hore a hloname kaha o ne a ke ke a khona ho sebeletsa tempeleng khafetsa haholo. Leha ho le joalo, o ile a khotsofalla ho sebeletsa joalokaha a ne a etsa, ’me ka sebele o ile a hlokomela hore boinehelo ba pelo eohle ho Jehova bo hloka boiteko. Ke eng e ileng ea thusa Molevi eo ea tšepahalang hore a lule a khotsofaletse litokelo tsa hae tsa tšebeletso?
Ithute ho Khotsofala
Molevi o re: “Tsatsi le le leng le luloang mabaleng a ntlo ea hao, le fetisa matsatsi a mang a sekete a luloang hosele. Ho lula mathuleng a ntlo ea Molimo oa ka kea ho rata ho fetisa ho lula litenteng tsa bakhopo.” (Pesaleme ea 84:10) O ile a hlokomela hore esita le letsatsi le le leng ka tlung ea Jehova ke tokelo e ke keng ea lekanngoa. ’Me Molevi o ne a e-na le matsatsi a fetang hōle le le leng bakeng sa ho sebeletsa ka tempeleng. Ho khotsofalla litokelo tsa hae ho ile ha mo etsa hore a bine ka thabo.
Ho thoe’ng ka rōna? Na re ananela litlhohonolofatso tsa rōna, kapa re batla re lebala seo re seng re ntse re e-na le sona tšebeletsong ea Jehova? Ka lebaka la boinehelo ba bona ho eena, Jehova o behile tlhokomelong ea batho ba hae litokelo le mesebetsi e mengata. Tsena li akarelletsa boikarabelo bo boima ba bolebeli, kaloso, ho ruta le litšobotsi tse ling tsa tšebeletso ea nako e tletseng. Empa li boetse li akarelletsa lintho tse ling tsa bohlokoa tse amanang le borapeli ba Jehova.
Ka mohlala, nahana ka tšebeletso ea Bokreste. Moapostola Pauluse o tšoantša tokelo ea rōna ea ho bolela litaba tse molemo le ho ba ha rōna le ‘letlotlo lijaneng tsa letsopa.’ (2 Bakorinthe 4:7) Na u talima tšebeletso e joalo e le letlotlo la bohlokoa? Jesu Kreste, ea neng a eteletse pele mosebetsi oa boboleli ba ’Muso, o ile a e talima joalo, a beha mohlala. (Matheu 4:17) Pauluse o ile a re: ‘Kaha re na le bosebeletsi bona . . . , ha re tele.’—2 Bakorinthe 4:1.
Liboka tsa Bokreste ke tokelo e ’ngoe hape e sa lokelang ho nkoa habobebe. Libokeng tsa rōna, re fumana thuto ea bohlokoa ’me re thabela botsoalle bo hlokahalang. Libokeng, re ka boetse ra hlalosa tumelo ea rōna le tšepo phatlalatsa ka ho fana ka tlhaloso kamehla le ka ho kopanela lenaneong ka litsela tse ling. (Baheberu 10:23-25) Liboka tsa rōna ka sebele ke tokisetso e lokelang ho nkoa e le ea bohlokoa!
Michael ea boletsoeng pejana, o ne a nka litlhohonolofatso tsena e le tsa bohlokoa haholo ’me a li ananela ka botebo. Empa, masoabi a hae a ho se khone ho sebeletsa joaloka moholo, ka nakoana a ile a felisa kananelo ea hae ho tsona. Ka ho boela a li talima ka tsela eo a neng a li talima ka eona pele, o ile a khona ho fumana botsitso ba hae hape ’me ka mamello a letela Jehova.
Ho e-na le hore re hlonamisoe ke ho se fumane tokelo e itseng, re etsa hantle ho boela re hlahloba litsela tseo Jehova a re hlohonolofatsang ka tsona, joalokaha mopesaleme a ile a etsa.a Haeba re sa bone tse ngata, re lokela ho li hlahloba hape, re kōpa Jehova hore a bule mahlo a rōna e le hore re bone litokelo tsa rōna le litsela tseo a re hlohonolofatsang ka tsona le ho re sebelisa thorisong ea hae.—Liproverbia 10:22.
Ho boetse ke habohlokoa ho lemoha hore litokelo tseo tse khethehileng, tse kang mosebetsi oa bolebeli, li hloka litšoaneleho tse tobileng. (1 Timothea 3:1-7; Tite 1:5-9) Ka hona, ho hlokahala hore re itlhahlobe, re shebe libaka tseo ho hlokahalang hore re ntlafatse ho tsona ’me re etse boiteko ba ho ntlafatsa.—1 Timothea 4:12-15.
U se ke Ua Nyahama
Haeba re sa fumane tokelo e itseng ea tšebeletso, ha rea lokela ho etsa qeto ea hore Jehova o rata ba nang le eona haholoanyane kapa hore ha a batle ho re etsetsa se molemo. Ka sebele, ha rea lokela hore ka mohono re nahane hore ka leeme bana ba bang ba fumane litokelo tsa bona ba sa tšoanelehe, ho e-na le hore ebe ba khethiloe ka tsela ea puso ea Molimo. Ho nahana likhopolo tse joalo ho ka tsoala mohono, tlhōlisano esita le ho ngala ka ho feletseng.—1 Bakorinthe 3:3; Jakobo 3:14-16.
Laura ea boletsoeng qalong ha aa ka a tela. Qetellong o ile a khona ho sebetsana le maikutlo a hae a khalefo le mohono. Laura o ile a rapela Molimo nako le nako hore a mo thuse ho hlōla boitšoaro ba hae bo sa nepahalang ha a sa khone ho bula maliboho. O ile a boela a batla thuso ho banna ba tšoanelehang ka phuthehong ’me a ikutloa a kholisehile ka lerato la Molimo. O ile a re: “Jehova o mphile khotso ea kelello. Le hoja hona joale ’na le monna oa ka re sa khone ho bula maliboho, re nka nako eo re neng re bula maliboho ka eona e le ea bohlokoa ’me re fumana matla liphihlelong tseo re ileng ra ba le tsona. Re boetse re thusa mora oa rōna ea seng a hōla-hōlile tšebeletsong ea hae ea bopula-maliboho.” A khotsofetse, Laura hona joale o khona ho ‘thaba le batho ba thabang’ tšebeletsong ea bona ea bopula-maliboho.—Baroma 12:15.
Ipehele Lipakane Tseo U ka li Finyellang
Ho khotsofalla ha rōna litokelo tseo re nang le tsona hona joale ha ho bolele hore re lokela ho khaotsa ho ipehela lipakane tsa puso ea Molimo. Ha a bua ka tsoho ea leholimo, Pauluse o ile a bua ka “ho hahamalla linthong tse ka pele.” O ile a boela a re: “Ho ea bohōleng boo ho bona re hatetseng pele, a re tsoeleng pele re tsamaea ka ho laolehileng ka mokhoa ona o tšoanang.” (Bafilippi 3:13-16) Lipakane tsa puso ea Molimo li ka re thusa hore re hahamalle pele. Leha ho le joalo, phephetso ke ho li boloka e le tsa sebele.
Lipakane tsa sebele ke tse utloahalang le tse finyellehang. (Bafilippi 4:5) Sena ha se bolele hore pakane e batlang lilemo tse ngata tsa tšebetso e thata ha e utloahale. Pakane e hlokang nako e telele joalo e ka finyelloa butle-butle ka ho beha lipakane tse ling, kapa mehato lipakeng. Tsena li ka sebetsa joaloka boemo ba bohlokoa ba ho hatela pele moeeng. Ho phetha mohato ka mong ka katleho ho tla fana ka boikutlo ba khotsofalo ha u ntse u e-ea pele, ho e-na le masoabi.
Pono e Leka-lekaneng
Leha ho le joalo, ke habohlokoa ho hlokomela hore ka lebaka la maemo a rōna le likhaello, litokelo tse ling li ke ke tsa fumanoa. Ho li beha e le lipakane ho lebisa feela masoabing le pherekanong. Lipakane tse joalo li lokela ho behelloa ka thōko, bonyane ka nakoana. Ho etsa sena ho ke ke ha e-ba thata haeba re rapella khotsofalo ea bomolimo ’me re ameha haholo ka ho etsa thato ea Jehova. Ha re hahamalla litokelo, khanya ea Jehova—eseng ho lemohuoa ka seo re se finyellang—ke ea bohlokoa. (Pesaleme ea 16:5, 6; Matheu 6:33) Ka nepo, Bibele ea re bolella: “U rolele litaba tsa hao tsohle ho Jehova, ’me merero ea hao e tla tiea.”—Liproverbia 16:3.
Ha re hlahloba Pesaleme ea 84, re ka bona hore mopesaleme o ile a bonahatsa boikutlo bo joalo mabapi le litokelo tsa tšebeletso, ’me Jehova o ile a mo hlohonolofatsa ka ho enneng. Ho feta moo, pesaleme ena e ntse e tsoela batho ba Jehova molemo ho fihlela le kajeno.
Ka ho itšetleha ho Jehova ka thapelo, u ka leka-lekanya ho labalabela ha hao litokelo tse eketsehileng le khotsofalo ka tseo u seng u ntse u li thabela. Le ka mohla u se ke ua lumella takatso ea ho etsa ho hoholoanyane hore e u amohe kananelo ea seo u nang le sona hona joale le thabo ea ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng. Tšepa Jehova, kaha sena se fella ka thabo, joalokaha ho bontšitsoe mantsoeng a Molevi: “Jehova oa makhotla, ho lehlohonolo motho ea u tšepang!”—Pesaleme ea 84:12.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka kōpo bona sehlooho “Na U Ananela Lintho tse Halalelang?” tokollong ea Molula-Qhooa oa June 15, 1988.
[Lebokose le leqepheng la 11]
LIPAKANE TSEO RE KA IPEHELANG TSONA
Ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng.—Joshua 1:8; Matheu 4:4
Ho ntlafatsa matla a rōna a temoho ka koetliso ea Mangolo.—Baheberu 5:14
Ho hōlisa kamano e haufi-ufi le Molimo.—Pesaleme ea 73:28
Ho hlaolela tholoana e ’ngoe le e ’ngoe ea moea.—Bagalata 5:22, 23
Ho ntlafatsa boleng ba lithapelo tsa rōna.—Bafilippi 4:6, 7
Ho ba ba atlehang haholoanyane ho boleleng le ho ruteng.—1 Timothea 4:15, 16
Ho bala le ho thuisa ka tokollo e ’ngoe le e ’ngoe ea limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!—Pesaleme ea 49:3
[Litšoantšo tse leqepheng la 9]
Ha u ipehela lipakane, beha ho etsa thato ea Molimo pele